Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/1 leq. 32
  • Matla a Lentsoe le Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Lentsoe le Mosa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/1 leq. 32

Matla a Lentsoe le Mosa

“Pelo e fokolisitsoeng ke matšoenyeho, lentsoe le mosa le ka e khatholla hakaakang!”—Liproverbia 12:25, Knox.

BAKRESTE ha ba a sireletsoa ka ho feletseng hore ba se be le mahlomola. Ka linako tse ling ba ba le matšoenyeho ka lebaka la ho phela ka har’a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 Timothea 3:1, NW.

Ha re utloa bohloko ba tlokotsi e joalo, ke tlhohonolofatso e kaakang ho utloa mantsoe a motsoalle ea tšepahalang! Bibele e re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) Jobo monna ea tšepahalang o ne a tsebahala ka ho ba motsoalle oa mofuta ona. Esita le Elifase o ile a re ka eena: “Ha e mong a ne a khoptjoa, a fokola ’me a khathetse, mantsoe a hao a ne a mo khothatsa hore a eme.”—Jobo 4:4, Today’s English Version.

Leha ho le joalo, ha Jobo ka boeena a ne a hloka khothatso, Elifase le balekane ba hae ha baa ka ba bua mantsoe a mosa. Ba ile ba beha Jobo molato bakeng sa mahlomola a hae, ba fana ka maikutlo a hore o tlameha a e-na le molato ka sephiring. (Jobo 4:8) The Interpreter’s Bible ea hlalosa: “Seo Jobo a se hlokang ke qenehelo e tsoang pelong ea motho. Seo a se fumanang ke letoto la lipolelo tsa ‘’nete’ e khelohileng, le tsa bolumeli tse pheta-phetoang hamonate le litlhaloso tse bosula tsa boitšoaro.” Jobo o ne a ferekane haholo ha a utloa puo ea Elifase le balekane ba hae hoo a ileng a qobelleha hore a bokolle: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lōna ho isa kae?”—Jobo 19:2.

Le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore mohlanka-’moho le rōna oa Molimo a bokolle ka baka la mantsoe a rōna a sa kang a nahanoa, a hlokang mosa. (Bapisa le Deuteronoma 24:15.) Maele a Bibele aa lemosa: “Seo u se buang se ka boloka bophelo kapa sa bo timetsa; kahoo u lokela ho amohela liphello tsa mantsoe a hao.”— Liproverbia 18:21, TEV.

Ka ho elelloa matla a puo, a re lateleng mohlala oa moapostola Pauluse. Ha a ne a le Macedonia, o ne a ‘khothatsa baena ka lipolelo tse ngata.’—Liketso 20:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela