Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 5-11 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 9–10
“Rorisa Jehova ka Lebaka la Bohlale ba Hae”
Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
Ha a kopana le Solomone, mofumahali eo o ile a qala ka ho mo leka ka “lipotso tse qakang.” (1 Marena 10:1, NW) Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le ka fetoleloa e le “lilotho.” Empa sena ha se bolele hore mofumahali eo o ile a kenya Solomone papaling ea bosaoana. Ho thahasellisang ke hore ho Pesaleme ea 49:4, lentsoe le tšoanang la Seheberu le sebelisitsoe ho hlalosa lipotso tsa bohlokoa tse mabapi le sebe, lefu le topollo. Ka hona, ho ka etsahala hore ebe mofumahali oa Sheba o ne a tšohla lintlha tse tebileng le Solomone, tse ileng tsa leka ho teba ha bohlale ba hae. Bibele e tlaleha hore o ile a qala ho “ ’mehela tsohle tsee a li hopotseng pelong ea hae.” Ka ho tšoanang, Solomone o ile a ‘mo arabela lipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha e-ba taba le e ’ngoe e hlōlang morena, ee a sa kang a mo hlalosetsa eona.’—1 Marena 10:2b, 3.
Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata
A makalitsoe ke seo a se utloileng le ho se bona, mofumahali enoa o ile a araba ka boikokobetso: “Ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla, ba mametse bohlale ba hao!” (1 Marena 10:4-8, NW) Ha aa ka a re bahlanka ba Solomone ba thabile hobane ba ne ba kena-kene—le hoja ho ne ho hlile ho le joalo. Ho e-na le hoo, bahlanka ba Solomone ba ne ba hlohonolofalitsoe hobane kamehla ba ne ba ka mamela bohlale boo Solomone a bo filoeng ke Molimo. Mofumahali oa Sheba ke mohlala o motle hakaakang ho batho ba Jehova kajeno, ba thabelang bohlale ba ’Mōpi ka boeena le ba Mora oa hae, Jesu Kreste!
Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
Mofumahali oa Sheba o ile a khahloa ke bohlale ba Solomone le katleho ea ’muso oa hae hoo a ileng ‘a sala a khathetse matla.’ (1 Marena 10:4, 5, NW) Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahali o ile a sala a “ahlame.” Setsebi se seng sona se bile se re o ile a ilibana! Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala eng, mofumahali eo o ile a hlolloa ke seo a ileng a se bona le ho se utloa. O ile a re bahlanka ba Solomone ba thabile kahobane ba utloa bohlale ba morena, ’me o ile a rorisa Jehova ka ho beha Solomone teroneng. Joale o ile a fa morena limpho tse theko e boima, khauta feela ha e baloa ka lipalo tsa kajeno, e etsa R247 600 000. Solomone le eena o ile a fana ka limpho, a fa mofumahali eo “tsohle tsee a li lakalitseng, le tsee a li kōpileng.”—1 Marena 10:6-13.
Matlotlo a Patiloeng
Re U Lome Tsebe?
Morena Solomone o ne a e-na le khauta e kae?
Mangolo a bolela hore Morena Hirame oa Tyre o ile a romella Solomone lithane tse ’nè tsa khauta, mofumahali oa Sheba a mo fa e lekanang le eona ’me likepe tsa Solomone li ne li tlisa lithane tse fetang 15 tsa khauta e tsoang Ofire. Tlaleho e re: “Boima ba khauta e tlileng ho Solomone ka selemo ea e-ba litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,” kapa lithane tse fetang tse 25. (1 Marena 9:14, 28; 10:10, 14) Na taba ee u oa e kholoa? Meliko ea khauta ea marena e ne e le mekae mehleng eo?
Mantsoe a boholo-holo a ngotsoeng, ao litsebi lia nkang e le boitsebiso bo nepahetseng, a bontša hore Faro Thutmose III oa Egepeta (lilemong tsa bo-1000 B.C.E.) o ile a fana ka lithane tse ka bang 13,5 tsa khauta bakeng sa tempele ea Amun-Ra e Karnak. Lilemong tsa bo-700 B.C.E., Morena Tiglathe-pilesere III oa Assyria, o ile a fuoa lithane tse fetang tse ’nè tsa khauta e le sethabathaba se tsoang Tyre ’me Sargone II a fana ka khauta e lekanang le eo e le mpho ea melimo ea Babylona. Ho tlalehoa hore selemo le selemo Morena Philip II oa Macedonia (359-336 B.C.E.) o ne a rafa lithane tse fetang 28 tsa khauta merafong ea Pangaeum, Thrace.
Ho boleloa hore ha Alexandere e Moholo (336-323 B.C.E.), mora oa Philip, a hapa motse oa Persia o bitsoang Susa, o ile a nka lithane tse ka bang 1 180 tsa khauta moo le lithane tse ka bang 7 000 Persia eohle. Kahoo ha ho bapisoa le litlaleho tsena, Bibele ha e feteletse litaba ha e bua ka khauta ea Morena Solomone.
LA 12-18 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 11–12
“Khetha Molekane oa Lenyalo ka Bohlale”
“Ke Mang ea ka Lehlakoreng la Jehova?”
7 Re ka ithuta lintho tse ngata ho Morena Solomone. Ha a sa le mocha, o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova. Jehova o ile a mo fa bohlale a ba a mo fa mosebetsi oa bohlokoa oa ho haha tempele e ntle Jerusalema. Empa Solomone ha ea ka ea hlola e e-ba motsoalle oa Jehova. (1 Mar. 3:12; 11:1, 2) Molao oa Molimo o ne o sa lumelle morena oa Moheberu hore a ‘ikekeletse basali, e le hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.’ (Deut. 17:17) Empa Solomone ha aa ka a o mamela kaha o ile a ba le basali ba 700 le lirethe tse 300. (1 Mar. 11:3) Boholo ba basali ba hae e ne e se Baiseraele ’me ba ne ba rapela melimo ea bohata. Kahoo, Solomone o ne a tlotse molao oa Molimo kaha o ne a nyetse basali ba sa rapeleng Jehova.—Deut. 7:3, 4.
“U Sireletse Pelo ea Hao”
6 Satane o batla hore re tšoane le eena ’me re se ke ra mamela Jehova re be baithati. Ke ’nete hore ha a re qobelle ho nahana joaloka eena empa o re chehela maraba a fapaneng. Mohlala, o sebelisa batho bao re phelang le bona ba sa rateng Molimo. (1 Joh. 5:19) O tšepa hore re tla ba etsa metsoalle ea rona le hoja re tseba hore ho etsa joalo ho tla “senya” kamano ea rona le Molimo. (1 Bakor. 15:33) O ile a atleha ho pitla Morena Solomone ka leraba leo. Kaha morena enoa o ile a nyala basali ba sa rapeleng Jehova, “butle-butle . . . [ba ile ba] khelosa pelo ea hae.”—1 Mar. 11:3.
“Ke Mang ea ka Lehlakoreng la Jehova?”
9 Ha ho mohla Jehova a iphapanyetsang libe. Bibele e re: “Jehova a tukela Solomone ka bohale, hobane pelo ea hae e ne e sekametse hōle le Jehova . . . , ea hlahileng ho eena habeli. Mabapi le ntho ena a mo laela hore a se ke a latela melimo e meng; empa o ne a sa ka a boloka seo Jehova a se laetseng.” Ka lebaka leo, Molimo ha aa ka a hlola a mo tšehetsa le ho mo amohela. Majalefa a ’muso oa Solomone ha aa ka a busa Iseraele eohle ’me ka lilemo tse makholo a ile a tobana le mathata a boima.—1 Mar. 11:9-13.
Matlotlo a Patiloeng
E ka be e Ile ea E-ba Motsoalle oa Jehova
Roboame o ile a bokella lebotho la ntoa ho ea loantša sechaba se ikentseng marabele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a romela moprofeta Shemaia ho eena ’me a re ho Roboame: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna bara ba Iseraele. E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”—1 Mar. 12:21-24.
Na ho ne ho le bonolo hore Roboame a mamele taelo ea Jehova ea hore a se ke a loana? Bafo ba ne ba tla nahana’ng ka morena oa bona? O ne a ile a bolella sechaba hore o tla se shapa ka “liphali tse metjeka.” Empa joale o ne a sa tl’o etsa letho ka sechaba sa marabele. (Bapisa le 2 Likronike 13:7.) Ho sa tsotellehe hore na sechaba se ne nahana’ng ka morena, eena le lebotho la hae, ba ile “ba mamela lentsoe la Jehova, ’me ba khutlela hae ho ea ka lentsoe la Jehova.”
Taba ee e re ruta’ng? Ho bohlokoa hore re mamele Jehova le haeba batho ba ka re fetola litšeho. Kamehla Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mo mamela.—Deut. 28:2.
Roboame o ile a hlohonolofatsoa joang? O ile a tsoela pele e le morena oa Juda le Benjamine ’me a etsa qeto ea ho haha metse e mecha. A boela a ntlafatsa metse e ’maloa “ka tekanyo e kholo.” (2 Likron. 11:5-12) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o ile a mamela Jehova ka nako e itseng. Batho ba bangata ba tsoang melokong e leshome ea Juda e neng e busoa ke Jeroboame e neng e rapela litšoantšo, ba ile ba ea Jerusalema ho ea tšehetsa Roboame le ho rapela Jehova. (2 Likron. 11:16, 17) Kahoo, kaha Roboame o ile a mamela Jehova, ’muso oa hae o ile oa e-ba matla.
LA 19-25 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG| 1 MARENA 13–14
“Inyenyefatse ’me U Khotsofalle Seo U Nang le Sona?”
Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
4 Joale ha a bua le monna oa Molimo oa ’nete, Jeroboame o re: “Tloo le ’na ntlong ’me u je se matlafatsang, ’me ke u fe mpho.” (1 Mar. 13:7) Joale moprofeta o tla etsa’ng? Na o lokela ho amohela memo ea morena ka mor’a hore a mo bolelle molaetsa oa kahlolo? (Pes. 119:113) Kapa na o lokela ho hana memo ea morena leha e le moo morena a bonahala eka o itšoabetse? Ho totobetse hore Jeroboame ke morui ’me a ka khona ho fa metsoalle ea hae limpho tsa theko e boima. Haeba moprofeta eo oa Molimo a ne a ntse a e-na le takatso eo a e patileng ea lintho tsa nama, seo morena a tšepisang ho mo fa sona se ka ’na sa mo beha tekong e khōlō. Leha ho le joalo, Jehova o laetse moprofeta eo tjena: “U se ke ua ja bohobe kapa ua noa metsi, ’me u se ke ua khutla ka tsela eo u ileng ka eona.” Ka lebaka leo moprofeta enoa o araba a sa qeaqee, o re: “Haeba u ne u mphile halofo ea ntlo ea hao ke ne nke ke ka tla le uena ’me ke je bohobe kapa ke noe metsi sebakeng sena.” Kahoo, moprofeta eo o nka tsela esele ha a tloha Bethele. (1 Mar. 13:8-10) Qeto eo moprofeta eo a e entseng e re ruta eng ka ho tšepahala ho tloha pelong?—Bar. 15:4.
Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
15 Ke eng hape eo re ka ithutang eona ka phoso e ileng ea etsoa ke moprofeta ea tsoang Juda? Liproverbia 3:5 e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” Ho e-na le ho tsoela pele a tšepa Jehova joalokaha a ne a ’nile a etsa nakong e fetileng, lekhetlong lena moprofeta ea tsoang Juda o ile a itšepa. Phoso ea hae e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo ea ba ea senya lebitso le letle leo a neng a e-na le lona ho Molimo. Se mo etsahalletseng se bontša hore na ke habohlokoa hakaakang hore motho a inyenyefatse a be a tšepahale ha a sebeletsa Jehova!
Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
10 Moprofeta ea tsoang Juda o ne a lokela hore ebe o ile a bona leqheka la moprofeta enoa ea tsofetseng. O ne a lokela hore ebe o ile a ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka romela lengeloi ho motho e mong ho mo fa litaelo tse ncha tse tlang ho ’na?’ Moprofeta enoa a ka be a ile a kōpa Jehova hore a mo hlakisetse litaelo tseo, empa Mangolo ha a bontše hore o ile a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile “a khutla le [monna moholo eo] e le hore a ka ja bohobe ka tlung ea hae le ho noa metsi.” Seo ha sea ka sa thabisa Jehova. Qetellong ha moprofeta eo ea thetsitsoeng a khutlela Juda, tau e ile ea mo fumana eaba ea mo bolaea. Mosebetsi oa hae oa boprofeta o ile oa qetella habohloko hakaakang!—1 Mar. 13:19-25.
Matlotlo a Patiloeng
O Sheba Litšobotsi Tse Ntle Tsa Batho
Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore mantsoe a ho 1 Marena 14:13 a re ruta ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka Jehova le seo a se shebang ho rona. Hopola hore “ho fumanoe” ntho e itseng e ntle ho Abija. Ho bonahala Jehova a ile a batlisisa pelong ea Abija ho fihlela A fumane tšobotsinyana e itseng e ntle ho eena. Ha Abija a bapisoa le ba lelapa labo, o ne a tšoana le seo setsibi se seng se reng ke perela e le ’ngoe “ka har’a qubuhali ea majoe.” Jehova o ile a nka tšobotsi eo e ntle e le ea bohlokoa eaba o putsa motho enoa a le mong ka har’a lelapa leo le khopo ka ho mo bontša mohau.
LA 26 SEPTEMBER–LA 2 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 15–16
“E-ba Sebete Joaloka Asa”
“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lona”
Lilemong tse 20 ka mor’a hore ’muso oa Iseraele o aroloe hore e be mebuso e ’meli, ’muso oa Juda o ne o silafalitsoe ka ho feletseng ke mekhoa ea bohetene. Ha Asa e ne e e-ba morena ka 977 B.C.E., esita le lekhotla la borena le ne le silafalitsoe ke borapeli ba melimo ea Bakanana ea tsoalo. Empa tlaleho e bululetsoeng ea ho busa ha Asa e re o ile “a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae.” Asa o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:2, 3) Asa o ile a boela a leleka “matekatse a banna a tempele” ’musong oa Juda. Matekatse ana a ne a etsa bosodoma ka lebitso la bolumeli. Asa ha aa ka a tlosa borapeli bona ba bohata feela. Empa o ile a boela a khothalletsa batho hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona” le hore ba phethe ‘melao le litaelo’ tsa Molimo.—1 Mar. 15:12, 13; 2 Likron. 14:4.
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
7 E mong le e mong oa rona a ka khona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Molimo ka pelo eohle kapa che. Ipotse, ‘Na ke ikemiselitse ho thabisa Jehova, ho emela borapeli ba ’nete le ho se silafatse phutheho ea Molimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontša ha a ne a ema khahlanong le Maaka “mofumahali” oa motse. E ka ’na eaba ha u e-s’o kopane le motho ea tšoanang le mofumahali eo, empa ho na le boemo boo ho bona u ka etsisang Asa. Ka mohlala, u ka etsa’ng haeba motsoalle oa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake ’me qetellong se khaoloa? Na u tla tlohela ho buisana le eena? Kapa u tla etsa’ng?
it-1 184-185
Asa
Asa o ile a etsa liphoso ’me ka linako tse ling o ne a etsa liqeto tse seng bohlale. Leha ho le joalo, o ne a e-na le makhabane a matle ebile o ile a sireletsa borapeli ba ’nete. Ke kahoo a ileng a balelloa har’a marena a neng a tšepahala lelokong la Juda. (2Likr 15:17) Asa o ile a busa ka lilemo tse 41 ’me nakong eo ho ile ha busa marena a robeli Iseraele e leng: Jeroboame, Nadabe, Basha, Ela, Zimri, Omri, Tibni (ea ileng a busa karolo e itseng ea Iseraele hobane a ne a le khahlanong le Omri) le Akabe. (1Ma 15:9, 25, 33; 16:8, 15, 16, 21, 23, 29) Ka mor’a hore Asa a shoe mora oa hae Josafate e ile ea e-ba morena.—1Ma 15:24.
Matlotlo a Patiloeng
Na Molimo ke oa Sebele ho Uena?
Ka mohlala, bala boprofeta bo mabapi le kahlolo ea ho tsosolosa Jeriko ’me u nahane ka phethahatso ea bona. Joshua 6:26 e re: ‘Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakoe pel’a Jehova motho ea tla tsosa le ho haha motse ona oa Jeriko; o tla o thea ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa letsibolo, o tla tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa ho fela.’ Bo ile ba phethahala lilemo tse 500 hamorao, hoba ho 1 Marena 16:34 rea bala: ‘Mehleng ea Morena Akabe, Hiele oa Bethele a haha Jeriko, a o thea ka ho senyeheloa ke Abirame, mor’a hae e moholo, a tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke Segube, mor’a hae e monyenyane, ha e-ba joalo ka ha Jehova a na a boletse ka Joshua, mor’a Nune.’ Ke Molimo oa ’nete feela ea neng a ka bululela boprofeta bo joalo a ba a bona hore boa phethahala.
LA 3-9 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 17–18
“Le Tla ’ne le Qeaqee Halelele Hakae Pakeng Tsa Maikutlo a Mabeli a Fapaneng?”
E-ba le Tumelo ’me U Etse Liqeto ka Bohlale
6 Ha Baiseraele ba le naheng e tšepisitsoeng, ba ne ba lokela ho khetha hore na ba rapela Jehova kapa melimo e meng. (Bala Joshua 24:15.) Ho ne ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e joalo. Haeba ba mamela Jehova, ba ne ba tla phela, empa haeba ba sa mo mamele, ba ne ba tla shoa. Ka makhetlo ba ile ba fetohela Jehova ’me ba rapela melimo ea bohata. (Baahl. 2:3, 11-23) Nahana hape ka se ileng sa etsahalla batho ba Molimo mehleng ea khale ha ba ne ba lokela ho etsa qeto. Moprofeta Elia o ile a re ba khethe hore na ba sebeletsa Jehova kapa Baale. (1Mar. 18:21) Elia o ile a ba eletsa hore ba se ke qeaqea ho etsa qeto. U ka ’na oa nahana hore ho ne ho le bonolo ho etsa qeto eo, hobane oa tseba hore ho bohlokoa ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle, e ne e tla ba booatla ho sebeletsa Baale. Leha ho le joalo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea . . . pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng.’ Ka bohlale, Elia o ile a ba khothalletsa hore ba rapele Jehova Molimo oa ’nete.
O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
15 Ha ba utloa seo, baprista ba Baale ba ile ba ferekana le ho feta, “ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ’me ba itšeha ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli le ka marumo ho ea ka tloaelo ea bona, ho fihlela ba entse hore ba tšolohe mali.” Empa ha hoa thusa! “Ho ne ho se na lentsoe, ho ne ho se na ea arabang, ’me ho sa eloe hloko.” (1 Mar. 18:28, 29) Ka sebele, Baale o ne a le sieo. E ne e mpa e le ntho feela e qapiloeng ke Satane e le leraba la ho khelosa batho hore ba se ke ba rapela Jehova. ’Nete ke hore ho khetha monghali e mong ntle ho Jehova ho fella ka masoabi, esita le lihlong.—Bala Pesaleme ea 25:3; 115:4-8.
O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
18 Pele Elia a rapela, mohlomong letšoele le ne le ipotsa hore na ho ne ho tla bonahala Jehova e le molimo oa bohata joaloka Baale na. Leha ho le joalo, ka mor’a thapelo eo, ho ne ho se ho sa hlokahale hore le ipotse. Bibele e re: “Eaba mollo oa Jehova oa theoha ’me o chesa nyehelo ea secheso le likotoana tsa patsi le majoe le lerōle, ’me oa nyeka metsi a neng a le ka forong.” (1 Mar. 18:38) E bile karabo e hlollang hakaakang! Ebe batho ba ile ba ikutloa joang?
Matlotlo a Patiloeng
w08 4/1 19, lebokose
O Ile a Shebella, ’me a Leta
Komello ea Mehleng ea Elia e Nkile Nako e Kae?
Moprofeta oa Jehova ea bitsoang Elia o ile a bolella Morena Akabe hore komello eo e nkileng nako e telele e ne e tla fela haufinyane. Ho ile ha fela ha e-ba joalo “ka selemo sa boraro”—ho tloha letsatsing leo Elia a ileng a phatlalatsa ka lona hore ho tla ba le komello. (1 Marena 18:1) Jehova o ile a nesa pula nakoana ka mor’a hore Elia a bolele hore e tla na. Kahoo, ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore komello e ile ea fela selemong sa eona sa boraro le hore e nkile nako e ka tlaase ho lilemo tse tharo. Leha ho le joalo, Jesu le Jakobo ba re komello eo e ile ea nka “lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.” (Luka 4:25; Jakobo 5:17) Na Bibele ea ikhanyetsa tabeng ee?
Ha ho joalo. Iseraeleng ea boholo-holo nako ea komello e ne e e-ba telele, e nka hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng. Ha ho pelaelo hore ha Elia a tsebisa Akabe ka komello eo le ne le se le ntse le baletse ka nako e telele. Ha e le hantle, komello ena e ne e qalile hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng pejana. Kahoo, ha Elia a phatlalatsa komello “ka selemo sa boraro” ho tloha phatlalatsong ea hae ea nakong e fetileng, komello e ne e se e nkile lilemo tse ka bang tharo le halofo. Ho ne ho se ho fetile “lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” ha batho bohle ba ne ba tlil’o bona ha ho etsoa teko e khōlō Thabeng ea Karmele.
Joale nahana ka nako ea ha Elia a qala ho etela Akabe. Batho ba ne ba lumela hore Baale ke molimo “ea kaletseng maru,” ea neng a tla nesa pula e tla felisa komello. Ha komello e nka nako e telele ka ho sa tloaelehang, mohlomong batho ba ne ba ipotsa ba re: ‘O kae Baale? O tla nesa pula neng?’ Ha ho pelaelo hore phatlalatso ea Elia ea hore ho ke ke ha e-ba le pula kapa phoka pele a laela hore li be teng e ile ea nyahamisa barapeli bao ba Baale.—1 Marena 17:1.
LA 10-16 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 19–20
“Batla Matšeliso ho Jehova”
Itšetlehe ka Jehova ha U E-na le Matšoenyeho
5 Bala 1 Marena 19:1-4. Elia o ile a tšoha haholo ha Mofumahali Jezebele a mo tšosa ka hore o tl’o mo bolaea. Kahoo, o ile a balehela Beerseba. O ne a nyahame hoo a ileng a “kopa hore moea oa hae o shoe.” Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela ee? Elia o ne a sa phethahala e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Jak. 5:17) Mohlomong o ne a e-na le khatello ea maikutlo hape a e-na le mokhathala o matla. Ho bonahala eka Elia o ne a nka hore boiteko bohle ba hae ba ho thusa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova e ne e le ba lefeela kaha ba ne ba sa batle ho etsa liphetoho ’me e le eena feela ea neng a sebeletsa Jehova. (1 Mar. 18:3, 4, 13; 19:10, 14) Re ka ’na ra makatsoa ke hore na ke hobane’ng ha Elia a ne a ikutloa ka tsela ena. Empa Jehova eena o ne a utloisisa maikutlo a Elia hantle.
O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
13 U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ha a sheba lefatšeng a le leholimong ’me a bona moprofeta eo a mo ratang a robetse tlas’a sehlahla lefeelleng ’me a ikopela ho shoa? Ha ho hlokahale hore re ingoaee hlooho. Ka mor’a hore Elia a khalehe, Jehova o ile a romela lengeloi. Lengeloi leo le ile la tsosa Elia ka ho mo sisinya habonolo ’me la re: “Tsoha, u je.” Elia o ile a etsa joalo, etsoe ka mosa lengeloi leo le ne le mo lokiselitse lijo tse bobebe—e leng bohobe bo ntseng bo chesa le metsi. Na o ile a leboha lengeloi leo? Tlaleho e re bolella feela hore moprofeta o ile a ja ’me a noa eaba o khutlela borokong. Na ebe o ne a nyahame hoo a neng a sitoa le ho bua? Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, lengeloi leo le ile la mo tsosa lekhetlo la bobeli, mohlomong ha mafube a hlaha. Le ile la boela la re ho Elia, “Tsoha, u je,” la ba la eketsa ka mantsoe ana a ikhethang, “etsoe leeto le boima bakeng sa hao.”—1 Mar. 19:5-7.
O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
21 Ketsahalong ka ’ngoe, tlaleho e re bolella hore Jehova o ne a se har’a lintho tseo tse neng li bontša matla a tlhaho. Elia o ne a tseba hore Jehova hase molimo ea inahaneloang joaloka Baale eo barapeli ba hae ba thetsitsoeng ba neng ba mo bitsa “ea kaletseng maru,” kapa ea nesang pula. Jehova ke Mohloli oa sebele oa matla ’ohle a hlollang a tlhaho, empa hape o moholo haholo ho feta ntho leha e le efe eo a e entseng. Esita le maholimo ka booona a ke ke a mo lekana! (1 Mar. 8:27) Lintho tsee kaofela li ile tsa thusa Elia joang? Hopola hore o ne a tšohile. Empa kaha o ne a e-na le Jehova Molimo ka lehlakoreng la hae, Molimo ea neng a e-na le matla ao a maholohali, ho ne ho se na lebaka la hore Elia a tšohe Akabe le Jezebele!—Bala Pesaleme ea 118:6.
O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
22 Ka mor’a hore mollo o fete, ho ile ha e-ba le khutso e khōlō eaba Elia o utloa “lentsoe le bonolo, le tlaase.” Le ne le mo khothalletsa hore a tšolle pelo ea hae hape ’me o ile a fela a etsa joalo, a bua lintho tsohle tse mo tšoenyang ka lekhetlo la bobeli. Mohlomong seo se ile sa etsa hore ka mor’a moo a utloe ho re kokololo! Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Elia o ile a tšelisoa le ho feta ke seo “lentsoe le bonolo, le tlaase” le ileng la mo bolella sona ka mor’a moo. Jehova o ile a tiisetsa Elia hore ka sebele e ntse e le motho oa bohlokoa haholo. O ile a etsa seo joang? Molimo o ile a senola seo a rerileng ho se etsa nakong e tlang mabapi le ho loantša borapeli ba Baale Iseraele. Ho hlakile hore mosebetsi oa Elia e ne e sa ka ea e-ba oa lefeela kaha ho ne ho se letho le tla ema morero oa Molimo pele. Ho feta moo, Elia e ne e ntse e le karolo ea morero oo kaha Jehova o ile a mo khutlisetsa morao hore a e’o phetha litaelo tse itseng tse tobileng.—1 Mar. 19:12-17.
Matlotlo a Patiloeng
Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
Bahlanka ba Molimo ba bangata kajeno ba bontša moea o tšoanang oa boitelo. Ba bang ba siile “masimo” a bona, lintho tseo ba neng ba iphelisa ka tsona, bakeng sa ho ea bolela litaba tse molemo libakeng tse hole kapa ho ea sebeletsa e le litho tsa lelapa la Bethele. Ba bang ba ile linaheng lisele ho ea sebetsa mererong ea Mokhatlo ea kaho. Ba bang ba amohetse seo ho neng ho ka ’na ha thoe ke mesebetsi e tlaase. Empa, ha ho motho ea sebeletsang Jehova ka thata ea etsang tšebeletso eo e seng ea bohlokoa. Jehova o ananela bohle ba mo sebeletsang ka ho rata, ’me o tla hlohonolofatsa moea oa bona oa ho itela.—Mareka 10:29, 30.
LA 17-23 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 MARENA 21–22
“Etsisa Tsela eo Jehova a Sebelisang Bolaoli ba Hae ka Eona”
it-2 21
Jehova oa Mabotho
Ha Joshua a bona lengeloi haufi le Jeriko, o ile a le botsa hore na le ka lehlakoreng la Baiseraele kapa la ba lireng. Lengeloi leo le ile la re: “Che, empa ’na—ke le khosana ea lebotho la Jehova joale ke tlile.” (Josh. 5:13-15) Moprofeta Mikaia o ile a re ho Morena Akabe le Morena Josafate: “Ka sebele ke bona Jehova a lutse teroneng ea hae ’me lebotho lohle la maholimo le eme pel’a hae, ka ho la hae le letona le ka ho la hae le letšehali.” Ho hlakile hore o ne a bua ka bara ba Molimo e leng mangeloi. (1Mar. 22:19-21) Ho nepahetse hore ebe ho sebelisitsoe “mabotho” e le bongateng poleloaneng e reng “Jehova oa mabotho” kaha mangeloi ha a hlalosoe feela ka lihlopha tsa likerubime, lirafime le mangeloi. (Esa. 6:2, 3; Gen. 3:24; Tšen. 5:11) A boetse a lihlopha li ngata, ke kahoo Jesu Kreste a ileng a re o na le “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi” ao a ka a bitsang. (Mat. 26:53) Ha Ezekiase a ne a kopa thuso ho Jehova, o ile a re ke “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ea lutseng holim’a likerubime,” e leng hore o ne a bua ka areka ea selekane le likerubime tse sekoahelong sa eona, tse tšoantšetsang terone ea Jehova e leholimong. (Esa. 37:16; bapisa le 1Sam. 4:4; 2Sam. 6:2.) Mohlanka oa Elisha o ile a matlafala ha a bona pono ea mohlolo moo ho neng ho e-na le lithaba tse pota-potileng motse o hapiloeng oo Elisha a neng a lula ho oona o “tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo,” e leng karolo ea mangeloi ao Jehova a neng a a bitsitse.—2Mar. 6:15-17.
“Hlooho ea Monna e Mong le e Mong ke Kreste”
9 Boikokobetso. Ha ho na motho ea bohlale joaloka Jehova bokahohleng bohle empa ho ntse ho le joalo, o mamela maikutlo a bahlanka ba hae. (Gen. 18:23, 24, 32) O lumella hore batho bao a ba phahametseng ka matla ba fane ka litlhahiso tsa bona. (1 Mar. 22:19-22) Jehova o phethahetse empa ha aa lebella hore rona re etse lintho tse phethahetseng hona joale. Ho e-na le hoo, o thusa batho ba sa phethahalang ba mo sebeletsang hore ba atlehe. (Pes. 113:6, 7) Ha e le hantle, Bibele e hlalosa Jehova e le mothusi oa rona. (Pes. 27:9; Baheb. 13:6) Morena Davida o ile a lumela hore o khonne ho etsa mesebetsi e meholo eo a e filoeng hobane feela Jehova a ikokobelitse.—2 Sam. 22:36.
it-2 245
Leshano
Jehova Molimo o lumella hore “tšebetso ea ho fosahetseng” e ee ho batho ba sa rateng ’nete “e le hore ba ka lumela leshano” ho e-na le litaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste. (2 Th 2:9-12) Molao-motheo ona o ile oa hlaka ho se ileng sa etsahalla Morena Akabe lilemo tse makholo pejana. Baprofeta ba leshano ba ile ba tiisetsa Akabe hore o tla hlola ntoeng khahlanong le Ramothe-gileade, ha moprofeta oa Jehova e leng Mikaia eena a ile a profeta hore ho tla ba le tlokotsi. Joalokaha Mikaia a ile a bona ponong, Jehova o ile a lumella lengeloi hore e be “moea o thetsang” molomong oa baprofeta ba Akabe. E leng hore lengeloi le ile la sebelisa matla a lona ho susumelletsa baprofeta bao hore ba se ke ba bua ’nete, empa ba bue ntho eo ba batlang ho e bua le eo Akabe a neng a batla ho e utloa. Le hoja Akabe a ile a lemosoa, o ile a thetseha ’me qetellong a lefa ka bophelo ba hae.—1 Ma 22:1-38; 2 Kr 18.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Baka e le Kannete ho Bolela’ng?
4 Qetellong mamello ea Jehova e ile ea fela. O ile a romela Elia ho Akabe le Jezebele ho ba bolella ka kotlo eo a neng a tl’o ba fa eona. Lelapa la bona kaofela le ne le tla bolaoa. Mantsoe a Elia a ile a utloisa Akabe bohloko haholo. Ho makatsang ke hore monna eo ea ikhohomosang o ile a ‘ikokobetsa.’—1 Mar. 21:19-29.
5 Le hoja Akabe a ile a ikokobetsa ka nako eo, lintho tseo a ileng a li etsa ka mor’a moo li ile tsa bontša hore o ne a sa baka e le kannete. Ha aa ka a felisa borapeli ba Baale ’musong oa hae. Hape ha aa ka a khothalletsa batho hore ba rapele Jehova. Ho na le lintho tse ling tseo Akabe a ileng a li etsa tse bontšang hore o ne a sa baka.
6 Hamorao, Akabe o ile a kopa Morena Josafate oa Juda hore a mo thuse ho loantša Baasyria empa Josafate o ile a re ba qale ka ho botsa moprofeta oa Jehova hore na ba lokela ho etsa’ng pele ba ka ea ntoeng. Qalong Akabe o ne a sa batle ho etsa joalo. O ile a re: “Ho sa ntse ho e-na le monna a le mong eo ho ka botsoang Jehova ka eena; empa ka sebele ke mo hloile, kaha ha a profete lintho tse molemo malebana le ’na empa o profeta tse mpe.” Leha ho le joalo, ba ile ba botsa moprofeta Mikaia hore ba lokela ho etsa joang. Moprofeta oa Molimo o ile a feela a bolella Akabe lintho tse mpe tse neng li tla mo etsahalla. Ho e-na le hore Akabe ea neng a le khopo a bake ’me a kope hore Jehova a mo tšoarele, o ile a lahlela moprofeta eo teronkong. (1 Mar. 22:7-9, 23, 27) Le hoja Akabe a ile a lahlela moprofeta eo oa Jehova teronkong, ha aa ka a khona ho thibela boprofeta boo hore bo phethahale. Ka mor’a moo, Akabe o ile a bolaoa ntoeng.—1 Mar. 22:34-38.
LA 24-30 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 1–2
“Mohlala o Motle oa ho Rupela”
Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe
15 Tlaleho ea Elisha e boetse e bontša hore barab’abo rōna ba lokela ho hlompha baholo ba nang le phihlelo. Ka mor’a hore Elia le Elisha ba etele baprofeta ba Jeriko, banna bao ba babeli ba ile ba tlameha ho tšela Noka ea Jordane. Kahoo, “Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng ’me a se phutha eaba o otla metsi, ’me butle-butle a arohana.” Ba ntan’o tsamaea ba ntse ba bua ha ba tšela Noka ea Jordane mobung o omileng. Elisha o ile a mamela ka hloko sohle seo mokoetlisi oa hae a se buang, ’me a tsoela pele ho ithuta mohlaleng oa hae. Ha ho mohla Elisha a kileng a nka hore o se a tseba lintho tsohle. Ha Elia a nkoa ka sefefo, Elisha o ile a khutlela Nokeng ea Jordane. Ha a fihla moo, o ile a otla metsi ka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?” Metsi a noka a ile a boela a arohana.—2 Marena 2:8-14.
Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe
16 Na u hlokometse hore mohlolo oa pele oa Elisha o ne o tšoana hantle le oa ho qetela oa Elia? See se re ruta’ng? Elisha ha aa ka a nka hore kaha joale seeta ho lla sa hae, o lokela ho fetola tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona. Ho e-na le hoo, Elisha o ile a etsisa tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona, ’me a bontša hore o hlompha mokoetlisi oa hae, e leng se ileng sa nolofalletsa baprofeta ba bang hore ba mo tšepe. (2 Mar. 2:15) Elisha o ile a sebeletsa e le moprofeta ka lilemo tse 60, ’me Jehova a mo fa matla a hore a etse mehlolo e mengata ho feta ea Elia. Barab’abo rona ba koetlisoang ba ka ithuta’ng ho see?
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Marena a Bobeli
2:11—‘Maholimo’ ao Elia a ileng “a nyolohela . . . ka sefefo” ho ’ona ke afe? Maholimo ana e ne e se likarolo tse hole-hole tsa sepaka-paka ebile e ne e se sebaka sa moea seo Molimo le bara ba hae ba mangeloi ba lulang ho sona. (Deuteronoma 4:19; Pesaleme ea 11:4; Matheu 6:9; 18:10) “Maholimo” ao Elia a ileng a nyolohela ho ’ona e ne e le sepaka-paka seo re se bonang. (Pesaleme ea 78:26; Matheu 6:26) Ho bonahala hore ha koloi ea mollo e ntse e matha sepaka-pakeng e ile ea isa Elia karolong e ’ngoe ea lefatše, moo a ileng a phela teng ka nako e itseng. Ha e le hantle, lilemo hamorao, Elia o ile a ngolla Jorame, morena oa Juda.—2 Likronike 21:1, 12-15.
LA 31 OCTOBER–LA 6 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 3–4
“Nka Mora oa Hao ke Enoa”
“Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”
7 Tlaleho ea bobeli ea tsoho e hlahang ka Mangolong ke ea motho ea tsositsoeng ke moprofeta Elisha. Mosali e mong oa Moiseraele ea hlaheletseng ea lulang Shuneme o ile a amohela moprofeta Elisha ka mofuthu lelapeng la hae. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Elisha ho thusa mosali enoa ea neng a se na bana hore eena le mohats’a hae ba be le mora le hoja ba se ba tsofetse. Leha ho le joalo, ngoana eo o ile a shoa ka mor’a lilemo tse seng kae. Nahana ka bohloko boo ’mè eo a ileng a bo utloa. Mohats’a hae o ile a mo lumella hore a tsamaee sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea kopana le moprofeta Elisha thabeng ea Karmele. Elisha o ile a laela Gehazi e leng mohlokomeli oa hae hore a ba etelle pele ho ea Shuneme. Empa Gehazi ha aa ka a khona ho tsosa moshanyana eo. Eaba Elisha le ’mè oa moshanyana eo baa fihla.—2 Mar. 4:8-31.
“Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”
8 Ha Elisha a fihla Shuneme, o ile a fumana setopo sa moshanyana eo ka tlung eaba oa rapela. Ka mor’a hore moshanyana eo a tsohe, ’mè oa hae o ile a thaba haholo. (Bala 2 Marena 4:32-37.) E ka ’na eaba ’mè eo, o ile a hopola mantsoe a Anna ha a ne a rapela nakong eo a neng a tlisitse Samuele tabernakeleng ho sebeletsa teng, a reng: “Jehova . . . ke ea theolelang Sheole, ’me oa nyolla.” (1 Sam. 2:6) Taba ea hore ebe moshanyana oa Shuneme o ile a tsoha, e bontša hore Jehova a ka tsosa bafu.
Matlotlo a Patiloeng
it-2 697 ¶2
Moprofeta
“Bara ba Baprofeta.” Buka e bitsoang Gesenius’ Hebrew Grammar (Oxford, 1952, leq. 418) e re ka Seheberu ben (mora oa) kapa benehʹ (bara ba) e ka bolela “setho sa mokhatlo o itseng,ka mohlala, mokhatlo oa bahoebi (kapa oa leloko kapa oa sehlopha se itseng).” (Bapisa le Ne 3:8, moo “setho sa batsoaki ba litlolo” e leng “mora oa batsoaki ba litlolo.”) Kahoo, poleloana e reng “bara ba baprofeta” e ka bolela sekolo sa batho ba etsang mesebetsi ea matsoho kapa mokhatlo oa baprofeta. Batho ba lihlopheng tseo ba ne ba e-ba teng Bethele, Jeriko le Gilgale. (2Ma 2:3, 5; 4:38; bapisa le 1Sa 10:5, 10.) Samuele o ne a etella pele sehlopha se Rama (1Sa 19:19, 20). Elisha le eena e ne e le moeta-pele mehleng ea hae. (2Ma 4:38; 6:1-3; bapisa le 1Ma 18:13.) Ho tlalehoa ha ba ne ba ikahela matlo a bolulo ka lithulusi tseo ba li kalimmeng, e leng hore ba ne ba phela bophelo bo bobebe. Le hoja ba ne ba arolelana lijo le bolulo, ba ne ba ka tsoa ho ea etsa mesebetsi ea bona e fapa-fapaneng ea boprofeta.—1Ma 20:35-42; 2Ma 4:1, 2, 39; 6:1-7; 9:1, 2.