Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr22 July maq. 1-9
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lihloohoana
  • LA 4-10 JULY
  • LA 11-17 JULY
  • LA 18-24 JULY
  • LA 25-31 JULY
  • LA 1-7 AUGUST
  • LA 8-14 AUGUST
  • LA 15-21 AUGUST
  • LA 29 AUGUST–LA 4 SEPTEMBER
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
mwbr22 July maq. 1-9

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 4-10 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 SAMUELE 18-19

“Etsisa Mohlala oa Barzilai oa ho Inyenyefatsa”

w07 7/15 14 ¶5

Barzilai​—Monna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

Ha ho pelaelo hore Davida o ne a ananetse thuso ea Barzilai haholo. Ha ho bonahale eka morena o ne a mpa a batla feela ho putsa Barzilai ka ho mo fa lintho tseo a li hlokang. Kaha Barzilai e ne e le morui, o ne a sa hloke thuso e joalo. E ka ’na eaba Davida o ne a batla hore monna-moholo eo a be ntlong ea borena ka lebaka la makhabane a hae. Ho lula ntlong ea borena ka nako eohle e ne e tla be e le tlotla e neng e tla fa Barzilai monyetla oa ho thabela melemo ea ho ba motsoalle oa morena.

w07 7/15 14 ¶7

Barzilai​—Monna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

E ka ’na eaba botsofali le mefokolo e tsamaisanang le bona ke lebaka le leng le entseng hore Barzilai a etse qeto eo. Mohlomong Barzilai o ile a nahana hore a ke ke a hlola a phela nako e telele. (Pesaleme ea 90:​10) O ne a entse seo a ka se khonang ho tšehetsa Davida, empa o ne a boetse a tseba hore na o fokola hakae ka lebaka la botsofali. Barzilai ha aa ka a lumella takatso ea ho tuma le ho hlahella hore e mo sitise ho ba le pono e loketseng ka seo a ka khonang ho se etsa. Ho fapana le Absalome ea neng a rata maemo, ka bohlale Barzilai o ile a ikokobetsa.​—Liproverbia 11:2.

w07 7/15 15 ¶1-2

Barzilai​—Monna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

Tlaleho ea Barzilai e hatisa hore ho hlokahala teka-tekano. Tabeng ea pele, ha rea lokela ho hana tokelo ea tšebeletso kapa hona ho qoba ho e hahamalla hobane feela re batla ho phela bophelo ba boiketlo kapa hobane re ikutloa re sa tšoanelehe bakeng sa ho jara boikarabelo. Molimo a ka re thusa moo re haelloang teng haeba re itšetleha ka eena hore a re fe matla le bohlale.​—Bafilipi 4:​13; Jakobo 4:​17; 1 Petrose 4:11.

Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re tsebe mefokolo ea rona. Ka mohlala, a re re Mokreste ea itseng o se a ntse a tšoarehile haholo ka lintho tsa moea. Oa hlokomela hore ha a amohela boikarabelo bo eketsehileng, o ne a tla hlokomoloha boikarabelo bo bong ba Mangolo bo joaloka ho hlokomela lelapa la hae. Boemong bo joalo, na o tla be a sa bontše hore o ikokobelitse ebile o na le kahlolo e molemo ha a hana litokelo tse eketsehileng ka nako eo?​—Bafilipi 4:5; 1 Timothea 5:8.

Matlotlo a Patiloeng

w20.04 30 ¶19

Matha Tseleng ea Peiso ho Fihlela Qetellong

19 Haeba oa kula ’me u utloa eka batho ba bang ha ba u utloisise, u ka ’na oa khothatsoa ke mohlala oa Mefiboshethe. (2 Sam. 4:4) O ne a tlameha ho mamella bothata ba ho kula hape Morena Davida o ile a mo tšoara ka ho hloka toka. E ne se molato oa hae hore ebe o ile a hlaheloa ke lintho tsena. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a itumella ho nkoa ke maikutlo, ho e-na le hoo, o ile a ananela lintho tse ntle tseo a nang le tsona. O ile ananela taba ea hore ebe Davida o ile a mo tšoara ka mosa nakong e fetileng. (2 Sam. 9:​6-10) Kahoo, ha Davida a mo tšoara ka ho hloka toka, o ile a sheba mahlakore a taba kaofela. Ha a ka a lumella hore phoso ea Davida e lule e mo koatisitse. Hape ha a ka a beha Jehova molato ka ntho eo Davida a e entseng. Mefiboshethe o ile a nahana ka hore na a ka tšehetsa morena ea tlotsitsoeng ke Jehova joang. (2 Sam. 16:​1-4; 19:​24-30) Jehova o tlalehile pale ea Mefiboshethe ka Bibeleng molemong oa rona.​—Bar. 15:4.

LA 11-17 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 SAMUELE 20-21

“Jehova o na le Toka”

it-1-E 932 ¶1

Gibeone

Bagibeone esale ba le teng ka lilemo-lemo, le hoja Morena Saule a ile a leka ho ba felisa. Leha ho le joalo, Bagibeone ba ile ba emela Jehova ka mamello hore a senole ho hloka toka hoo. O ile a etsa sena a sebelisa tlala e ileng ea nka lilemo tse tharo nakong ea puso ea Davida. Davida o ile a kopa keletso ho Jehova ’me Jehova o ile a mo bolella hore Saule o na le molato oa mali hobane o bolaile Bagibeone. Davida o ile a bua le Bagibeone e le ho utloa hore na a ka ba etsetsa’ng e le hore a lefelle molato ona. Bagibeone ba ile ba araba ba re, “ha se taba ea silevera kapa khauta” hobane ho latela molao, ho ne ho se na ntho e neng e ka amoheloa e le thekollo bakeng sa ’molai. (Nu 35:​30, 31) Ba ne ba boetse ba tseba hore ba ke ke ba bolaea motho ntle le ha ba lumelletsoe ke molao. Ka mor’a hore Davida a ba phehelle, Bagibeone ba ile ba kopa hore ba fuoe “bara” ba supileng ba Saule. Taba ea hore molato oa mali o ne o le ho Saule le ho ntlo ea hae e bontša hore le hoja Saule e ne e le eena ea neng a li hula pele lipolaong tseo, e ka ’na eaba bara ba hae le bona ba ne ba kentse letsoho ka tsela e tobileng kapa e sa tobang. (2Sa 21:​1-9) Haeba ho ne ho le joalo, e ne e ke ke ea e-ba hore bara bao ba shoa ka lebaka la libe tsa bo-ntat’a bona. (De 24:​16) Empa ba ne ba tla be ba shoa hobane ho phethahatsoa molao o re’ng “moea bakeng sa moea.”​—De 19:21.

Matlotlo a Patiloeng

w13 1/15 31 ¶14

Baholo ba Bakreste​—‘Basebetsi-’moho Bakeng sa Thabo ea Rona’

14 Lefatšeng lohle, bahlanka ba Jehova ba tsoela pele ba etsa tšebeletso ea bona ho sa tsotellehe lintho tseo Satane le mahlahana a hae ba ba sitisang ka tsona. Ba bang ba rona re ’nile ra thulana le mathata a kang linatla. Empa re ile ra tšepa Jehova ka ho feletseng ’me ra ba le matla a hore re lule re tšepahala feela joalokaha Davida a ile a ba le matla a ho bolaea Goliathe. Empa ka linako tse ling re ikutloa eka ha re na matla a lekaneng hore re ka loantša lefatše la Satane. Ha re le boemong bo joalo, ho bonolo hore re nyahamisoe ke mathata ao re ka beng re ile ra a mamella. Empa moholo a ka ’na a hlokomela hore re nyahame eaba o re thusa ka nako eo re hlileng re hlokang thuso. Pula-maliboho e mong ea lilemo li ka bang 65 o ile a re: “Ho na le nako e ’ngoe eo ka eona ke neng ke sa phela hantle, ’me tšebeletso ea tšimo e ne e etsa hore ke khathale. Moholo e mong o ile a hlokomela hore ke felloa ke matla eaba o bua le ’na. Re ile ra buisana ka litemana tsa Bibele tse khothatsang. Ke ile ka sebelisa keletso ea hae ’me e ile ea ntsoela molemo.” O ile a phaella ka ho re: “Ruri moholo eo o ile a mpontša lerato ka hore a hlokomele hore kea fokola ebe oa nthusa!” Ka sebele, hoa khothatsa ho tseba hore re na le baholo ba lulang ba re behile leihlo ba bile ba le malala-a-laotsoe hore ba re “thuse,” joaloka Abishai oa boholo-holo.

LA 18-24 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 SAMUELE 22

“Lumella Jehova a U Thuse”

cl 19 ¶11

Na ka Sebele U ka ‘Atamela ho Molimo’?

11 Ho bala ka hore Molimo “o na le matla a maholo” ke taba e ’ngoe. (Esaia 40:​26) Ho bala kamoo a ileng a lopolla Baiseraele Leoatleng le Lefubelu kateng a ntan’o hlokomela sechaba ka lilemo tse 40 lehoatateng ke taba e ’ngoe e fapaneng. U ka bona ka mahlo a kelello ha metsi a bilohang a aroha ka lehare. U ka bona ka mahlo a kelello ha sechaba​—mohlomong sa batho ba ka bang 3 000 000​—se tšela leoatle se tsamaea lehlabatheng le omileng, metsi a hoammeng a eme joaloka mabota a maholo ka mahlakoreng a mabeli. (Exoda 14:​21; 15:8) U khona ho lemoha bopaki ba tlhokomelo e sireletsang ea Molimo lehoatateng. Metsi a ile a tsoa lefikeng. Lijo tse kang lithollo tse tšoeu li ile tsa e-ba teng fatše. (Exoda 16:​31; Numere 20:​11) Mona Jehova ha a senole feela hore o na le matla empa o senola hore o a sebelisa molemong oa batho ba hae. Na hase ho khothatsang ho tseba hore lithapelo tsa rona li nyolohela ho Molimo ea matla eo e leng “setšabelo le matla a rona, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola”?​—Pesaleme ea 46:1.

w10 6/1 26 ¶4-6

“U Tla Etsa ka Botšepehi”

A re ke re hlahlobeng mantsoe a Davida ka hloko. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “etsa ka botšepehi” le ka boela la fetoleloa e le “etsa ka mosa o lerato.” Botšepehi ba ’nete bo thehiloe leratong. Ka lerato Jehova o khomarela batho ba tšepahalang ho eena.

Hlokomela ntlha e ’ngoe hape ea hore botšepehi hase boikutlo feela tjee boo motho a ka bang le bona empa a sa etse letho, empa ke tšobotsi e lokelang ho bontšoa ka liketso. Jehova o etsa ka botšepehi, joalokaha Davida a ile a hlokomela ka se ileng sa mo etsahalla. Ha Davida a ne a tobane le mathata a maholo ka ho fetisisa bophelong ba hae, Jehova o ile a mo thusa ’me ka botšepehi a sireletsa morena enoa ea tšepahalang a ba a mo tataisa. Ka kananelo, Davida o ile a lemoha hore Jehova ke eena feela ea neng a ka mo lopolla “liatleng tsa lira tsohle tsa hae.”​—2 Samuele 22:1.

Mantsoe a Davida a bolela’ng ho rona? Jehova ha a qeaqee ebile ha a fetohe. (Jakobo 1:​17) O lula a tiile melao-motheong ea hae ’me kamehla oa tšepahala litšepisong tsa hae. Davida o ile a ngola tjena ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa hae: “Jehova . . . a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.”​—Pesaleme ea 37:28.

Matlotlo a Patiloeng

w12 11/15 17 ¶7

Loanela ho Itšoara Joaloka e Monyenyane

7 Mohlala oa Molimo oa ho bontša boikokobetso o ile oa susumetsa mopesaleme Davida haholo. O ile a binela Jehova a re: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Sam. 22:​36) Davida o ne a tseba hore o ne a khona ho etsa lintho tse kholo tseo a neng a li etsa Iseraele hobane Jehova a ne a ile a mo bontša boikokobetso ka hore a mo tsotelle a be a mo thuse. (Pes. 113:​5-7) Ho joalo le ka rona. Makhabane afe kapa afe ao re nang le ’ona, bokhoni hammoho le boikarabelo bo khethehileng boo re nang le bona, ke lintho tseo re ‘ileng ra li amohela’ ho Jehova. (1 Bakor. 4:7) Motho ea itšoarang joaloka e monyenyane e ba e “moholo” ka hore e ba mohlanka oa Jehova oa bohlokoa. (Luka 9:​48) A re ke re boneng hore na sena se etsahala joang.

LA 25-31 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 SAMUELE 23-24

“Na oa Itela ha U Fana?”

it-1-E 146

Arauna

Arauna o ile a fana ka likhomo, setša le lisebelisoa tsa likhomo e le hore li ka sebelisoa e le libeso bakeng sa sehlabelo. O ne a batla ho fana ka tsona ntle ho tefo empa Davida a tsitlella ho mo patala. Ha re sheba lengolo la 2 Samuele 24:​24 le bontša hore Davida o ile a reka seotlo seo le likhomo ka lishekele tsa silevera tse 50 (M1 709). Leha ho le joalo, tlaleho e hlahang lengolong la 1 Likronike 21:​25 e bontša hore Davida o ile a patala lishekele tsa khauta tse 600 (M1 196 399) bakeng sa sebaka seo. Mongoli oa Samuele oa Bobeli o ne a bua feela ka chelete e rekileng setša seo aletare e ileng ea haheloa ho sona le lintho tseo Arauna a ileng a fana ka tsona bakeng sa sehlabelo. Ka lehlakoreng le leng, mongoli oa lengolo la pele la Likronike o ne a bua ka chelete e rekileng setša seo tempele e ileng ea haheloa ho sona e neng e kenyelletsa le ho hahoa ha eona. (1Likr 22:​1-6; 2Likr 3:1) Kaha sebaka seo tempele e ileng ea haheloa ho sona se ne se le seholo haholo, ho bonahala eka lishekele tsena tse 600 tsa khauta ke tsona tse ileng tsa sebelisoa ho patala sebaka seo. Lishekele tse 50 tsona li ile tsa sebelisoa ho patala sebaka seo Davida a ileng a hahela aletare ho sona.

w12 1/15 18 ¶8

Ithute ‘Moralong oa ’Nete’

8 Haeba Moiseraele a ne a etsa sehlabelo ka boithatelo a bontša hore o ananela ka tieo seo Jehova a mo etselitseng sona, e le nyehelo ea secheso, kapa a kopa kamohelo ho Jehova, mohlomong ho ne ho ke ke ha e-ba thata hore a khethe phoofolo e nepahetseng. Motho eo o ne a tla thabela ho fa Jehova phoofolo e ntlehali. Kajeno Bakreste ha ba etse mahlabelo a sebele a boletsoeng Molaong oa Moshe; leha ho le joalo, ba etsa mahlabelo ka hore ba sebelise nako ea bona, matla a bona le matlotlo a bona ho sebeletsa Jehova. Moapostola Pauluse o ile a re ho ‘bolela phatlalatsa’ tšepo eo Bakreste ba nang le eona le “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang” ke mahlabelo a thabisang Molimo. (Baheb. 13:​15, 16) Maikutlo ao bahlanka ba Jehova ba bang le ’ona ha ba mo sebeletsa a bontša hore ba ananela lintho tsohle tseo Molimo a ba fileng tsona. Kahoo, maikutlo ao batho ba etsang tšebeletso ea Bokreste ba bang le ’ona le sepheo seo ba sebeletsang Molimo ka sona kajeno, a tšoana le a batho ba neng ba etsa mahlabelo a boithatelo mehleng ea boholo-holo.

Matlotlo a Patiloeng

w05 5/15 19 ¶6

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Samuele oa Bobeli

23:​15-17. Davida o ne a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa molao oa Molimo ka bophelo le mali hoo ketsahalong ena a ileng a hana ho etsa esita le ntho e neng e tšoantšetsa ho tlola molao oo. Re lokela ho hlaolela boikutlo bo tšoanang ka litaelo tsohle tsa Molimo.

LA 1-7 AUGUST

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 1-2

“Na U Ithuta Liphosong Tsa Hao?”

it-2-E 987 ¶4

Solomone

Adonija le batho bao a neng a etsa ’mommori le bona, ba ile ba baleha ba tšohile ebile ba ferekane ha ba utloa molumo oa ’mino Gihone le batho ba hoeletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele.” Solomone o ile a bontša hore borena ba hae e ne e tla ba bo nang le khotso le pele e e-ba morena ka hore a hane ho iphetetsa. Hoja o ile a iphetetsa, a ka be a ile a lahleheloa ke bophelo ba hae. Adonija o ile a balehela sehalalelong bakeng sa ho itšireletsa eaba Solomone oa romeletsa hore ba il’o mo lata. Solomone o ile a bolella Adonija hore o tla tsoela pele a phela haeba ho se letho le lebe le tla fumanoa ho eena eaba Solomone o re Adonija a khutlele lapeng.​—1Ma 1:​41-53.

it-1-E 49

Adonija

Ka mor’a hore Davida a hlokahale, Adonija o ile a ea ho Bathe-sheba hore a il’o mo buella ho Solomone hore a mo fe mohlokomeli oa Davida e leng Abishage hore e be mosali oa hae. Mantsoe a Adonija a reng “borena e ne e lokela ho ba ba ka, ’me Baiseraele bohle ba ne ba talimile ho ’na hore ke be morena,” a ne a bontša hore o ne a ntse a utloa eka o nketsoe borena ka likhoka le hoja a ile a lumela hore Jehova ke eena ea neng a kentse letsoho tabeng ea hore e se ke ea e-ba morena. (1Ma 2:​13-21) Le hoja ho ka etsahala hore kopo eo Adonija a ileng a e etsa e ne e susumetsoa ke ho utloa ha hae bohloko ka lebaka la ho se khethoe hore e be morena, ho bonahala eka o ile a e etsa hobane a ntse a batla ho ba morena hobane ho latela molao oa Bochabela ba boholo-holo, ha morena a ne a shoa, basali ba hae le lirethe tsa hae e ne e-ba ba morena ea tla latela. (Bapisa le 2Sa 3:7; 16:​21.) Solomone le eena o ile a bona litaba ka tsela ena, eaba hang-hang o laela hore Adonija a bolaoe ’me Benaia o ile a potlakela ho etsa seo.​—1Ma 2:​22-25.

Matlotlo a Patiloeng

w05 7/1 30 ¶1

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Marena a Pele

2:​37, 41-46. Ho kotsi e le ruri hore motho a nahane hore a ka tlola molao oa Molimo ebe ha a fumane kotlo! Batho ba khelohang ka boomo ‘tsela e moqotetsane e isang bophelong’ ba tla utloa liphello tse bohloko tsa qeto eo e booatla.​—Matheu 7:14.

LA 8-14 AUGUST

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 3-4

“Bohlale ke ba Bohlokoa”

w11 12/15 8 ¶4-6

Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?

4 Qalong ea puso ea Solomone, Molimo o ile a hlaha ho eena torong ’me a re a kope seo a se hlokang. Kaha Solomone o ne a hlokomela hore ha a na boiphihlelo, o ile a kopa bohlale. (Bala 1 Marena 3:​5-9.) Kaha Molimo o ile a khahloa ke hore ebe Solomone o kopile bohlale ho e-na le maruo le khanya, o ile a mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso”​—hammoho le maruo. (1 Mar. 3:​10-14) Joalokaha Jesu a boletse, bohlale ba Solomone bo ne bo babatseha hoo mofumahali oa Sheba a ileng a utloela ka bona eaba o nka leeto le lelelele ho ea inoesa ka nkho.​—1 Mar. 10:​1, 4-9.

5 Ha rea lebella ho fumana bohlale ka mohlolo. Solomone o ile a bolela hore “Jehova o fana ka bohlale,” empa o ile a ngola hore re lokela ho loanela ho ba le tšobotsi eo ea Molimo, ha a ne a re: “U ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong.” Mabapi le taba eo, o ile a sebelisa lipoleloana tse kang “hoeletsa,” ‘u ntse u bo batla,’ le ‘u ntse u batlisisa’ bohlale. (Liprov. 2:​1-6) Ho hlakile hore re ka khona ho fumana bohlale.

6 E ka ba hantle hore re ipotse, ‘Na ke nka ka botebo mohlala oa Solomone oa ho ananela bohlale bo tsoang ho Molimo?’ Ho se tsitse ha moruo ho entse hore batho ba bangata ba amehe haholo ka mesebetsi ea bona ea boipheliso le lichelete ebile ho amme liqeto tseo ba bang ba li etsang mabapi le hore na ba hahamalle thuto ea mofuta ofe le hore na ba lokela ho ithuta hakae. Ho thoe’ng ka uena le ba lelapa la hao? Na liqeto tseo u li etsang li bontša hore u batla bohlale bo tsoang ho Molimo ebile ua bo ananela? Na u lokela ho fetola tsela eo u nahanang ka eona ka chelete le thuto e le hore u ka sebetsa ka thata ho fumana bohlale? Ka sebele, ho fumana bohlale le ho bo sebelisa ho tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. Solomone o ile a ngola, a re: “Tabeng eo u tla utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”​—Liprov. 2:9.

Matlotlo a Patiloeng

w98 2/1 11 ¶15

Jehova ke Molimo oa Lilekane

15 Ha litloholo tsa Abrahama li hlophiselitsoe ho ba sechaba tlas’a Molao, Jehova o ile a li hlohonolofatsa ho latela tšepiso ea hae ho mopatriareka enoa. Ka 1473 B.C.E., Joshua, mohlahlami oa Moshe, o ile a etella Iseraele pele ho ea Kanana. Kabo ea naha e ileng ea latela har’a meloko ena e ile ea phethahatsa tšepiso ea Jehova ea ho fa peo ea Abrahama naha ena. Ha Iseraele e ne e tšepahala, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho etsa hore e hlōle lira tsa eona. Sena e bile ’nete ka ho khethehileng pusong ea Morena Davida. Mehleng ea Solomone, mor’a Davida, ho ile ha phethahala karolo ea boraro ea selekane sa Abrahama. “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.”​—1 Marena 4:20.

LA 15-21 AUGUST

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 5-6

“Ba Ile ba Haha ka Lipelo Tsa Bona Tsohle”

w11 2/1 15

Re U Lome Tsebe?

Ka ho khetheha, kedare ea Lebanone e ne e ipetsa pele ka ho tšoarella ha eona nako e telele, botle ba eona, monko oa eona o monate esita le hore likokoanyana li ne li sa khone ho e senya. Ka hona, Solomone o ne a haha tempele ka thepa ea boemo bo phahameng haholo. Mehleng ena, lithabeng tsa Lebanone tse kileng tsa koaheloa ke meru ea lifate tsa kedare, ho se ho setse lifatjana feela tse qaqolohaneng.

it-1-E 424

Kedare

Kaha ho ne ho sebelisoa lifate tse ngata tsa kedare, ho ne ho hlokahala batho ba bangata ba neng ba ka li rema, ba li ise Tyre kapa Sidone ba li tsamaisa lebopong la Leoatle la Mediterranean. Ka mor’a moo, ba li etsa lipalo ebe ba li phaphamatsa ka holim’a metsi a haufi le leoatle, mohlomong ba li isa Jopa. Ka mor’a moo, ba hulela lipalo tseo Jerusalema. Tsena tsohle li ile tsa etsahala ka lebaka la selekane seo Solomone le Hirame ba neng ba se entse. (1Ma 5:​6-18; 2Likr 2:​3-10) Kahoo, lipalo tsa kedare li ile tsa tsoela pele ho fihla hoo ho neng ho ka thoe Solomone o entse hore “lehong la kedare le be lengata haholo joaloka lifate tsa sikamora” pusong ea hae.​—1Ma 10:​27; bapisa le Esa 9:​9, 10.

it-2-E 1077 ¶1

Tempele

Solomone o ile a khetha banna ba 30 000 Iseraele ’me a ba arola ka lihlopha tse tharo e le hore ba 10 000 ba ka sebetsa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ha ba bang ba phomotse lapeng ka likhoeli tse peli. (1Ma 5:​13, 14) O ile a khetha banna ba 70 000 ba balichaba hore e be bajari ba meroalo ’me a khetha ba bang ba 80 000 hore e be babetli ba majoe. (1Ma 5:​15; 9:​20, 21; 2Likr 2:2) Solomone a khetha banna ba 550 hore ba okamele mosebetsi le ba 3 300 hore e be bathusi ba bona. (1Ma 5:​16; 9:​22, 23) Palong ena, ho bonahala eka ba 250 e ne e le Baiseraele ha ba 3 600 e ne e le balichaba.​—2Likr 2:​17, 18.

Matlotlo a Patiloeng

g 5/12 17, lebokose

Bibele​—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 1

TLALEHO E NEPAHETSENG EA LIKETSAHALO

Mohlala o bontšang hore Bibele e fana ka tlaleho e nepahetseng ea liketsahalo o lengolong la 1 Marena 6:​1, le buang ka nako ea ha Morena Solomone a ne a qala mosebetsi oa ho haha tempele Jerusalema. Le re: “Eitse ka selemo sa makholo a mane le mashome a robeli [lilemo tse 479 tse tletseng] ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ka selemo sa bone [sa puso ea Solomone], ka khoeli ea Zive, ke hore, khoeli ea bobeli, ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, a hahela Jehova ntlo.”

Tsela eo Bibele e tlalehang tatellano ea liketsahalo ka eona e bontša selemo sa bone sa puso ea Solomone e le sa 1034 B.C.E. Ha re bala lilemo tse 479 ho tloha selemong seo, li re fihlisa ho 1513 B.C.E. e leng selemo seo Baiseraele ba ileng ba tsoa Egepeta ka sona.

LA 22-28 AUGUST

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 7

“Litšiea Tse Peli li re Ruta’ng?”

w13 12/1 13 ¶3

‘Lithabeng le Tla Rafa Koporo’

Morena Solomone o ile a sebelisa koporo e ngata ha a ne a etsa lisebelisoa tsa tempele e Jerusalema. Boholo ba koporo eo bo ile ba haptjoa ke ntate oa hae, Davida ka mor’a hore a hlole Basyria. (1 Likronike 18:​6-8) “Leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa” la koporo, e leng sekotlolo se seholo seo baprista ba neng ba hlapela ho sona, le ne le ka tšela lilithara tse 66 000 tsa metsi ’me e ka ’na eaba boima ba lona e ne e le lithane tse 30. (1 Marena 7:​23-26, 44-46) Hape ho ne ho e-na le litšiea tse kholo tse peli tsa koporo monyakong oa tempele. Bophahamo ba tsona e ne e le limithara tse 8 ’me lihlooho tsa litšiea tsena li ne li le bolelele ba limithara tse 2,2. Li ne li bulehile ka hare, botenya ba tsona e le lisenthimithara tse 7,5, bophara ba tsona e le limithara tse 1,7. (1 Marena 7:​15, 16; 2 Likronike 4:​17) Hoa hlolla ho nahana hore na ho sebelisitsoe koporo e ngata hakae ho etsa lintho tsena feela.

it-1-E 348

Boaze, II

Tšiea e kholo ea koporo e neng e le ka lehlakoreng le letšehali ho foranta ea tempele ea Solomone e hlollang, e ne e bitsoa Boaze eo ho ka etsahalang hore e ne e bolela “Ka Matla.” Tšiea e neng e le ka letsohong le letona e ne e bitsoa Jakine, e bolelang “E se Eka [Jehova] a ka Tiisa.” Kahoo, ha motho a ne a eme ka pel’a monyako oa tempele a shebile litšiea tsena, kelellong ea hae ho ne ho ka tla mantsoe a reng ‘E se eka [Jehova] a ka tiisa [tempele] ka matla.’​—1Ma 7:​15-21; sheba CAPITAL.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 263

Ho Hlapa

Jehova o batla hore batho ba mo rapelang ba hloeke ’meleng le boitšoarong. Sena re se bona hantle tokisetsong e neng e entsoe bakeng sa ba neng ba sebeletsa tabernakeleng le bao hamorao ba ileng ba sebeletsa tempeleng ea Solomone. Ha Moprista ea Phahameng Arone le bara ba hae ba ne ba hlomamisoa, ba ile ba tlameha ho itlhatsoa pele ba ka apara liaparo tsa bona tse khethehileng tsa boprista. (Ex 29:​4-9; 40:​12-15; Le 8:​6, 7) Baprista ba ne ba hlapa matsoho le maoto a bona ka metsi a neng a le ka beisineng ea koporo tabernakeleng ’me hamorao ba ne ba sebelisa metsi a neng a le ka leoatleng le leholo tempeleng ea Solomone. (Ex 30:​18-21; 40:​30-32; 2Likr 4:​2-6) Ka letsatsi la ho koaheloa ha libe, moprista ea phahameng o ne a lokela ho hlapa habeli. (Le 16:​4, 23, 24) Motho ea neng a tsamaisa poli bakeng sa Azazele, le ea neng a tsamaisa molora oa liphoofolo tse nyehetsoeng le oa poho bakeng sa nyehelo ea sebe a li isa ka ntle ho liahelo, o ne a lokela ho itlhatsoa a be a hlatsoe le liaparo tsa hae pele a khutlela liahelong.​—Le 16:​26-28; Nu 19:​2-10.

LA 29 AUGUST–LA 4 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 8

“Thapelo ea Solomone eo a Ileng a e Etsa Phatlalatsa ka Boikokobetso”

w09 11/15 9 ¶9-10

Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao ka ho Ithuta Bibele

9 E le hore thapelo e utluoe, e lokela ho tsoa botebong ba pelo. Ka pel’a letšoele le neng le bokane Jerusalema ho ea khakola tempele ea Jehova ka 1026 B.C.E., Solomone o ile a etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo, e tlalehiloeng ho 1 Marena khaolo ea 8. Ka mor’a hore areka ea selekane e kenngoe ka Sehalalelisisong le hore leru la Jehova le tlale tempele, Solomone o ile a rorisa Molimo.

10 Ithute thapelo ea Solomone ’me u hlokomele kamoo e buang ka pelo kateng. Solomone o ile a bolela hore ke Jehova feela ea tsebang pelo ea motho. (1 Mar. 8:​38, 39) Thapelo eona ena e bontša hore tšepo e teng bakeng sa moetsalibe ea ‘khutlelang ho Molimo ka pelo eohle ea hae.’ Haeba lira li ne li ka hapa batho ba Molimo, lithapeli tsa bona li ne li tla utluoa haeba lipelo tsa bona li ne li feletse ho Jehova. (1 Mar. 8:​48, 58, 61) Kahoo, ha ho pelaelo hore lithapelo tsa hao li lokela ho tsoa botebong ba pelo.

w99 1/15 17 ¶7-8

Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tšepahalang

7 Ebang re rapela phatlalatsa kapa lekunutung, molao-motheo oa bohlokoa oa Mangolo oo re lokelang ho o hopola ke hore re lokela ho bontša boikutlo ba boikokobetso lithapelong tsa rona. (2 Likronike 7:​13, 14) Morena Solomone o ile a bontša boikokobetso thapelong ea hae ea phatlalatsa ha ho neheloa tempele ea Jehova e Jerusalema. Solomone o ne a sa tsoa phetha o mong oa mehaho e metle ka ho fetisisa e kileng ea hahoa lefatšeng. Empa, ka boikokobetso o ile a rapela: “Na kannete Molimo o tla lula lefatšeng? Bona! Maholimo, e, leholimo la maholimo, ka booona a ke ke a u lekana; joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!”​—1 Marena 8:​27, NW.

8 Joaloka Solomone, re lokela ho ikokobetsa ha re emela ba bang ka thapelo phatlalatsa. Le hoja re lokela ho qoba ho utloahala eka rea halalela, boikokobetso bo ka bontšoa ka molumo oa mantsoe a rona. Lithapelo tse bontšang boikokobetso ha li na lipolelo tsa boikakaso kapa tsa boikaketsi. Ha li lebise tlhokomelo ho motho ea rapelang, empa li lebisa tlhokomelo ho Eo ho buisanoang le eena. (Matheu 6:5) Boikokobetso bo boetse bo bontšoa ka seo re se buang thapelong. Haeba re rapela ka boikokobetso, re ke ke ra utloahala eka re batla hore Molimo a etse lintho tse itseng ka tsela ea rona. Ho e-na le hoo, re tla kopa Jehova ka tieo hore a nke bohato ka tsela e lumellanang le thato ea hae e khethehileng. Mopesaleme o ile a beha mohlala oa boikutlo bo loketseng ha a ne a kopa ka tieo: “Oho! Jehova, ka kopo, u fele u pholose! Oho! Jehova, ka kopo, u fele u fane ka katleho!”​—Pesaleme ea 118:​25, NW; Luka 18:​9-14.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 1060 ¶4

Leholimo

Solomone, ea ileng a haha tempele e Jerusalema o ile a re “maholimo, e, leholimo la maholimo” a ke ke a lekana Molimo. (1Ma 8:​27) Kaha Jehova ke eena ea bopileng maholimo boemo ba hae ke bo phahameng ka ho fetisisa holim’a lintho tsohle ’me “lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa. Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.” (Pes 148:​13) Jehova o khona ho lekanya maholimo ka tsela e bonolo feela joalokaha motho a ne a ka lekanya ntho e itseng ka bophara ba seatla sa hae ho tloha monoaneng o motona ho ea ho o motšehali. (Esa 40:​12) Taba eo Solomone a neng a e bua e ne e sa bolele hore Molimo ha a na sebaka sa bolulo. Hape o ne a sa bolele hore Jehova o hohle. Ntlha ena re e bona tabeng eo Solomone a ileng a e bua hape ka Jehova ha a re ke ea ‘utloang a le maholimong, sebaka sa hae se tiisitsoeng sa bolulo’ ke hore, moo a nang le mangeloi.​—1Ma 8:​30, 39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela