-
Na U ka Tšepa Bibele?Molula-Qhooa—1993 | June 15
-
-
Na U ka Tšepa Bibele?
HAEBA u nka Bibele ’me u e phahamisetsa holimo, na u ne u tla lebella ho fumana chelete ea tšepe? Ho thoe’ng ka chelete ee ea tšepe ea silevera ea boholo-holo?
Ba bangata ba nahana ka Bibele e le buka ea khale e fanang ka lipale tse ntle le mekhoa e ratehang. Leha ho le joalo, ha ba lumele hore litlaleho tsa Bibele ke histori e nepahetseng, ka hona ba latola hore ke Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo fetang bo hlokahalang ba ho nepahala ha Bibele. Chelete ena ea tšepe (setšoantšo se holisitsoeng) ke mohlala o motle. Mongolo oo o re’ng?
Chelete ena ea tšepe e entsoe Tarese, motse o karolong e ka boroa-bochabela ho seo e leng Turkey hona joale. Chelete ena ea tšepe e ile ea hlahisoa nakong ea puso ea ’musisi oa Persia Mazaeus lekholong la bone la lilemo B.C.E. E mo khetholla e le ’musisi oa profensi “e Mose Oane ho Nōka,” ke hore, Nōka ea Eufrate.
Empa ke hobane’ng ha poleloana eo e thahasellisa? Hobane u tla fumana tlhaloso e tšoanang ka Bibeleng ea hao. Esdrase 5:6–6:13 e bolela ka tumellano pakeng tsa morena oa Persia Dariuse le ’musisi ea bitsoang Thathnai. Ho neng ho etsahala e ne e le ho tsosolosoa ha tempele ea Bajode Jerusalema. Esdrase e ne e le mokopitsi ea masene oa Molao oa Molimo, ’me u ka lebella hore ebe o ile a nepisisa seo a se ngolang. U tla bona ho Esdrase 5:6 le 6:13 (NW) hore o ile a bitsa Thathnai “’musisi oa naha e mose oane ho Nōka.”
Esdrase o ngotse seo hoo e ka bang ka 460 B.C.E., lilemong tse ka bang 100 pele chelete ena ea tšepe e etsoa. Ho na le batho bao mohlomong ba ikutloang hore polelo e khethehileng joalo e buang ka ’musi oa boholo-holo ke taba e nyenyane. Empa haeba u ka itšetleha ka bangoli ba Bibele esita le litabeng tse nyenyane joalo, na hoo ha hoa lokela ho eketsa tšepo ea hao linthong tse ling tseo ba li ngotseng?
Lihloohong tse peli tse qalang tokollong ena, u tla fumana mabaka a eketsehileng bakeng sa tšepo e joalo.
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?Molula-Qhooa—1993 | June 15
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?
Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng 2.
-