Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr22 November maq. 1-9
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lihloohoana
  • LA 7-13 NOVEMBER
  • LA 14-20 NOVEMBER
  • LA 21-27 NOVEMBER
  • LA 28 NOVEMBER –LA 4 DECEMBER
  • LA 5-11 DECEMBER
  • LA 12-18 DECEMBER
  • LA 19-25 DECEMBER
  • LA 26 DECEMBER–LA 1 JANUARY
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2022
mwbr22 November maq. 1-9

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 7-13 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 5-6

“Ba Nang le Rona ba Bangata ho Feta ba Nang le Bona”

it-1-E 716 ¶4

Elisha

Baiseraele ba Pholosoa ho Basiria. Nakong ea puso ea Morena Jorame oa Iseraele, Basiria ba ile ba rera ho hlasela Baiseraele ba sa lebella. Kamehla ha Ben-hadade oa Bobeli a ne a rera ho loantša Baiseraele, Elisha o ne a bolella Morena Jorame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Basiria ba neng ba e rerile. Qalong Ben-hadade o ne a nahana hore ho na le mpimpi har’a masole a hae. Empa ha a ne a fumana hore ha e le hantle e ne e le Elisha ea neng a senya merero ea hae, o ile a romela lebotho la hae la sesole Dothane le e-na le Likariki tsa ntoa tsa ntoa e le hore le e’o lata Elisha. (SETŠOANTŠO, Vol.  1, leq.  950) Mohlanka oa Elisha o ile a tšoha haholo ha a ne a bona lebotho la sesole empa Elisha o ile a rapela ’me a kopa Molimo hore a mo thuse hore a bone se etsahalang. Mohlanka eo o ile a bona ‘sebaka se lithaba se tletse lipere le Likariki tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha.’ Ha Basiria ba se ba atametse ho kena motseng, Elisha o ile a rapella se fapaneng le seo a ileng a se rapella pejana. O ile a re: “Ka kopo, otla sechaba sena ka bofofu.” Elisha o ile a re ho Basiria: “Ntateleng.” Taba ea hore ho ne ho sa hlokahale hore a ba tataise a ba tšoere ka matsoho, e ne e bontša hore ba ne ba sa foufala e le kannete empa ba ne ba foufetse likelello hoo ba neng ba sa khone ho hlokomela se etsahalang. Ba ne ba sa elelloe hore ba ne ba bua le Elisha, eo ba neng ba e’o mo lata ba bile ba sa tsebe le hore na o ba isa hokae.​—2Ma 6:​8-19.

w13 8/15 30 ¶2

Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?

Le hoja ba ne ba lika-likelitsoe ke lira Dothane, Elisha o ne a khobile matšoafo. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. Le rōna re hloka tumelo e joalo. Kahoo, a re rapelleng moea o halalelang oa Molimo e le hore re bontše tumelo le litšobotsi tse ling tsa tholoana ea moea.​—Luke 11:​13; Gal. 5:​22, 23.

it-1-E 343 ¶1

Bofofu

Ho bonahala bofofu boo Molimo a ileng a otla lebotho la Basiria ka bona ho ea ka kopo ea Elisha e ne e le bofofu ba kelello. Haeba lebotho la sesole la Basiria le ne le sa bone mahlong, ho ne ho tla hlokahala hore le tataisoe le tšoeroe ka matsoho. Empa tlaleho ea Bibele e re Elisha o ile a re ho lona: “Ena ha se tsela ’me ona ha se motse. Ntateleng.” Ha William James a bua ka taba ena bukeng ea hae e bitsoang Principles of Psychology (1981, Vol.  1, leq.  59), o ile a re: “Ntho e thahasellisang ka ho fetisisa e etsahalang ha motho a e-na le bothata bokong, ke ho ba le bofofu ba kelello. Sena ha se bolele hakaalo hore motho ha a khone ho bona litšoantšo kapa ho li utloisisa. Batho ba sebetsanang le mafu a kelello ba hlalosa bothata bona e le ha motho a khona ho bona empa a sa khone ho amahanya seo a se bonang le hore na se bolela’ng. Hape ba re ho ka bolela hore karolo e itseng ea boko e etselitsoeng ho bona lintho, e bile le bothata bo itseng bo etsang hore motho a se ke a khona ho bona lintho ka tsela e nepahetseng kapa ho nahana ka tsela e nepahetseng.” Bofofu bona ho bonahala e le boo Jehova a ileng a bo tlosa ho masole a Basiria ha a ne a fihla Samaria. (2Ma 6: 18-20) Ho ka etsahala hore ebe bofofu bona ke boo Jehova a ileng a otla banna ba Sodoma ka bona. Joalokaha tlaleho eo e bontša, ho e-na le hore ba ferekangoe ke ho se bone, ba ile ba tsoela pele ba ntse ba batlana le lemati la ntlo ea Lota.​—Ge 19:11.

Matlotlo a Patiloeng

w05 8/1 9 ¶2

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

5:​15, 16​—Ke hobane’ng ha Elisha a sa ka a amohela mpho ea Naamane? Elisha o ile a hana mpho eo hobane a ne a hlokomela hore mohlolo oa ho phekola Naamane o ne o entsoe ka matla a Jehova, eseng a hae. Ho hang o ne a ke ke a nahana hore a rue ka boemo boo Molimo a mo fileng bona. Kajeno barapeli ba ’nete ha ba sebeletse Jehova e le hore ba rue. Ba nka ka botebo keletso ena ea Jesu: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”​—Matheu 10:8.

LA 14-20 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 7-8

“Jehova o Ile a Etsa Lintho Tse sa Lebelloang”

it-1-E 716-717

Elisha

Leha ho le joalo, Ben-hadade oa Bobeli o ile a khutla ho e’o lika-liketsa Samaria empa ha aa ka a khutla le bafutuhi, ho e-na le hoo, o ile a khutla le lebotho la hae. Ba ile ba e lika-liketsa nako e telele hoo ho ileng ha e-ba le mosali ea ileng a ja mora oa hae. Joaloka ntate oa hae Akabe, “mora eo oa ’molai” e leng Morena Jorame, le eena o ile a rera ho bolaea Elisha empa a hloleha. Morena Jorame o ile a ea ho Elisha a tsamaea le molaoli oa hae ’me a bolella Elisha hore o lahlehetsoe ke tšepo eohle ea hore Jehova o tla ba thusa. Elisha o ile a bolella morena hore lijo li tla ba ngata letsatsing le hlahlamang. Molaoli oa morena o ne a sa kholoe taba eo, kahoo Elisha o ile a re ho eena: “U tl’o bona ha lintho tsena li etsahala empa uena u ke ke oa li ja..” Jehova o ile a etsa hore ho utloahale lerata kampong ea Basiria hoo ba ileng ba nahana hore ba hlaseloa ke lebotho le ikopantseng la lichaba. Kahoo, ba ile ba baleha ’me ba siea kampo ea bona le lijo tsa bona. Ha morena a utloa hore Basiria ba balehile, o ile a beha molaoli oa hae hore e be molebeli keiting ea Samaria. Ha sehlopha sa Baiseraele se ea kampong ea Basiria ho e’o nka lijo tseo ba neng ba li siile, se ile sa hatakela molaoli eo hoo a ileng a shoa. Kahoo, o ile bona lijo tseo empa ha a li je.​—2Ma 6:​24–7:20.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 195 ¶7

Lebone

Marena a Hlahang Lelokong la Davida. Jehova o ile a khetha Davida hore e be morena oa Iseraele. O ile a mo tataisa hoo qetellong e ileng ea e-ba moeta-pele ea bohlale oa Iseraele. Kahoo, o ile a bitsoa “lebone la Iseraele.” (2Sa 21:​17) Ka lebaka la selekane sa ’muso seo Jehova a ileng a se etsa le Davida, o ile a re ho eena: “terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.” (2Sa 7: 11-16) Ka hona, marena a ileng a latela ho tloha ho Davida le Solomone mora oa hae, a ile a e-ba joaloka “lebone” ho sechaba sa Iseraele.​— 1Ma 11:​36; 15:4; 2Ma 8:​19; 2Kr 21:7.

LA 21-27 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 9-10

“O Ile a Bontša Sebete, Boikemisetso le Cheseho””

w11 11/15 3 ¶2

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

Jehu o ile a rongoa nakong eo lintho li neng li sa tsamaee hantle sechabeng sa Iseraele. Naha ea Iseraele e ne e le tlas’a tšusumetso e khopo ea Jezebele, eo e neng e le mohlolohali oa Akabe e bile e le ’mè oa morena Jorame ea neng a ntse a busa. Jezebele o ile a khothalletsa batho ho rapela Baale ho e-na le ho rapela Jehova, a bolaea baprofeta ba Molimo a ba a silafatsa batho ka “bohlola” le “boloi” ba hae. (2 Mar. 9:​22; 1 Mar. 18:​4, 13) Jehova o ile a laela hore bohle ba ntlo ea Akabe ba bolaoe, ho akarelletsa Jorame le Jezebele. Jehu e ne e le eena ea neng a tla etella pele ha taelo eo e phethahatsoa.

w11 11/15 4 ¶2-3

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

Ka mor’a hore a hane ho tsoa ka litaba ho manģosa a mabeli a neng a rometsoe ho eena, Jehu o ile a kopana le Morena Jorame le motsoalle oa hae Akazia, e leng morena oa Juda, e mong le e mong a le koloing ea hae. Ha Jorame a botsa Jehu a re, “Na khotso e teng, Jehu?” Jehu o ile a mo araba ka bohale a re: “Ke khotso ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m’ao Jezebele le boloi ba hae bo bongata?” A tšositsoe ke karabo eo, Jorame o ile a baleha. Empa Jehu o ile a mo potlakela! O ile a ntša seqha a fula Jorame ka motsu pelong eaba o shoella koloing ea hae. Le hoja Akazia a ile a baleha, hamorao Jehu o ile a sala mohlala oa hae morao eaba le eena oa ’molaea.​—2 Mar. 9:​22-24, 27.

E mong oa ntlo ea Akabe ea neng a lokela ho bolaoa e ne e le Mofumahali Jezebele ea khopo. Ka nepo Jehu o ile a re ke “enoa ea rohakiloeng.” Ha Jehu a fihla Jezriele, o ile a bona Jezebele a talimile tlaase ka fensetere ntlong ea borena. A sa hlathe koana le koana, Jehu o ile a laela balaoli ba lekhotla hore ba lihele Jezebele fensetereng. Ka mor’a moo, lipere tsa Jehu li ile tsa hatakela Jezebele ea neng a silafalitse Iseraele. Ka mor’a moo, Jehu o ile a tsoela pele ho bolaea ba bang ba bangata ba ntlo ea Akabe ea khopo.​—2 Mar. 9:​30-34; 10:​1-14.

w11 11/15 5 ¶3-4

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

Ke ’nete hore Jehu o ile a tšolla mali a mangata. Leha ho le joalo, Mangolo a bolela hore e ne e le monna ea sebete ea ileng a lokolla Baiseraele tlas’a puso e hatellang ea Jezebele le ba lelapa la hae. E le hore moeta-pele ofe kapa ofe oa Iseraele a atlehe ho etsa seo, o ne a lokela ho ba sebete, a be le boikemisetso a be a chesehe. Likishinari e ’ngoe ea Bibele e re: “E ne e le mosebetsi o boima ’me o ne o lokela ho phethoa ka botlalo. Haeba motho a ne a ka sebetsa lintho ka tsela e bonolo ho feta eo, o ne a ka ’na a se ke a atleha ho felisa borapeli ba Baale naheng ea Iseraele.”

Ha ho pelaelo hore ua hlokomela hore maemo ao Bakreste ba thulanang le oona kajeno a hloka hore ba bonahatse tse ling tsa litšobotsi tseo Jehu a neng a e-na le tsona. Ka mohlala, re lokela ho etsa’ng haeba re lekeha hore re etse ntho efe kapa efe eo Jehova a e nyatsang? Re lokela ho nka bohato hang-hang, re be sebete ’me re chesehele ho hana ho etsa seo Jehova a se nyatsang. Mabapi le boinehelo ba rōna ho Molimo, re ke ke ra mamella tlhōlisano ea letho e lebisitsoeng ho Jehova.

Matlotlo a Patiloeng

w11 11/15 5 ¶6-7

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

E ka ’na eaba Jehu o ne a nahana hore taba ea hore ebe ’muso oa Iseraele o ne o arohile ho oa Juda e ne e bolela hore mebuso eo e lokela le ho arohana bolumeling. Kahoo, joaloka marena a Iseraele a fetileng, o ile a leka ho arola mebuso eo e ’meli ka ho khothalletsa borapeli ba namane. Empa sena se ne se tla be se bontša hore ha a na tumelo ho Jehova ea neng a mo behile hore e be morena.

Jehova o ile a babatsa Jehu kaha o ile a ‘etsa hantle ka ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.’ Leha ho le joalo, Jehu “ha aa ka a hlokomela ho tsamaea molaong oa Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo ea hae eohle.” (2 Mar. 10:​30, 31) Ha u nahana ka lintho tsohle tseo Jehu a ileng a li etsa pejana, sena se ka ’na sa u makatsa sa ba sa u soabisa. Leha ho le joalo, ho na le seo re ithutang sona ho sena. Le ka mohla ha rea lokela ho khella kamano ea rōna le Jehova fatše. Letsatsi le leng le le leng, re lokela ho loanela ho tšepahala ho Molimo ka ho ithuta Lentsoe la hae, ka ho thuisa ka lona le ka hore re rapele Ntate oa rōna ea leholimong ho tsoa botebong ba pelo. Kahoo, e se eka re ka ba hlokolosi hore re tsoele pele re tsamaea molaong oa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna.​— 1 Bakor. 10:12.

LA 28 NOVEMBER –LA 4 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 11-12

“Mosali ea Khopo ea Ratang Botumo o Fumana Kotlo”

it-1-E 209

Athalia

Athalia o ile a etsisa ’mè oa hae Jezebele ka hore a susumetse monna oa hae Jorame ho etsa se sebe mahlong a Jehova nakong ea puso ea hae ea lilemo tse robeli. (1Ma 21:​25; 2Kr 21:​4-6) Joaloka ’mè oa hae, Athalia o ile a bolaea batho ba se nang molato. Ka mor’a hore mora oa hae ea khopo Akazia a shoe a e-na le selemo feela a busa, o ile a bolaea bara bohle ba morena. Ke Joase feela ea sa kang a bolaoa hobane o ile a patoa e sa le lesea ke moprista ea phahameng le mosali oa hae, eo e neng e le rakhali oa hae. Ho tloha ka nako eo, Athalia o ile a ipeha hore e be mofumahali ka lilemo tse tšeletseng, ho tloha ka selemo sa 905 ho ea ho 899 pele ho mehla ea Jesu. (2Kr 22:​11, 12) Bara ba hae ba ile ba utsoa lintho tse halalelang tempeleng ea Jehova ’me ba li nyehela ho Baale.​—2Kr 24:7.

it-1-E 209

Athalia

Ha Joase a ne a le lilemo li supileng, Moprista ea Phahameng Jehojada ea neng a tšaba Molimo, o ile a khaotsa ho mo pata ’me a mo hlomamisa hore e be morena. Ha Athalia a utloa lerata le neng le le tempeleng, o ile a potlakela teng ’me ha a ne a bona se neng se etsahala, o ile a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” Moprista ea Phahameng Jehojada o ile a laela hore Athalia a ntšetsoe ka ntle ho tempele ’me a bolaeloe monyako oa keiti ea lipere phaleising ea morena. Ho ka etsahala hore e ne e le eena oa ho qetela lelokong la Akabe. (2Ma 11:​1-20; 2Kr 22:1–23:​21) Ketsahalo ena e ile ea phethahatsa mantsoe a reng: “Ha ho na lentsoe le le leng leo Jehova a le buileng ka lelapa la Akabe leo Jehova a ke keng a le phetha”!​—2Ma 10:​10, 11; 1Ma 21:​20-24.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 1265-1266

Joase

Ha Moprista ea Phahameng Jehojada a ne a ntse a phela, o ile a tsoela pele a eletsa Joase joaloka ntate ’me seo se ile sa etsa hore Joase a atlehe. Ha a ne a le lilemo li 21, o ne a se a nyetse ’me a e-na le basali ba babeli, eo e mong oa bona e neng e le Joadane. Basali bana ba hae ba ile ba mo tsoalla bara le barali. Sena se ile sa etsa hore leloko la Davida, le batlileng le felisoa, le boele le be matla ho ea fihla ho Mesia.​—2Ma 12:​1-3; 2Kr 24:​1-3; 25:1.

LA 5-11 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 13–15

“Ho Sebeletsa Jehova ka Cheseho ho Tlisa Litlhohonolofatso”

w10 4/15 26-27 ¶11

Na U Latela Kreste ka Botlalo?

11 E le ho bontša hore ke habohlokoa ho sebeletsa Molimo ka cheseho, hlokomela ketsahalo e ileng ea etsahala bophelong ba Morena Joase oa Iseraele. Kaha o ne a amehile ka hore Syria e ne e ka ’na ea hapa Iseraele, Joase o ile a ea ho Elisha a lla. Moprofeta Elisha o ile a mo laela hore a fulele motsu nģ’a Syria ka fensetere, e le ho bontša hore sechaba seo se ne se tla hlōloa ka thuso ea Jehova. Ka sebele sena se ne se lokela ho tsosa morena eo molota. Ka mor’a moo, Elisha o ile a bolella Joase hore a nke metsu ea hae ebe o otla fatše ka eona. Joase o ile a otla fatše ka makhetlo a mararo. Sena se ile sa halefisa Elisha, hobane ho otla fatše ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng ho ne ho tla bontša hore o ne a tla “hlasela Syria ho fihlela e felile.” Joale, Joase o ne a tla hlōla ka makhetlo a mararo feela, empa a sa hlōle ka botlalo. Kaha Joase o ile a etsa ka monyebe, ha aa ka a hlōla ka ho feletseng. (2 Marena 13:​14-19) Re ka ithuta’ng tlalehong eo? Hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hafeela re etsa mosebetsi oa hae ka pelo eohle le ka cheseho.

w13 11/1 11 ¶5-6

“Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”

Jehova o putsa batho ba joang? Pauluse o re “ba mo batlang ka tieo.” Buka e ’ngoe ea bafetoleli ba Bibele e bontša hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho ‘batla ka tieo,’ ha le bolele “ho batla ho tseba” ka Molimo, ho e-na le hoo, le bolela “borapeli” ba rōna ho Molimo. Buka e ’ngoe e re leetsi lena la Segerike le bolela ketso e matla le boiteko bo etsoang ka tieo. Ka sebele, Jehova o putsa batho bao tumelo ea bona e ba susumelletsang ho mo etsetsa borapeli ka lerato le cheseho tse tsoang botebong ba pelo.​—Matheu 22:37

Jehova o putsa barapeli ba hae ba tšepahalang joang? O tšepisitse ho re putsa ka bokamoso bo ke keng ba lekanngoa​—bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng​—e leng se bontšang lerato la hae le tebileng le ho fana ha hae ka seatla se bulehileng. (Tšenolo 21:​3, 4) Esita le hona joale, batho ba batlang Jehova ka tieo ba fumana mahlohonolo a mangata. Ka thuso ea moea oa Molimo le bohlale bo fumanoang Lentsoeng la hae, ba phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang.​—Pesaleme ea 144:​15; Matheu 5:3.

Matlotlo a Patiloeng

w05 8/1 11 ¶4

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

13:​20, 21​—Na mohlolo oo o tšehetsa borapeli ba masapo a bahalaleli? Che. Bibele ha e bontše hore ho na le mohla masapo a Elisha a kileng a hlomphuoa ka tsela ea borapeli. Mohlolo ona o ne o entsoe ka matla a Molimo, joalokaha ho ne ho le joalo ka mehlolo eohle eo Elisha a neng a e entse ha a sa ntse a phela.

LA 12-18 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 16-17

“Mamello ea Jehova ea Fela”

it-2-E 908 ¶5

Shalmanesere

Iseraele ea Hapuoa. Nakong ea puso ea Morena Hoshea oa Iseraele (c. 758-740 Pele ho Mehla ea Jesu.), Shalmanesere oa Bohlano o ile a kena Palestina ’me Hoshea ea e-ba mohlanka oa hae kahoo a lokela ho ntša sethabathaba selemo le selemo. (2Ma 17:​1-3) Leha ho le joalo, hamorao Hoshea o ile a hloleha ho patala ’me a fumanoa a etsa bolotsana le Morena So oa Egepeta. (Sheba SO.) Ka lebaka la sena Shalmanesere o ile a koalla Hoshea teronkong. Ka mor’a moo a thibella Samaria ka lilemo tse tharo ’me motse oo o sirelelitsoeng ka thata o ile oa oela kahoo Baiseraele ba isoa kholehong.​—2Ma 17:​4-6; 18:​9-12; bapisa le Hos 7:​11; Eze 23:​4-10.

it-1-E 414-415

Botlamuoa

’Muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome, le ’muso o ka boroa oa Juda oa meloko e ’meli, e ile ea ea botlamuoeng ka lebaka le tšoanang eleng ho rapela melimo ea bohata ho e-na le ho rapela Jehova. (De 28:​15, 62-68; 2Ma 17:​7-18; 21:​10-1) Jehova o ile a romela baprofeta ba hae ka makhetlo ho ba lemosa empa ha baa ka ba mamela. (2Ma 17:​13) ’Musong oa meloko e leshome, ha ho le ea mong oa marena a Iseraele a ileng a tlosa ka ho feletseng borapeli ba bohata bo neng bo ile ba qaloa ke morena oa pele Jeroboame. ’Muso oa o ka boroa oa Juda o ile oa hloleha ho mamela litemoso tse tobileng tsa Jehova, oa ba oa hloleha ho ithuta mohlaleng oa Iseraele ha e ne e lihuoa le ho isoa botlamuoeng. (Jer 3:​6-10) Qetellong baahi ba mebuso ena ka bobeli ba ile ba isoa botlamuoeng ka lihlopha tse fapaneng.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 847

Samaria

Lentsoe “Basamaria” le ile la qala ho hlaha ka lekhetlo la pele ka mangolong ka mor’a hore ’muso oa meloko e leshome oa Samaria o hloloe ka selemo sa 740 pele ho mehla ea Jesu. Le ne le sebelisoa ho batho ba neng ba lula ’musong o ka leboea e le ho ba khetholla ho balichaba ba ileng ba tlisoa hamorao ho tsoa likarolong tsa ’muso oa Asiria. (2Ma 17:​29) Ho bonahala hore Asiria ha ea ka ea tlosa baahi bohle ba Iseraele hobane tlaleho e hlahang ho 2 Likronike 34:​6-9 (bapisa le 2Ma 23:​19, 20) e bontša hore ho ne ho ntse ho e-na le Baiseraele naheng eo pusong ea Morena Josiase. Hamorao ha ho ne ho buuoa ka “Basamaria” ho ne ho boleloa litloholo tsa Baiseraele ba neng ba setse Samaria le batho ba ileng ba tlisoa ho tsoa Asiria. Kahoo ba bang e ne e le litloholo tsa Baiseraele ba nyalaneng le Baasiria. Leha ho le joalo, lentsoe lena le ile la sekamela haholo bolumeling ho e-na le ho bolela ’muso o itseng kapa morabe o itseng. Lentsoe Mosamaria le ne le bolela hore motho ke setho sa bolumeli bo neng bo atile Shikeme ea boholo-holo le Samaria ’me tumelo ea bona e ne e fapane le ea Sejuda.​—Joh 4:9.

LA 19-25 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 18-19

“Bahanyetsi ba Rona ba ka Leka ho re Nyahamisa Joang?”

w05 8/1 11 ¶6

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

18:​19-21, 25​—Na Ezekiase o ne a entse selekane le Egepeta? Che. Mantsoe ana a Rabshake a ne a fosahetse, feela joalokaha polelo ea hae ea hore o tlile ka “tumello ea Jehova” e ne e fosahetse. Morena Ezekiase ea tšepahalang o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng.

w10 7/15 13 ¶3

“U se ke Ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

Rabshake o ile a sebelisa bomenemene e le hore a jale lipelaelo likelellong tsa sechaba. O ile a re: “Na [Jehova] hase eena eo Ezekiase a tlositseng libaka tsa hae tse phahameng le lialetare tsa hae? . . . Jehova o itse ho ’na, ‘Futuhela naha ena, ’me u e felise.’” (2 Ma 18:​22, 25) Kahoo, Rabshake o ile a beha lebaka la hore Jehova o ne a ke ke a loanela sechaba sa Hae hobane o ne a se halefetse. Empa ho ne ho se joalo. Jehova o ne a thabisoa ke Ezekiase le Bajuda ba neng ba khutletse borapeling ba ’nete.​—2 Ma. 18:​3-7.

w13 11/15 19 ¶14

Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno

14 Morena oa Assyria o ile a hloma liahelo Lakishe, ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Ha a le moo, o ile a romela manģosa a mararo, ’me a laela baahi hore ba inehele. ’Muelli oa hae ea neng a bitsoa Rabshake, o ile a sebelisa maqiti a sa tšoaneng. A bua ka Seheberu, o ile a phehella sechaba hore se tsoe morena tlaase ’me se ikokobeletse Baassyria, a se tšepisa hore o tla se isa naheng eo se tla phela hamonate ho eona. (Bala 2 Marena 18:​31, 32.) Ka mor’a moo, Rabshake o ile a re feela joalokaha melimo ea lichaba e sitiloe ho sireletsa barapeli ba eona, Jehova le eena o tla sitoa ho pholosa Bajuda litleneng tsa Baassyria. Empa sechaba se ile sa etsa ka bohlale, kaha ha sea ka sa leka ho araba leshano leo, e leng seo le kajeno bahlanka ba Jehova ba atisang ho se etsa.​—Bala 2  Marena 18:​35, 36.

yb74-E 177 ¶1

Karolo ea Bobeli​—Jeremane

Hoa makatsa hore ebe masole a ma SS ka makhetlo a ne a qhekella Lipaki Tsa Jehova hore li tekene hore ha e sa le Lipaki empa hang ha ba qeta ho tekena ba ne ba ba koenehela ebe ba ba sotla ho feta pele. Karl Kirscht o tiisa sena ka ho re: “Lipaki Tsa Jehova e ne e le tsona tse qhekelloang ka ho fetisisa likampong tsa mahloriso. Ka ho etsa joalo masole ana a ne a nahana hore a tla li susumelletsa ho tekena hore ha e sa le Lipaki. Ba ne ba re bolella ka makhetlo hore re e tekene. Ba bang ba ile ba tekena empa hangata ba ne ba tlameha ho ema selemo pele ba ka lokolloa. Ka nako ena masole a ma SS a ne a ba hobosa a re ke makoala le baikaketsi. Masole a ile a boela a ba hobosa a re pele ba ka lumelloa ho tsoa kampong, ba lokela ho tsamaea ka pel’a bara babo rona ba ntseng ba le teronkong.”

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 155 ¶4

Boepolli

Joalokaha ho hlalositsoe, tlaleho ea Bibele e bontša hore Morena Sankeribe oa Asiria o ile a bolaoa ke bara ba hae ba babeli e leng Adrameleke le Sharezere ’me a hlahlangoa ke mora oa hae e mong ea bitsoang Esare-hadone. (2Ma 19:​36, 37) Leha ho le joalo, litlaleho tsa Babilona li bontša hore mora oa hae o ile a mo fetohela ’me a mo bolaea ka li 20 tsa khoeli ea Tebethe. Berossus eo e neng e le moprista oa Babilona lilemo tse ke bang 200 ho ea ho 300 pele ho mehla ea Jesu le morena Nabonidus eo e e neng e le morena lilemo tse ka bang 500 ho ea ho 600 pele ho mehla ea Jesu, ka bobeli ba lumellana le tlaleho eo ea hore Sankeribe o ile a bolaoa ke mora oa hae a le mong. Leha ho le joalo, sekhechaneng se fumanoeng haufinyane sa Prism of Esar-haddon e leng mora ea ileng a hlahlama Sankeribe boreneng o hlalosa ka ho hlaka hore bara babo ba ile ba fetohela le ho bolaea ntate oa bona ’me ba qetella ba balehile. Bukeng ea Universal Jewish History (1948, Vol. I, leq. 27), Philip Biberfeld o fane ka maikutlo a hae ’me o re: “Tlalehong ea Babilona, Nabonid le Berossus ba ne ba fositse, ke tlaleho ea Bibele feela e bonahetseng e nepahetse. Seo Esare-hadone a se ngotseng se netefatsa ka ho feletseng tlaleho ena ea histori lipakeng tsa Babilona le Asiria ho feta litlaleho tsa Bababilona. Ke taba ea bohlokoa ho hlahlobisisa litlaleho tsa histori tse buang ka nako e tšoanang, haholo ha litloaelo tseo li sa lumellane le Bibele.”

LA 26 DECEMBER–LA 1 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 MARENA 20-21

“Thapelo e Ile ea Susumetsa Jehova Hore a Kenelle”

ip-1 394 ¶23

Tumelo ea Morena ea Putsoa

23 Hoo e ka bang nakong ea ha Sankeribe a qala ho futuhela Juda, Ezekiase o kula hampe. Esaia o mo bolella hore o tlil’o shoa. (Esaia 38:1) Morena enoa ea lilemo li 39 o sithabetse maikutlo. Ha aa tšoenyeha feela ka boiketlo ba hae empa o tšoenyehile le ka bokamoso ba sechaba. Jerusalema le Juda li kotsing ea ho hlaseloa ke Basiria. Haeba Ezekiase a e-shoa, ke mang ea tlang ho etella pele ntoeng? Ka nako eo, Ezekiase ha a na mora ea ka mo hlahlamang boreneng. Ka thapelo e tiileng Ezekiase o kōpa Jehova hore a mo bontše mohau.​—Esaia 38:​2, 3

w17.03 21 ¶16

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

16 Hamorao Ezekiase o ile a kulela lefu. O ile a kopa Jehova hore a hopole nako eo a ileng a mo sebeletsa ka eona. (Bala 2 Marena 20:​1-3.) Rea tseba hore re phela linakong tseo ka tsona re ke keng ra lebella hore Molimo a re thuse ka mohlolo haeba re kula kapa re batla ho lelefatsa bophelo ba rona. Kahoo, joaloka Ezekiase re ka rapela Jehova ra re: “Hopola kamoo ke tsamaileng ka pel’a hao ka ’nete le ka pelo e feletseng.” Na oa lumela hore Jehova a ka u thusa leha u kula?​—Pes. 41:3.

g01 8/8 23 ¶4

Thapelo e ka Nthusa Joang?

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele lithapelo tsa batho ba neng ba e-na le tumelo li ne li arajoa ka ho toba ’me ka linako tse ling e ne e e-ba ka tsela e mohlolo. Mohlala, ha Morena Ezekiase a ne a kulela lefu o ile a kopa Jehova hore a mo folise. Molimo o ile a re: “Ke utloile thapelo ea hao. Ke bone meokho ea hao. Bona! kea u folisa.” (2 Marena 20:​1-6) Banna le basali ba tšabang Molimo le bona ba ile ba bona letsoho la Jehova.​—1 Samuele 1:​1-20; Daniele 10:​2-12; Liketso 4:​24-31; 10:​1-7.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 240 ¶1

Lisebelisoa tse Methang

Lisebelisoa tse methang li ka ’na tsa sebelisoa ho haha mohaho hantle kapa ho hlahloba hore na mohaho o maemong a nepahetseng. Jehova o ile a bolella baahi ba Jerusalema esale pele hore haeba ba sa mamele o tla ba ‘ahlola a sebelisa lisebelisoa tseo sehahi se methang ka tsona.’ Ha Molimo a metha o ile a fumana boitšoaro bo bobe Samaria le ntlong ea Morena Akabe ’me ka lebaka leo ba ile ba felisoa. Ka tsela e tšoanang, Molimo o ne a tla ahlola Jerusalema le babusi ba eona, a pepese bokhopo ba bona ’me a felise motse oo. Liketsahalo tsena li etsahetse ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu. (2Ma 21:​10-13; 10:​11) Esaia o ile a bolella babusi ba khopo le ba ipolelisang ba Jerusalema ka ho felisoa ha bona ho tlang ho ba lebile le ka phatlalatso ea Jehova e reng: “Ke tla etsa hore toka e be khoele e methang ’me ho loka e be sesebelisoa se otlollang.” Melao ea toka le ho loka e ne e tla bontša hore na ke bo-mang ba sebeletsang Jehova le hore na ke bo-mang ba sa mo sebeletseng ’me seo se felle ka hore ba bolokoe kapa ba felisoe.​—Esa 28:​14-19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela