Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha ho Mohla Bibele e Felloang ke Nako
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2018 | No. 1
    • tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi; etsoe a lokela ho feta kapele.”—Pesaleme ea 90:10.

      Nakong ena, o ile a tšelisoa ke ho bala Bibele. E ile ea mo thusa haholo. Ha se ’Mè ’Mathabo feela eo Bibele e mo thusitseng. Lihloohong tse latelang re tl’o bona mehlala e meng e mengata. Batho bana kaofela ba nka Bibele e tšoana le tšepe e ntle eo ho builoeng ka eona qalong. Ha e felloe ke nako kapa hona ho tsofala. Ebe hobane’ng? Na ke hobane e ngotsoe ka tsela e fapaneng le eo libuka tse ling li ngotsoeng ka eona? Mohlomong ke hobane molaetsa oa eona o tsoa ho Molimo.—1 Bathesalonika 2:13.

      Ho ka etsahala hore ebe le uena u bona re e-na le mathata a mangata haholo le hoja re phela nako e khutšoanyane. U thusoa ke eng nakong eo u nang le mathata?

      Makasineng ena re tl’o ithuta hore na Bibele e ka re thusa joang. E ka re ruta ho:

      1. qoba mathata ha ho khoneha.

      2. rarolla mathata a ka re hlahelang.

      3. mamella mathata ao re ke keng ra a qoba.

      Lihlooho tse latelang li tla hlalosa lintlha tsena tse tharo.

  • Bibele e Bua Litaba le Pele Batho ba li Tseba
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2018 | No. 1
    • BOPHELO BO BOTLE

      BIBELE HA SE BUKA EA BONGAKA, EMPA E FANA KA KELETSO E MOLEMO TABENG EA BOPHELO BO BOTLE.

      Mafu a tšoaetsanoang.

      Molao oa Moshe o ne o re motho ea nang le lepera ha aa lokela ho lula le batho ba bang. Ka selemo sa bo-800 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng, e ne e le hona lingaka li ithutang hore motho ea tšoeroeng ke lefu le tšoaetsanoang ha aa lokela ho ba har’a batho ba bang.—Levitike, khaolo ea 13 le ea 14.

      Ho hlapa ka mor’a ho tšoara setopo.

      Pele ho selemo sa 1800 lingaka li ne li tloaetse ho tšoara litopo ka matsoho, ebe le pele ba a hlapa ba se ba oka bakuli. Batho ba bangata ba ile ba hlokahala ka lebaka la bohlasoa bona. Ka nako ena Molao oa Moshe o ne o se o ntse o boletse hore motho ea tšoereng setopo ha aa hloeka. Ka lebaka leo, o ne o laela hore motho a hlape ka metsi ka mor’a moo. Taelo ena e ne e se ea moetlo feela, empa e ne e thusa batho ho lula ba phetse hantle.—Numere 19:11, 19.

      Mokhoa o motle oa ho qhala likhoere-khoere.

      Bana ba fetang 500 000 ba bolaoa ke letšollo selemo se seng le se seng hobane ba phela moo likhoere-khoere li leng pooaneng. Molao oa Moshe o ne o re batho ba lokela ho chekela mantle a bona hole le moo batho ba lulang.—Deuteronoma 23:13.

      Nako ea ho bolotsa.

      Molao oa Molimo o ne o laela hore ngoana a bolotsoe ka letsatsi la borobeli a hlahile. (Levitike 12:3) Mali a ngoana a hoama ha a se a e-na le beke a hlahile. Le hoja mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele batho ba ne ba sa tsebe hakaalo ka mekhoa ea phekolo, Bibele eona e ne e se ntse e boletse esale pele hore bana ba bolotsoe ha ba se ba qetile beke ba phela.

      Bophelo bo botle.

      Litsebi li re ha motho a lula a thabile, a e-na le tšepo, a tloaetse ho leboha a bile a ikemiselitse ho tšoarela, o fokotsa menyetla ea hore a ka kula. Bibele e tlatseletsa ka ho re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela