Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matla a Lentsoe le Mosa
    Molula-Qhooa—1994 | October 1
    • Matla a Lentsoe le Mosa

      “Pelo e fokolisitsoeng ke matšoenyeho, lentsoe le mosa le ka e khatholla hakaakang!”—Liproverbia 12:25, Knox.

      BAKRESTE ha ba a sireletsoa ka ho feletseng hore ba se be le mahlomola. Ka linako tse ling ba ba le matšoenyeho ka lebaka la ho phela ka har’a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 Timothea 3:1, NW.

      Ha re utloa bohloko ba tlokotsi e joalo, ke tlhohonolofatso e kaakang ho utloa mantsoe a motsoalle ea tšepahalang! Bibele e re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) Jobo monna ea tšepahalang o ne a tsebahala ka ho ba motsoalle oa mofuta ona. Esita le Elifase o ile a re ka eena: “Ha e mong a ne a khoptjoa, a fokola ’me a khathetse, mantsoe a hao a ne a mo khothatsa hore a eme.”—Jobo 4:4, Today’s English Version.

      Leha ho le joalo, ha Jobo ka boeena a ne a hloka khothatso, Elifase le balekane ba hae ha baa ka ba bua mantsoe a mosa. Ba ile ba beha Jobo molato bakeng sa mahlomola a hae, ba fana ka maikutlo a hore o tlameha a e-na le molato ka sephiring. (Jobo 4:8) The Interpreter’s Bible ea hlalosa: “Seo Jobo a se hlokang ke qenehelo e tsoang pelong ea motho. Seo a se fumanang ke letoto la lipolelo tsa ‘’nete’ e khelohileng, le tsa bolumeli tse pheta-phetoang hamonate le litlhaloso tse bosula tsa boitšoaro.” Jobo o ne a ferekane haholo ha a utloa puo ea Elifase le balekane ba hae hoo a ileng a qobelleha hore a bokolle: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lōna ho isa kae?”—Jobo 19:2.

      Le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore mohlanka-’moho le rōna oa Molimo a bokolle ka baka la mantsoe a rōna a sa kang a nahanoa, a hlokang mosa. (Bapisa le Deuteronoma 24:15.) Maele a Bibele aa lemosa: “Seo u se buang se ka boloka bophelo kapa sa bo timetsa; kahoo u lokela ho amohela liphello tsa mantsoe a hao.”— Liproverbia 18:21, TEV.

      Ka ho elelloa matla a puo, a re lateleng mohlala oa moapostola Pauluse. Ha a ne a le Macedonia, o ne a ‘khothatsa baena ka lipolelo tse ngata.’—Liketso 20:2.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—1994 | October 1
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela