-
Ka Mor’a Nyeoe Sanhedrine, ba Isa Jesu ho PilatoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 127
Ka Mor’a Nyeoe Sanhedrine, ba Isa Jesu ho Pilato
MATHEU 27:1-11 MAREKA 15:1 LUKA 22:66–23:3 JOHANNE 18:28-35
NYEOE E SANHEDRINE E TSOELA PELE
JUDASE ISKARIOTA O LEKA HO IPHANYEHA
JESU O ROMELOA HO PILATO E LE HORE A KA AHLOLOA
E se e le ka lia lla ha Petrose a latola Jesu ka lekhetlo la boraro. Litho tsa lekhotla la Sanhedrine li qetile nyeoe ’me li se li ile ka makhoro. Ka Labohlano ha khoho li theoha likalaneng, lekhotla le khobokana hape, mohlomong ka morero oa ho itokafatsa ka ho tšoara nyeoe e seng molaong. Kahoo Jesu o boetse o bitsetsoa ka pel’a lona.
Lekhotla le boetse le re ho eena: “Haeba u Kreste, u re bolelle.” Jesu oa araba o re: “Esita le haeba ke ne nka le bolella, ho hang le ne le ke ke la lumela. Ho feta moo, haeba ke ne nka le botsa, ho hang le ne le ke ke la araba.” Leha ho le joalo, ka sebete Jesu oa ba hlakisetsa hore ke eena eo ho profetiloeng ka eena ho Daniele 7:13. O re: “Ho tloha joale ho ea pele Mor’a motho o tla be a lutse ka letsohong le letona le matla la Molimo.”—Luka 22:67-69; Matheu 26:63.
Baa phehella ba re: “Ka hona, na u Mora oa Molimo?” Jesu oa ba araba o re: “Ke lona ba reng ke eena.” Ho bona, hona ke bopaki bo lekaneng ba hore Jesu ke monyefoli ’me o lokela ho bolaoa. Ba re: “Ke hobane’ng ha re hloka bopaki bo eketsehileng?” (Luka 22:70, 71; Mareka 14:64) Kahoo, ba fasa Jesu ’me ba mo isa ho ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato.
E ka ’na eaba Judase Iskariota oa bona ha Jesu a isoa ho Pilato. Ha a lemoha hore Jesu o ahlotsoe, oa ikoahlaea. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a bakele libe tsa hae e le kannete ’me a khutlele ho Molimo, oa tsamaea o il’o khutlisa likotoana tse 30 tsa silevera. O joetsa baprista ba ka sehloohong o re: “Ke entse sebe ha ke ekile mali a lokileng.” Leha ho le joalo, ba mo araba ka tsela e se nang kutloelo-bohloko ba re: “Hoo ke eng ho rona? U tla iponela!”—Matheu 27:4.
Judase o lahlela likotoana tseo tse 30 tsa silevera ka tempeleng ’me o phaella phosong tsa hae ka ho leka ho ipolaea. Nakong eo Judase a lekang ho iphanyeha, lekala leo a fasitseng ropo ho lona lea khaoha joale o oela mafikeng a ka tlaase ’me ’mele oa hae oa phatloha.—Liketso 1:17, 18.
E ntse e le lihoreng tsa hoseng ha Jesu a isoa ha Ponse Pilato. Leha ho le joalo, Bajuda ba mo tlisitseng ha ba batle ho kena ka tlung. Ba nka hore ba tla silafala haeba ba ka kopana le balichaba. Seo se tla etsa hore ba se ke ba tšoaneleha bakeng sa ho ja lijo tsa la 15 Nisane, e leng letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, oo ho nkuoang e le karolo ea Paseka.
Pilato o tsoela ka ntle ’me oa ba botsa o re: “Ke qoso efe eo le e tlisang khahlanong le monna enoa?” Ba re: “Hoja monna enoa e ne e se mofosi, re ka be re sa nehelana ka eena ho uena.” E ka ’na eaba Pilato oa utloa hore ba batla ho mo hatella, kahoo o re: “Mo nkeng ’me le mo ahlole ho ea ka molao oa lona.” Joale Bajuda ba senola boikemisetso ba bona ba ’nete e leng ba ho bolaea Jesu, ba re: “Ha ho lumelloe ke molao hore re bolaee mang kapa mang.”—Johanne 18:29-31.
Hantle-ntle, haeba ba ka bolaea Jesu nakong ea mokete oa Paseka, ho ka tsoha morusu. Ho e-na le hoo, haeba ba ka etsa hore Baroma ba mo bolaee ka qoso ea lipolotiki, e leng seo Baroma ba lumeletsoeng ho se etsa, ba ka itšola litabeng e le hore Bajuda ba se ka ba ba bakela merusu.
Baeta-pele ba bolumeli ha ba bolelle Pilato hore ba ahlotse Jesu ka hore ke monyefoli. Hona joale ba qapa liqoso tse ling tsa leshano ba re: “Re fumane monna enoa [1] a khelosa sechaba sa habo rona ’me [2] a hanela ho lefshoa ha makhetho ho Cesare ’me [3] a re ke eena Kreste morena.”—Luka 23:2.
Joalokaha Pilato e le moemeli oa Roma, o na le mabaka a utloahalang a ho tšoenyeha haeba Jesu a ipitsa morena. Kahoo, Pilato o khutlela ka tlung ’me o bitsa Jesu o re ho eena: “Na u morena oa Bajuda?” Ka mantsoe a mang o re, ‘Na u tlotse molao oa ’muso ka ho ipolela hore u morena ho e-na le Cesare?’ Mohlomong e le ho fumana hore na Pilato o tseba ho le hokae ka eena, Jesu o re: “Na u bua see ka ho iqalla, kapa ba bang ba u boleletse ka ’na?”—Johanne 18:33, 34.
Pilato o re litaba tsena ke lehoetla ho eena ’me o batla ho tseba, kahoo o re: “Na ke Mojuda? Sechaba sa heno le baprista ba ka sehloohong ba nehelane ka uena ho ’na. U entse’ng?”—Johanne 18:35.
Jesu ha a leke ho baleha khubu ea taba e leng ea borena. Kahoo o araba ka tsela eo Pilato a sa e lebellang ho hang.
-
-
Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se MolatoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 128
Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato
MATHEU 27:12-14, 18, 19 MAREKA 15:2-5 LUKA 23:4-16 JOHANNE 18:36-38
PILATO LE HERODA BA HLAHLOBA LIQOSO TSA JESU
Jesu ha a pate hore ke Morena ha a bua le Pilato. Leha ho le joalo, Roma ha ea lokela ho ba matsoalong ka lebaka la ’Muso oa hae. Jesu o re: “ ’Muso oa ka ha se karolo ea lefatše lena. Hoja ’Muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’Muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Ehlile Jesu o na le ’Muso empa ha se oa lefatše lena.
Pilato ha a felle moo. O botsa Jesu o re: “Joale, he, na u morena?” Jesu o bolella Pilato hore o nepile. O re: “Ke uena ea reng ke morena. Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete. E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.”—Johanne 18:37.
Pejana, Jesu o ne a ile a re ho Thomase: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” Le hona joale o joetsa Pilato morero oo a rometsoeng lefatšeng ka oona e leng oa ho pakela “ ’nete,” ka ho khetheha, ’nete ka ’Muso oa hae. Jesu o ikemiselitse ho ema le ’nete eo leha seo se ka etsa hore a bolaoe. Pilato o botsa Jesu o re: “ ’Nete ke eng?” empa ha a emele karabo. O nka hore a ka liha kahlolo holim’a lintho tseo a li utloileng.—Johanne 14:6; 18:38.
Joale Pilato o khutlela letšoeleng le emeng kantle ho ntlo ea hae ea borena. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o eme ka lehlakoreng la hae nakong eo a joetsang baprista ba ka sehloohong le moifo oa bona a re: “Ha ke fumane molato ho monna enoa.” Letšoele lena lea bela ke khalefo ka lebaka la qeto ena, kahoo lea phehella le re: “O ferekanya batho ka ho ruta ho pholletsa le Judea eohle, esita le ho qala Galilea ho tla fihla mona.”—Luka 23:4, 5.
E tlameha ebe Pilato o akhile marama ha a bona cheseho ena e feteletseng e se nang motheo. Ha baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ntse ba hoeletsa, Pilato o botsa Jesu o re: “Na ha u utloe hore ke lintho tse ngata hakae tseo ba li pakang khahlanong le uena?” (Matheu 27:13) Jesu ha a ikhathatse ka ho mo araba. Tsela eo a khobileng matšoafo ka eona nakong ena eo a ntseng a qosoa ke batho bana ba mabifi e makatsa Pilato.
Bajuda ba itse Jesu o ile a “qala Galilea.” Ho latela leselinyana leo, joale Pilato oa tseba hore Jesu ke Mogalilea. Sena se fa Pilato leqheka leo a ka le sebelisang ho qoba ho ahlola Jesu. Heroda Antipase (mora oa Heroda e Moholo) ke ’musisi Galilea ’me o tlile Jerusalema nakong ena ea Paseka. Kahoo Pilato o romela Jesu ho Heroda. Heroda Antipase ke eena ea ileng a laela hore Johanne Mokolobetsi a khaoloe hlooho. Hamorao ha a utloela hore Jesu o etsa mehlolo, o ne a tšoenyehile a nahana hore esebe Jesu ke Johanne ea tsositsoeng bafung.—Luka 9:7-9.
Heroda o nyakaletse hobane joale o na le monyetla oa ho bona Jesu. Ha se hore o batla ho thusa Jesu kapa hona hore o rerile ho etsa boiteko le bo bonyenyane feela ba ho tseba hore na liqoso tsena lia utloahala kapa che. O mpa a le bohelehele ’me o ‘tšepile ho bona pontšo e etsoang ke eena.’ (Luka 23:8) Leha ho le joalo, Jesu ha a etse ho ea kamoo Heroda a lebeletseng. Ha e le hantle, ha Heroda a ntse a hloma Jesu lipotso, Jesu ha a mo arabe. Kahobane ba soetsehile, Heroda le masole a hae ba “nyelisa” Jesu. (Luka 23:11) Ba mo apesa seaparo se setle ’me baa mo soma. Ha ba qeta ba mo khutlisetsa ho Pilato. Heroda le Pilato ba ne ba sa okhelane mollo, empa joale ba fetoha metsoalle.
Ha Jesu a khutla, Pilato o bitsa baprista ba ka sehloohong, babusi ba Bajuda le batho ba bang ’me o re: “Ke mo hlahlobile ka pel’a lona empa ha kea fumana ho monna enoa lebaka la liqoso tseo le mo qosang ka tsona. Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana, kaha o ile a mo khutlisetsa ho rona, ’me, bonang! ha aa etsa letho le tšoaneloang ke lefu. Ka hona ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”—Luka 23:14-16.
Pilato o batla ho lokolla Jesu hobane oa bona hore lebaka feela leo baprista ba mo qosang ka lona ke hobane ba le mona. O fumana mabaka a eketsehileng a ho etsa sona seo. Nakong eo a ntseng a lutse setulong sa hae sa boahloli, mosali oa hae o mo romella molaetsa o reng: “Se ke ua ikamahanya ka letho le monna eo ea lokileng, kaha ke utloile bohloko haholo kajeno torong ka lebaka la hae.”—Matheu 27:19.
Ebe Pilato a ka lokolla monna eo ea se nang molato joang joalokaha a lokela ho etsa?
-
-
Pilato o re: “Bonang! Monna!”Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 129
Pilato o re: “Bonang! Monna!”
MATHEU 27:15-17, 20-30 MAREKA 15:6-19 LUKA 23:18-25 JOHANNE 18:39–19:5
PILATO O LEKA HO LOKOLLA JESU
BAJUDA BA RE HO LOKOLLOE BARABASE
JESU OA SONNGOA EBILE O TŠOAROA HAMPE
Pilato o joetsitse batho ba batlang hore Jesu a bolaoe sena: “Ha kea fumana ho monna enoa lebaka la liqoso tseo le mo qosang ka tsona. Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana.” (Luka 23:14, 15) Joale o leka ho sireletsa Jesu, kahoo o leka leoa le leng o re: “Le na le tloaelo ea hore ke le lokollele motho ka Paseka. Ka hona, na le lakatsa hore ke le lokollele Morena oa Bajuda?”—Johanne 18:39.
Pilato oa tseba hore ho na le motšoaruoa ea bitsoang Barabase eo e leng lesholu, ea susumetsang bofetoheli khahlanong le ’muso ebile e le ’molai. Kahoo Pilato o re: “Ke ofe eo le batlang hore ke le lokollele eena, Barabase kapa Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Ba rotelletsoa ke baprista ba ka sehloohong, batho ba re ho lokolloe Barabase eseng Jesu. Pilato o botsa hape o re: “Ke ofe ho ba babeli baa eo le batlang hore ke le lokollele eena?” Letšoele lea hooa le re: “Barabase!”—Matheu 27:17, 21.
Ka ho khathala matla hohle, Pilato oa ba botsa o re: “Joale, ke tla etsa’ng ka Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Baa tleroha ba re: “A ke a khokhotheloe thupeng!” (Matheu 27:22) Ba etsa ntho e hlabisang lihlong ka ho batla hore motho ea seng molato a bolaoe. Pilato o leka ho ba ea ka liboko o re: “Hobane’ng, ke ntho efe e mpe eo monna enoa a e entseng? Ha kea ka ka fumana letho le tšoaneloang ke lefu ho eena, ka hona ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”—Luka 23:22.
Ho sa tsotellehe boiteko ba hae ka makhetlo, letšoele lena le tukang ke bohale le araba le hoelelitse le re: “A ke a khokhotheloe thupeng!” (Matheu 27:23) Baeta-pele ba bolumeli ba rotellelitse letšoele lena hoo le ipatlelang feela hore ho tšolloe mali! Motho eo ba batlang hore a bolaoe ha se senokoane kapa ’molai. Ba batla ho bolaoe monna ea lokileng eo matsatsing a mahlano a fetileng, a ileng a amoheloa Jerusalema e le Morena. Haeba barutuoa ba Jesu ba teng mona, ba le nyaile ebile ha ba batle hore batho ba ba hlokomele.
Pilato oa bona hore o hobella letlapeng. Ho se ho le morusu, kahoo o nka metsi ’me o hlapa matsoho moo bohle ba ntseng ba mo bona. O joetsa letšoele o re: “Ke hloka molato maling a motho enoa. Le tla iponela.” Esita le sena ha se fetole maikutlo a bona. Ho e-na le hoo ba re: “Mali a hae a be holim’a rona le holim’a bana ba rona.”—Matheu 27:24, 25.
Le hoja Pilato a batla ho etsa se nepahetseng, o utloa ho le molemo hore a khotsofatse batho bana. Kahoo, tumellanong le kopo ea bona, o lokollela mokhopi ona Barabase. Joale o re Jesu a hlobolisoe ’me a shapuoe.
Ka mor’a ho mo hlokofatsa habohloko, masole a isa Jesu ka ntlong ea borena ea ’musisi. Sehlopha sa masole se phaella ka ho mo hlekefetsa ho ea pele. Masole ana a loha moqhaka o meutloa ’me ba o peteletsa hloohong ea hae. Ba boetse ba mo tšoarisa lehlaka ka letsohong le letona ’me ba mo apesa seaparo se ’mala o sekareleta, sa mofuta o aparoang ke marena. Ba bua ka ho soma ba re: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!” (Matheu 27:28, 29) Ho feta moo, ba mo tšoela ka mathe ’me ba lula ba mo jabela sefahlehong. Ba nka lehlaka leo le letenya leo ba mo fileng lona ’me ba mo otla ka lona hloohong ’me sena se etsa hore metsu ea “moqhaka” ona o tlotlollang o meutloa e kenelle letlalong la hlooho.
Tsela eo Jesu a itšoereng ka seriti ka eona, le mamello eo a e bontšang e susumetsa Pilato hore a leke hape ho intša tšotso linaleng ’me o re: “Bonang! Ke mo tlisa ho lona ka ntle e le hore le tsebe hore ha ke fumane molato ho eena.” Ho ka etsahala hore ebe Pilato o nahana hore ha a ka ba bontša Jesu nakong eo a leng matetetso a bileng a tsoang ’mali, ba tla ameha lipelo. Nakong eo Jesu a emeng ka pel’a mokhopi ona o lipelo li makoebeta, Pilato oa hoeletsa o re: “Bonang! Monna!”—Johanne 19:4, 5.
Le hoja Jesu a tetekiloe a le maqeba, o bonahala a le seriti a bile a khobile matšoafo hoo le Pilato a ho bonang, ’me sena se utloahala mantsoeng a hae a nang le tlhompho le khauho.
-
-
Ho Nehelanoa ka Jesu Hore a Il’o BolaoaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 130
Ho Nehelanoa ka Jesu Hore a Il’o Bolaoa
MATHEU 27:31, 32 MAREKA 15:20, 21 LUKA 23:24-31 JOHANNE 19:6-17
PILATO O LEKA HO LOKOLLA JESU
JESU OA AHLOLOA ’ME O ISOA MOO A TLA BOLAELOA
Le hoja Jesu a sonngoe a bile a hlekefelitsoe ka tsela e sehloho, Pilato ha a khone ho susumetsa baprista ba ka sehloohong le bo-mphato’a bona hore ba fetole maikutlo. Ntho feela eo ba e batlang ke hore Jesu a bolaoe. Ba lula ba ntse ba hoeletsa ba re: “Mo khokhothele thupeng! Mo khokhothele thupeng!” Pilato o araba ka ho re: “Mo nkeng le mo khokhothele thupeng, kaha ’na ha ke fumane molato leha e le ofe ho eena.”—Johanne 19:6.
Bajuda ha ba khone ho kholisa Pilato hore Jesu o tlotse molao oa ’muso ’me o lokela ho shoa. Kahoo ba khutlela qosong eo ba ileng ba e phahamisa lekhotleng la Sanhedrine e amanang le bolumeli ea ho nyefola. Ba re: “Re na le molao, ’me ho ea ka molao oo o tšoanela ho shoa, hobane o ikentse mor’a Molimo.” (Johanne 19:7) Joale qoso ena ke lehoetla litsebeng tsa Pilato.
Pilato o khutlela ka tlung ’me o batla mokhoa oa ho lokolla monna enoa ea mameletseng boima bo bokana, le eo mosali oa hae a ileng a lora ka eena. (Matheu 27:19) Leha ho le joalo, ho thoe’ng joale ka qoso ee eo Bajuda ba hlahileng ka eona ea hore motšoaruoa enoa ke “mor’a Molimo”? Pilato o tseba hantle hore Jesu ke Mogalilea. (Luka 23:5-7) Leha ho le joalo, o botsa Jesu o re: “U tsoa hokae?” (Johanne 19:9) Ho ka etsahala hore ebe Pilato oa belaela hore Jesu o kile a phela leholimong le hore e ne e le molimo.
Pilato o ikutloetse ho tsoa molomong oa Jesu hore ke morena le hore ’Muso oa hae ha se karolo ea lefatše lena. Jesu ha a utloe a hloka ho qaqisa taba ena eo a ileng a bua ka eona pejana, kahoo ha a arabe Pilato. Pilato o utloa Jesu a mo tella ha a sa mo arabe, kahoo o re ho eena: “Na ha u mpuise? Na ha u tsebe hore ke na le matla a ho u lokolla ’me ke na le matla a ho u khokhothela thupeng?”—Johanne 19:10.
Jesu o re ho eena: “U ka be u se na matla ho hang khahlanong le ’na hoja u ne u sa a nehoa ho tsoa holimo. Ke ka lebaka lena motho ea nehelaneng ka ’na ho uena a nang le sebe se seholo.” (Johanne 19:11) E ka ’na eaba Jesu ha aa nahana ka motho a le mong. Ho e-na le hoo, o bolela hore Kaifase, mahlahana a hae le Judase Iskariota ba molato ho feta Pilato.
Pilato o leka ho lokolla Jesu hape hobane a tsota tsela eo a khobileng matšoafo ka eona, hape letsoalo la hae lea mo khoebetha hobane a belaela hore Jesu ke molimo. Leha ho le joalo, Bajuda ba bua ka ntho e ’ngoe eo e tlamehang ebe Pilato o e tšohile. Ba re: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. Motho e mong le e mong ea iketsang morena o bua Cesare hampe.”—Johanne 19:12.
’Musisi Pilato o boetse o tlisa Jesu ka ntle ’me o bua mantsoe ana a lutse setulong sa hae sa kahlolo: “Bonang! Morena oa lona!” Leha ho le joalo, Bajuda ha ba tele. Baa hoeletsa ba re: “Mo tlose! Mo tlose! Mo khokhothele thupeng!” Pilato o re: “Ke khokhothele morena oa lona thupeng?” Bajuda esale ba tletleba tlas’a puso ea Roma. Leha ho le joalo, ba araba ba sa tsila-tsile ba re: “Ha re na morena haese Cesare.”—Johanne 19:14, 15.
Ka bokoala, Pilato oa inehela ’me o nehelana ka Jesu hore a il’o bolaoa. Masole a hlobolisa Jesu seaparo se ’mala o sekareleta ’me ba mo apesa seaparo sa hae sa ka holimo. Nakong eo ba mo tsamaisang, ba mo qobella hore a itjarele palo eo a tl’o khokhotheloa ho eona.
Ke labohlano la la 14 Nisane ’me letsatsi le hloohong tsa mengala. Jesu ha a e-s’o bo hlothe, esale a tsohile ho tloha ka Labone hoseng. O se a etsahaletsoe ke lintho tse ngata tse bohloko bo otlang pelo. Hona joale o imetsoe ke palo ena eo a e jarisitsoeng ’me o felloa ke matla. Kahoo masole a qobella mofeta-ka-tsela ea bitsoang Simone ea hlahang Cyrene e Afrika hore a mo jarele palo eo ho e isa moo a tla khokhotheloa teng. Batho ba bangata ba ntse ba tla ka morao, ’me ba bang baa ikotla ke ho sareloa ebile baa bokolla ka lebaka la sena se etsahalang.
Jesu o re ho basali ba saretsoeng: “Barali ba Jerusalema, khaotsang ho ntelela. Ho fapana le hoo, le itelele ’me le llele bana ba lona, hobane, bonang! matsatsi aa tla ao ka ’ona batho ba tla re, ‘Ho thaba linyopa, le lipopelo tse sa kang tsa tsoala le matsoele a sa kang a anyesa!’ Joale ba tla qala ho re ho lithaba, ‘Re oeleng holimo!’ le ho maralla, ‘Re koaheleng!’ Hobane haeba ba etsa lintho tsena ha sefate se le mongobo, ho tla etsahala’ng ha se omeletse?”—Luka 23:28-31.
Jesu o bua ka sechaba sa Bajuda. Sechaba sena se tšoana le sefate se shoang. Leha ho le joalo, se sa ntse se e-na le mongobonyana kaha Jesu o ntse a le teng, hape ho ntse ho e-na le Bajuda ba ’maloa ba lumelang ho eena. Ha Jesu a shoa ’me barutuoa ba hae ba lahla tumelo ea Sejuda, sechaba se tla lahleheloa ke kamano le Molimo ka ho feletseng ’me se be joaloka sefate se shoeleng. Sechaba se tla bokolla haholo ha Molimo a sebelisa sesole sa Roma ho liha kahlolo khahlanong le sona!
-
-
Jesu o Khokhotheloa PalongJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 131
Jesu o Khokhotheloa Palong
MATHEU 27:33-44 MAREKA 15:22-32 LUKA 23:32-43 JOHANNE 19:17-24
JESU O KHOKHOTHELOA THUPENG EA TLHOKOFATSO
JESU OA SONNGOA KA LEBAKA LA LETŠOAO LE BEHILOENG KA HOLIM’A HLOOHO EA HAE
JESU O FA MOTHO TŠEPO EA HO PHELA PARADEISENG LEFATŠENG
Sebaka seo Jesu a il’o bolaeloa ho sona ha se hole haholo le motse, ’me ho na le masholu a mabeli a tl’o bolaeloa moo. Sebaka sena se bitsoa Golgotha, kapa Sebaka sa Lehata ’me motho a ka khona ho se bona a le “hojana.”—Mareka 15:40.
Banna bana ba bararo ba ahloletsoeng lefu ba hlobolisoa liaparo tsa bona. Joale ba fuoa veine e tsoakiloeng ka myra le nyooko e babang. Kamoo ho bonahalang kateng, masole a Roma ha a hane ha motho ea bolaoang a fuoa sethethefatsi sena. Leha ho le joalo, Jesu o hana ho se noa ha a qeta ho se latsoa. Lebaka ke lefe? O batla hore a lule a hlaphohetsoe kelellong nakong ea teko ena e kholo ka ho fetisisa bophelong ba hae ’me a tšepahale ho fihlela lefung.
Joale masole a beha Jesu holim’a palo. (Mareka 15:25) A kokotella lipekere matsohong le maotong a hae, li phunyeletsa linameng le mesifeng ’me sena se mo bakela bohloko bo fihlang pelong. Ha ba phahamisa palo, bohloko bona bo tota le ho feta hobane joale boima bohle ba ’mele bo lula holim’a lipekere. Leha ho le joalo, Jesu ha a halefele masole ana. Oa rapela o re: “Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34.
Ka tloaelo, Baroma ba beha letšoao ho bontša hore na motloli o ahloletsoe’ng. Lekhetlong lena, Pilato o beha letšoao le ngotsoeng: “Jesu Monazaretha Morena oa Bajuda.” Le ngotsoe ka Seheberu, Selatine le Segerike, kahoo boholo ba batho ba khona ho le bala. Ketso ena ea Pilato e bontša hantle hore o nyatsa Bajuda bana ba qopheletseng hore Jesu a bolaoe. Baprista ba ka sehloohong ba re ho eena: “U se ke ua ngola ‘Morena oa Bajuda,’ empa hore o itse, ‘Ke ’na Morena oa Bajuda.’ ” Leha ho le joalo, ha a batle hore ba mo hule ka nko hape, kahoo o re: “Seo ke se ngotseng ke se ngotse.”—Johanne 19:19-22.
Ka khalefo, baprista ba pheta qoso ea bohata e ileng ea hlaha linyeoeng tsa Sanhedrine. Ba fetang ka tsela ba sisinya lihlooho tsa bona ka ho soma ’me ba nyelisa Jesu ba re: “Halala! Uena ea neng a re u tla heletsa tempele ’me u e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose ka ho theoha thupeng ea tlhokofatso.” Baprista ba ka sehloohong le bangoli ba re: “Kreste Morena oa Iseraele a ke a theohe thupeng ea tlhokofatso, e le hore re ka bona ’me ra lumela.” (Mareka 15:29-32) Esita le linokoane tse khokhothetsoeng pel’a hae lia mo nyatsa le hoja e le eena feela ea hlokang molato har’a bona.
Masole a manè a Roma a tlepa Jesu litšeho. E ka ’na eaba masole ana a ne a ntse a noa veine, joale mohlomong e le ho soma Jesu, a e phahamisetsa ka pel’a hae le hoja ho hlakile hore a ke ke a khona ho e nanabela e le hore a e noe. Baroma bana ba bua ka ho soma ka lebaka la letšoao le behiloeng ka holim’a hlooho ea Jesu ba re: “Haeba u morena oa Bajuda, ipholose.” (Luka 23:36, 37) Ak’u inahanele feela! Monna eo ho hlakileng hore ke tsela le ’nete le bophelo oa songoa le ho hlapaoloa ntle ho lebaka. Leha ho le joalo, o mamella lintho tsena tsohle a sa nyatse Bajuda ba shebeletseng, masole a Roma a mo somang kapa linokoane tse peli tsa fanyehiloeng lipalong pel’a hae.
Masole a manè a nkile liaparo tsa Jesu tsa kantle ’me ba li arotse likarolo tse ’nè. Ba lahla lotho e le hore ba bone hore na ke mang ea tla nka karolo efe. Leha ho le joalo, seaparo sa Jesu sa ka hare ke sa boleng bo phahameng, ha se na “moroko, se lohiloe ho tloha holimo ho theosa le bolelele ba sona.” Kahoo masole ana a re: “A re se keng ra se tabola, empa re se etsetseng qeto ka lotho hore na e tla ba sa mang.” Ka ho etsa sena, ba phethahatsa lengolo le reng: “Ba arolelana liaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng liaparo tsa ka.”—Johanne 19:23, 24; Pesaleme ea 22:18.
Hamorao, e mong oa linokoane tsena oa elelloa hore ehlile Jesu e tlameha ebe ke morena. Kahoo, o khalemele mphato’a hae o re: “Na ha u tšabe Molimo ho hang, kaha joale u kahlolong e tšoanang? Ka sebele, rona re ho eona ka ho loketseng, kaha re amohela ka botlalo se re tšoanelang bakeng sa lintho tseo re ileng ra li etsa, empa monna enoa ha aa ka a etsa letho le tsoileng tseleng.” Joale o kopa Jesu o re: “U nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.”—Luka 23:40-42.
Jesu o mo araba ka ho re: “Kannete kea u bolella kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Jesu ha a re o tla ba le eena ’Musong. Tšepiso ena e fapane le eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae, e leng ea hore ba tla lula literoneng le eena ’Musong. (Matheu 19:28; Luka 22:29, 30) Ho ka etsahala hore ebe senokoane sena sa Mojuda se kile sa utloela ka Paradeise e lefatšeng eo Jehova a neng a e file Adama le Eva le bana bao ba neng ba tla ba le bona. Joale lesholu lena le ka shoa le e-na le tebello ea ho phela sebakeng sena.
-
-
“Ka Sebele Motho Enoa e ne e le Mor’a Molimo”Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 132
“Ka Sebele Motho Enoa e ne e le Mor’a Molimo”
MATHEU 27:45-56 MAREKA 15:33-41 LUKA 23:44-49 JOHANNE 19:25-30
JESU O SHOELA PALONG
HO ETSAHALA LINTHO TSE SA TLOAELEHANG HA JESU A SHOA
E se e le “hora ea botšelela,” e leng har’a mpa ea motšehare. Lefifi le makatsang le “aparela naha eohle ho fihlela ka hora ea borobong” e leng ka hora ea boraro motšehare oa mantsiboea. (Mareka 15:33) Lefifi lena le tšosang ha lea bakoa ke ha khoeli e sira letsatsi. Sena se ne se ka etsahala ha khoeli e thoasitse, empa joale ana ke matsatsi a Paseka ’me khoeli e tolokile. Lefifi lena le nka nako e telele ho feta le bang teng ha khoeli e sirile letsatsi. Ho hlakile hore ke Molimo ea bakileng lefifi lena.
U se u ka inahanela feela hore na batho ba somang Jesu ba ikutloa joang. Nakong ena eo ho leng lefifi, basali ba banè ba atamela haufi le thupa ea tlhokofatso. Bona ke ’mè oa Jesu, Salome, Maria Magdalena le Maria ’me oa moapostola Jakobo e Monyenyane.
Moapostola Johanne o na le ’mè oa Jesu ea siameng ea emeng “haufi le thupa ea tlhokofatso.” Maria o shebile mora eo a mo tsoetseng, eo hape a mo holisitseng, a leketlile moo a opeloa. Ho eena, ho joalokaha eka o hlajoa ka “sabole e telele.” (Johanne 19:25; Luka 2:35) Le hoja Jesu a le bohlokong bo bokana, o ntse a nahanne ka hore na ’mè oa hae o tla hlokomeloa ke mang. O etsa boiteko ba ho oma ka hlooho ho Johanne ’me o re: “Mosali, bona! Mora oa hao!” Joale o oma ka hlooho ho Maria ’me o joetsa Johanne o re: “Bona! ’M’ao!”—Johanne 19:26, 27.
Jesu o fa moapostola eo a mo ratang ka ho fetisisa boikarabelo ba ho hlokomela ’mè oa hae eo ho bonahalang hore joale e se e le mohlolohali. Jesu oa tseba hore bara ba bo ba ntse ba e-sʼo behe tumelo ho eena. Kahoo o batla hore ’mè oa hae a hlokomeloe nameng le moeeng. Oo ke mohlala o motle e le kannete!
Ho elella nakong eo lefifi le felang, Jesu o re: “Ke nyoriloe.” Sena se phethahatsa se boletsoeng mangolong. (Johanne 19:28; Pesaleme ea 22:15) Jesu oa utloa hore ntate oa hae o tlositse tšireletso eohle e le hore botšepehi ba Mor’a hae bo ka lekoa ka ho feletseng. Joale Jesu o hoeletsa ka Searame seo mohlomong se neng se buuoa Galilea o re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang, “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” Ba bang ba emeng haufi ha ba utloisise hore na o reng ’me ba re: “Bonang! O bitsa Elia.” E mong oa bona oa matha, o nka seponche se nang le veine e bolila se hlongoeng thupeng ’me o fa Jesu hore a noe. Leha ho le joalo, ba bang ba re: “Mo tloheleng! A re boneng hore na Elia o tla tla a mo theola.”—Mareka 15:34-36.
Joale Jesu oa hoeletsa o re: “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) O entse lintho tsohle tseo Ntate oa hae a neng a mo rometse ho tl’o li etsa lefatšeng. Qetellong o re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” (Luka 23:46) Jesu o tšepa Jehova ka ho feletseng ’me o kholisehile hore o tla mo tsosa. Ka mor’a ho bua mantsoe ao, o sekamisa hlooho ’me oa shoa.
Hang ka mor’a hore sena se etsahale, lefatše le reketla ka matla ’me mafika aa petsoha. Le reketla ka matla hoo mabitla a ka ntle ho Jerusalema a bulehang ’me litopo li oela ka ntle. Ha bafeta-ka-tsela ba bona litopo tsena li tsoetse ka ntle, ba kena “motseng o halalelang” ’me ba tlaleha seo ba qetang ho se bona.—Matheu 12:11; 27:51-53.
Ha Jesu a shoa, lesira le boima le lelelele le arolang Sehalalelo le Sehalalelisiso tempeleng ea Molimo, le hahoha likoto tse peli ho tloha holimo ho ea tlaase. Ntho ena e makatsang e bontša kamoo Molimo a halefetseng batho ba bolaileng Mora oa hae kateng ’me e bontša hore tsela e eang Sehalalelisisong, e leng leholimong, e bulehile.—Baheberu 9:2, 3; 10:19, 20.
Ha ho makatse hore ebe batho ba tlaloa ke tšabo. Ofisiri ea sesole e neng e li hula nthau polaong ea Jesu e re: “Ka sebele motho enoa e ne e le Mor’a Molimo.” (Mareka 15:39) Ho ka etsahala hore ebe o ne a le teng nyeoeng ea Jesu e neng e mametsoe ke Pilato ha ho ne ho buuoa ka hore na e fela e le Mor’a Molimo. Hona joale o kholisehile hore ehlile Jesu ha a na molato ’me e fela e le Mora oa Molimo.
Ba bang ba ea hae ba tetebelitsoe ke lintho tsena tse etsahetseng, ba “ikotla lifubeng” e le pontšo ea hore ba siame ka ho tebileng ’me ba soetsehile. (Luka 23:48) Har’a batho ba shebeletseng ba le hojana, ho na le balateli ba Jesu ba basali bao ka linako tse ling ba neng ba tsamaea le Jesu. Le bona ba amehile habohloko ke lintho tsena tse etsahetseng.
-
-
Jesu oa PatoaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 133
Jesu oa Patoa
MATHEU 27:57–28:2 MAREKA 15:42–16:4 LUKA 23:50–24:3 JOHANNE 19:31–20:1
SETOPO SA JESU SE THEOLOA PALONG
SETOPO SA HAE SE LOKISETSOA LEPATO
BASALI BA FUMANA LEBITLA LE SA TŠELA
Ke Labohlano la la 14 Nisane, ’me letsatsi le se le sekame. Ha letsatsi le likela, Sabatha ea la 15 Nisane e tla qala. Jesu o se a ntse a hlokahetse empa masholu a pel’a hae a ntse a phela. Ho ea ka Molao, litopo ha lia “lokela ho hlola bosiu bohle thupeng” empa li lokela ho patoa “letsatsing lona leo.”—Deuteronoma 21:22, 23.
Thapama ea Labohlano e bitsoa Tokisetso hobane batho ba lokisa lijo le ho phetha mesebetsi e meng eo ba sa khoneng ho emela hore Sabatha e fete hore ba e etse. Ha letsatsi le likela, letsatsi “le leholo” la Sabatha le tla qala. (Johanne 19:31) La 15 Nisane e tla ba letsatsi la pele ho a supileng a Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, ’me letsatsi la pele kamehla ke la Sabatha ho sa tsotellehe hore na ke la bokae bekeng. (Levitike 23:5, 6) Lekhetlong lena, letsatsi leo le nepana le Sabatha ea beke le beke e bang ka Moqebelo. Kaha Lisabatha tsena tse peli li ka letsatsi le le leng, letsatsi lena la Sabatha le bitsoa “le leholo.”
Kahoo Bajuda ba kopa Pilato hore a potlakise lefu la Jesu le la masholu a mabeli a nang le eena. Ba batla hore sena se etsoe ka hore meomo ea bona e rojoe. Sena se tla etsa hore ho be thata hore ba iphahamise ka maotong e le hore ba khone ho hema. Joale masole a roba meomo ea masholu ao a mabeli. Leha ho le joalo, ho bonahala Jesu a se a shoele, kahoo ha ba robe meomo ea hae. Sena se phethahatsa Pesaleme ea 34:20 ha e re: “O lebela masapo ’ohle a hae, ha ho le le leng la ’ona le robehileng.”
E le hore ho se be le ea belaelang hore Jesu ha aa shoa, lesole le mo hlaba lehlakoreng la pelo ka lerumo. ‘Kapele-pele ho tsoa mali le metsi.’ (Johanne 19:34) Sena se phethahatsa lengolo le leng le reng: “Ba tla talima eo ba mo hlabileng.”—Zakaria 12:10.
“Monna e mong ea ruileng oa Arimathea” ea bitsoang Josefa, o teng mona moo Jesu a bolaetsoeng teng. (Matheu 27:57) Ke setho se hlomphuoang sa lekhotla la Sanhedrine. O hlalosoa e le “monna ea molemo le ea lokileng” ea neng a “letetse ’Muso oa Molimo.” Hantle-ntle, ke “morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda,” ’me o ne a sa tšehetse kahlolo ea lekhotla e fuoeng Jesu. (Luka 23:50; Mareka 15:43; Johanne 19:38) Josefa o iteta sefuba ’me o kopa Pilato hore a mo fe setopo sa Jesu. Pilato o bitsa molaoli oa sesole ea ikarabellang e le ho tiisa hore Jesu o se a shoele. Ka mor’a moo, Pilato o lumella Josefa ho nka Setopo sa Jesu.
Josefa o reka lesela la boleng bo botle le hloekileng la line ’me o theola setopo sa Jesu palong. O phuthela setopo seo ka line e le hore a ka se hlophela lepato. Nikodemase, “ea ileng a tla ho [Jesu] bosiu ka lekhetlo la pele,” o kenya letsoho ho lokisetsa lepato. (Johanne 19:39) O tlisa lik’hilokrama tse ka bang 33 tsa motsoako o turang oa myra le lekhala. Setopo sa Jesu se phutheloa ka masela a tšetsoeng ka motsoako ona ho latela moetlo oa Bajuda oa lepato.
Josefa o na le lebitla le e-s’o sebelisoe le betliloeng lefikeng le haufi, kahoo setopo sa Jesu se behoa teng. Joale lejoe le leholo le behoa molomong oa lebitla. Lintho tsena li etsoa ka lepotlapotla pele Sabatha e ka qala. Ho ka etsahala hore ebe Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane ba ne ba ntse ba thusa ha ho hlopshoa setopo sa Jesu. Joale ba potlakela hae “ho ea lokisa linoko le lioli tse nkhang hamonate” e le hore ba tle ba tlotse setopo sa Jesu ka mor’a Sabatha.—Luka 23:56.
Letsatsing le hlahlamang ka Sabatha, baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ea ho Pilato ’me ba re: “Re hopotse hore moikhakanyi eane ha a sa ntse a phela o ile a re, ‘Ke tla tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo.’ Ka hona laela hore lebitla le sireletsoe ho fihlela letsatsing la boraro, e le hore le ka mohla barutuoa ba hae ba se ke ba tla ’me ba mo utsoa eaba ba re ho batho, ‘O tsositsoe bafung!’ ’me boikhakanyo bona ba ho qetela bo tla ba bobe ho feta ba pele.” Pilato o ba lokollela molebeli ’me o re: “E-eang le le sireletse kamoo le tsebang kateng.”—Matheu 27:63-65.
Ka matjeke ka Sontaha, Maria Magdalena, Maria ’mè oa Jakobo le basali ba bang ba tlisa metsoako eo ba e entseng e le hore ba tlotse setopo sa Jesu. Joale baa ipotsa ba re: “Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe thoko le monyako oa lebitla?” (Mareka 16:3) Leha ho le joalo, ho bile le tšisinyeho ea lefatše. Hape, lengeloi la Molimo le tlositse lejoe monyakong oa lebitla, balebeli ha ba sa le eo ’me lebitla le ntse le re ‘u n’u ’nehile’ng?’
-