-
“Le se ke la Kena Jokong e sa Lekaneng”Molula-Qhooa—2003 | October 15
-
-
“Le se ke la Kena Jokong e sa Lekaneng”
JOALOKAHA u ka bona setšoantšong sena, kamele le poho tse lemang hammoho li bonahala li hula ka thata. Joko e li kopantseng—e etselitsoeng liphoofolo tse peli tse lekanang ka boholo le ka matla—e utloisa liphoofolo tsena bohloko. Molimo o ne a amehile ka lipelesa tsa mofuta ona, ha a ne a re ho Baiseraele: “U se ke ua lema ka poho le esele hammoho.” (Deuteronoma 22:10) Ho sebetsa molao-motheo o tšoanang tabeng ea poho le kamele.
Ka tloaelo, sehoai se ke ke sa imetsa liphoofolo tsa sona joalo. Empa haeba se ne se se na lipoho tse peli, se ne se ka ’na sa pana liphoofolo tse ling tse peli tseo se neng se e-na le tsona ka joko e le ’ngoe. Kamoo ho bonahalang kateng, sehoai sa lekholong la bo19 la lilemo se setšoantšong sena se ile sa etsa qeto ea ho etsa joalo. Ka lebaka la ho se tšoane ha tsona ka boholo le ka boima, phoofolo e fokolang e ne e tla tlameha ho hula ka thata hore e tsamaisane le e ’ngoe, ’me phoofolo e matla eona e ne e tla imeloa haholo.
Moapostola Pauluse o ile a sebelisa papiso ea ho kena jokong e sa lekaneng ho re ruta thuto ea bohlokoa. O ile a ngola a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakorinthe 6:14) Mokreste a ka kena jokong e sa lekaneng joang?
Tsela e ’ngoe e ka ba ka hore Mokreste a khethe molekane oa lenyalo ea sa lumeleng seo a se lumelang. Kopano e joalo e tla ba thata bakeng sa bona ka bobeli, hobane banyalani ba tla fapana ka maikutlo le linthong tsa motheo.
Ha Jehova a ne a theha lenyalo, o ile a abela mosali karolo ea ho ba “motlatsi,” kapa motšehetsi. (Genese 2:18) Ka ho tšoanang, ka moprofeta Malakia, Molimo o ile a re mosali ke “molekane.” (Malakia 2:14) ’Mōpi oa rōna o batla hore banyalani ba hule hammoho tseleng e tšoanang ea moea, ba jarisane meroalo le ho rua melemo ka mokhoa o lekanang.
Ka ho nyala “feela Moreneng,” Mokreste o bontša hore o hlompha keletso ea Ntate oa rōna oa leholimo. (1 Bakorinthe 7:39) Sena se rala motheo bakeng sa lenyalo le momahaneng, le ka tlisang tlhompho le tlotliso ho Molimo ha banyalani ka bobeli ba mo sebeletsa e le ‘balekane ba ’nete jokong’ ka kutloisiso e khethehileng.—Bafilipi 4:3.
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?Molula-Qhooa—2003 | October 15
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?
Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.
-