Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr21 March maq. 1-10
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lihloohoana
  • LA 1-LA 7 MARCH
  • LA 8-LA 14 MARCH
  • LA 15-LA 21 MARCH
  • LA 22-LA 28 MARCH
  • LA 29 MARCH–LA 4 APRIL
  • LA 5-LA 11 APRIL
  • LA 12-LA 18 APRIL
  • LA 19-LA 25 APRIL
  • LA 26 APRIL–LA 2 MAY
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2021
mwbr21 March maq. 1-10

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 1-LA 7 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 7-8

“Re Ithuta’ng Liahelong Tsa Baiseraele?”

it-1-E 497 ¶3

Phutheho

Iseraeleng ho ne ho na le banna ba neng ba khethiloe bakeng sa ho emela sechaba. (Esd 10:​14) Ke kahoo “marenana a meloko” a ileng a etsa nyehelo kamor’a hore tabernakele e phethoe. (Nu 7:​1-11) Ka tsela ea tšoantšetso, mehleng ea Nehemia baemeli bana ba sechaba eleng Baprista, Balevi le “lihlooho tsa malapa,” ba ile ba tiisa tumellano ea bona e ngotsoeng.” (Ne 9:​38–10:​27) Ha Baiseraele ba ne ba le lefelleng, ho ne ho na le banna ba 250 bao e neng e le “marenana a phutheho, ba bitsitsoeng har’a ba bokaneng, banna ba tummeng” ba ileng ba ikopanya le Kora, Dathane, Abirame le One ’me ba ba khahlanong le Moshe le Arone. (Nu 16:​1-3) Molimo o ile a tataisa Moshe hore a khethe banna ba baholo ba sechaba ba 70 hore e be balaoli e le hore ba mo thuse ho “jara mojaro oa sechaba” kaha o ne a ke ke a khona ho o jara a le mong. (Nu 11:​16, 17, 24, 25) Levitike 4:​15 e bua ka “banna ba baholo ba phutheho” ’me ho bonahala eka e ne e le banna ba baholo ba sechaba, lihlooho tsa ntlo, baahloli le balaoli.​—Nu 1:​4, 16; Jos 23:2; 24:1.

it-2-E 796 ¶1

Rubene

Liahelong tsa Baiseraele, Barubene ba ne ba hlomme tsa bona ka boroa ho tabernakele. Ba boetse ba bapile le liahelo tsa litloholo tsa Simeone le Gade. Ha Baiseraele ba tsamaea, sehlopha sena sa meloko e meraro se neng se etelloa pele ke leloko la Rubene, se ne se tsamaea kamor’a sehlopha se seng sa meloko e meraro sa Juda, Isakare le Zabulone. (Nu 2:​10-16; 10:​14-20) Maloko ana a ile a etsa linyehelo tsa oona ka tatellano ena letsatsing leo ho neng ho khakolloa tabernakele.​—Nu 7:​1, 2, 10-47.

w04 8/1 25 ¶1

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Numere

8:​25, 26. E le ho koala likheo tšebeletsong ea Balevi ka tsela e loketseng le ho nahanela ba seng ba holile, banna ba baholo ba ne ba laetsoe hore ba khaotse ho etsa tšebeletso e tlamang. Leha ho le joalo, ba ne ba ka ithaopela ho thusa Balevi ba bang. Le hoja motho a ke ke a khaotsa ho ba ’moleli oa ’Muso kajeno, molao ona o re ruta molao-motheo oa bohlokoa. Haeba Mokreste a sitoa ho phetha boikarabelo bo itseng hobane a se a holile, a ka ’na a kopanela mofuteng o mong oa tšebeletso oo matla a hae a mo lumellang hore a o phethe.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 835

Letsibolo

Bara bao e neng e le matsibolo e ne e tla ba lihlooho tsa malapa a fapaneng kahoo ba ne ba emela sechaba kaofela. Jehova o ile a ba a re sechaba sohle sa Iseraele ke ‘letsibolo’ la hae ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le Abrahama. (Ex 4:​22) Kaha Jehova o ne a sirelelitse bophelo ba bona, o ile a ba laela a re: “Halaletsang bakeng sa ka letsibolo le leng le le leng le letona le bulang popelo e ’ngoe le e ’ngoe har’a bara ba Iseraele, har’a batho le liphoofolo.” (Ex 13:2) Ke ka lebaka leo bara ba matsibolo e neng e le ba Molimo.

LA 8-LA 14 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 9-10

“Kamoo Jehova a Tataisang Batho ba Hae Kateng”

it-1-E 398 ¶3

Liahelo

Ho ne ho hlokahala hore ho be le tlhophiseho e tsotehang ho fallisa batho ba bangata hakaalo (ho Numere khaolo ea 33 ho buua ka liahelo tse ka bang 40). Ha feela leru le ne le le ka holim’a tabernakele, Baiseraele ba ne ba tsitsa moo ba hlommeng liahelo teng. Ha le ne le tloha, le Baiseraele ba ne tsamaea. “Ba ne ba hloma liahelo ka taelo ea Jehova, ’me ka taelo ea Jehova ba ne ba tsamaea.” (Nu 9:​15-23) Literompeta tse peli tsa silivera tse entsoeng ka thepa e teiloeng ka hamore li ne li sebelisoa bakeng sa ho fetisa taelo tseo tsa Jehova ho batho. (Nu 10:​2, 5, 6) Molumo o tlerohang o feto-fetohang o ne o sebelisoa bakeng sa ho tsebisa sechaba ha e le nako ea ho tsamaea. Lekhetlo la pele e ne e le “ka selemo sa bobeli [1512 pele ho mehla ea Jesu], khoeling ea bobeli, ka letsatsi la mashome a mabeli.” Sehlopha sa pele se ileng sa tsamaea ke sa meloko e meraro ’me se ne se eteletsoe pele ke areka ea selekane. Sehlopheng seo, moloko o neng o etella pele e ne le oa Juda, o lateloa ke oa Isakare ebe eba oa Zabulone. Sehlopha seo se ile sa lateloa ke Bagershone le Bamerari ba neng ba jere thepa ea tabernakele eo ba neng ba abetsoe hore ba e jare. Ho ile ha latela sehlopha se seng sa meloko e meraro ’me se ne se eteletsoe pele ke moloko oa Rubene, hoa latela oa Simeone ea ntan’o ba oa Gade. Kamor’a sehlopha seo, ho ile ha latela Bakohathe ba nkile sehalalelo. Sehlopheng sa meloko e meraro se ileng sa latela, moloko oa Efraime e ne e le oona o li hulang nthao, o lateloa ke oa Manase e ntan’o ba oa Benjamine. Sehlopha sa ho qetela ke se neng se na le balebeli ’me se ne se etelloa pele ke moloko oa Dane, o lateloa ke oa Ashere kamor’a moo ea e-ba oa Neftali. Lihlopha tse neng li le matla ebile li na le batho ba bangata e ne le tsona tse ka pele le ka morao bakeng sa ho lebela sechaba.​—Nu 10:​11-28.

w11 4/15 4-5

Na U Lemoha Bopaki ba Tataiso ea Molimo?

Re ka bontša joang hore re ananela tataiso ea Molimo? Moapostola Pauluse o ile a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lona ’me le ipehe tlaase.” (Baheb. 13:​17) Hase kamehla ho etsa joalo ho leng bonolo. Ho etsa mohlala: Ipehe boemong ba Moiseraele oa mehleng ea Moshe. A re re le se le tsamaile ka nako e itseng, ebe topallo ea ema. Ebe e tla ema moo nako e kae? Letsatsi? Beke? Kapa likhoeli tse ’maloa? Mohlomong ua ipotsa, ‘Ebe ke lokela ho pakolla moroalo oohle?’ Qalong u ka ’na ua pakolla feela lintho tseo u li hlokang ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a ’maloa u ka ’na ua qala ho pakolla lintho kaofela hobane u khathetse ke ho phahlolla ha u batla ntho. Empa joale ha u le haufi le ho qeta ho pakolla, u bone topallo e phahama​—ebe u tlameha ho paka hape! Hoo ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo. Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ba ne ba lokela ho “tsamaea hang-hang ka mor’a moo.”​—Num. 9:​17-22

Joale, re etsa joang ha re fumana tataiso e tsoang ho Molimo? Na re leka ho e sebelisa “hang-hang ka mor’a moo”? Kapa re tsoela pele re etsa lintho ka tsela eo re neng re tloaetse ho li etsa ka eona? Na rea tseba hore na tataiso ea morao-rao ke efe, ekang e mabapi le ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele, ho pakela batho ba buang lipuo tsa linaheng tse ling, ho kopanela borapeling ba lelapa kamehla, ho sebelisana le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele le ho itšoara hantle likopanong? Re boetse re bontša hore re ananela tataiso ea Molimo ka hore re amohele keletso. Ha re tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa, ha re tšepe bohlale ba rona empa re batla tataiso ea Jehova le mokhatlo oa hae. Hape, feela joalokaha ngoana a batla tšireletso ho batsoali ba hae ha sefefo se e-tla, le rona re batla tšireletso mokhatlong oa Jehova ha re hlaheloa ke mathata a kang sefefo a lefatše lena.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 199 ¶3

Kopano

Bohlokoa ba ho Kopana. Litaelo tse neng li fanoe bakeng sa Paseka ea selemo le selemo li ne li hatisa bohlokoa ba ho bokana hammoho le bahlanka ba bang ba Jehova ho rutoa ke eena. Haeba monna ofe kapa ofe ea neng a hloekile ebile a se leetong a ne a ke ke a keteka paseka, o ne a lokela ho bolaoa. (Nu 9:​9-14) Ha Morena Ezekiase a bitsa baahi bohle ba Juda le Jerusalema bakeng sa ho keteka Paseka, molaetseng oa hae o ile a re: “Lona bara ba Iseraele, khutlelang ho Jehova . . . le se ke la satalatsa melala joalokaha baholo-holo ba lona ba entse. Fang Jehova sebaka ’me le tle sehalalelong sa hae seo a se halalelitseng ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me le sebeletse Jehova Molimo oa lona, e le hore bohale ba hae bo tukang bo ka tloha ho lona. . . . Jehova Molimo oa lona o mosa ebile o mohau, ’me a ke ke a reteletsa sefahleho hole le lona haeba le khutlela ho eena.” (2Likr 30:​6-9) Ha motho a ne a ke ke a ba teng moketeng ona ka boomo, o ne a bontša hore haa mamele Molimo. Le hoja kajeno Bakreste ba sa keteke Paseka, Pauluse o ile a ba khothalletsa hore ba se ke ba tlohella ho bokana hammoho. O ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”​—Heb 10:​24, 25; sheba le PHUTHEHO.

LA 15-LA 21 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 11-12

“Ke Hobane’ng ha re sa Lokela ho Korotla?”

w01 6/15 17 ¶20

Le se ke la ba Bautloi ba Lebalang

20 Bakreste ba bangata ha ho mohla ba oelang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra phehella tsela e tla re bakela ho korotla kamehla, e ka fellang ka ho se amoheloe ke Molimo. Pauluse oa re eletsa, o re: “Hape re se ke ra leka Jehova, joalokaha ba bang ba [Baiseraele] ba ile ba mo leka, hore feela ba timetsoe ke linoha. Hape le se ke la ba bakorotli, feela joalokaha ba bang ba bona ba ile ba korotla, hore feela ba timetsoe ke motimetsi.” (1 Bakorinthe 10:​9, 10) Baiseraele ba ile ba korotla ka Moshe le Arone​—haesita le ka Molimo ka boeena​—ba belaela ka manna a neng a fanoe ka mohlolo. (Numere 16:​41; 21:5) Na bohlola ba bona bo ile ba khopisa Jehova ho feta ho korotla ha bona? Tlaleho ea Bibele e bontša hore bakorotli ba bangata ba ile ba bolaoa ke linoha. (Numere 21:6) Ketsahalong ea pejana, ho ile ha timetsoa bakorotli ba bafetoheli ba fetang 14 700. (Numere 16:​49) Kahoo, a re se keng ra leka mamello ea Jehova ka ho hlompholla litokisetso tsa hae.

w06 7/15 15 ¶7

‘Le se ke la Korotla’

7 Boikutlo ba Baiseraele bo ne bo fetohile hakaakang! Kananelo eo ba neng ba e-na le eona qalong ha ba ne ba lokolloa Egepeta le ha ba lopolloa Leoatleng le Lefubelu e ne e ile ea ba susumetsa hore ba rorise Jehova. (Exoda 15:​1-21) Leha ho le joalo, ha batho ba Molimo ba tobane le maemo a sa thabiseng a lefeelleng ebile ba tšohile Bakanana, kananelo eo ba neng ba e-na le eona e ile ea nkeloa sebaka ke moea oa ho se khotsofale. Ho e-na le hore ba lebohe Molimo ka tokoloho ea bona, ba ile ba mo beha molato ka seo ka phoso ba neng ba nka hore ke tahlehelo. Kahoo ho korotla e ne e le pontšo ea ho hloka kananelo ka litokisetso tsa Jehova. Hase feela a ileng a re: “Phutheho ena e mpe e tla ntšetsa pele ho korotla hona hoo e ho etsang khahlanong le ’na halelele hakae?”​—Numere 14:​27; 21:5.

it-2-E 719 ¶4

Qabang

Ho Korotla. Ho korotla hoa nyahamisa ebile ho baka tšenyo. Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ba ile ba korotlela Jehova ka hore banna bao a ba khethileng, Moshe le Arone, ha ba ba etelle pele ka tsela e molemo. (Ex 16:​2, 7) Ho korotla hona ha Baiseraele ho ile ha nyahamisa Moshe hoo a ileng a kopa ho shoa. (Nu 11:​13-15) Le motho ea korotlang a ka ba kotsing e mpe haholo. Ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe, Jehova o ile a nka ketso eo e le ho korotlela boeta-pele ba Hae bo halalelang boo a bo khethileng. (Nu 14:​26-30) Ba bangata ba ile ba lahleheloa ke bophelo ka lebaka la ho tsomana le liphoso.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 309

Manna

Tlhaloso. Manna a ne a le masoeu, a le boholo ba peo a bile a shebahala joaloka mamina a sefate. Tatso ea ’ona e ne e ka bapisoa le “liphaphatha tse nang le mahe a linotši” kapa “bohobe bo monate bo nang le oli.” Kamor’a hore a siloe ka leloaleng la letsoho kapa a tuloe, a ne a ka a belisoa kapa a etsoa lipolokoe e le hore a ka bakoa.​—Ex 16:​23, 31; Nu 11:​7, 8.

LA 22-LA 28 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 13-14

“Kamoo Tumelo e re Thusang ho ba Sebete Kateng”

w06 10/1 16-17 ¶5-6

Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo

5 Leha ho le joalo, Joshua le Kalebe, e leng banna ba babeli ba lihloela, ba ne ba labalabela ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ile ba re Bakanana “ke bohobe ho rona. Tšireletso ea bona e tlohile holim’a bona, ’me Jehova o na le rona. Le se ke la ba tšaba.” (Numere 14:9) Na tšepo eo Joshua le Kalebe ba neng ba e-na le eona e ne e se na motheo? Che! Bona hammoho le sechaba kaofela, ba ne ba ile ba bona ha Jehova a tlotlolla Egepeta e matla le melimo ea eona ka Likotlo Tse Leshome. Joale ba ile ba bona ha Jehova a ne a etsa hore Faro le lebotho la hae la sesole ba khangoe ke metsi Leoatleng le Lefubelu. (Pesaleme ea 136:​15) Ho hlakile hore lihloela tseo tse leshome hammoho le batho ba ileng ba li kholoa, ba ne ba se na lebaka le utloahalang la ho ba le tšabo. Jehova o ile a bua mantsoe a latelang a utloile bohloko haholo: “[Sechaba] se ke ke sa beha tumelo ho ’na bakeng sa lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona halelele hakae?”​—Numere 14:11.

6 Jehova o ile a bolela sesosa sa bothata ba sona​—ho ba boi ha sechaba ho ile ha bontša hore se hloka tumelo. Ka sebele tumelo le sebete li amana haholo hoo, moapostola Johanne a ileng a ngola mantsoe a latelang mabapi le phutheho ea Bokreste le ka ntoa ea eona ea moea: “Ena ke tlholo e hlotseng lefatše, tumelo ea rona.” (1 Johanne 5:4) Kajeno, tumelo e kang ea Joshua le Kalebe e entse hore Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse tšeletseng, tsa bacha le batho ba baholo, tse matla le tse fokolang ’meleng, li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ha ho sera se atlehileng ho koala melomo ea lebotho lena le matla le le sebete.​—Baroma 8:31.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 740

Naha eo Jehova a ileng a e fa Iseraele

NAHA eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele e ne e le ntle bo tsotehang. Lihloela tseo Moshe a neng a li romme hore li il’o hloela Naha e Tšepisitsoeng le ho tlisa tse ling tsa litholoana tsa eona, li ile tsa tla le lifeiga, likharenate le morara o motenya hoo ntho e neng e o tšetse e neng e nkoa ke banna ba babeli! Le hoja li ile tsa ikhula ka lebaka la ho se be le tumelo, li ile tsa re: Naha eo “ruri e phalla lebese le mahe a linotši.”​—Nu 13:​23, 27.

LA 29 MARCH–LA 4 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 15-16

Qoba ho Itšepa ho Feta Tekano

w11 9/15 27 ¶12

Na U Tsejoa ke Jehova?

12 Leha ho le joalo, ha sechaba sa Iseraele se ne se le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng, Kora o ile a bona lintho tseo a neng a nahana hore li baka mathata tokisetsong ea Molimo. Kahoo, banna ba bang ba 250 ba etellang sechaba pele ba ile ba tšehetsa Kora ha a ne a leka ho etsa liphetoho. E tlameha ebe Kora le ba bang ba ne ba kholisehile hore ba ne ba e-na le kamano e haufi le Jehova. Ba ile ba re ho Moshe: “Ho lekane ka lona, hobane phutheho eohle ea halalela ’me Jehova o har’a eona.” (Num. 16:​1-3) Boo e ne e le boikhohomoso bo bokaakang! Moshe o ile a re ho bona: “Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae.” (Bala Numere 16:5.) Qetellong ea letsatsi le hlahlamang, Kora le bohle ba ileng ba mo tšehetsa borabeleng ba hae ba ile ba shoa.​—Num. 16:​31-35.

w11 9/15 27 ¶11

Na U Tsejoa ke Jehova?

11 Moshe le Kora ba ne ba fapane haholo mabapi le ho hlompha tokisetso ea Jehova le liqeto tsa hae. Liketso tsa bona li ile tsa ama tsela eo Jehova a neng a ba talima ka eona. Kora e ne e le Molevi oa Mokohathe, ’me o ne a thabela litokelo tse ngata tsa tšebeletso, tseo e ka ’nang eaba li ne li akarelletsa ho bona ha sechaba se ne se lopolloa Leoatleng le Lefubelu, ho tšehetsa kahlolo ea Jehova Thabeng ea Sinai khahlanong le Baiseraele ba neng ba sa mamele le ho ba le kabelo ea ho tsamaisa areka ea selekane. (Ex. 32:​26-29; Num. 3:​30, 31) Ho hlakile hore o ne a ile a tšepahala ho Jehova ka lilemo tse ngata ’me ka lebaka leo ba bangata liahelong tsa Iseraele ba ne ba mo hlompha.

Matlotlo a Patiloeng

w98 9/1 20 ¶1-2

Tiisa Hore U Beha Lintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!

Jehova o ile a nka taba eo ka ho teba haholo. Bibele e re: “Eaba Jehova o re ho Moshe: ‘Motho eo o tšoanetse ho bolaoa.’ ” (Numere 15:​35) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a nka seo monna eo a se entseng ka ho teba hakaalo?

Batho ba ne ba e-na le matsatsi a tšeletseng bakeng sa ho roalla patsi esita le ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa lijo, liaparo le bolulo. Letsatsi la bosupa le ne le lokela ho neheloa litlhokong tsa bona tsa moea. Le hoja ho ne ho se phoso ho roalla patsi, ho ne ho le phoso ho etsa seo ka ho sebelisa nako e neng e lokela ho behelloa ka thoko bakeng sa borapeli ba Jehova. Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, na ketsahalo eo ha e re rute thuto ea hore re lokela ho hlophisa lintho tse tlang pele bophelong ba rona kajeno ka mokhoa o nepahetseng?​—Bafilipi 1:10.

LA 5-LA 11 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 17-19

“Ke ’na . . . Lefa la Hao”

w11 9/15 13 ¶9

Na U Etsa Hore Jehova e be Kabelo ea Hao?

9 Nahana ka Balevi ba sa kang ba fumana lefa la naha. Kaha borapeli bo hloekileng e ne e le eona ntho e ka sehloohong eo ba neng ba amehile ka eona, ba ne ba lokela ho tšepa Jehova hore a ba hlokomele ka lintho tseo ba li hlokang, ’me Jehova o ile a re ho bona: “Ke ’na kabelo ea hao.” (Num. 18:​20) Le hoja re sa sebeletse tempeleng ea sebele joaloka baprista le Balevi, re ka etsisa moea oo ba ileng ba o bontša, re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela. Ha matsatsi a ho qetela a ntse a atamela, ke habohlokoa le ho feta hore re tšepe hore Molimo o na le matla a ho re hlokomela.​—Tšen. 13:17.

w11 9/15 7 ¶4

Jehova ke Kabelo ea Ka

4 Jehova e ile ea e-ba kabelo ea Balevi ka tsela efe ha a ne a ba khetha hore ba mo sebeletse? Ho e-na le hore Jehova a ba fe naha e le lefa o ile a ba fa mosebetsi oa bohlokoa haholo oo ba neng ba lokela ho o etsa. “Boprista ba Jehova” e ne e le lefa la bona. (Josh. 18:7) Litemana tse potolohileng Numere 18:​20 li bontša hore sena ha sea ka sa etsa hore ba futsanehe. (Bala Numere 18:​19, 21, 24.) Balevi ba ne ba lokela ho fuoa “karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome Iseraeleng e le lefa bakeng sa puseletso ea tšebeletso ea bona.” Ba ne ba tla fuoa karolo ea leshome ea lihlahisoa tsa Iseraele le ea palo eo liphoofolo li neng li tla ata ka eona. Balevi le bona ba ne ba lokela ho fana ka karolo ea leshome ea seo ba se fumaneng, e leng “oa tse ntlehali ho tsona,” ho tšehetsa baprista. (Num. 18:​25-29) Baprista ba ne ba boetse ba fuoa “menehelo eohle e halalelang” eo bara ba Iseraele ba neng ba e tlisa ho Molimo sebakeng sa hae sa borapeli. Kahoo, baprista ba ne ba e-na le lebaka le letle la ho lumela hore Jehova o ne a tla ba hlokomela.

Matlotlo a Patiloeng

g02 6/8 14 ¶2

Letsoai ke Ntho ea Bohlokoa

Letsoai le ile la boela la emela ntho e tsitsitseng kapa ntho ea ka ho sa feleng. Kahoo, ka Bibeleng selekane se tlamang se ne se bitsoa “selekane sa letsoai” ’me batho ba neng ba kene selekaneng seo ba ne ba ja hammoho lijo tse neng li nokiloe ka letsoai e le ho tiisa selekane. (Numere 18:​19) Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ne o re ha ho neheloa mahlabelo aletareng, ho lokeloa ho tšeloa letsoai ho bontša hore mahlabelo ao a hloekile ebile haa bola.

LA 12-LA 18 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 20-21

“Lula u le Bonolo le ha u le Tlas’a Khatello”

w19.02 12 ¶19

E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova

19 Re tla qoba ho etsa liphoso. Nahana hape ka mohlala oa Moshe. O ile a qeta lilemo e le motho ea bonolo a bile a thabisa Jehova. Ho elella qetellong ea lilemo tse 40 ba le lefeelleng, Moshe o ile a hloleha ho ba motho ea bonolo. Ausi oa hae eo mohlomong e leng eena ea ileng a mo pholosa Egepeta, o ne a sa tsoa patoa ha ba le Kadeshe. Hape, Baiseraele ba ne ba boetse ba tletleba ka hore ha baa hlokomeloa hantle. Lekhetlong lena, ba ne ba “qabana le Moshe” ka hore ha ho na metsi. Le hoja Moshe a ile a qeta nako e telele a eteletse sechaba seo pele, ebile Jehova a ile a mo sebelisa hore a etse mehlolo, sechaba seo se ne se ntse se korotla. Ba ne ba korotlela Moshe ka hore ha ba na metsi joalokaha eka ke eena ea entseng hore a be sieo.​—Num. 20:​1-5, 9-11.

w19.02 13 ¶20-21

E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova

20 Moshe o ile a halefa haholo eaba o hloleha ho itšoara. Ho e-na le hore Moshe a bue le lefika joalokaha Jehova a ne a laetse, o ile a halefela sechaba a ba a se bolella hore ke eena ea tl’o etsa mohlolo. Eaba o otla lefika habeli ’me metsi a tsoa a le mangata. Ho halefa le ho hloka boikokobetso ke hona ho ileng ha etsa hore Moshe a etse phoso e kholo. (Pes. 106:​32, 33) Ka lebaka la ho hloleha ho ba bonolo, ha aa ka a lumelloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.​—Num. 20:12.

21 Mohlaleng ona, re ithuta lintlha tsa bohlokoa. Ntlha ea pele, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be batho ba bonolo. Haeba re ka hloleha le ka motsotsoana feela, boikhohomoso bo ka re nanarela ebe re etsa lintho ka tsela e booatla. Ea bobeli, ha re imetsoe kelellong ho ka ba thata hore re be batho ba bonolo, kahoo re lokela ho leka ka hohle hore re be bonolo le tlas’a maemo a thata.

w09 9/1 19 ¶5

Moahloli ea sa Fetoheng Tabeng ea se Nepahetseng

La pele, Molimo o ne a sa laela Moshe hore a bue le batho, ebile o ne a sa mo laela hore a ba ahlole ka borabele ba bona. La bobeli, Moshe le Arone ha baa ka ba tlotlisa Molimo. Molimo o ile a re: ‘Ha lea ka la . . . nkhalaletsa.’ (Temana ea 12) Ha Moshe a ne a re “re tla le ntšetsa metsi,” o ne a bua joalokaha eka ke eena le Arone ba tla ntša metsi ka mohlolo​—eseng Molimo. La boraro, kahlolo eo ba neng ba e fuoe e ne e tšoana le eo ba bang ba neng ba ile ba e fuoa nakong e fetileng. Molimo o ne a ile a hanela marabele a moloko oa pele hore a kene Kanana, kahoo o ile a etsa se tšoanang le ka Moshe le Arone. (Numere 14:​22, 23) La bone, Moshe le Arone e ne e le baeta-pele ba Baiseraele. Ba fuoeng boikarabelo bo bongata ba tla ikarabella le ho feta ka pel’a Molimo.​—Luka 12:48.

Matlotlo a Patiloeng

w14 6/15 26 ¶12

Na u Talima ba Fokolang ka Tsela eo Jehova a ba Talimang ka Eona?

12 Maemong ana ’ohle, Jehova a ka be a ile a fa Arone kotlo hang-hang. Empa o ile a hlokomela hore Arone ha se motho ea mobe le hore o entse phoso e se ka morero. Ho bonahala eka Arone o ile a lumella ba bang hore ba mo khelose tseleng e nepahetseng. Empa ha a bontšoa liphoso tsa hae, o ile a li lumela a ba a amohela likahlolo tsa Jehova. (Ex. 32:​26; Num. 12:​11; 20:​23-27) Jehova o ile a khetha ho tsepamisa mohopolo tabeng ea hore Arone o ne a e-na le tumelo a bile a bakile. Le ka mor’a lilemo tse makholo, Arone le litloholo tsa hae ba ne ba ntse ba balelloa har’a batho ba tšabang Jehova.​—Pes. 115:​10-12; 135:​19, 20.

LA 19-LA 25 APRIL

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 22-24

“Jehova o Etsa Hore Thohako e be Tlhohonolofatso”

bt 53 ¶5

Ho Bolela “Litaba Tse Molemo Mabapi le Jesu”

5 Joaloka lekholong la pele la lilemo, le kajeno mahloriso ha aa koala batho ba Molimo molomo. Khafetsa, ha Bakreste ba qobelloa ho fallela sebakeng se seng​—ebang ba tsoa teronkong kapa naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe​—seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se secha molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fana ka bopaki bo matla likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ea ileng a kopana le Lipaki likampong tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batšoaruoa bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova se ile sa nkholisa hore tumelo ea bona e thehiloe Mangolong​—’me le ’na ka ba Paki.”

it-2-E 291

Bohlanya

Bohlanya Khahlanong le Jehova. Moprofeta Balame o ne a batla ho profeta khahlanong le Baiseraele e le hore a fumane chelete e tsoang ho morena oa Bamoabe e leng Balake, empa Jehova haa ka a lumella seo ho etsahala. Ha Moapostola Petrose a ngola ka Balame o ile a re: “Pelesa e sa tsebeng ho bua, ha e bua ka lentsoe la motho, ea sitisa tsela ea bohlanya ea moprofeta eo.” Moapostola Petrose ha a bua ka bohlanya ba Balame, o ile a sebelisa lentsoe la Segerike e leng pa·ra·phro·niʹa, le bolelang “motho ea lahlehetsoeng ke kelello.”​—2 Pet. 2:​15, 16; Num. 22:​26-31.

Matlotlo a Patiloeng

w04 8/1 27 ¶2

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Numere

22:​20-22​—Ke hobane’ng ha bohale ba Jehova bo ile ba tukela Balame? Jehova o ne a boleletse moprofeta Balame hore a se ke a rohaka Baiseraele. (Numere 22:​12) Leha ho le joalo, moprofeta eo o ile a tsamaea le banna ba Balake a ikemiselitse ka ho feletseng hore o il’o rohaka Iseraele. Balame o ne a batla ho khahlisa morena oa Moabe le ho putsoa ke eena. (2 Petrose 2:​15, 16; Juda 11) Esita le ha Balame a se a qobeletsoe ho hlohonolofatsa Iseraele ho fapana le ho e rohaka, o ile a batla ho ithatisa morena ka ho khothalletsa hore ho sebelisoe basali ba rapelang Baale ho eka banna ba Baiseraele. (Numere 31:​15, 16) Ka hona, lebaka le ileng la etsa hore Molimo a halefele Balame ke ho se tšepahale ho meharo ha moprofeta eo.

LA 26 APRIL–LA 2 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 25-26

“Na Liketso Tsa Motho a le Mong li ka Tsoela ba Bang Molemo?”

lv 97 ¶1-2

“Balehelang Bohlola”

MOTŠOASI oa litlhapi o theohela selaong sa hae seo a se ratang ka ho fetisisa sa ho tšoasa litlhapi. O nahanne ka ho tšoasa tlhapi ea mofuta o itseng. O khetha leraba le itseng ’me o akhela khoele ea hae ka metsing. Ka mor’a nakoana, khoele ea tiea, thupa ea kobeha, ’me o hula tlhapi eo a e tšoasitseng. Oa bososela hobane a tseba hore o khethile leraba le nepahetseng.

2 Ka selemo sa 1473 B.C.E., monna e mong ea bitsoang Balame o ile a nahana haholo ka leraba leo a neng a ka le sebelisa. Empa, phofu eo a neng a batla ho e cheha e ne e le sechaba sa Molimo, se neng se hlomme liahelo Lithoteng tsa Moabe, moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Balame o ne a bolela hore ke moprofeta oa Jehova, empa bonneteng e ne e mpa feela e le monna ea meharo ea neng a hiriloe hore a rohake Baiseraele. Leha ho le joalo, ka ho kenella ha Jehova, seo Balame a ileng a khona ho se etsa e ile ea e-ba feela ho hlohonolofatsa Baiseraele. Kaha Balame o ne a ikemiselitse ho fumana moputso oa hae, o ile a nahana hore mohlomong a ka susumelletsa Molimo hore a rohake batho ba hae, haeba feela ba ne ba ka lekoa hore ba etse sebe se feteletseng. A nahanne ka sena, Balame o ile a akhela leraba​—e leng basali ba Moabe ba mano.​—Numere 22:​1-7; 31:​15, 16; Tšenolo 2:14.

lv 97 ¶4

“Balehelang Bohlola”

4 Tlokotsi ee e ile ea bakoa ke’ng? Batho ba bangata ba ile ba e-ba le lipelo tse khopo ka ho suthela hole le Jehova, eena Molimo ea neng a ba lopolotse Egepeta, a ba fepile lefeelleng le ea ileng a ba etella pele ba sireletsehile ho ea naheng ea tšepiso. (Baheberu 3:​12) Ha moapostola Pauluse a nahana ka taba ena, o ile a ngola a re: “Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.”​—1 Bakorinthe 10:8.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 359 ¶1-2

Moeli

Ho bonahala eka ha ho ne ho aroloa naha, ho ne ho etsoa lintho tse peli; ho lahloa ha lotho le ho sheba hore na moloko o monyane kapa o moholo hakae. Lotho e ne e khona ho hakanya hore na meloko e ne e tla rua naha e kae le hore na naha eo e ne e tla ba sebakeng se feng. E ne e boetse e hlalosa hore na sebaka seo se ka Leboea, Boroa, Bochabela kapa ka Bophirimela le hore na sebaka seo se pel’a lebopo la leoatle kapa se lithabeng. Qeto ea lotho e ne e entsoe ke Jehova, e ne e thusa meloko hore e se ke ea tletleba kapa ea ba mona. (Lipr 16:​33) Kahoo, Molimo o ne a tla etsa hore boemo ba moloko o mong le o mong bo lumellane le boprofeta ba mopatriareka Jakobo ha a le haufi le ho shoa. Boprofeta boo bo tlalehiloe ho Genese 49:​1-33.

Kamor’a hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla lula sebakeng sefe, e ne e tla ba hantle hore hape ho hlahlojoe hore na naha eo e ne e tla lekana moloko oo. ‘Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ea ka malapa a lona. Ea nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, ’me ea fokolang ka palo le fokotse lefa la hae. Moo lotho e tla oela teng ke moo lefa la hae le tla ba teng.’ (Nu 33:​54) Qeto ea lotho e neng e bontša hore na moloko o itseng o ne o lokela ho lula hokae, e ne e lokela ho lateloa empa ho ne ho ne ho etsoa liphetoho ho latela hore na moloko o fumane sebaka se se kae. Kahoo eitse ha ho fumanoa hore sebaka sa moloko oa Juda se ne se le seholo bakeng sa bona, ho ile ha fokotsoa karolo ea sona ’me ea fuoa moloko oa Simeone.​—Jos 19:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela