Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 March leq. 5
  • Lintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tšepa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tšepa Jehova
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Nka Rapella Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 March leq. 5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tšepa Jehova

Davida o ile a khona ho hlola Goliathe hobane o ne a tšepile Jehova. (1Sa 17:45) Jehova o batla ho sebelisa matla a hae ho thusa batho ba hae. (2Likr 16:9) Re ka tšepa thuso eo Jehova a re fang eona joang ho e-na le ho tšepa bokhoni le boiphihlelo ba rona? Re ka thusoa ke lintho tsena tse tharo:

  • Lula u Rapela. Ha u entse phoso u se ke oa rapella feela hore Molimo a u tšoarele empa u rapele le ha u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng. (Mat 6:12, 13) Pele u etsa qeto, rapela Jehova hore a u fe bohlale ’me a u tataise.​—Jak 1:5

  • Bala Bibele ’me u ithute kamehla. Bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes 1:2) Nahanisisa ka seo u ithutang sona ka Bibeleng ’me u se sebelise bophelong ba hao. (Jak 1:23-25) Lokisetsa pele u ea tšimong ho e-na le ho tšepa bohlale ba hao. U tla rua molemo haeba u lokisetsa lintho tseo re tla ithuta tsona libokeng esale pele.

  • Tsamaisana le mokhatlo oa Jehova. Tsamaisana le tataiso ea mokhatlo ea morao-rao ’me u e latele hang-hang. (Nu 9:17) Mamela ha baholo ba u fa keletso le tataiso.​—Heb 13:17

Bara le barali babo rona le baqolotsi ba litaba ba shebile ha mapolesa a isa mora oabo rona teronkong.

SHEBELLANG VIDEO EA HA HO NA LEBAKA LA HO TŠABA MAHLORISO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

• Bara le barali babo rona ba ne ba tšaba eng?

• Ba thusitsoe ke’ng hore ba hlole tšabo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela