Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr24 January maq. 1-12
  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
  • Lihloohoana
  • LA 1-⁠7 JANUARY
  • LA 8-⁠​14 JANUARY
  • LA 15-​21 JANUARY
  • LA 22-​28 JANUARY
  • LA 29 JANUARY–LA 4 FEBRUARY
  • LA 5-⁠​11 FEBRUARY
  • LA 12-​18 FEBRUARY
  • LA 19-​25 FEBRUARY
  • LA 26 FEBRUARY–​LA 3 MARCH
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
mwbr24 January maq. 1-12

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 1-⁠7 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 32-​33

Khothatsa Batho ba Sebetsanang le ho Tšoenyeha

it-1-E 710

Elihu

Elihu o ne a se leeme abile a sa bue ka tsela e phoqang ho batho ba bang. O ne a lumela hore eena le Jobo ba ne ba bopiloe ka letsopa ke Ea Matla ’Ohle. Elihu o ne a sa ikemisetsa ho utloisa Jobo bohloko, ho e-⁠na le hoo o ile a bua le eena joaloka motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo. O ile a bitsa Jobo ka lebitso e leng ntho eo Elifaze, Bildade le Tsofare ba sa kang ba e etsa.​—⁠Job 32:​21, 22; 33:​1, 6.

w14 6/15 25 ¶8-​10

Na U Talima ba Fokolang ka Tsela eo Jehova a ba Talimang ka Eona?

8 Re tla utloela bara le barali babo rona ba ratehang bohloko haeba re hopola hore ba fokolisitsoe ke mathata a kang a ho kula, ho phela lelapeng le arohaneng bolumeling kapa ho ba le khatello ea maikutlo. Le rona ka le leng re ka ’na ra iphumana re le boemong bo tšoanang. Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba hopotsoa hore ba se ke ba “thatafatsa lipelo” ho barab’abo bona ba sotlehileng, kaha le bona ba ne ba futsanehile ba bile ba fokola ha ba le Egepeta. Jehova o ne a lebeletse hore ba thuse mafutsana.​—⁠Deut. 15:​7, 11; Lev. 25:​35-⁠38.

9 Ho e-⁠na le ho ahlola kapa ho belaella batho ba mathateng, re lokela ho ba tšelisa ka Mangolo. (Jobo 33:​6, 7; Mat. 7:⁠1) Ka mohlala: Ha mokhanni oa sethuthuthu a fihla sepetlele a lemetse, na lingaka li tla leka ho fumana pele hore na sesosa sa kotsi e bile sefe? Che, li mo thusa ka potlako. Ka ho tšoanang, haeba molumeli-’moho le rona a sithabelitsoe ke mathata, re lokela ho potlakela ho mo thusa moeeng.​—⁠Bala 1 Bathesalonika 5:⁠14.

10 Haeba re ipha nako ea ho nahana ka mathata ao barab’abo rona ba tobanang le ’ona, re ka ’na ra talima mefokolo ea bona ka tsela e ’ngoe. Nahana ka baralib’abo rona ba qetileng lilemo ba hanyetsoa ke ba lelapa. Ba bang ba ka ’na ba shebahala eka ke batho feela ba fokolang, leha ho le joalo ba bonahatsa hore ba na le tumelo ba bile ba matla. Ha u bona ’mè ea lulang a tla libokeng le ngoana kapa le bana ba hae, na ha u khahloe ke tumelo le boikemisetso ba hae? Hona u ikutloa joang ka bacha ba tšepahalang ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe eo ba tobanang le eona sekolong? Ruri rea hlokomela hore batho bana bao ho bonahalang eka baa fokola, e ka ’na eaba le bona ‘ba ruile tumelong’ joaloka ba bang bohle bao lintho li ba tsamaelang hantle.​—⁠Jak. 2:⁠5.

w20.03 23 ¶17-​18

Nako e Loketseng ea ho Bua ke Efe?

17 Monna oa bone ea neng a etetse Jobo e ne e le Elihu, moamani-’moho le Abrahama. O ne a mametse ka hloko ha banna bao ba bararo ba ntse ba bua le Jobo. Ha ho potang hore o ne a le tsebe-thoethoe, kahoo o ile a khona ho fa Jobo keletso ka tsela e mosa le e tobileng e ileng ea mo thusa ho nahana ka tsela e nepahetseng. (Jobo 33:​1, 6, 17) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Elihu e ne le ho tlotlisa Jehova eseng eena kapa motho leha e le ofe. (Jobo 32:​21, 22; 37:​23, 24) Mohlaleng oa Elihu re ithuta hore ho na le nako ea ho thola le ho mamela. (Jak. 1:​19) Re boetse re ithuta hore ha re fa batho keletso, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho nahana ka eona ke ho tlotlisa lebitso la Jehova eseng rona.

18 Re bontša hore re ananela mpho eo re nang le eona ea ho bua ka hore, re mamele likeletso tse tsoang ka Bibeleng tsa hore na re lokela ho bua neng le hore na joang. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liprov. 25:​11) Ha re mamela ka hloko hape re nahana pele re bua, mantsoe a rona a ka ba joaloka liapole tsa khauta ’me ea e-⁠ba a bohlokoa. Kahoo, ho sa tsotelehe hore na re bua haholo kapa che, lintho tseo re li buang li lokela ho haha batho ba bang hape re tla etsa hore Jehova a be motlotlo ka rona. (Liprov. 23:​15; Baef. 4:​29) Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re ananela mpho ena ea Molimo.

Matlotlo a Patiloeng

w13 1/15 19 ¶10

Loanela ho Lula u E-⁠na le Kamano e Haufi le Jehova

10 Ke hantle hore re amehe ka tsela eo re shebahalang ka eona. Empa ha rea lokela ho leka ka matla ho tlosa matšoao ’ohle a bontšang hore rea tsofala. Matšoao ao a ka bontša hore re holile kelellong, re na le seriti hammoho le botho bo botle. Ka mohlala, Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liprov. 16:​31) Ke tsela eo Jehova a re talimang ka eona ’me le rona re lokela ho leka ho italima ka tsela e tšoanang. (Bala 1 Petrose 3:​3, 4.) Kahoo, na e ka ba bohlale hore re behe bophelo ba rona kotsing ka hore re etse liopereishene kapa re amohele mekhoa e kotsi ea phekolo e le hore feela re shebahale re le batle? “Thabo ea Jehova” ke eona eo e leng mohloli oa botle ba ’nete bo hlahang ka hare, ho sa tsotellehe hore na re tsofetse kapa ha rea phela hantle. (Neh. 8:​10) Ke lefatšeng le lecha feela moo re tla phela hantle re be re boele bocheng. (Jobo 33:​25; Esa. 33:​24) Ho fihlela nakong eo, re lokela ho bontša bohlale le tumelo ’me seo se tla re thusa hore re lule re e-⁠na le kamano e haufi le Jehova ha re ntse re thabela bophelo ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona hona joale.​—⁠1 Tim. 4:⁠8.

LA 8-⁠​14 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 34-​35

Haeba re Tšoaroa ka ho Hloka Toka

wp19.1 8 ¶1

Molimo o na le Makhabane Afe?

Molimo o etsa lintho tse nepahetseng kamehla. Bibele e re: “Ho ke ho be hole le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!” (Jobo 34:​10) Jehova o ahlola ka toka ’me mopesaleme o ile a tiisa taba ena ha a re: “U tla ahlola lichaba ka ho loka.” (Pesaleme ea 67:4) Kaha “Jehova o bona seo pelo e leng sona,” re ke ke ra mo thetsa hobane o bona seo e leng ’nete ’me o fana ka kahlolo e loketseng. (1 Samuele 16:7) Hape, Molimo o bona ho hloka toka le bobolu tse teng lefatšeng ’me o tšepisitse hore haufinyane “ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.”​—⁠Liproverbia 2:22

w17.04 10 ¶5

Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

5 Jehova o tla etsa’ng? Hona joale Jehova o file batho ba khopo monyetla oa hore ba fetohe. (Esa. 55:⁠7) Jehova o se a ntse qeto ea hore o tla felisa batho bohle ba khopo empa ha a e-⁠s’o ba ahlole ka bomong. Ho tla etsahala’ng ka batho ba hanang ho fetoha, ba tšehetsang tsamaiso ee ho fihlela matšoenyeho a maholo a qala? Jehova o tšepisitse hore o tla felisa batho ba khopo. (Bala Pesaleme ea 37:​10.) Batho ba khopo ba ka ’na ba nahana hore ba tla pholoha kahlolo eo hobane ba pata liketso tse mpe tseo ba li etsang ’me ha ho mohla ba fumanang kahlolo e ba lokelang. (Jobo 21:​7, 9) Leha ho le joalo, Bibele e re hopotsa sena ka Molimo: “Mahlo a hae a holim’a litsela tsa motho. O bona mehato eohle ea hae. Ha ho botšo kapa moriti o lefifi. Bakeng sa hore ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ipate moo.” (Jobo 34:​21, 22) Ha ho na motho ea ka ipatelang Jehova. Ha ho na lefifi le ka sitisang Jehova ho bona ntho leha e le efe. Ka mor’a Armagedone, re tla sheba moo batho ba khopo ba neng ba lula teng ’me re ke ke ra ba bona. Ba tla be ba le sieo, ka ho sa feleng!​—⁠Pes. 37:​12-⁠15.

w21.05 7 ¶19-​20

Na U Tla Khoptjoa ka Lebaka la Jesu?

19 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Batho ba bangata mehleng ena, ba khopisoa ke taba ea hore ha re kenelle litabeng tsa lipolotiki. Ba lebelletse hore le rona re khethe likhethong. Empa rea tseba hore ho ea ka Jehova, haeba re khetha ho busoa ke batho, re tla be re mo hlanohela. (1 Sam. 8:​4-⁠7) Batho ba ka boela ba bona ho loketse hore re hahe likolo le lipetlele le ho thusa sechaba. Ba koatisoa ke hore re qeta nako le matla a rona re ruta batho ka Bibele ho e-⁠na le ho leka ho rarolla mathata a lefatše lena.

20 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? (Bala Matheu 7:​21-23.) Morero oa rona o ka sehloohong e lokela ho ba ho etsa mosebetsi oo Jesu a re laetseng hore re o etse. (Mat. 28:​19, 20) Ha rea lokela ho ferekanngoa ke lipolotiki le ho batla ho rarolla mathata a lefatše lena. Re rata batho ebile re ameha ka mathata a bona empa rea tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa baahelani ba rona ke ka ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ho ba thusa hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova.

Matlotlo a Patiloeng

w17.04 29 ¶3

Ithaopele ho Rorisa Jehova!

3 Jehova ha aa ka a khalemela Elihu ha a re ho Jobo: “Haeba ka sebele u nepile, u mo [Molimo] fa eng, kapa o amohela eng letsohong la hao?” (Jobo 35:⁠7) Na Elihu o ne a bolela hore tšebeletso eo re e etsetsang Molimo ke ea lefeela? Che. O ne a bolela hore tšebeletso eo re mo etsetsang eona ha e mo thuse ka letho. Jehova ha a hloke letho. Re ke ke ra mo ruisa kapa ra mo ekeletsa matla. Leha ho le joalo, makhabane, litalenta kapa bokhoni boo re nang le bona ke letlotlo le tsoang ho Molimo ’me o ela hloko tsela eo re le sebelisang ka eona.

LA 15-​21 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 36-​37

Mabaka a ka Etsang Hore u Tšepe Tšepiso ea Molimo ea ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

w15 10/1 13 ¶1-⁠⁠2

Na Ruri re ka Tseba Molimo?

MOLIMO O TENG KA HO SA FELENG: Bibele e re haesale Molimo a le teng “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 90:2) Ka mantsoe a mang, Molimo ha a na qalo ebile ha a na qetello. Kahoo, ha ho na motho ea ka tsebang hore na lilemo tsa hae li kae.​—⁠Jobo 36:⁠26.

Kamoo u ruang molemo kateng: Molimo o tšepisa hore u tla phela ka ho sa feleng hafeela u mo tseba haholoanyane. (Johanne 17:⁠3) Na re ne re ka lumela hore tšepiso eo ke ’nete haeba Molimo a ne a sa phele ka ho sa feleng? Ke “Morena oa bosafeleng” feela ea ka phethahatsang tšepiso eo.​—⁠1 Timothea 1:⁠17.

w20.05 22 ¶6

Na U Ananela Limpho Tseo Jehova a U Fileng Tsona?

6 Kaha lefatše le lutse sebakeng se nepahetseng hole le letsatsi, le khona ho boloka metsi e le mokelikeli. Haeba le le haufi haholo le letsatsi, metsi a ne a tla bela ebe a siea lefatše le omme khere! hape le se na bophelo. Athe haeba teng le ne le le hole haholo le letsatsi, metsi e ne e tla ba qhoqhoane ebe lefatše le ba le lehloa le leqhoa le lengata. Empa kaha Jehova o behile lefatše moo ho loketseng, potoloho ea lona ea metsi e etsa hore ho be le bophelo. Mocheso oa letsatsi o etsa hore metsi a maoatleng le matamong a etse mouoane ebe a etsa maru. Selemo le selemo, mocheso oa letsatsi o fetola lilithara tsa metsi tse limilione-milione mouoane. Metsi ana a lula sepakapakeng matsatsi a ka bang leshome pele a ka theoha e le pula kapa lehloa. Ka tsela ena metsi a phallela maoatleng, matamong le linokeng ebe potoloho ena e ntse e ipheta joalo-joalo. Jehova o entse potoloho ea metsi e le hore lefatše le se ke la felloa ke metsi ’me taba ena e pakahatsa hore Jehova o bohlale hape o matla.​—⁠Jobo 36:​27, 28; Moek. 1:⁠7.

w22.10 28 ¶16

Lula U E-⁠na le Tšepo e Tiileng

16 Tšepo ea rona ea bophelo bo sa feleng ke mpho e tsoang ho Molimo. Re lebeletse bokamoso bo thabisang haholo boo re tsebang hantle hore boa tla, ho bata kapa ho chesa. Tšepo ena e tšoana le ankora kaha e re thusa hore re se ke ra tsukutloa ke mathata, re mamelle ha re hlorisoa esita leha re tobane le lefu. E tšoana le helmete kaha e sireletsa likelello tsa rona e le hore re se ke ra ba le menahano e ka etsang hore re etse lintho tse fosahetseng. E boetse e re thusa hore re etse lintho tse nepahetseng. Tšepo eo Bibele e re fang eona e re atametsa ho Molimo ebile e re thusa ho bona hore na o re rata haholo hakae. Re fumana molemo o moholo haeba re lula re e-⁠na le tšepo e matla.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 492

Ho Fetisoa ha Litaba

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, litaba li ne li fetisetsoa ho batho ba bang ka litsela tse fapaneng. Hangata litaba tsa sebakeng se itseng kapa tsa libakeng tse ling li ne li fetisetsoa ho batho ba bang ka hore ba bue ka tsona lifahleho li talimane. (2Sa 3:​17, 19; Job 37:​20) Bahoebi ba tsamaeang ba ne ba atisa ho bua ka litaba tsa libaka tse hole tsa moo ba tsoang teng ha ba ne ba khefutsa metseng e itseng e le hore ba ka fumana lijo, metsi kapa ka mabaka le haele afe. Bahoebi ba tsamaeang ba ne ba feta metseng ea Palestina ebang ba ne ba ea Asia, Afrika kapa Europe. Kahoo ho ne ho ka ba bonolo hore batho ba lulang Palestina ba tsebe litaba tsa bohlokoa tse neng li etsahala libakeng tse hole. Limmarakeng ke hona moo batho ba neng ba fumana litaba tsa sebakeng sa ha bo bona kapa tsa libakeng tse hole.

LA 22-​28 JANUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 38-​39

Na u Ipha Nako ea ho Sheba Popo?

w21.08 9 ¶7

Na U Ikemiselitse ho Letela Jehova?

7 Ha Bibele e hlalosa kamoo Jehova a ileng a bopa lefatše kateng e re o ile a beha “litekanyo tsa lona,” “litšehetso tsa lona tse sekoti” le “lejoe la lona la sekhutlo.” (Jobo 38:​5, 6) O ile a ba a nka nako ho sheba mosebetsi oa hae. (Gen. 1:​10, 12) U nahana hore mangeloi a ile a ikutloa joang ha a bona lintho tseo Jehova a ntseng a li bopa? E tlameha ebe a ne a thabile haholo. Ke kahoo a ileng a qala ho “hlaba litlatse.” (Jobo 38:⁠7) Re ithuta’ng? Ho ile ha nka lilemo tse ngata hore Jehova a etse lefatše, linaleli le lintho tsohle tse phelang empa e itse ha a sheba mosebetsi oa hae ’ohle, o ile a re o ne o le “molemo haholo.”​—⁠Gen. 1:⁠31.

w20.08 14 ¶2

Tsoho e Bontša Hore Jehova o Lerato, o Mosa Hape o na le Mamello

2 Qalong feela, Jehova o ile a bopa mosebetsi-’moho le eena. Eaba o sebelisa Mora eo oa hae oa pele “ho bopa lintho tse ling tsohle” ho akareletsa le mangeloi a limilione. (Bakol. 1:​16) Jesu o ile a thabela monyetla oo oa ho sebetsa le ntate oa hae haholo. (Liprov. 8:​30) Mangeloi le ’ona a ne a e-⁠na le lebaka la hore a thabe. A ne a le joaloka batho ba lutseng litulong tse kapele-pele lebaleng la liketsahalo ha Jehova le Mosebetsi oa hae ea hloahloa ba ne ba bopa leholimo le lefatše. Mangeloi a ile a etsa’ng? A ile a “qala ho hlaba litlatse” ha lefatše le ne le thehoa ’me ha ho potang ho re a ile a tsoela pele ho rorisa Jehova ka mesebetsi e babatsehang eo a ileng a e etsa ho akareletsa le o ka sehloohong oa ho bopa batho. (Jobo 38:⁠7; Liprov. 8:​31) Lintho tsena kaofela tseo Jehova a li bopileng li ile tsa bontša hore o lerato hape o bohlale.​—⁠Pes. 104:​24; Bar. 1:⁠20.

w23.03 17 ¶8

Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng

8 Re lokela ho tšepa Jehova. Jehova o ile a thusa Jobo hore a mo tšepe. (Jobo 32:⁠2; 40:​6-⁠8) Ha Molimo a ntse a bua le Jobo, o ile a bua ka lintho tse ngata tseo a li bopileng ho akareletsa le linaleli, maru le mahalima. Jehova o ile a bua le ka liphoofolo tse kang poho e hlaha le pere. (Jobo 38:​32-35; 39:​9, 19, 20) Lintho tsena kaofela li ne li bontša hore Molimo o na le matla, o lerato ebile o bohlale. Puisano eo Jobo a ileng a ba le eona le Jehova e ile ea mo thusa hore a mo tšepe le ho feta. (Jobo 42:​1-⁠6) Le rona ha re ithuta ka lintho tse bopiloeng, rea hopola hore Jehova o bohlale le hore o matla ho re feta. A ka khona ho felisa mathata ’ohle a rona ebile o tla a felisa. Taba ena e ka re thusa hore re mo tšepe le ho feta.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 222

Mofani oa Molao

Jehova ke Mofani oa Molao. Jehova ke eena feela Mofani oa Molao popong eohle. Ke eena ea faneng ka melao ea tlhaho e laolang popo e sa pheleng (Job 38:​4-​38; Ps 104:​5-​19) le liphoofolo. (Job 39:​1-​30) Kaha batho ba bopiloe ke Jehova, ba angoa ke melao ea hae ea tlhaho. Batho ba lokela ho mamela melao ea Molimo ea boitšoaro hobane ba bopiloe ba e-⁠na le bokhoni ba ho nahana, ba ho mamela melao ea Jehova ea boitšoaro le ba ho mo sebeletsa. (Bar 12:⁠1; 1Ko 2:​14-16) Ho ekeletsa moo, melao ea Jehova e boetse e laola libopuoa tsa moea e leng mangeloi.​—⁠Ps 103:​20; 2Pe 2:​4, 11.

Melao ea Jehova ea tlhaho e tla lula e le teng. (Jer 33:​20, 21) Popong ea Jehova eo re ka e bonang, melao ea hae ea tšepahala ebile ha e fetohe. Taba ena ke ’nete hobane moo bo-rasaense ba ithutileng ka melao ena, ho ea boholeng bo itseng ba ka khona ho bona hore na khoeli, lipolanete le popo engoe e leholimong li tsamaea joang. Batho ba iphapanyetsang melao ea Jehova ea tlhaho ba fumana litlamorao tse bohloko hang-hang. Ka ho tšoanang melao ea Jehova ea boitšoaro e ke ke ea fetoha, ea sitisoa kapa ea hlokomolohuoa ka boomo. Joalokaha re lokela ho mamela melao ea Jehova ea tlhaho re boetse re lokela ho mamela le melao ea hae ea boitšoaro. Le hoja re ke ke ra fumana litlamorao tsa liketso tsa rona hang-hang haeba re tlola melao ea hae ea boitšoaro, ’nete ke hore “ha ho na motho ea ka thetsang Molimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.”​—⁠Gal 6:⁠7; 1Ti 5:⁠24.

LA 29 JANUARY–LA 4 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 40-​42

Seo re Ithutang Sona Mohlaleng oa Jobo

w10 10/15 3-⁠4 ¶4-⁠⁠6

“Ke Mang ea Tsebang Kelello ea Jehova?”

4 Ha re ntse re nahanisisa ka mesebetsi ea Jehova, re lokela ho qoba mokhoa oa ho ahlola Molimo re itšetlehile ka melao ea batho. Mokhoa ona ho buuoa ka ’ona ka tsela e sa tobang mantsoeng a Jehova a tlalehiloeng Pesalemeng ea 50:​21, e reng: “U ile ua nahana hore ka sebele ke tla ba joaloka uena.” Ho joalokaha setsebi se seng sa Bibele se ile sa bua lilemong tse fetang 175 tse fetileng, ha se ne se re: “Batho ba tloaetse ho ahlola Molimo ba itšetlehile ka melao ea bona ba bile ba nahana hore Molimo o laoloa ke melao e tšoanang le eo ba nahanang hore batho ba lokela ho e boloka.”

5 Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella hore tsela eo re nkang Jehova ka eona e laoloe ke melao ea rona le lintho tse batloang ke rona. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Ha e le hantle, kaha tsela eo re shebang lintho ka eona ea haella ebile ha ea phethahala, ha re ntse re ithuta Mangolo, re ka ’na ra bona eka liketso tse ling tsa Jehova ha lia loka. Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba nahana ka tsela eo ba ba ba etsa qeto e fosahetseng mabapi le tsela eo Jehova a neng a sebelisana le bona ka eona. Hlokomela hore na Jehova o ile a re’ng ho bona: “Ka sebele le tla re: ‘Tsela ea Jehova ha ea loka.’ Ka kopo, utloang, Lona ba ntlo ea Iseraele. Na tsela ea ka ha ea loka? Na litsela tsa lona hase tsona tse sa lokang?”​—⁠Ezek. 18:⁠25.

6 Ntho e ka re thusang hore re qobe ho ahlola Jehova re itšetlehile ka melao ea rona, ke ho hlokomela hore tsela eo re shebang lintho ka eona ea haella ’me ka linako tse ling e ba le liphoso tse tebileng. Ho ne ho hlokahala hore Jobo a ithute sena. Ha Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a nyahama ’me ka tsela e itseng a icheba boeena feela. O ile a lebala lintlha tsa bohlokoa. Empa ka lerato Jehova o ile a mo thusa hore a shebe lintho ka tsela e pharaletseng. Ka ho botsa Jobo lipotso tse fapaneng tse fetang 70, tseo Jobo a neng a ke ke a li araba, Jehova o ile a hatisa kamoo kutloisiso ea Jobo e neng e haella kateng. Jobo o ile a ikokobetsa ’me a fetola tsela eo a neng a sheba lintho ka eona.​—⁠Bala Jobo 42:​1-⁠6.

w17.06 25 ¶12

Na u Nka Bobusi ba Jehova e le Ntho ea Bohlokoa?

12 Na Jehova o ne a sa utloele Jobo bohloko ha a mo khalemela joalo le hoja Jobo a ne a mameletse mathata a boima? Che, Jobo le eena o ne a bone ho le joalo. O ne a utloisisa khalemelo ea Jehova a bile a e ananela. O ile a ba a re: ‘Ke hula mantsoe, ke baka ke le leroleng le moloreng.’ O buile mantsoe ao ka lebaka la khalemelo ea Jehova e lerato. (Jobo 42:​1-⁠6) Pejana ho moo, Elihu le eena o ile a khalemela Jobo. (Jobo 32:​5-10) Ha Jehova a hlokomela hore Jobo o bakile, o ile a bolella batho hore o motlotlo ka Jobo.​—⁠Jobo 42:​7, 8.

w22.06 24-25 ¶17-​18

“Tšepa Jehova”

17 Ha se Jobo feela ea ileng a lula a le sebete a bile a tšepahala ha a kopana le mathata a boima. Ho na le bahlanka ba Jehova ba bangata ba ileng ba etsa seo. Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baheberu, o ile a ba bitsa “leru le leholo . . . la lipaki.” (Baheb. 12:⁠1) Kaofela ha bona ba ile ba kopana le mathata a mangata empa ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova. (Baheb. 11:​36-40) Na e ile ea e-⁠ba ha lefeela hore ebe ba ile ba mamella le ho sebetsa ka thata? Che! Le hoja litšepiso tsa Molimo li sa ka tsa phethahala kaofela nakong eo ba ntseng ba phela, ba ile ba lula ba ntse ba tšepa Jehova. Kaha ba ne ba kholisehile hore Jehova oa ba rata, ba ile ba e-⁠ba le tumelo ea hore ba tla bona ha litšepiso tsa hae li phethahala. (Baheb. 11:​4, 5) Mohlala oa bona o ka re thusa hore re tsoele pele ho tšepa Jehova..

18 Mehleng ena lintho li ntse li tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang. (2 Tim. 3:​13) Satane o ntse a bakela batho ba Molimo mathata. Ke ’nete hore re tla kopana le mathata a mangata empa re lokela ho lula re ikemiselitse ho sebetsa ka thata bakeng sa Jehova. Hape re lokela ho ba sebete kaha “re behile tšepo ea rona ho Molimo ea phelang.” (1 Tim. 4:​10) Litlhohonolofatso tseo Molimo a ileng a li fa Jobo, li paka hore “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jak. 5:​11) Le rona a re luleng re tšepahalla Jehova ’me re kholisehe hore o tla putsa “ba mo batlang ka tieo.”​—⁠Bala Baheberu 11:⁠6.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 808

Ho Songoa

Jobo o ne a tšepahala le ha a ne a songoa haholo, feela o ile a etsa phoso ka lebaka la maikutlo a fosahetseng ao a ileng a ba le oona. Ka lebaka leo, Elihu o ile a mo thusa ho ba le maikutlo a matle ha a re: “Ke mang ea tšoanang le Jobo, ea mamellang ho songoa habonolo joalokaha eka o noa metsi?” (Job 34:⁠7) Nakong eo Jobo a neng a songoa, o ile a ikemela le ho itokafatsa ho e-⁠na le hore a amehe haholo ka ho rorisa Molimo. (Job 35:⁠2; 36:​24) Ha “metsoalle” ea hae e meraro e ne e mo soma, o ile a nka e soma eena le hoja e ne e soma Molimo. Ka tsela ena e ne eka o thabela ho songoa le ho tšehoa joalokaha motho a thabela ho noa metsi. Hamorao Molimo o ile a bolella Jobo hore basomi bao ba ne ba sa bua ’nete ka eena [Molimo]. (Job 42:⁠7) Jehova o ile a bua mantsoe a batlang a tšoana ho moprofeta Samuele ha sechaba sa Baiseraele se ne se batla ho busoa ke morena. O ile a re: “Ha sea lahla uena empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.” (1Sa 8:⁠7) Le Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lichaba tsohle li tla le hloea [eseng ka lebaka la liketso tsa lona empa] ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat 24:⁠9) Ho ba le maikutlo a tšoanang le a Molimo le Jesu ho ka thusa Mokreste hore a mamelle ha a songoa hape ho ka etsa hore a fumane moputso ka lebaka la mamello ea hae.​—⁠Lu 6:​22, 23.

LA 5-⁠​11 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 1-⁠⁠4

Tšehetsa ’Muso oa Molimo

w21.09 15 ¶8

“Ke Tla Sisinya Lichaba Tsohle”

8 Batho ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oo? Ba bangata ha baa ka ba o amohela. (Bala Pesaleme ea 2:​1-⁠3.) Lichaba li ile tsa halefa. Li ile tsa hana ho amohela Morena eo Jehova a mo khethileng. Ha li nke molaetsa oa ’Muso oo re o bolelang e le litaba tse monate ebile mebuso e meng e thibetse mosebetsi oa boboleli. Le hoja bongata ba babusi ba lichaba tseo ba re ba sebeletsa Molimo ha ba batle ho tlohela bolaoli le matla a bona. Kahoo, joaloka babusi ba mehleng ea Jesu le mehleng ena babusi ba hanyetsa Mokhethoa oa Jehova ka hore ba hlasele balateli ba hae ba tšepahalang.​—⁠Lik. 4:​25-⁠28.

w16.04 24 ¶11

Lula u sa Nke Lehlakore Lefatšeng Lena le Arohaneng

11 Ho rata maruo. Haeba re nkela chelete le maruo holimo, re ka ’na ra thatafalloa ho lula re sa nke lehlakore. Ka mor’a 1970, barab’abo rona ba bangata ba Malawi ba ile ba tlameha ho tela thepa eohle ea bona, kaha ba ne ba hana ho kena mokheng oa lipolotiki. Empa ka masoabi ba bang ba ne ba sa batle ho arohana le maruo a bona. Morali’abo rona e mong ea bitsoang Ruth o re, “Ba bang ba ile ba ea palehong le rona, empa hamorao ba ingolisa mokheng oa lipolotiki, ’me ba khutlela malapeng a bona hobane ba sa batle ho phela ka thata likampong tsa baphaphathehi.” Leha ho le joalo, bahlanka ba bangata ba Molimo ha ba etse seo. Ba lula ba sa nke lehlakore, esita le haeba seo se etsa hore ba hloke chelete kapa ba lahleheloe ke thepa ea bona.​—⁠Baheb. 10:⁠34

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 425

Moko

Ke litlhoka tse tsoang ha motho a ntse a pola kapa a olosa lijo-thollo tse kang koro kapa harese. Hangata Bibele e bua ka ’moko, ho tšoantšetsa ntho e ngoe e itseng. Leha ho le joalo, e ntse e re thusa ho hlokomela kamoo lintho li neng li etsoa kateng mehleng ea khale ha ho ne ho poloa. Ka mor’a hore ho kotuloe, ’moko o ne o se na thuso hobane o ne o sa jehe. Ke kahoo o tšoantšetsang ntho e bofefo, e se nang thuso le e sa rateheng hobane o tlosoa har’a lintho tse lokileng ebe oa lahloa.

Ha ho poloa, lijo-thollo li arohana le ’moko. Ha ho se ho olosoa, ’moko o fefoloa ke moea. (Sheba WINNOWING.) Sena se bontša hantle ntho eo Jehova Molimo a tl’o e etsa ha a tlosa bakoenehi har’a batho ba hae a bile a felisa batho ba khopo le lichaba tse loantšang batho ba hae. (Job 21:​18; Ps 1:⁠4; 35:⁠5; Esa 17:​13; 29:⁠5; 41:​15; Hos 13:⁠3) ’Muso oa Molimo o tla silakanya lira tsa Molimo hore li be joaloka ’moko o fefoloang ke moea.​—⁠Dan 2:⁠35.

Kaha ’moko ha o na thuso, o ne o bokelloa ebe oa chesoa e le hore o se ke oa hlola o kopana le lijo-thollo. Johanne Mokolobetsi o ile a bolela esale pele hore batho ba khopo ba bolumeli ba bohata ba tla felisoa joaloka ’moko o chesoang. O ile a boela a re ho tla ba joalokaha eka Jesu Kreste oa pola le ho bokella koro “empa o tla chesa ’moko ka mollo o ke keng oa tima.”​—⁠Mat 3:​7-​12; Lu 3:​17; sheba THRESHING.

LA 12-​18 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 5-⁠⁠7

Lula u Tšepahala ho sa Tsotellehe Lintho Tseo ba Bang ba li Etsang

w21.03 15 ¶7-8

Ho Bala Bibele ho ka u Thusa Joang Hore u Mamelle Mathata?

7 Na e mong oa lelapa kapa motsoalle oa hao o kile a u utloisa bohloko? Haeba ho joalo, u ka thusoa ke ho hlahloba tlaleho ea Absalome mora oa Morena Davida ea ileng a tsoa ntate oa hae tlaase a ba a leka ho nka puso ea hae.​—⁠2 Sam. 15:​5-14, 31; 18:​6-⁠14.

8 (1) Rapela. U nahanne ka tlaleho eo, bolella Jehova hore u ikutloa joang ka tsela e mpe eo u ileng oa tšoaroa ka eona. (Pes. 6:​6-⁠9) Toba taba. Kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo e ka u thusang ha u ntse u leka ho sebetsana le bothata boo.

w20.07 8-⁠9 ¶3-⁠⁠4

Na u Kholisehile Hore Lintho Tseo u li Lumelang ke ’Nete?

3 Tumelo ea rona ha ea lokela ho thehoa feela holim’a lerato leo re nang le lona ho bara le barali babo rona. Hobane’ng? A re re mohlomong molumeli-’moho le uena, ebang ke moholo kapa pula-maliboho, o etsa sebe se tebileng. Kapa a re re mohlomong mora kapa morali’abo rona o u utloisitse bohloko ka tsela e itseng. Kapa mohlomong motho e mong e ba mokoenehi ’me o fana ka maikutlo a hore lintho tseo re li lumelang ke mashano. Haeba lintho tsa mofuta oo li etsahala, na tumelo ea hao e tla thefuloa e be u khaotsa ho sebeletsa Jehova? Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u na le tumelo ho Jehova hobane feela u shebile hore na batho ba bang ba etsa’ng ho e-⁠na le hore uena u etse hore kamano ea hao le Jehova e be matla, tumelo ea hao e tla fokola. Tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova le batho ba hae e ka u thusa hore u be le tumelo ho isa boholeng bo itseng, empa ho boetse ho bohlokoa hore u ithute Bibele ka ho teba, u utloisise lintho tseo u ithutang tsona u be u etse lipatlisiso e le hore u ikholise hore lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova ke ’nete. U lokela ho ikholisa ka bouena hore Bibele e bua ’nete ka Jehova.​—⁠Bar. 12:⁠2.

4 Jesu o ile a re ba bang ba ne ba tla amohela ’nete “ka thabo” empa ebe tumelo ea bona ea fokola ha ba thulana le liteko. (Bala Matheu 13:​3-6, 20, 21.) Mohlomong ha baa ka ba elelloa hore ha re latela Jesu, re tla kopana le mathata le liteko tse itseng. (Mat. 16:​24) Kapa mohlomong ba ile ba nahana hore ho ba Mokreste ho bolela hore re tl’o phela bophelo bo se nang mathata, bo tletseng ka mahlohonolo feela le bo se nang liteko ho hang. Empa lefatšeng lena leo re phelang ho lona, re tla lula re e-⁠na le mathata. Ka linako tse ling, ho na le lintho tse fetohang bophelong ba rona tse etsang hore thabo eo re nang le eona e fele.​—⁠Pes. 6:⁠6; Moek. 9:⁠11.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 995

Lebitla

Ho Baroma 3:​13 Moapostola Pauluse o qotsa mantsoe a Pesaleme ea 5:⁠9 moo batho ba khopo le ba qhekellang ba bang ba tšoantšoang le “lebitla le ahlameng.” Feela joalokaha lebitla le tletse batho ba shoeleng kapa litopo tse bolileng, melomong ea batho ba khopo ho tsoa lipuo tse bolileng le tse etsang hore ho be le lipolao.​—⁠Bapisa le Mat 15:​18-​20.

LA 19-​25 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 8-⁠​10

“Ke Tla u Rorisa . . . Jehova”!

w21.08 3 ¶6

Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova

6 Jehova o re etselitse lehae le letle. Pele a bopa motho oa pele, Jehova o ile a lokisa lefatše hore batho ba khone ho phela ho lona. (Jobo 38:​4-⁠6; Jer. 10:​12) Kaha Jehova oa fana ebile oa re nahanela, o ile a etsa lintho tse ngata tseo re ka li thabelang. (Pes. 104:​14, 15, 24) Ka linako tse ling, o ne a ipha nako ea ho nahana ka lintho tseo a li bopileng ’me “a bona hore ho molemo.” (Gen. 1:​10, 12, 31) O ile a bontša hore o nka batho e le ba bohlokoa ka hore a re ba “laole” lintho tsohle tse ntle tseo a li bopileng lefatšeng. (Pes. 8:⁠6) Morero oa Molimo ke hore batho ba phethahetseng ba thabele ho hlokomela lintho tsena tse ntle tseo a li bopileng ka ho sa feleng. Na u lula u leboha Jehova ka lintho tse ntle tseo a re tšepisitseng tsona?

w20.05 23 ¶10

Na u Ananela Limpho Tseo Jehova a u Fileng Tsona?

10 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho bua, ke ka hore re hlalosetse batho ba lumelang hore lintho li ikentse hore na ke hobane’ng ha re lumela hore Molimo o bopile lintho tsohle. (Pes. 9:⁠1; 1 Pet. 3:​15) Batho ba lumelang thuto ena ba re lefatše le lintho tse ho lona li ikentse. Ha re sebelisa Bibele le lintho tseo re ithutileng tsona sehloohong sena, re ka khona ho emela ntate oa rona Jehova le ho hlalosetsa batho ba batlang ho re mamela hore na re kholisoa ke’ng hore Jehova ke ’Mopi oa leholimo le lefatše.​—⁠Pes. 102:​25; Esa. 40:​25, 26.

w22.04 7 ¶13

Na u Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?

13 Bina ka pelo eohle. Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re binang lipina tsa ’Muso libokeng ke ho rorisa Jehova. Morali oabo rona Sara ha a inke e le motho ea tsebang ho bina. Leha ho le joalo, o batla ho rorisa Jehova ka ho mo binela. Kahoo, ha a lokisetsa liboka o lokisetsa le lipina. O bina lipina tseo ebe o leka ho bona hore na mantsoe a tsona a amana joang le lintlha tse tla tšohloa libokeng. O re: “Sena se nthusa hore ke amehe haholo ka mantsoe a pina ho e-⁠na le ho tšoenyeha ka hore na ke tseba ho bina kapa che.”

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 832

Monoana

Ha Bibele e bua ka lintho tseo Molimo a li entseng, e sebelisa puo ea tšoantšetso e reng o li entse ka “menoana” ea hae. Mohlala ke ha a ne a ngola Melao e Leshome matlapeng (Ex 31:​18; De 9:​10), ha a ne a etsa mehlolo (Ex 8:​18, 19, nal.) le ha a ne a bopa maholimo (Ps 8:​3, nal.). “Menoana” eo ho thoeng Molimo o ile a e sebelisa ha a bopa lintho, ke moea o halalelang kapa matla ao aa sebelisang. Taba ena e tšehetsoa ke tlaleho ea Genese e buang ka popo, moo e reng matla a Molimo a sebetsang (ruʹach, “moea”) a ne a ea koana le koana holim’a metsi. (Ge 1:​2, nal.) Ka hare ho Mangolo a Segerike a Bakreste, re fumana tlaleho e re thusang ho utloisisa hore moea oa Molimo o tšoantšoa le monoana. Ha Matheu le Luka ba bua ka tlaleho e tšoanang ea moo Jesu a ileng a leleka bademona, Matheu o ile a re Jesu o ne a sebelisa “moea oa Molimo,” ha Luka eena a ile a re o ne a sebelisa “monoana oa Molimo.”​—⁠Mat 12:​28; Lu 11:​20, nal.

LA 26 FEBRUARY–​LA 3 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 11-​15

Ipone u se u le Lefatšeng le Lecha le Nang le Khotso

w06 5/15 18 ¶3

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme

11:3​—⁠Ke metheo efe e qhaqhoang? Ena ke metheo eo batho ba itšetlehileng ka eona​—⁠e leng molao, taolo le toka. Ha e ka ferekana, ho ba le pherekano feela sechabeng ’me toka e ba sieo. Maemong ao, “mang kapa mang ea lokileng” o lokela ho tšepa Molimo ka botlalo.​—⁠Pesaleme ea 11:​4-⁠7.

wp16.4 11

Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?

Bibele e re haufinyane Molimo o tla felisa bokhopo lefatšeng. Lefatše lena le tletseng lintoa le letetsoe ke ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ (2 Petrose 3:​5-⁠7) Batho ba khopo ha ba sa tla hlola ba utloisa ba bang bohloko. Ke eng e re kholisang hore Molimo o batla ho nka khato ’me a felise bokhopo lefatšeng?

Bibele e re Molimo “o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:⁠5) ’Mopi oa rona o rata khotso le toka. (Pesaleme ea 33:⁠5; 37:​28) Ke kahoo a ke keng a lumella hore batho ba khopo ba lule ba le teng.

w17.08 7 ¶15

Na u Ikemiselitse ho Leta u sa Fele Pelo?

15 Ke hobane’ng ha Davida a ne a ikemiselitse ho leta a sa fele pelo? O fana ka karabo hona pesalemeng eo ho eona a ileng a re: “Halelele hakae?” O ile a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; Pelo ea ka e ke e thabele poloko ea hao. Ke tla binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang.” (Pes. 13:​5, 6) Davida o ne a tseba hore Jehova oa mo rata ’me a ke ke a mo lahla. O ile a letela hore Jehova a mo lopolle ’me a nahana ka linako tseo Jehova a ileng a mo thusa. O ne a tseba hore ha a itšenyetse nako ka ho letela Jehova.

kr 236 ¶16

Muso o Etsa Thato ea Molimo Lefatšeng

16 Tšireletseho. Qetellong, litšepiso tse thabisang tse tlalehiloeng ho Esaia 11:​6-9, litla phethahala ka ho feletseng ka tsela ea sebele. Banna, basali le bana ba tla sireletseha hohle moo ba eang teng lefatšeng. Ha ho motho ea tla ntša e mong kotsi ’me le liphoofolo li ke ke tsa ntšana kotsi. Nahana feela lefatše lena lohle e se e le lehae la hao, u sesa linokeng, matšeng le maoatleng, u haola le lithaba u bile u solla makhulong u sireletsehile kahohle. U ke ke ua tšoenyeha leha u phirimelloa u le moo. Mantsoe a ho Ezekiele 34:​25 a tla phethahala ’me batho ba Molimo ba tla ‘lula lefeelleng ba sireletsehile ba robale morung.’

Matlotlo a Patiloeng

w13 9/15 19 ¶12

Na U Fetohile?

12 Ka masoabi, lefatšeng lena re phela har’a batho ba tšoanang le ba hlalositsoeng ke Pauluse. Ho ka etsahala hore ebe ba nahana hore ho mamela melao le melao-motheo, ke ntho e siiloeng ke nako ebile ha ho na motho ea lokelang ho qobella ba bang hore ba e mamele. Mesuoe le batsoali ba bangata ba lumella bana ho iketsetsa borata. Ba bile ba ba ruta hore motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho iketsetsa qeto ea hore na ke sefe se nepahetseng kapa se fosahetseng. Batho ba mofuta oo ba lumela hore ha e le hantle ha ho kamoo batho ba ka tsebang hore na ke sefe se nepahetseng kapa se fosahetseng. Esita le batho ba bangata ba ipolelang hore ke balumeli, ba nka hore ba na le bolokolohi ba ho etsa seo ba lumelang hore se nepahetse ’me ha ho letho le ba tlamang hore ba mamele Molimo hammoho le melao ea hae. (Pes. 14:1) Ho ba le maikutlo ana ho ka beha Bakreste ba ’nete kotsing e kholo. Batho ba sa falimehang ba ka ’na ba talima litokisetso tsa puso ea Molimo ka tsela eo. Ba ka ’na ba se ke ba ikemisetsa ho latela tsamaiso ea phutheho ’me ba tletleba ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba sa e rateng. Kapa ba ka ’na ba se ke ba lumellana ka botlalo le keletso e thehiloeng Bibeleng e mabapi le boithabiso, tšebeliso ea Inthanete le ho phehella thuto e phahameng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela