PINA EA 133
Sebeletsang Jehova le sa le Bacha
E Hatisitsoeng
1. Re bacha bao ’Mopi a ba ratang
’Me re lula re mo sebeletsa.
O tla re hlokomela ka tsohle,
A re hlon’olofatse kamehla.
2. Ha re hlompha batsoali ba rona,
Ba tla bona hore rea ba rata.
Re tla ratoa ke ’Mopi le batho
’Me re be metsoalle ea Jehova.
3. Re mo hopoleng re sa le bacha,
Re lule re rata Lentsoe la hae.
Re tla thabisa Jehova, Ntate
Ha re mo rata ka pelo eohle.
(Sheba le Pes. 71:17; Lillo 3:27; Baef. 6:1-3.)