Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 November leq. 11
  • E-ba le Kholiseho ea Hore U Tla Pholoha ha Lefatše Lena le Felisoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba le Kholiseho ea Hore U Tla Pholoha ha Lefatše Lena le Felisoa
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula U Tšepahala Nakong ea Matšoenyeho a Maholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • ’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lula U Lebeletse Armagedone ka Tjantjello!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • ‘Topollo ea Lōna e Atametse’!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 November leq. 11
Mor’abo rona o ithuta buka ea “Pure Worship of Jehovah​—⁠Restored At Last!” O iketsetsa setšoantšo ka kelellong sa lengeloi la Jehova ha le sireletsa batho ba Molimo nakong ea Armagedone.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

E-ba le Kholiseho ea Hore U Tla Pholoha ha Lefatše Lena le Felisoa

Haufinyane mamello ea Jehova e tla fela. Bolumeli ba bohata bo tla felisoa, lichaba tse ikopantseng li tla hlasela batho ba Molimo ’me Jehova o tla felisa batho ba khopo ntoeng ea Armagedone. Bakreste ba lebeletse ka tjantjello linako tsena tse thabisang.

Ke ’nete hore ha re tsebe lintlha tsohle mabapi le mahlomola a maholo. Mohlala, ha re tsebe hore na a tla qala neng. Ha re tsebe hore na baeta-pele ba lipolotiki ba tla hlasela bolumeli ka mabaka afe. Ha re tsebe hore na tlhaselo ea batho ba Molimo e tla nka nako e kae le hore na e tla akarelletsa’ng. Hape ha re tsebe hore na Jehova o tla sebelisa’ng ho felisa batho ba khopo ntoeng ea Armagedone.

Leha ho le joalo, Mangolo a re fa lintlha tsohle tseo re li hlokang e le hore re ka lebella bokamoso ka sebete le kholiseho. Mohlala, rea tseba hore re phela qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela.’ (2Ti 3:1) Rea tseba hore tlhaselo ea bolumeli ba bohata e tla “fokotsoa” e le hore bolumeli ba ’nete bo se ke ba felisoa. (Mat 24:​22). Rea tseba hore Jehova o tla pholosa batho ba hae. (2Pe 2:9) Rea tseba hore Eo Jehova a mo khethileng ho felisa ba khopo le ho boloka ba bongata bo boholo nakong ea Armagedone o lokile ’me o matla.​—Tše 19:​11, 15, 16.

Ka sebele, liketsahalo tse tlang li tla etsa hore ‘batho ba ilibane ke tšabo.’ Leha ho le joalo, ha re bala le ho nahanisisa kamoo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae nakong e fetileng le ka seo a se senotseng ka bokamoso, re ka ‘ema tsoee! ra ba ra phahamisa lihlooho’ re kholisehile hore topollo ea rona e haufi.​—Lu 21:​26, 28.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela