Nahana ka ‘Qetello Hamorao’
BOPHELONG re lokela ho etsa liqeto tse ngata. Ka sebele ho molemo ho nahana ka liphello tsa liketso tsa rōna pele re etsa liqeto. Ba bang ba ile ba itšola habohloko ka mor’a ho etsa liqeto tse itseng. Mohlomong le uena u kile ua re, ‘Hoja ka tseba nkabe ke sa ka!’
Motho ea tloaetseng ho nka maeto o batla ho tseba hore na tsela e itseng e leba hokae. A ka ’na a sheba ’mapa ’me a botsa batho ba tsebang sebaka seo. Ka sebele o tla ela hloko matšoao a tsela ao a a bonang. Leha ho le joalo, bophelong teng u ka kholiseha joang hore na u lokela ho nka tsela efe? Mabapi le batho ba Iseraele ea boholo-holo, Molimo o kile a bua mantsoe ana ka Moshe: “Hoja ba ne ba le bohlale! Joale ba ne ba tla nahanisisa ka sena. Ba ne ba tla nahana ka qetello ea bona hamorao.”—Deuteronoma 32:29.
Keletso ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
Ha ho hlokahale hore re ipotse hore na tsela eo re tsamaeang ho eona e tla ba le ‘qetello efe hamorao.’ Sebakeng se phahameng seo a leng ho sona, Molimo o boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho eletsa batho bohle hore na ba lokela ho tsamaea tseleng efe. O se a bone litsela tse ngata tseo batho ba li tsamaileng a ba a bona le liphello tsa tsona. Bibele e re: “Litsela tsa motho li ka pel’a mahlo a Jehova, ’me o nahanisisa ka litsela tsohle tsa hae.”—Liproverbia 5:21.
Jehova o tsotella batho ba mo ratang. Ka Lentsoe la hae, Bibele, o ba bolella tsela e molemo eo ba lokelang ho tsamaea ho eona. Bibele e re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” Kahoo, pele u khetha ho tsamaea tseleng leha e le efe, u tla be u le bohlale haeba u ka batla keletso ho Jehova, joaloka Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, ea ileng a rapela, a re: “Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona.”—Pesaleme ea 32:8; 143:8.
Ho tsamaea tseleng eo u e bontšitsoeng ke motho eo u mo tšepang ea tloaetseng ho nka maeto ho ka u fa tšepo ’me ha etsa hore u ikutloe u sireletsehile. U kholisehile hore na tsela eo e leba hokae. Davida o ile a kōpa tataiso ea Jehova a ba a e latela. Ka lebaka leo, o ile a ba le khotso ea kelello e hlalosoang hamonate Pesalemeng ea 23 eo re e tsebang haholo. Davida o ile a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae. Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe.”—Pesaleme ea 23:1-4.
Ba Tla Fella Kae?
Mopesaleme e mong eo mohlomong e neng e le Asafe kapa e mong oa leloko la hae o ile a lumela hore o “batlile a kheloha” tseleng e nepahetseng. Molato? O ne a bone kamoo batho ba sa tšepahaleng le ba mabifi ba atlehang kateng ’me a honohela “khotso ea batho ba khopo.” O ne a nahana hore ‘ba lula boiketlong ka nako e sa lekanyetsoang.’ Ho hobe ka ho fetisisa ke hore, mopesaleme o ne a se a qalile ho ipotsa hore na o bile bohlale ka ho khetha ho tsamaea tseleng e lokileng.—Pesaleme ea 73:2, 3, 6, 12, 13.
Joale mopesaleme o ile a kena sehalalelong sa Jehova eaba oa rapela ’me o nahana ka se tla qetella se etsahetse ka ba khopo. O re: “Ke ne ke batla ho lemoha bokamoso ba bona.” O ile a nahanisisa ka se ka ’nang sa etsahala ka bao a neng a ba honohela. Ba ne ba tla fella kae? O ile a lemoha hore batho ba joalo ba ne ba le “moo ho thellang” ’me ba ne ba tla ‘felisoa ka matšabeho a tšohanyetso!’ Na le tsela eo mopesaleme a neng a tsamaea ho eona e ne e le joalo? O ile a re: “Ka mor’a moo [Jehova] u tla nkisa khanyeng.”—Pesaleme ea 73:17-19, 24.
Mopesaleme o ile a nahanisisa ka liphello tsa ba fumanang leruo ka matšoephelele, ’me hoo ha mo kholisa hore o tseleng e nepahetseng. O ile a etsa qeto ena: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.” Kamehla ho atamela ho Jehova Molimo ho tlisa melemo e sa feleng.—Pesaleme ea 73:28.
“Tseba Moo U Lebileng Teng”
Le kajeno re ka ’na ra iphumana re le boemong bo kang bona. U ka ’na ua tšepisoa monyetla o hlamatsehang oa khoebo, ho nyolloa mosebetsing, kapa hore u be le seabo khoebong e tla kenya chelete e ngata. Ho hlakile hore ha motho a qala mosebetsi o itseng, lintho li ka ’na tsa se tsamaee hantle. Leha ho le joalo, na ua hlokomela hore ke habohlokoa hore u nahanisise pele hore na qeto ea hao e tla ba le ‘qetello efe hamorao’? Liphello e ka ’na ea e-ba life? Na ho tla hlokahala hore u be hōle le hae, e leng se ka ’nang sa u bakela khatello kapa sa bakela molekane oa hao khatello? Na ho ka etsahala hore u be har’a basebetsi-’moho khoebong ba seng mekhoa e metle kapa u kopane le batho ba joalo lihoteleng le libakeng tse ling? Haeba u hlahloba ka hloko tsela eo u batlang ho tsamaea ho eona, u tla khona ho etsa qeto e bohlale. Ela hloko keletso ena ea Solomone: “Tseba moo u lebileng teng.”—Liproverbia 4:26, Contemporary English Version.
Bohle re lokela ho nkela keletso ena hloohong, empa haholo-holo bacha. Mohlankana e mong o ile a hira video eo a neng a tseba hore e na le litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate. O ile a bolela hore ha a qeta ho shebella video eo, o ile a ba le takatso e matla haholo hoo a ileng a batla letekatse leo a neng a tseba hore le lula haufi. Ka mor’a moo o ile a ikutloa a soabile, a khoebethoa ke letsoalo, a bile a tšohile hore e ka ’na eaba o tšoaelitsoe lefu le itseng. O ile a etsahalloa hantle ke se hlalositsoeng ke Bibele ha e re: “Ka tšohanyetso o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong.” Hoja feela a nahanisisa ka ‘qetello hamorao’!—Liproverbia 7:22, 23.
Tšepa Matšoao a Tsela
Batho ba bangata ba tla lumela hore ho se ele matšoao a tsela hloko ho kotsi. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, sena ke sona seo ba bang ba se etsang ha ba fuoa keletso eo ba sa e rateng. Nahana ka Baiseraele ba bang ba mehleng ea Jeremia. Ho ne ho hlokahala hore sechaba seo se etse qeto, ’me Jehova Molimo o ile a se fa keletso e reng: “Le botse ka litsela tsa khale, moo, joale, ho nang le tsela e ntle; le tsamaee ho eona.” Empa ka manganga batho ba ile ba re ‘ba ke ke ba tsamaea ho eona.’ (Jeremia 6:16) Borabele ba bona bo ile ba ba le ‘qetello efe hamorao’? Ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba fihla eaba ba ripitla motse oa Jerusalema ’me ba hapa baahi ba oona ba ba isa Babylona.
Re ke ke ra rua molemo haeba re sa ele hloko likeletso tseo Molimo a re fileng tsona. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
Tse ling tsa likeletso tsa Molimo li tšoana le matšoao a reng, “U se ke Ua Kena.” Ka mohlala, Bibele e re: “U se ke ua kena tseleng ea ba khopo, ’me u se ke ua tsamaea ka kotloloho ho kena tseleng ea ba babe.” (Liproverbia 4:14) E ’ngoe ea litsela tseo tse kotsi e hlalosoa ho Liproverbia 5:3, 4, e reng: “Molomo oa mosali osele o ntse o rotha joaloka khekhe ea linotši, le mahalapa a hae a boreleli ho feta oli. Empa phello e tsoang ho eena e baba joaloka lengana; e bohale joaloka sabole e sehang ka nģa tse peli.” Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho monate ho kopanela boitšoarong bo bobe—ebang ba bo etsa le letekatse kapa leha e le mang. Empa ho se ele hloko keletso e mabapi le boitšoaro e reng “U se ke Ua Kena” ho ka baka tlokotsi feela.
Pele u tsamaea tseleng e joalo, ipotse, ‘Tsela ee e tla ntebisa hokae?’ Ho ema motsotsoana feela u nahana ka kotsi e tla hlaha ‘qetellong hamorao’ e ka ba ho lekaneng ho etsa hore u se ke ua tsamaea tseleng e tla u isa kotsing. AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima u sa rera, ho ntša mpa, ho qhalana ha malapa, le ho khoebethoa ke letsoalo ke lintho tse hlahelang bao ka boomo ba sa eleng likeletso tse joalo hloko. Moapostola Pauluse o boletse ka ho hlaka hore na ba etsang boitšoaro bo bobe ba tla fella hokae. O re “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.
“Tsela ke Eona Ena”
Ka linako tse ling ho thata ho bona hore na tsela eo re tsamaeang ka eona e re isa hokae. Kahoo, re leboha hakaakang hore ebe ka lerato Molimo oa re tsotella ebile o re file tataiso e hlakileng! Jehova o itse: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esaia 30:21) Tsela eo Jehova a reng re tsamaee ka eona e re lebisa hokae? Le hoja e le tsela e patisaneng ’me ho le thata ho tsamaea ho eona, Jesu o boletse hore e isa bophelong bo sa feleng.—Matheu 7:14.
Ak’u nahane hanyenyane ka tsela eo u tsamaeang ka eona. Na e nepahetse? E lebisa hokae? Rapela Jehova hore a u tataise. Sheba ‘’mapa,’ e leng Bibele. Ho ka ba ha hlokahala hore u batle malebela ho motho eo e leng khale a tsamaea tseleng ena, ea ’nileng a ikitlaelletsa ho tsamaea tseleng ea Molimo. Haeba u hlokomela hore u lokela ho thinya, etsa joalo kapele.
Hangata motho ea leetong oa khothala ha a bona letšoao la tsela le mo kholisang hore o tseleng e nepahetseng. Haeba ha u itlhahloba u fumana hore u tsamaea tseleng ea ba lokileng, tsoela pele u tsamaea ka eona. U se u le haufi le ho fumana moputso oa ho tsamaea tseleng eo.—2 Petrose 3:13.
Tsela e ’ngoe le e ’ngoe e na le moo e fellang teng. Tsela eo u tsamaeang ka eona e tla u fihlisa hokae? Ho ke ke ha thusa letho ho re, ‘Ekare nkabe ke khethile tsela e ’ngoe!’ Kahoo, pele u tsoela pele ho tsamaea tseleng e itseng bophelong, ipotse, ‘“Qetello ea [eona] hamorao” e tla ba efe?’
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]
‘Qetello Hamorao’ e Tla ba Efe?
Hangata bacha ba lekoa hore ba etse lintho tse bonahalang li ratoa. Tse ling tsa tsona ke tsena.
◼ E mong o re u lekoala haeba u sa tsube.
◼ Tichere e u lakaletsang katleho e u khothalletsa hore u ee univesithing.
◼ U mengoa phathing eo ho eona joala kapa lithethefatsi li bapalang bana.
◼ E mong o re: “Ke hobane’ng ha u sa kenye litšoantšo le boitsebiso ba hao Inthaneteng?”
◼ Motsoalle oa hao o u khothalletsa hore le shebelle filimi e mabifi kapa ea boitšoaro bo bobe.
Haeba u ka hlaheloa ke e ’ngoe ea lintho tsee, u tla etsa joang? Na u tla inehela, kapa u tla ela hloko hore na ‘qetello e tla ba efe hamorao’? U tla be u le bohlale haeba u ka ipotsa: “Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che? Kapa na motho a ka tsamaea holim’a mashala ’me maoto a hae a sa tlabohe?”—Liproverbia 6:27, 28.