Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu oa Phela!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Basali ba maketse ha ba fumana lebitla la Jesu le sa tšela

      KHAOLO EA 134

      Jesu oa Phela!

      MATHEU 28:​3-15 MAREKA 16:​5-8 LUKA 24:​4-12 JOHANNE 20:​2-18

      • JESU O TSOSITSOE BAFUNG

      • SE ETSAHALANG LEBITLENG LA JESU

      • O BONAHALA HO BASALI BA ’MALOA

      Basali ba tlileng lebitleng la Jesu ba eme le monna oa mateneng ha ba fumana le re u ‘n’u ’nehile’ng?’ Maria Magdalena oa le tipa-tipa o ea ho “Simone Petrose le ho morutuoa e mong, eo Jesu a neng a mo rata” e leng moapostola Johanne. (Johanne 20:2) Khabareng, basali ba setseng ba bona lengeloi. Ka har’a lebitla, ho boetse ho na le lengeloi le leng le apereng “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu.”​—Mareka 16:5.

      Le leng la mangeloi ana le re ho bona: “Le se ke la tšoha, kaha kea tseba hore le batla Jesu ea ileng a khokhotheloa thupeng. Ha a eo mona, kaha o tsositsoe, joalokaha a boletse. Tloong, le bone sebaka seo a neng a robetse ho sona. E-eang kapele ’me le bolelle barutuoa ba hae hore o tsositsoe bafung, ’me, bonang! o le etella pele ho kena Galilea.” (Matheu 28:​5-7) Kahoo, basali bana ba tloha ba matha ba thothomela ba bile ba maketse, ba ea ho barutuoa e le hore ba il’o ba tlalehela lintho tsena.​—Mareka 16:8.

      Nakong ena, Maria o se a fumane Petrose le Johanne. A hemesela, o re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng la khopotso, ’me ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.” (Johanne 20:2.) Joale Petrose le Johanne ba tloha ba matha. Johanne o lebelo ho feta Petrose kahoo o mo fihlela pele. Leha ho le joalo, ha a kene ka har’a lebitla empa o nyarela feela ’me o bona feela masela a neng a thatetse Jesu.

      Ha Petrose a fihla, o itšohlometsa ka hare. O bona masela a line le lesela le neng le thatetse hlooho ea Jesu. Joale Johanne le eena oa kena ’me o lumela seo Maria a se boletseng. Le hoja Jesu a ile a ba bolella hore o tla tsosoa bafung, ha ho le ea mong oa bona ea lemohang hore seo ke sona se etsahetseng. (Matheu 16:​21) Joale ba ea hae hlooho li eme ntsi! Maria eena o sala lebitleng.

      Nakong ena, basali ba bang ba ntse ba le tseleng ba il’o bolella barutuoa hore Jesu o tsositsoe bafung. Ha ba le tseleng, ba kopana le Jesu ’me o re ho bona: “Lumelang!” Ba itihela maotong a hae ‘ ’me baa mo inamela.’ Joale Jesu o re ho bona: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea, ’me ba tla mpona moo.”​—Matheu 28:​9, 10.

      Pejana ha lefatše le ne le reketla ’me mangeloi a hlaha, masole a neng a le lebitleng a ila a ‘thothomela ’me a e-ba joaloka batho ba shoeleng.’ Ha a hlaphoheloa, a ile a kena motseng ’me a “tlalehela baprista ba ka sehloohong lintho tsohle tse neng li etsahetse.” Joale baprista ba ile ba eletsana le baholo ba Bajuda. Qeto eo ba ileng ba e fihlela ke hore ba fe masole tjotjo e le hore a ka pata ’nete ea se etsahetseng ’me a re: “Barutuoa ba hae ba ile ba tla bosiu ’me ba mo utsoa ha re ntse re robetse.”​—Matheu 28:​4, 11, 13.

      Masole a Roma a ka bolaoa haeba a ka robala a le mosebetsing, kahoo baprista ba a tšepisa sena: “Haeba sena [leshano la hore a ne a robetse] se fihla litsebeng tsa ’musisi, re tla mo susumetsa ’me re tla le lokolla matšoenyehong.” (Matheu 28:​14) Masole ana a nka tjotjo ’me a etsa seo baprista ba se kopileng. Kahoo, leshano lena la hore setopo sa Jesu se utsoitsoe lea pharalla har’a Bajuda.

      Maria Magdalena o ntse a lla a le lebitleng. Ha a nyarela ka lebitleng, o bona mangeloi ane a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu! Le leng la ’ona le lutse ka hloohong moo setopo sa Jesu se neng se robalitsoe, ha le leng le le ka maotong. Joale a botsa Maria a re: “Mosali, u llela’ng?” O araba ka ho re: “Ba tlositse Morena oa ka, ’me ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.” Ha Maria a reteleha, o bona motho e mong. Motho eo o pheta potso eo mangeloi a e botsitseng, o re: “U batla mang?” Maria o nahana hore ke mohlokomeli oa serapa, kahoo o re: “Mohlomphehi, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile hokae, ’me ke tla mo tlosa.”​—Johanne 20:​13-15.

      Maria ha a elelloe hore o ntse a bua le Jesu. Leha ho le joalo, ha Jesu a re ho eena, “Maria!” oa hlokomela hore ke Jesu hobane a tloaetse ho bua le eena ka tsela eo. Joale Maria o hoeletsa ka thabo o re: “Rabboni!” (e bolelang, “Mosuoe!”). Leha ho le joalo, kahobane a tšoha hore Jesu o mothating oa ho nyolohela leholimong, oa mo mamarela. Kahoo Jesu o re ho eena: “Khaotsa ho ’mamarela. Etsoe ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate. Empa e-ea ho barab’eso ’me u re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lona le ho Molimo oa ka le Molimo oa lona.’ ”​—Johanne 20:​16, 17.

      Maria o mathela moo baapostola le barutuoa ba bang ba leng teng. O re ho bona: “Ke bone Morena!” ’me tlaleho ena e tlatseletsa ho eo basali ba bang ba e phetileng. (Johanne 20:​18) Leha ho le joalo, litlaleho tsena li “bonahala li se na kelello ho bona.”​—Luka 24:​11.

      • Ka mor’a hore Maria Magdalena a fumane lebitla le sa tšela, eena hammoho le basali ba bang ba bona eng?

      • Petrose le Johanne ba etsa’ng ha ba bona lebitla le sa tšela?

      • Basali ba bang ba kopana le mang ha ba le tseleng e eang ho barutuoa, ’me ho etsahala’ng ha Maria Magdalena a se a khutletse lebitleng?

      • Barutuoa ba ikutloa joang ka litlaleho tseo ba li fumanang?

  • Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Thomase o bona Jesu a phela

      KHAOLO EA 135

      Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela

      LUKA 24:​13-49 JOHANNE 20:​19-29

      • JESU OA HLAHA TSELENG E EANG EMMAUSE

      • O HLALOSETSA BARUTUOA BA HAE MANGOLO KA HO PHETA-PHETA

      • THOMASE O KHAOTSA HO BELAELA

      Ke Sontaha sa la 16 Nisane, ’me barutuoa ba oele moea. Ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha lebitla la Jesu le sa tšela. (Matheu 28:​9, 10; Luka 24:​11) Hamorao, Cleopase le morutuoa e mong ba nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 11 ho tloha Jerusalema ba ea Emmause.

      Ha ba le tseleng, ba buisana ka se etsahetseng. Joale motho eo ba sa mo tsebeng oa hlaha ’me o kenella puisanong ea bona. Oa ba botsa o re: “Litaba tsee tseo le phehisanang ka tsona ha le ntse le tsamaea ke life?” Cleopase o re ho eena: “Na u lula u le mojaki u le mong Jerusalema ’me kahoo ha u tsebe lintho tse etsahetseng teng matsatsing aa?” Monna eo oa ba botsa o re: “Lintho life?”​—Luka 24:​17-19.

      Ba re ho eena: “Lintho tse malebana le Jesu Monazaretha. . . . Re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele.”​—Luka 24:​19-21.

      Cleopase le mphato’a hae ba mo phetela lintho tse etsahetseng letsatsing lona leo. Baa mo bolella hore basali ba bang ba neng ba ile lebitleng la Jesu ba fumane le sa tšela le hore basali bana ba bone mangeloi ’me a itse Jesu o tsositsoe bafung. Ba boetse baa mo bolella hore ba bang ba ile ba ea lebitleng ’me ba fumana hore ha le na letho “feela joalokaha basali bao ba ne ba boletse.”​—Luka 24:24.

      Ho hlakile hore barutuoa bana ba babeli ba eme lihlooho ka lebaka la sena se etsahetseng. Kahoo monna enoa o ba soaea mohlahare e le ho lokisa menahano ea bona e fosahetseng e ba sitisang ho lumela hore Jesu o tsositsoe. O re ho bona: “Lona ba se nang kelello le ba lipelo li liehang ho lumela linthong tsohle tseo baprofeta ba ileng ba li bua! Na ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a utloisoe bohloko ke lintho tsee le hore a kene khanyeng ea hae?” (Luka 24:​25, 26) Joale o ba hlalosetsa Mangolo a mangata a buang ka Kreste.

      Qetellong, banna bana ba bararo ba fihla haufi le Emmause. Barutuoa bana ba babeli ba batla hore monna enoa a ba hlalosetse ho ea pele, kahoo ba re ho eena: “Lula le rona, hobane e se e tla ba shoalane ’me letsatsi le se le sekame.” Oa lumela ’me ba teka tafole. Ha monna enoa oa moeti a etsa thapelo, a qhetsola bohobe ’me a ba fa bona, baa elelloa hore na ha e le hantle ke mang, empa joale oa nyamela. (Luka 24:​29-31) Sena sea ba kholisa hore kannete Jesu oa phela!

      Banna bana ba buisana ba thabile ka se qetang ho ba etsahalla, ba re: “Na lipelo tsa rona li ne li sa chese ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” (Luka 24:​32) Joale ba khutlela Jerusalema ka potlako ’me ba fumana baapostola ba e-na le batho ba bang. Le pele Cleopase le mphato’a hae ba ka pheta pale ea bona, barutuoa ba bang ba re: “Kannete Morena o tsositsoe ’me o bonahetse ho Simone!” (Luka 24:​34) Joale banna bana ba babeli le bona ba ba phetela kamoo ba boneng Jesu kateng.

      Ha ba re mahlo tloha, ba bona ntho e ba makatsang. Jesu o na le bona ka tlung! Ha ba kholoe seo ba se bonang kaha ba inotleletse ka tlung hobane ba tšaba Bajuda. Ntho e ba makatsang ke hore na Jesu o kene le hokae. O bua ka bonolo o re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.” Leha ho le joalo, ba tšohile ’me le lekhetlong lena ba nahana hore ba bona lipono.​—Luka 24:​36, 37; Matheu 14:​25-27.

      Jesu o ba bontša matsoho le maoto a hae e le hore ba ka kholoa hore ha ba bone lipono empa ba bona eena hantle a le ’meleng oa nama. O re: “Ke hobane’ng ha le khathatsehile, ’me ke hobane’ng ha lipelaelo li hlaha ka lipelong tsa lona? Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke ’na. Nkameng ’me le bone, hobane moea ha o na nama le masapo feela joalokaha le bona hore ’na ke na le tsona.” (Luka 24:​36-39) Ba nyakaletse ebile ba hloletsoe empa ba ntse ba batla ba sa kholiseha.

      E le ho ba kholisa ka ho feletseng hore ehlile ha ba lore kapa hona ho bona lipono, oa ba botsa o re: “Na le na le ho jeoang moo?” Ba mo fa bohobe le tlhapi e besitsoeng ’me oa li ja. Joale o re ho bona: “Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lona [pele ke shoa], hore lintho tsohle tse ngotsoeng Molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.”​—Luka 24:​41-44.

      Joalokaha Jesu a ile a thusa Cleopase le mphato’a hae hore ba utloisise Mangolo, o etsa se tšoanang ho bohle ba bokaneng mona, o re: “Ka tsela ena ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro, ’me ka lebitso la hae pako bakeng sa tšoarelo ea libe e ne e tla boleloa lichabeng tsohle ho qala Jerusalema. Le tla ba lipaki tsa lintho tsena.”​—Luka 24:​46-48.

      Thomase ha a eo mona ha tsena tsohle li etsahala. Matsatsing a latelang, ba bang ba mo bolella ba thabile ba re: “Re bone Morena!” Thomase o ba araba ka ho re: “Ntle le hore ke bone masoba a lipekere matsohong a hae ’me ke kenye monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng la hae, ka sebele nke ke ka lumela.”​—Johanne 20:25.

      Matsatsi a robeli hamorao, baapostola ba boetse ba bokane ka tlung e notletsoeng ’me Thomase o na le bona. Jesu o hlaha har’a bona a le ’meleng oa nama ’me oa ba lumelisa o re: “E se eka le ka ba le khotso.” Ka mor’a moo o re ho Thomase: “Kenya monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka, ’me u nke letsoho la hao u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u khaotse ho se lumele empa u lumele.” Thomase oa khotsa o re: “Morena oa ka le Molimo oa ka!” (Johanne 20:​26-28) Joale o kholisehile hore Jesu oa phela ’me ke lengeloi le matla leo e leng moemeli oa Jehova Molimo.

      Jesu o re ho eena: “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho thaba ba sa boneng ’me leha ho le joalo ba lumela.”​—Johanne 20:​29.

      • Osele o botsa barutuoa ba babeli ba eang Emmause eng?

      • Ke hobane’ng ha lipelo tsa barutuoa li chesa ka hare ho bona?

      • Ha Cleopase le mphato’a hae ba khutlela Jerusalema, ba utloa tlaleho efe e thabisang, ’me ho etsahala’ng ka mor’a moo?

      • Ke eng e kholisang Thomase hore e fela Jesu a phela?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela