Ho Hlōla Satane le Mesebetsi ea Hae
“Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.”—JAKOBO 4:7.
1. ‘Matsoho a ba babe’ a amme moloko oa motho joang kajeno?
JOBO o ile a opa khomo lenaka ha a re: ‘Lefatše le neetsoe matsohong a ba babe.’ (Jobo 9:24) ’Me hona joale re talimane le linako tse thata ka ho fetisisa historing eohle ea motho. Hobane’ng? Hobane ena ke ‘mehla ea qetello’ ea puso ea Satane ea bodemona ea lefatše. Ha ho makatse hore ebe tlas’a tšusumetso ea Satane, ‘batho ba lonya, ba thetsang, ba ntse ba tsoela pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.’ (2 Timothea 3:1, 13) Ho feta moo, litlhoriso, ho hloka toka, lihlōhō, litlōlo tsa molao, mathata a moruo, maloetse a sa foleng, bohloko bo hlabang ba botsofali, ho tepella maikutlo—lintho tsena le tse ling tse eketsehileng li ka re imela haholo kelellong.
2. Re ka loana ka katleho joang le litlhaselo tsa Satane kajeno?
2 Sera se seholo, Satane Diabolose, se tiisitse ho hlasela moloko oa batho ’me haholo-holo barapeli ba ’nete ba Molimo. Pakane ea hae ke hore bohle bao e ka ’nang ea e-ba baboloki ba botšepehi ba furalle Molimo ’me a ba ise tšenyehong le eena le mangeloi a hae a bademona. Leha ho le joalo, re kholisehile hore haeba re mamella ka botšepehi, Diabolose o tla re balehela. Joaloka Jesu, re ka ‘ithuta ho utloa’ Molimo ka lintho tse re utloisang bohloko, ’me ka mosa o sa tšoanelang oa Hae, ra fihla bophelong bo sa feleng.—Ba-Heberu 5:7, 8; Jakobo 4:7; 1 Petrose 5:8-10.
3, 4. (a) Pauluse o ile a tšoanela ho loana le liteko life tsa kantle? (b) Pauluse o ne a amehile ka eng joaloka moholo oa Mokreste?
3 Moapostola Pauluse le eena o ile a lekoa ka litsela tse ngata. Ha a bolela lintho tse neng li mo paka hore ke mosebeletsi oa Kreste o ile a ngola: “Kea ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka literonko; ke bile lefung hangata; ke shapiloe ka phafa ke ba-Juda hahlano, lichapo tsa e-ba mashome a mane, ha hlokahala e qetellang; ke shapiloe ka thupa hararo; ke tlepelitsoe ka majoe hang; ke shoetsoe ke sekepe hararo; ke hlotse tsatsi le le leng le bosiu bo le bong bolibeng ba leoatle; ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella linōkeng, ka batla ke timela har’a masholu, ka batla ke timetsoa ke ba sechaba sa heso, ka batla ke timetsoa ke ba-lichaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella leoatleng, ka batla ke timetsoa ke baena ba mahata. Ka ba litsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyoroa, ka itima lijo hangata, ka hatsela, ka senyeheloa ke likobo.
4 “Leha ho sa baloe litsietsi tse tsoang kantle, ke likiloe ka matsatsi ’ohle ke lipelaetso tsa likereke tsohle. Ke mang ea fokolang, ’na ke sa fokole? Ke mang ea khopjoang, ’na ke sa che?” (2 Ba-Korinthe 11:23-29) Kahoo, Pauluse o ile a boloka botšepehi ha a ne a talimane le litlhoriso le liteko tse tsoang kantle, ’me joaloka moholo oa Mokreste, o ne a amehile ka botebo ka ho matlafatsa baena le bo-khaitseli ba fokolang ka phuthehong, a ba thusa hore ba boloke botšepehi. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa baholo ba Bakreste kajeno!
Ho Tšepahala Tlas’a Tlhoriso
5. Karabo ke efe ha motho a hlorisoa ka mokhoa o tobileng?
5 Satane o sebelisa maqheka afe ho senya botšepehi? Joalokaha ho bontšitsoe kaholimo, le leng la mano a sehlōhō ka ho fetisisa a Satane ke ho hlorisa ka mokhoa o tobileng, empa ho na le karabo. Ba-Efese 6:10, 11 ea re eletsa: ‘Tieang Moreneng le matleng a hae a sa sitoeng ke letho. Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlōla lihlōhō [kapa, “liketso tsa bolotsana,” mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW] tsohle tsa Diabolose.’
6. Ho ka bontšoa joang hore Lipaki tsa Jehova li atleha ho “hlōla ka ho fetisisa”?
6 Hangata mehleng ena ea qetello, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoanela ho loana le liteko. Kahoo, re ka tlatsa Pauluse ra re: “Nthong tseo tsohle, re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.” (Ba-Roma 8:37) Sena se pakoa ke tlaleho ea botšepehi ba Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso tsa Jeremane, Austria, Poland, le Yugoslavia mehleng ea Bonazi lipakeng tsa 1933 le 1945, tlas’a khatello ea Bokomonisi Europe Bochabela lipakeng tsa 1945 le 1989, le nakong ea litlhoriso tse sohlokileng likarolo tse ling tsa Afrika le Latin America linakong tsa morao haholo.
7. Ho tlalehoa mehlala efe e susumetsang ea botšepehi ea Ethiopia?
7 Ethiopia Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka mohlala o susumetsang oa botšepehi lipakeng tsa 1974 le 1991. E mong oa bahapi ba nang le tšekamelo ea bopolotiki o ile a bolella moena ea neng a koaletsoe chankaneng hore: “Ho ka bang molemo ke ho lokolla litau sebakeng sa polokelo ea liphoofolo ho e-na le ho tlohela lōna hore le boele le tsamaee ka bolokolohi!” Bahlorisi bana ba sehlōhō ba ile ba hlorisa bahlanka ba Jehova, ’me ka mor’a lilemo tse ngata lekhotla la maipiletso le ile la laela hore ba bolaoe. Setopo sa moena e mong se ile sa papaneoa pontšeng e le temoso. Baena ba bang ba ileng ba ipiletsa khahlanong le kahlolo ea lefu ba ile ba lokolloa ke lekhotla le sekametseng ho eleng hloko maikutlo a batho ba bang, ’me ba bang ba ‘bahlōli’ bana ba tšepahalang ba bile le likarolo lenaneong la Kopano ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” e neng e le Addis Ababa mathoasong a 1994.a—Johanne 16:33; bapisa le 1 Ba-Korinthe 4:9.
8. Satane o lekile joang ho rua molemo ka “tlhoekiso ea merabe”?
8 Satane o hlōlehile ho senya botšepehi ba baena le bo-khaitseli ba joalo ba tšepahalang ka tlhaselo e tobileng. Kahoo, ke maqiti afe a mang a bolotsana ao a a sebelisang? Tšenolo 12:12 e re ka mehla ena ea qetello: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Ha a hlōlehile ho felisa batho ba tšepahalang ba Molimo ka litlhoriso, bohaleng ba hae o leka ho bolaea baahi bohle ka sehlōhō, ntle ho pelaelo e le ka boikemisetso ba hore a timetse batho ba Jehova hammoho le ba bang bohle. Kahoo seo ho thoeng ke tlhoekiso ea merabe se ’nile sa ntšetsoa pele likarolong tse ling tsa seo pele e neng e le Yugoslavia, ’me ho timetsoa ha merabe ho ’nile ha lekoa Liberia, Burundi, le Rwanda.
9. Ke hobane’ng ha maqiti a Satane a hlōleha hangata? Fana ka mehlala.
9 Leha ho le joalo, hangata maqiti a Satane a boeana le eena, hobane tlhokofatso ea bosatane e phaphamisa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba hlokomele hore tšepo feela ea bona e thehiloe ’Musong oa Molimo, o boleloang ka cheseho ke Lipaki tsa Jehova. (Mattheu 12:21) Ka sebele, ba thahasellang ba khobokana ’Musong! Ka mohlala, Bosnia le Herzegovina tse harasantsoeng ke ntoa e mabifi, moketeng oa Sehopotso sa lefu la Jesu oa la 26 March, 1994, ho bile teng ba 1 307, ba fetang ba bileng teng selemong se fetileng ka ba 291. Manane a phahameng haholo a ba bileng teng a ile a tlalehoa Sarajevo (414), Zenica (223), Tuzla (339), Banja Luka (255), le metseng e meng. Croatia e haufi le moo ho bile le palo e phahameng ea ba bileng teng ba 8 326. Pefo e ba pota-potileng ha ea ka ea thibela Lipaki tsa Jehova linaheng tseo ho mamela taelo ea ho “bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.”—1 Ba-Korinthe 11:26.
Rwanda e Harasantsoeng ke Ntoa
10, 11. (a) Ke eng se etsahetseng Rwanda eo ho boleloang hore ke ea Bokreste? (b) Baromuoa ba tšepahalang ba itlhalositse joang?
10 Ka 1993, Rwanda, ka bahoeletsi ba ’Muso ba 2 080, e bile le ba 4 075 Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo,” ’me ba 230 ba ile ba kolobetsoa. Ho bana, ba 142 ba ile ba kenya likōpo hang-hang bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Palo ea lithuto tsa mahae tsa Bibele tse tsamaisoang e ile ea nyolohela ho 7 655 ka 1994—ka ho totobetseng li ne li le ngata haholo hoo Satane a sa kang a rata! Le hoja palo e khōlō ea baahi e ipolela hore ke Bakreste, merabe e ile ea qala ho bolaeana ka sehlōhō. L’Osservatore Romano ea Vatican e ile ea lumela: “Sena ke letšolo le feletseng la ho timetsa morabe, leo ka bomalimabe le Mak’hatholike a ikarabellang ho lona.” Ho ile ha shoa banna, basali, le bana ba hakanyetsoang ho ba halofo ea milione, ’me ba ka bang limilione tse peli ba ile ba hlokisoa mahae kapa ba qobelleha hore ba balehe. Li bolokile ho se jele pate ha tsona ho seng mabifi ha Bokreste, Lipaki tsa Jehova li ile tsa leka ho lula hammoho. Baena ba rōna le bo-khaitseli ba makholo ba ile ba bolaoa. Empa phuthehong e ’ngoe ea bahoeletsi ba ’Muso ba 65, moo ho ileng ha bolaoa ba 13, palo ea ba bang teng libokeng e ile ea nyolohela ho 170 ka August 1994. Thepa ea liphallelo e tsoang ho Lipaki tse linaheng tse ling e bile har’a ea pele e ileng ea fihla. Lithapelo tsa rōna li nyolohela holimo lebitsong la baphonyohi.—Ba-Roma 12:12; 2 Ba-Thessalonika 3:1, 2; Ba-Heberu 10:23-25.
11 Joalokaha eka ke ka mohlolo, baromuoa ba bararo ba neng ba le Rwanda ba ile ba pholoha. Baa ngola: “Rea hlokomela hore baena ba rōna lefatšeng lohle ba ’nile ba tšoanela ho talimana le maemo a tšoanang kapa a mabe ho feta ao, ’me rea tseba hore sena sohle ke karolo ea pontšo ea mehla ea qetello ea tsamaiso ena e khopo. Ho ntse ho le joalo, ha motho a ameha ka boeena, lintho li mo hlakela hantle ’me ho etsa hore motho a ananele kamoo bophelo e leng ba bohlokoa kateng. Mangolo a itseng a na le moelelo o mocha ho rōna, ’me re lebeletse ka thahasello nako ea ha lintho tse fetileng li sa tl’o hlola li hopoloa. Ho sa le joalo re batla ho ipoloka re le maphatha-phathe tšebeletsong ea Jehova.”
Bacha ba Bolokang Botšepehi
12, 13. (a) Ke tsela efe ea ho boloka botšepehi e ileng ea nkoa ke mocha e mong? (b) Bacha ba rōna ba ka fumana khothatso hokae kajeno?
12 Jesu o ile a bontša hore ba latoloang ke litho tsa lelapa ka lebaka la ’nete ba tla putsoa “halekholo.” (Mareka 10:29, 30) Sena se ile sa etsahalla Entellia, ngoanana ea lilemo li leshome oa Afrika e ka leboea, ea ileng a rata lebitso la Molimo—Jehova—hang-hang hoba a le utloe. O ile a ithuta le Lipaki tsa Jehova ’me o ne a tsamaea metsotso e 90 ha a e-ea libokeng le e meng hape e mekaalo ha a khutla, le hoja lelapa labo le hanyetsang le ne le atisa ho mo koalla kantle ha a khutla. Ha a le lilemo li 13, o ile a qala ho bolela ka ntlo le ntlo, ’me khanyetso ea lelapa e ile ea tōta. Ka letsatsi le leng beng ka eena ba ile ba mo tlama matsoho le maoto ’me ba mo robatsa letsatsing le tlabolang ka lihora tse supileng, nako le nako ba ntse ba mo tšela ka metsi a litšila. Ba ile ba mo otla ka sehlōhō, ba senya leihlo le leng la hae, ’me qetellong ba mo leleka lapeng. Leha ho le joalo, o ile a fumana mosebetsi sepetlele ’me a qetella e le mooki ea nang le mangolo. Ha a le lilemo li 20 o ile a kolobetsoa eaba o ngolisa hang-hang e le pula-maliboho ea thusang. Ka lebaka la ho khahloa ke botšepehi ba hae, babo ba mo amohetse hape ka lapeng la bona, ’me ba robong ho bona ba amohetse lithuto tsa lehae tsa Bibele.
13 Entellia o ile a fumana khothatso e khōlō ho Pesaleme ea 116, haholo-holo litemaneng tsa 1-4, tseo a li balileng khafetsa: “Ke rata Jehova, hobane o utloile lentsoe la ka, le merapelo ea ka; hobane o ntšekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi ’ohle a ho phela ha ka. Litlamo tsa lefu li na be li nthatetse, ke na be ke tšoeroe ke matsoalo a nģalo ea bafu, ka fumana matsoalo le hlokofalo. Empa ka rapela lebitso la Jehova, ka re: Oho Jehova, u boloke moea oa ka!” Jehova o araba lithapelo tse joalo!
14. Lipaki tsa Poland li bontšitse botšepehi bo ikhethang joang?
14 Joaloka mehleng ea Jesu, hangata Satane o sebelisitse cheseho e feteletseng ea bolumeli ho fehla malakabe a tlhoriso—empa e le ntle ho katleho. Mohlala o ikhethang ke oa baena ba rōna ba Poland, joalokaha ho hlalositsoe ho 1994 Yearbook of Jehovah’s Witnesses. Esita le bacha ba ile ba biletsoa ho ipakahatsa e le baboloki ba botšepehi. Ka 1946 e mong ea joalo e ne e le ngoanana ea lilemo li 15 ea ileng a bolelloa: “Etsa feela pontšo ea sefapano ea K’hatholike. Ho seng joalo kulo e u emetse!” A ntse a bolokile botšepehi, o ile a huleloa ka morung, a hlorisoa ka sehlōhō, ’me a thunngoa.—Bapisa le Mattheu 4:9, 10.
Maqiti a Mang a Bolotsana a Satane
15, 16. (a) Leano la Satane la bodemona ke lefe, ’me re ka mo hanyetsa joang? (b) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore bacha ba rōna ba oele?
15 Leano la Satane la bodemona ka sebele ke “puso kapa tšenyo”! O na le lihlomo tse ngata tse hlokofatsang pokellong ea hae ea lihlomo. Joale, ha ho makatse hore ebe moapostola Pauluse oa lemosa: “Ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo. Ka baka leo, nkang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho tiea ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlōtse tsohle.” (Ba-Efese 6:12, 13) Takatso ea lintho tse bonahalang, boithabiso bo tlotlollang le liphatlalatso tsa mashano, ’mino oa bosatane, khatello ea lithaka sekolong, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le botahoa—ntho leha e le efe ho tsena e ka senya bophelo ba rōna. Kahoo, moapostola o tsoela pele ho eletsa: “Ka holim’a tseo tsohle le tšoare thebe ea tumelo eo ka eona le ka tsebang ho tima metsu eohle e tukang ea molotsana.”—Ba-Efese 6:16.
16 Ho bonahala sena se hlokahala ka ho khethehileng kajeno ka lebaka la ’mino o tsoileng tseleng oo Satane a kentseng lefatše lena ho oona. Mabakeng a mang o na le kamano e tobileng le Borapeli ba Satane. Tlaleho e tsoang ofising ea mookameli oa sepolesa ea San Diego County (U.S.A.) e ile ea re: “Re bile le konsarete mona eo ho eona sehlopha se neng se e-na le bana ba 15 000 ba neng ba bina ‘Natas’—ke hore, Satan ha e bitsoa e qaloa ka morao.” Borapeli ba Satane bo ’nile ba hlalosoa e le mokoti oo bacha ba oelang ka ho oona “hobane ba ’nile ba lelera ka ho tsieleha, ba halefile ebile ba le bang.” Lōna bacha ba ka phuthehong ea Bokreste, ha ho hlokahale hore le oele! Jehova o le lokisetsa lihlomo tsa moea tseo metsu ea Satane e ke keng ea li phunya le ka mohla.—Pesaleme ea 16:8, 9.
17. Ho tepella maikutlo ho ka hlōloa joang?
17 Limisaele tse tukang tsa bosatane li lokiselitsoe ho laola maikutlo. Ka likhatello tsa bophelo, tse kang ho kula ’meleng kapa boemo ba ho tepella maikutlo ka botebo, sera sa rōna se ka ’na sa etsa ba bang hore ba be le boikutlo ba hore ha ba na thuso. Motho e mong a ka nyahama hobane a sa khone ho sebetsa lihora tse ngata tšebeletsong ea Molimo kapa hobane a fosa liboka tse ling tsa phutheho. Tlhokomelo e lerato ea baholo le baena le bo-khaitseli ba bang ba nang le kutloelo-bohloko e ka thusa hore ho hlōloe maemo a thata a ferekanyang. Kamehla u hopole hore Jehova o rata bahlanka ba hae ba tšepahalang. (1 Johanne 4:16, 19) Pesaleme ea 55:22 e re: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”
18. Ke lihlōhō life tsa bosatane tseo ba bang ba tšoanelang ho loana le tsona?
18 “Lihlōhō” tse bolotsana tsa Satane li sa tsoa hlaha ka sebōpeho se seng hape. Linaheng tse ling batho ba bangata ba baholo ba ’nile ba e-ba le menahano e ba hlaselang e ba fang maikutlo a hatellang a hore bongoaneng ba bona lihlotšoana tsa borapeli ba bosatane li ile tsa ba hlekefetsa ka ho kopanela likobo le bona ka sehlōhō. Likhopolo tse joalo li tsoa hokae? Ho sa tsotellehe liphuputso tse pharaletseng, litsebi tsa lefatše li fapana haholo ka pono. Ba bang ba talima likhopolo tse joalo e le mehopolo ea sebele, ba bang ba e nka e le lintho tse inahaneloang—mohlomong li susumellelitsoe ke lipheko tse belaetsang tsa mafu a kelello—’me ba bang hape ba li nka e le lipono tsa bohata tse tlang kelellong tse bakuoeng ke ho ferekana kelellong ho hong ha bongoaneng.
19. (a) Jobo o ile a tšoanela ho loana le likhopolo life? (b) Baholo ba ka latela mohlala oa Elihu joang?
19 Hoa thahasellisa hore ebe mohlanka oa Molimo Jobo o ile a lokela ho loana le “likhopolo tse tšoenyang” tseo Satane a neng a li fetisa ka Elifaze le Tsofare. (Jobo 4:13-18, NW; 20:2, 3, NW) Ka lebaka leo Jobo o ne a hlokofatsoa ke “ho tšoenyeha,” ho neng ho fella ka hore a bue “puo e hlaha” ka ‘lintho tse tšosang’ tse hlasetseng kelello ea hae. (Jobo 6:2-4, NW; 30:15, 16, NW) Elihu o ile a mamela Jobo a khutsitse ’me ka tieo a mo thusa hore a be le pono ea litaba e bohlale ka hohle ea Jehova. Ka ho tšoanang kajeno, baholo ba utloisisang ba bontša hore ba tsotella ba tšoenyehileng ka ho se eketse “khatello” ea ba joalo. Ho e-na le hoo, ho tšoana le Elihu, ba ba mamela ka hloko ’me ba ba tlotsa ka oli e thobang ea Lentsoe la Molimo. (Jobo 33:1-3, 7; Jakobo 5:13-15) Kahoo motho leha e le mang eo maikutlo a hae a tšoentsoeng ke ho ferekana kelellong, ebang ke ha ’nete kapa ho inahaneloang, kapa ea ‘tšosoang ke litoro le lipono’ joaloka Jobo, a ka fumana matšeliso a thobang a Mangolo ka phuthehong.—Jobo 7:14; Jakobo 4:7.
20. Bakreste ba tepeletseng maikutlong ba ka thusoa joang hore ba boloke botsitso ba bona ba moea?
20 Hona joale Mokreste a ka tiisa hore, ka tsela e itseng, Satane ke eena ea susumelletsang likhopolo tsena tse tšabehang. Haeba ba bang ka phuthehong ba utloa bohloko ka tsela ena, ke bohlale hore ba bone maikutlo a tšosang joalo a kelello e le boiteko bo tobileng ba Satane ba ho ferekanya botsitso ba bona ba moea. Ba hloka tšehetso ea Mangolo e nang le mamello le kutloisiso. Ka ho retelehela ho Jehova ka thapelo le ka ho rua molemo boliseng ba moea, ba tšoenyehileng ba tla fumana molemo oa matla a fetang a tloaelehileng. (Esaia 32:2; 2 Ba-Korinthe 4:7, 8) Kahoo ba tla khona ho mamella ka botšepehi ’me ba hane ho lumella likhopolo tse mpe tse kenellang hore li ame khotso ea phutheho. (Jakobo 3:17, 18) E, ba tla khona ho hanyetsa Diabolose, ba bontša moea o tšoanang le oo Jesu a ileng a o bontša ha a ne a re: “Tloha, Satane.”—Mattheu 4:10; Jakobo 4:7.
21. Mangolo a lemosa joang ka litsela tse mano tsa Satane?
21 Rea tseba hore ka mokhoa o mong o itseng sepheo sa Satane ke hore a senye likelello tsa rōna, joalokaha moapostola Pauluse a ile a lemosa ho 2 Ba-Korinthe 11:3: “Ke tšohile, e se re mohlomong, joalo ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha, ea timelloa ke ’nete e ho Kreste.” Tšenyeho ea hona joale ea nama eohle, kapa mokhatlo oa batho o ikarotseng ho Molimo, e re hopotsa ka boitšoaro bo hlephileng bo ileng ba susumelletsoa ke moloko oa “lifontoane” oa bana ba batsoali ba sa tšoaneng ka semelo o neng o senyehile hape o le mabifi oa mehleng ea Noe. (Genese 6:4, 12, 13; Luka 17:26) Ka hona, ha ho makatse hore ebe Satane o ntša bohale ba hae ka ho retelehela liketsong tsa bolotsana le mekhoeng e mano, haholo-holo khahlanong le batho ba Molimo.—1 Petrose 5:8; Tšenolo 12:17.
22. Ha Satane a sirohile, ho ka lebelloa mahlohonolo afe?
22 Ho hang ha ho moo ho buuoang ka Satane likhaolong tse qetellang tsa buka ea Bibele ea Jobo. Botšepehi ba Jobo bo ne bo pakile hore phephetso ea hae ea bokhopo ea hore batho ha ba na ho tsoela pele ba tšepahala ho Molimo ke bohata. Ka ho tšoanang, nakong e tlang e haufi ha “bongata bo boholo” ba baboloki ba botšepehi ‘bo e-tsoa mahlomoleng a maholo,’ Satane o tla liheloa ka sekoting. Banna le basali ba tumelo, ho kopanyelletsa le Jobo ea tšepahalang, ba tla kopanela le “bongata [boo] bo boholo,” ho thabela mahlohonolo a paradeise, a bileng a leng maholo ho feta ao Jobo a ileng a putsoa ka ’ona!—Tšenolo 7:9-17; 20:1-3, 11-13; Jobo 14:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, leqepheng la 177.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jobo, Jesu, le Pauluse ba ile ba beha mehlala efe e metle ea botšepehi?
◻ Baboloki ba botšepehi ba talimane le Satane joang?
◻ Bacha ba ka hanela maqiti a bolotsana a Satane joang?
◻ Ke eng e ka etsoang ho loana ka katleho le lihlōhō tsa bosatane?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ethiopia, Meswat le Yoalan hona joale ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ba latela mohlala oa ntat’a bona, ea ileng a bolaoa
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Entellia, ’moloki e monyenyane oa botšepehi oa Afrika e ka leboea