Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr24 May maq. 1-12
  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
  • Lihloohoana
  • LA 6-12 MAY
  • LA 13-19 MAY
  • LA 20-26 MAY
  • LA 27 MAY–LA 2 JUNE
  • LA 3-9 JUNE
  • LA 10-16 JUNE
  • LA 17-23 JUNE
  • LA 24-30 JUNE
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
mwbr24 May maq. 1-12

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso

© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 6-12 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 36-37

“U se ke oa Halefa ka Lebaka la Batho ba Khopo”

w17.04 10 ¶4

Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

4 Batho ba khopo ba re ama joang? Ka mor’a hore moapostola Pauluse a bolele esale pele hore mehleng ena ho tla ba le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” o ile a boela a re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:1-5, 13) Na mantsoe aa ke ’nete? Boholo ba rona re kile ra sotloa ke batho ba khopo, ba re soma kapa ba re hlasela. Ba bang ha ba pate bokhopo boo ba bo etsang, ha ba bang bona ba etsa eka ke batho ba molemo empa ba le khopo. Le haeba liketso tsa bokhopo ha li e-s’o re ame ka ho toba empa ka tsela e itseng li ntse li re ama. Lintho tse mpe tseo ba li etsang lia re nyarosa. Tsela eo batho ba khopo ba sotlang bana, batho ba holileng, le batho ba sa khoneng ho itšireletsa ka eona e etsa hore re lule re tšohile haholo. Batho ba khopo ba itšoara joaloka liphoofolo ’me ba etsa liketso tsa bodemona. (Jak. 3:15) Litaba tse monate ke hore Lentsoe la Jehova le re fa tšepo ea hore maemo ana a tla felisoa.

w22.06 10 ¶10

Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tšoarelang

10 Re ikutloisa bohloko ha re lula re halefile. Jehova o batla hore re be le khotso ’me re se ke ra imeloa ke ho lula re halefile. (Bala Baefese 4:31, 32.) O re re ‘tlohele bohale ’me re lese khalefo.’ (Pes. 37:8) Ho mamela keletso eo ho tla re thusa. Ha re lula re halefetse motho ea re utloisitseng bohloko, seo se ka re kulisa ’meleng le kelellong. (Liprov. 14:30) Ke rona ba tla utloa bohloko haeba re lula re halefetse motho e mong feela joalokaha ho noa chefo ho ka kulisa rona eseng motho e mong. Kahoo, re itsoela molemo ha re tšoarela batho ba bang. (Liprov. 11:17) Re ba le khotso ebile re khona ho tsoela pele re ntse re sebeletsa Jehova.

w03 12/1 13 ¶20

“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”

20 Ka nako eo, “ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:11a) Empa ke bo-mang baa “ba bonolo”? Lentsoe le fetoletsoeng e le “bonolo” le hlaha motsong oa lentsoe le bolelang “ho utloisa bohloko, ho kokobetsa, ho nyenyefatsa.” E, batho “ba bonolo” ke bao ka boikokobetso ba letetseng Jehova hore a tl’o lokisa ho hloka toka hohle hoo ba utloisoang bohloko ka hona. “Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11b) Esita le hona joale re fumana khotso e ngata paradeiseng ea moea e tsamaisanang le phutheho ea ’nete ea Bokreste.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 445

Lithaba

Li tsitsitse, li lula li le teng kapa li phahame. Lintho tse tsitsitseng le tse lulang li le teng li tšoantšoa le lithaba. (Esa 54:10; Hab 3:6; bapisa le Ps 46:2.) Kahoo, ha mopesaleme a tšoantša toka ea Jehova le “lithaba tsa Molimo” (Ps 36:6) e ka ’na eaba o ne a bolela hore toka ea Jehova ha e fetohe. Kaha lithaba li phahame, sena se ka bolela hore toka ea Molimo e phahametse ea batho. (Bapisa le Esa 55:8, 9.) Ha ho buuoa ka ho qhaloa ha bohale ba Molimo bo ka sekotlolong sa bosupa, Tšenolo 16:20 e re: “Lithaba tsa nyamela.” Sena se bolela hore esita le lintho tse phahameng joaloka lithaba, li ke ke tsa pholoha bohale ba Molimo.—Bapisa le Jer 4:23-26.

LA 13-19 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 38-39

Khaotsa ho Ikutloa u le Molato ka Tsela e Feteletseng

w20.11 27 ¶12-13

Shebela Pele Lefatšeng le Lecha

12 Bala 1 Johanne 3:19, 20. Ke ntho e tloaelehileng hore re ikutloe re le molato. Mohlala, batho ba bang ba ikutloa ba le molato ka lebaka la lintho tseo ba li entseng pele e e-ba Lipaki. Ba bang bona ba ikutloa ba le molato ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng ka mor’a hore e be Lipaki. (Bar. 3:23) Rea batla ho etsa lintho tse nepahetseng. Empa “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2; Bar. 7:21-23) Ha ho monate ho ikutloa re le molato empa ho ka re thusa. Joang? Maikutlo a joalo a ka re susumelletsa hore re etse liphetoho ’me re ikemisetse hore re se hlole re pheta liphoso tseo re li entseng.—Baheb. 12:12, 13.

13 Ka linako tse ling re ka tsoela pele ho ikutloa re le molato le ka mor’a hore re bake ebile re bona hore Jehova o re tšoaretse. Ntho eo e ka ba kotsi. (Pes. 31:10; 38:3, 4) Joang? Mohlala ke ona oa morali’abo rona e mong ea ileng a qeta nako e telele a ikutloa a le molato ka lebaka la liphoso tseo a neng a li entse. O re: “Ke ile ka utloa eka ke itšenyetsa nako ka ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle hobane a ka ’na a se ke a mpholosa.” E ka ’na eaba boholo ba rona re ikutloa joalo. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lula re itšoaea liphoso ka lebaka la lintho tseo re li entseng. Hobane’ng? Hobane Satane a ka tlola-tlola ke thabo ha a ka bona re tlohela ho sebeletsa Jehova empa Jehova eena a ntse a re rata.—Sheba le 2 Bakorinthe 2:5-7, 11.

w02 11/15 20 ¶1-2

Re ka Etsa Joang Hore Matsatsi a Rona a Amohelehe ho Jehova?

HO BONAHALA re phela matsatsi a seng makae feela ’me a feta ka potlako. Mopesaleme Davida o ile a nahana kamoo bophelo bo leng bokhutšoanyane kateng ’me a susumelletseha hore a rapele a re: “Jehova, u etse hore ke tsebe bofelo ba ka, le tekanyo ea matsatsi a ka—hore na ke eng, e le hore nka tseba kamoo ke phelang nako e khutšoanyane kateng. Bona! U entse hore matsatsi a ka e be a seng makae feela; nako ea bophelo ba ka e joaloka lefeela ka pel’a hao.” Davida o ne a rata ho phela ka tsela e khahlisang Molimo, ka lipolelo tsa hae le ka liketso tsa hae. Ha a bolela hore o tšepile Molimo, o ile a re: “Tebello ea ka e ho uena.” (Pesaleme ea 39:4, 5, 7) Jehova o ile a mo mamela. O ile a fela a sekaseka liketso tsa Davida ’me a mo putsa ka tšoanelo.

Ho bonolo hore motho a tšoarehe letšehare lohle le hore a phathahane bophelong bo potlakileng le bo linthoana-nthoana. Sena se ka ’na sa re tšoenya, haholo hobane re e-na le lintho tse ngata tseo re tlamehang ho li etsa empa re e-na le nako e fokolang. Na joaloka Davida re tšoenyehile ka hore re phele ka sepheo sa ho amoheleha ho Molimo? Ha ho pelaelo hore Jehova o bona e mong le e mong oa rona ’me o hlahloba e mong le e mong oa rona ka hloko. Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 600, monna ea bitsoang Jobo ea neng a tšaba Molimo, o ile a lumela hore Jehova o bona litsela tsa hae le hore o hlahloba liketso tsa hae kaofela. Jobo o ile a ipotsa a re: “Ha a batla boikarabello, ke tla mo araba ke re’ng?” (Jobo 31:4-6, 14) Re ka etsa hore matsatsi a rona e be a bohlokoa ho Molimo ka ho etelletsa pele lintho tsa moea, ka ho mamela litaelo tsa hae le ka ho sebelisa nako ka bohlale. A re ke re hlahlobeng lintho tsena ka hloko.

w21.10 15 ¶4

Lokisa Setsoalle sa Hao le Jehova

Lula u rapela. Ntate oa hao Jehova oa tseba hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho mo rapela haeba u ntse u ikutloa u le molato ka ntho e mpe eo u ileng oa e etsa. (Bar. 8:26) Ho ntse ho le joalo, ‘phehella thapelong’ u bolelle Jehova hore u batla ho ba motsoalle oa hae. (Bar. 12:12) Ha mora oa bo rona Andrej a hopola kamoo a neng a ikutloa kateng, o re: “Letsoalo la ka le ne le ntšetšetha ebile ke ne ke soabile. Empa kamehla ka mor’a hore ke rapele, ke ne ke utloa ho re kokololo ’me ke e-ba le khotso ea kelello.” Haeba u sa tsebe hore na u ka re’ng ha u rapela, u ka thusoa ke ho bala lithapelo tsa Morena Davida ea ileng a baka, tse tlalehiloeng ho Pesaleme ea 51 le ea 65.

Matlotlo a Patiloeng

w22.09 13 ¶16

Bontša Hore oa Tšepahala

16 Ho ba le boitšoaro ho bohlokoa e le hore batho ba re tšepe. Tšobotsi ena e re thusa ho thola haeba ho e-na le ntho e re khannelang hore re ntše taba ea lekunutu. (Bala Liproverbia 10:19.) Ha re sebelisa mecha ea puisano re ka ’na ra sitoa ho ba le boitšoaro. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re buile litaba tseo re sa lokelang ho li bua bathong ba bangata. Joale ha re hasa litaba ka marang-rang, re ke ke ra khona ho laola tsela eo li tla sebelisoa ka eona hape re ke ke ra tseba hore na li tla baka tšenyo e kae. Ho ba le boitšoaro ho tla re thusa hore re thole haeba bahanyetsi ba rona ba leka ho re qhekella ka hore re bue lintho tse ka behang bara le barali ba bo rona kotsing. Sena se ka etsahala haeba mapolesa a re botsa lipotso naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Maemong ana le a mang re ka sebelisa molao-motheo o buang ka ho “beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong.” (Pes. 39:1) Hore na re sebetsana le lelapa, metsoalle, bara le barali ba bo rona kapa motho leha e le ofe, re lokela ho tšepahala. Re lokela ho ba le boitšoaro e le hore re tšepahale.

LA 20-26 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 40-41

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

w18.08 21 ¶16-18

Batho ba Fanang Baa Thaba

16 Batho ba tloaetseng ho fana ha ba fane feela hobane ba lebeletse hore le bona ba tle ba fuoe. Jesu o ile a re: “Ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona.” (Luka 14:13, 14) Bibele e re ea “mosa o tla hlohonolofatsoa.” E boetse e re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase.” (Liprov. 22:9; Pes. 41:1) Re tla thaba haeba re ikemiselitse ho thusa batho ba bang.

17 Ha Pauluse a qotsa mantsoe a Jesu a reng, “ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” Pauluse o ne a sa re re lokela ho fana ka lintho tseo re nang le tsona feela, empa o ne a boetse a bua ka ho khothatsa, ho eletsa, le ho thusa batho ba bang. (Lik. 20:31-35) Mantsoe a Pauluse le liketso tsa hae li re ruta kamoo re lokelang ho tela nako, matla a rona, ho tsotella batho ba bang le ho ba rata.

18 Litsebi tse ngata li hlokometse hore ho fana ho etsa hore batho ba thabe. Buka e ’ngoe e re: “Batho ba bang ba re ba thaba haholo ka mor’a ho ba mosa ho batho ba bang.” Lipatlisiso li re ho fana ho bohlokoa kaha ho etsa hore re thabele bophelo. Ka ho tšoanang, litsebi li thoholetsa batho ba ithaopelang ho thusa sechaba kaha ho etsa joalo ho ba thusa hore ba phele hantle ba bile ba thabile. Batho ba amohelang hore Bibele ke Lentsoe la ntate ea lerato, ha ba makatsoe ke taba ena.—2 Tim. 3:16, 17.

w15 12/15 24 ¶7

Jehova o Tla U Tšehetsa

7 Empa haeba u ua kula, Jehova o tla u tšehetsa, joalokaha a ile a tšehetsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng. Morena Davida o ile a ngola, a re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.” (Pes. 41:1, 2) Davida o ne a sa bolele hore motho ea lokileng ea neng a nahanela ba tlaase ka nako eo, a ke ke a shoa. Joale Jehova o ne a tla thusa motho eo ea lokileng joang? Davida o ile a re: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.” (Pes. 41:3) Jehova o tseba hantle hore na ke’ng se tšoenyang bahlanka ba hae ’me ha a ba lebale. O ba fa sebete le bohlale. Jehova o boetse o bopile motho ka tsela eo ka eona ’mele oa hae o ka khonang ho ipholisa.

w17.09 12 ¶17

Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

17 Ha oa lokela ho utloela batho ba bang bohloko hobane feela u tseba hore le uena u tla rua molemo. Lebaka le ka sehloohong e lokela ho ba hore u batla ho etsisa Jehova ebile u batla ho mo thabisa. (Liprov. 14:31) Jehova ke mohlala o motle oa ho utloela batho bohloko. E se eka re ka etsa sohle seo re ka se etsang hore re mo etsise ’me re etse hore ho be le bonngoe ka phuthehong le hore re be le likamano tse ntle le baahelani ba rona.—Bagal. 6:10; 1 Joh. 4:16.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 16

Jehova

Tlaleho eohle ea Bibele e bua ka ho tlotlisoa ha bobusi ba Jehova ’me sena se hlakisa morero oa hae oa qalong e leng ho halaletsoa ha lebitso la hae. Ho halaletsoa hona ho bolela hore lithohako tsohle tse entsoeng mabapi le lebitso la Jehova lia tlosoa. Ka holimo ho tsohle, lebitso lena le lokela ho hlomphuoa ke libopuoa tsohle leholimong le lefatšeng hobane lea halalela. Libopuoa tsena lia tseba hore Jehova o matla ’ohle ebile lia mo hlompha. Ka lebaka leo li mo sebeletsa li sa qobelloe ebile li thabela ho etsa thato ea hae hobane lia mo rata. Boikutlo bona le se boleloang ke ho halaletsoa ha lebitso la Jehova li bonahala hantle thapelong ea Davida e hlahang ho Pesaleme ea 40:5-10. (Bona kamoo moapostola a sebelisitseng likarolo tsena tsa pesaleme ha a bua ka Jesu Kreste ho Heb 10:5-10.)

LA 27 MAY–LA 2 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 42-44

Sebelisa Lintho Tseo Jehova a re Rutang Tsona

w06 6/1 9 ¶4

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bobeli ea Lipesaleme

42:4, 5, 11; 43:3-5. Haeba ka lebaka le itseng le ke keng la qojoa, re sa khone ho kopanela le phutheho ea Bokreste ka nakoana, ho hopola thabo eo re bileng le eona nakong e fetileng ha re ne re e-na le balumeli-’moho le rona ho ka re matlafatsa. Le hoja qalong sena se ka totisa bohloko ba ho jeoa ke bolutu, se tla boetse se re hopotsa hore Molimo ke setšabelo sa rona ’me re lokela ho mo letela hore a re thuse.

w12 1/15 15 ¶2

Re ka Etsa’ng Hore re Thabele Nako ea ho Ithuta le Hore e re Tsoele Molemo?

1 RAPELA: Bohato ba pele boo u ka bo nkang ke hore u rapele. (Pes. 42:8) Hobane’ng? Re lokela ho nka ho ithuta Lentsoe la Molimo e le karolo ea borapeli ba rona. Kahoo, re lokela ho kopa Jehova hore a bule likelello le lipelo tsa rona hore li amohele ka botlalo seo re ithutang sona. (Luka 11:13) Barbara eo e leng khale e le moromuoa o re: “Kamehla kea rapela pele ke bala Bibele kapa ke ithuta eona. Ka mor’a moo, ke utloa ke kholisehile hore Jehova o na le ’na le hore o ananela seo ke se etsang.” Ho rapela pele re ithuta ho etsa hore likelello le lipelo tsa rona li amohele ka botlalo lijo tse ngata tsa moea tseo re li fuoang.

w16.09 5 ¶11-12

‘Matsoho a Hao a se ke a Tepella’

11 Re boetse re matlafatsoa ke thuto ea bomolimo eo re e fumanang libokeng, likopanong le likolong tsa puso ea Molimo. Koetliso eo e ka re thusa hore re be le boikutlo bo loketseng, re ipehele lipakane tsa tšebeletso le ho phetha boikarabelo ba rona ba Bokreste. (Pes. 119:32) Na u leka ho fumana koetliso eo, e le hore u imatlafatse?

12 Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba hlole Baamaleke le Baethiopia, ’me a fa Nehemia le bo-mphato ba hae matla e le hore ba qete mosebetsi oa ho tsosolosa marako. Le rona Molimo o tla re fa matla e le hore re tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona, khanyetso le ho hloka thahasello ha batho bao re buang le bona. (1 Pet. 5:10) Ha rea lebella hore Jehova a re thuse ka mohlolo. Ho e-na le hoo, re lokela ho phetha karolo ea rona. Seo se akarelletsa ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, ho lokisetsa liboka, ho etsa thuto ea botho le ho tšoara borapeli ba lelapa, esita le ho itšetleha ka Jehova kamehla. Ha rea lokela ho lumella letho ho re thibela ho sebelisa litokisetso tseo Jehova a li entseng ho re matlafatsa le ho re khothatsa. Haeba u lemoha hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng lintlheng tsena, kopa Molimo hore a u thuse. Ka ho etsa joalo, moea oa hae o tla u matlafatsa. (Bafil. 2:13) Empa u ka etsa’ng ho matlafatsa ba bang?

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 1242

Phokojoe

Ka mangolong lentsoe phokojoe le sebelisitsoe ka makhetlo a mangata ka tsela ea tšoantšetso. Ha Jobo a hlalosa boemo ba hae bo utloisang bohloko, o ile a re “ke fetohile ngoan’abo liphokojoe.” (Job 30:29) Ha mongoli e mong oa pesaleme a bua ka ho hloloa ha bahlanka ba Molimo o ile a ho bapisa le sebaka seo liphokojoe li bokanang ho sona ho ja mali a liphoofolo tse bolailoeng (bapisa le Ps 68:23). Ke ka hona a ileng a hoelehetsa a re: “U entse hore re hloloe moo liphokojoe li lulang teng.” (Ps 44:19) Ha masole a Babilona a hlasela Jerusalema ka 607 B.C.E. ho ile ha e-ba le tlala e kholo e ileng ea etsa hore le bo ’mè ba je bana ba bona. Ke kahoo Jeremia a ileng a bapisa bokhopo ba ‘batho ba habo’ le liphojoe tse anyesang.—Lil 4:3, 10.

LA 3-9 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 45-47

Pina ea Lenyalo la Morena

w14 2/15 9-10 ¶8-9

Thabelang Lenyalo la Konyana!

8 Bala Pesaleme ea 45:13, 14a. Monyaluoa o tlisoa ho Morena a “khanya haholo” bakeng sa lenyalo la boreneng. Ho Tšenolo 21:2, monyaluoa o tšoantšoa le motse, e leng Jerusalema e Mocha, ’me o ‘khabile bakeng sa monna oa hae.’ Motse ona o leholimong o khantšetsoa ke “khanya ea Molimo” ’me o phatsima “joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang ka ho hlaka joaloka kristale.” (Tšen. 21:10, 11) Botle bo khanyang ba Jerusalema e Mocha bo hlalositsoe ka bokhabane bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 21:18-21) Ke kahoo mopesaleme a reng monyaluoa o “khanya haholo”! Etsoe lenyalo lena la boreneng le leholimong.

9 Monyaluoa o tlisoa ho Monyali, e leng Morena oa Bomesia. Monyali o ’nile a mo lokisa ka hore a mo ‘hloekise ka ho mo hlatsoa ka metsi ka lentsoe.’ Monyaluoa o oa ‘halalela ebile ha a na sekoli.’ (Baef. 5: 26, 27) Le eena o lokela ho apara ka tsela e loketseng ketsahalo eo. ’Me o feela a etsa joalo! Ha e le hantle, “liaparo tsa hae li khabisitsoe ka khauta,” ’me “o tla tlisoa ho morena ka seaparo se lohiloeng.” Bakeng sa lenyalo la Konyana, “o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”—Tšen. 19:8.

w22.05 17 ¶10-12

Lengolo la Tšenolo le Re’ng ka Bokamoso ba Hao?

10 Jehova o tla etsa’ng ha batho ba hae ba hlaseloa ka mabifi? O re: “Khalefo ea ka e tla hlaha linkong tsa ka.” (Ezek. 38:18, 21-23) Tšenolo khaolo ea 19 e ea hlalosa hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a moo. Jehova o tla romela Mora oa hae hore a sireletse batho hae le ho hlola lira tsa bona. Jesu a e-na le “mabotho a . . . leholimong” a entsoeng ka mangeloi le ba 144 000, ba tla loantša Gogo oa Magogo. (Tšen. 17:14; 19:11-15) Ntoa ee e tla fella ka eng? Mekhatlo eohle le batho bohle ba hanyetsang Jehova ba tla felisoa ka ho feletseng.—Bala Tšenolo 19:19-21.

11 Nahana feela hore na batho ba tšepahalang ba tla be ba phela lefatšeng, ba tla ikutloa joang ha ba pholohile ha ho timetsoa lira tsa Molimo ka ho feletseng. Ruri e tla ba nako e thabisang haholo! Le hoja ho tla ba le thabo e kholo leholimong ha Babylona e Moholo e timetsoa, ho na le ntho e ’ngoe hape e tla tlisa thabo le ho feta. (Tšen. 19:1-3) Haele hantle, ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e tlalehiloeng lengolong la Tšenolo. Ketsahalo eo ke “lenyalo la Konyana.”—Tšen. 19:9.

12 Lenyalo leo le tla ba neng? Ba 144 000 kaofela ba tla be ba le leholimong pele ntoa ea Armagedone e qala. Leha ho le joalo, eo e tla be e e-s’o be nako ea lenyalo la Konyana. (Bala Tšenolo 21:1, 2.) Lenyalo la Konyana le tla ba ka mor’a ntoa ea Armagedone ha lira tsohle tsa Molimo li se li felisitsoe.—Pes. 45:3, 4, 13-17.

it-2-E 1169

Ntoa

Ha ntoa ena e fela ho tla ba le khotso lefatšeng ka lilemo tse sekete. Mantsoe a pesaleme a reng “[Jehova] o felisa lintoa lefatšeng lohle, o roba seqha ebile o robakanya le lerumo; o chesa likariki tsa sesole ka mollo,” a ile a phethahala ka lekhetlo la pele ha Molimo a ne a tlisa khotso naheng ea Iseraele ka hore a felise libetsa tsa lira tsa Baiseraele tsa ntoa. Ka mor’a hore Kreste a felise batho ba ratang ntoa ntoeng ea Armagedone, ho tla tlala thabo le khotso lefatšeng lohle. (Ps 46:8-10) Batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng e tla ba ‘ba tla beng ba entse lisabole tsa bona mehoma, ba entse marumo a bona likere tse kutang limela le ba sa tl’o hlola ba ithuta ntoa.’ “Kaha Jehova oa mabotho o se a buile.”—Esa 2:4; Mik 4:3, 4.

Matlotlo a Patiloeng

w17.04 11 ¶9

Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

9 Mekhatlo e tletseng bobolu e tla nkeloa sebaka ke’ng? Ka mor’a Armagedone, na ho tla ba le mokhatlo lefatšeng? Bibele e re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Leholimo le lefatše la khale e leng mebuso e tletseng bobolu le mekhatlo e laoloang ke eona li tla felisoa. Mebuso le mekhatlo eo e tla nkeloa sebaka ke’ng? Mantsoe a reng “maholimo a macha le lefatše le lecha” a bolela hore ho tla ba le ’muso o mocha le bafo ba bacha ba tla busoa ke ’muso oo. Pusong ea Jesu ho tla etsoa lintho tse thabisang Jehova, eo e leng Molimo oa tlhophiso. (1 Bakor. 14:33) Kahoo ‘lefatšeng le lecha’ ho tla ba le tlhophiso. Ho tla ba le banna ba lokileng ba tla hlokomela lintho. (Pes. 45:16) Ba tla etelloa pele ke Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000. U ka inahanela feela hore na ho tla ba joang ha mekhatlo ena e tletseng bobolu e se e nketsoe sebaka ke mokhatlo o le mong, o momahaneng le o ke keng oa ba le bobolu.

LA 10-16 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 48-50

Batsoali—Thusang ba Malapa a Lona Hore ba Tšepe Mokhatlo oa Jehova Haholoanyane

w22.03 22 ¶11

Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao

11 Ho bala Bibele le ho ruta bana ka Jehova. Ka letsatsi la Sabatha, Baiseraele ba ne ba sa sebetse empa ba ne ba sebelisa letsatsi leo ho matlafatsa setsoalle sa bona le Jehova. (Ex. 31:16, 17) Ba bang ba ne ba ruta bana ba bona ka Jehova le ka melemo ea hae. Le rona mehleng ena re tlameha ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho etsa joalo ke karolo ea borapeli ba rona ho Jehova ebile ho re thusa ho atamela haufi le eena. (Pes. 73:28) Ha re ithuta Bibele re le lelapa, re thusa bana ba rona hore e be metsoalle e haufi ea Ntate oa rona ea lerato Jehova.—Bala Pesaleme ea 48:13.

w11 3/15 19 ¶5-7

Le na le Mabaka a ho Thaba

“Potang Sione, ’me le tsamaee ho pholletsa le eona, le bale litora tsa eona. Behang lipelo tsa lona ho ’motomoto oa eona. Hlahlobang litora tsa eona tsa bolulo, e le hore le ka ho pheta molokong oa ka moso.” (Pes. 48:12, 13) Mona mopesaleme o ne a khothalletsa Baiseraele hore ba hlahlobisise Jerusalema. Nahana feela hore na malapa a Baiseraele a neng a ile a ea motseng o halalelang meketeng ea selemo le selemo ’me a ile a bona tempele e majabajaba a ne a hopola lintho tsa bohlokoa hakaakang! E tlameha ebe ba ile ba susumelletseha hore ba li ‘phetele moloko oa ka moso.’

Nahana ka mofumahali oa Sheba, eo qalong a neng a belaella litlaleho tse mabapi le tsela e babatsehang eo Solomone a neng a busa ka eona hammoho le bohlale ba hae bo boholo. Ke eng e ileng ea mo kholisa hore lintho tseo a neng a li utloile e ne e le ’nete? O ile a re: “Ha kea ka ka beha tumelo mantsoeng a bona ho fihlela ke tlile e le hore mahlo a ka a ka bona.” (2 Likron. 9:6) Ha e le hantle, seo re se bonang ka ‘mahlo a rona’ se ka re ama haholo.

U ka thusa bana ba hao joang hore ba bone lintho tse hlollang tsa mokhatlo oa Jehova ka ‘mahlo a bona’? Haeba ho e-na le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova haufi le moo le lulang, etsang boiteko ba ho e etela. Ka mohlala, naheng ea habo Mandy le Bethany, Bethele e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 1 500 le sebaka seo ba holetseng ho sona. Leha ho le joalo, hangata batsoali ba bona ba ne ba hlophisa maeto a ho ea teng ho ea bona sebaka, haholo-holo ha barali ba bona ba ne ba ntse ba hola. Ba re: “Pele re etela Bethele, re ne re nahana hore batho ba teng ba ne ba se na nako ea ho soasoa le hore e ne e le sebaka sa batho ba baholo feela. Empa re ile ra kopana le bacha ba neng ba sebeletsa Jehova ka thata ba bile ba thabela seo! Re ile ra hlokomela hore mokhatlo oa Jehova o ne o se sebakeng seo re neng re lula ho sona feela, ’me kamehla ha re ne re etela Bethele seo se ne se re matlafatsa moeeng.” Ho bonela mokhatlo oa Molimo haufinyane ho ile ha susumelletsa Mandy le Bethany hore ba qale ho bula maliboho ’me ba ile ba ba ba memeloa hore ba sebeletse Bethele ka nakoana.

w12 8/15 12 ¶5

Tsoelang Pele le Phela Joaloka Baahi!

5 Ithute histori. Ho ka ’na ha hlokahala hore motho ea batlang ho ba moahi oa naha e itseng a ithute ho hong ka histori ea ’muso oa naha eo. Ka tsela e tšoanang, e ka ba hantle hore batho ba batlang ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo ba ithute sohle seo ba ka se khonang ka ’Muso oo. Nahana ka mohlala oa bara ba Kora, ba neng ba sebeletsa Iseraeleng ea boholo-holo. Ba ne ba rata Jerusalema le sebaka sa eona sa borapeli ba bile ba rata ho bua ka histori ea motse oo. Ba ne ba sa khahloe ke botle ba sebaka seo sa borapeli empa ba ne ba khahloa ke se neng se emeloa ke motse oo le sebaka seo. Jerusalema e ne e le “motse oa Morena e moholo,” e leng Jehova, kaha e ne e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Ke hona moo ho neng ho rutoa Molao oa Jehova teng. Jehova o ile a bontša batho ba neng ba busoa ke Morena oa Jerusalema mosa o lerato. (Bala Pesaleme ea 48:1, 2, 9, 12, 13.) Na le uena u labalabela ho ithuta le ho bua ka histori ea karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova? Ha u ntse u ithuta ka mokhatlo oa Molimo le kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng, u tla nka ’Muso oa Molimo e hlile e le ntho ea sebele. U tla ba le takatso e matla ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Jer. 9:24; Luka 4:43.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 805

Maruo

Kaha Baiseraele ba ne ruile ba ne ba khona ho ba le lijo le lintho tseo ba li noang (1Ma 4:20; Moe 5:18, 19), ’me maruo a bona a ne a ba sireletsa hore ba se ke ba bolaoa ke tlala. (Pr 10:15; Moe 7:12) Le hoja Jehova a ne a batla hore Baiseraele ba thabele maruo a bona ao ba a sebelelitseng ka thata (bapisa le Pr 6:6-11; 20:13; 24:33, 34), o ile a boela a etsa bonnete ba hore ba lemosoa ka kotsi ea ho tšepa maruo a bona le ho lebala hore ke eena ea entseng hore ba be le maruo. (De 8:7-17; Ps 49:6-9; Pr 11:4; 18:10, 11; Jer 9:23, 24) Baiseraele ba ile ba hopotsoa hore maruo ke a nakoana (Pr 23:4, 5), ebile a ke ke a fuoa Molimo hore a ba lokolle lefung (Ps 49:6, 7), le hore ha ba se ba shoele a ke ke a ba tsoela molemo (Ps 49:16, 17; Moe 5:15). Ba ile ba boela ba hlokomelisoa hore haeba ba nka maruo e le a bohlokoa haholo ba ka qetella ba leka ho a fumana ka litsela tse sa nepahalang ’me seo sa etsa hore Jehova a ba lahle. (Pr 28:20; bapisa le Jer 5:26-28; 17:9-11.) Hape ba ile ba khothaletsoa “ho hlompha Jehova ka ho mo fa lintho tsa [bona] tsa bohlokoa.”—Pr 3:9.

LA 17-23 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 51-53

Lintho Tse ka u Thusang ho Qoba ho Etsa Libe Tse Tebileng

w19.01 15 ¶4-5

“U Sireletse Pelo ea Hao”

4 Ho Liproverbia 4:23 “pelo” e emela “botho bo ka sephiring” kapa sebopeho sa motho. (Bala Pesaleme ea 51:6.) E akarelletsa lintho tseo u li nahanang, tsela eo u ikutloang ka eona, sepheo sa hao le lintho tseo u li ratang.

5 Re ka bapisa pelo le bophelo ba rona. E le hore re lule re phetse hantle, re lokela ho ja lijo tse nang le phepo re be re lule re ikoetlisa. Ka tsela e tšoanang, e le hore re be le pelo e ratang Jehova, re lokela ho lula re ithuta Lentsoe la hae, re be re bontše hore re na le tumelo. Re etsa joalo ka ho phetha thato ea hae re be re bolelle batho ba bang ka eena. (Bar. 10:8-10; Jak. 2:26) Ho ka etsahala hore motho a bonahale eka o phela hantle le hoja a kula. Ka tsela e tšoanang, ho ka bonahala eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ea hantle le hoja re nahana re bile re ikutloa ka tsela e fosahetseng. (1 Bakor. 10:12; Jak. 1:14, 15) Re lokela ho lula re hopola hore Satane o batla hore re nahane joaloka eena. Empa o etsa seo joang? Hona re ka itšireletsa joang?

w15 6/15 15 ¶5-6

Re ka Lula re Hloekile Boitšoarong

5 Jehova o tla re thusa ho loantša menahano e fosahetseng, ha re mo kopa. O re fa moea o halalelang e le hore re be le matla a ho lula re hloekile. Ha re rapela, re ka bolella Jehova hore re batla ho mo khahlisa ka menahano ea rona. (Pes. 19:14) Ra mo kopa ka boikokobetso hore a lekole lipelo tsa rona ho bona hore na ha ho na takatso e fosahetseng e ka re lebisang sebeng. (Pes. 139:23, 24) Tsoela pele ho kopa Jehova hore a u thuse ho loantša boitšoaro bo litšila le ho lula u etsa se nepahetseng le maemong a thata.—Mat. 6:13.

6 Mohlomong pele re ithuta ka Jehova re ne re rata ho etsa lintho tseo a sa li rateng, ebile e ka ’na eaba re ntse re loantša takatso ena e fosahetseng. Empa Jehova a ka re thusa hore re fetohe ’me re etse lintho tse mo khahlisang. Ka mohlala, ka mor’a hore Morena Davida a etse bofebe le Bathe-sheba, o ile a baka ’me a kopa Jehova hore a mo fe “pelo e hloekileng” le ho mo thusa ho mamela. (Pes. 51:10, 12) Kahoo, haeba nakong e fetileng re ne re e-na le takatso e matla e fosahetseng ’me re ntse re e loantša, Jehova a ka re thusa hore re be le takatso ea ho mo mamela le ho etsa se nepahetseng. A ka re thusa hore re laole menahano e fosahetseng.—Pes. 119:133.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 644

Doege

Doege e ne e le Moedomo ea neng a sebeletsa Morena Saule e le molaoli oa balisa e leng boemo bo neng bo phahame. (1Sa 21:7; 22:9) Doege o ne a sokolohile. Ho na le nako eo ka eona Doege a neng “a tlamehile ho ba ka pela Jehova” ha a le Nobe, mohlomong hobane a entse kano a sa hloeka kapa hobane ho belaelloa hore o tšoeroe ke lepera. Ka nako eo, Doege o ile a bona ha Moprista ea phahameng Akimeleke a fa Davida bohobe ba pontšo le sabole ea Goliathe. Ha morao ha Saule a bua le bahlanka ba hae a re ha ba mo tšepahalle, Doege o ile a bolela hore na o boneng ha a le Nobe. Saule o ile a bitsa baprista ba phahameng le baprista ba bang ba Nobe eaba o hloma Akimeleke lipotso. Ka mor’a moo, o ile a re balebeli ba bolaee baprista bao. Ha balebeli ba hana, Saule o ile a laela Doege hore ebe eena ea bolaeang baprista bao, eaba o bolaea baprista ba 85 a sa tšabe letho. Ka mor’a ketso ena e mpe Doege o ile a felisa motse oa Nobe, a bolaea baahi bohle ba ’ona, ba banyenyane le ba baholo ha ’moho le liphoofolo.—1Sa 22:6-20.

Sehloohoaneng sa Pesaleme ea 52, Davida o ile a re ka Doege: “Leleme la hao le bohale joaloka lehare, le rera lintho tse kotsi ebile le bua leshano. U rata bokhopo ho feta se molemo, u rata leshano ho feta ho bua lintho tse lokileng. U rata mantsoe ’ohle a kotsi, uena eo leleme la hao le buang leshano.”—Ps 52:2-4.

LA 24-30 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 54-56

Molimo o ka Lehlakoreng la Hao

w06 8/1 22 ¶10-11

Hlalefa ’me U Tšabe Molimo!

10 Ketsahalong e ’ngoe, Davida o ile a balehela ho Akishe, morena oa motse oa Bafilista oa Gathe, moo e neng e le ha habo Goliathe. (1 Samuele 21:10-15) Bahlanka ba morena ba ile ba qosa Davida ka hore ke sera sa sechaba sa bona. Davida o ile a etsa joang boemong boo bo kotsi? O ile a rapela Jehova ka tieo. (Pesaleme ea 56:1-4, 11-13) Le hoja Davida a ile a tlameha ho itlhantša e le hore a pholohe, o ne a tseba hore ke Jehova ka boeena ea neng a mo pholositse ka ho hlohonolofatsa boiteko ba hae. ’Nete ea hore Davida o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng a bile a kholisehile ka eena, e ile ea bontša hore Davida o ne a hlile a tšaba Molimo.—Pesaleme ea 34:4-6, 9-11.

11 Re ka bontša hore re tšaba Molimo joaloka Davida ka ho tšepa tšepiso ea Molimo ea hore o tla re thusa ho loantša mathata a rona. Davida o ile a re: “Rolela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” (Pesaleme ea 37:5) Sena ha se bolele hore re mpa feela re isa mathata a rona ho Jehova ebe re phutha matsoho re lebella hore a re rarollele ’ona. Davida ha aa ka a rapella thuso ho Molimo eaba ka mor’a moo ha a etse letho. O ile a sebelisa kelello eo Jehova a mo fileng eona eaba o nka bohato ba hore a rarolle bothata boo a tobaneng le bona. Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore boiteko ba motho hase bona feela bo ka mo atlehisang. Le rona re lokela ho nahana joaloka eena. Ha re entse sohle se matleng a rona, re lokela ho tlohela sohle ho Jehova. Ha e le hantle, hangata ha ho letho leo re ka le etsang haese feela ho tšepa Jehova. Ke maemong a mofuta ona moo re bontšang hore re tšaba Molimo. Re ka tšelisoa ke polelo ena e tlohang botebong ba pelo ea Davida: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 25:14.

cl 243 ¶9

Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato la Molimo’

9 Jehova o boetse o nka ho mamella ha rona e le habohlokoa. (Matheu 24:13) Hopola hore Satane o batla hore u furalle Jehova. Letsatsi ka leng leo ka lona u lulang u tšepahala ho Jehova u thusa ho fana ka karabo nyelisong ea Satane. (Liproverbia 27:11) Ka linako tse ling ho thata ho mamella. Ho kula, mathata a lichelete, khatello ea maikutlo le litšitiso tse ling li ka etsa hore letsatsi ka leng le fetang e be teko. Ho lebella ntho e liehang ho phethahala le hona ho ka nyahamisa. (Liproverbia 13:12) Ho mamella liphephetso tse joalo ke habohlokoa le ho feta ho Jehova. Ke kahoo Morena Davida a ileng a kopa Jehova hore a bokelle meokho ea hae ka “lekukeng,” a phaella ka kholiseho: “Na ha e bukeng ea hao?” (Pesaleme ea 56:8) E, Jehova o bokella meokho le matšoenyeho ’ohle ao re a mamellang ha re tsoela pele re tšepahala ho eena ebile oa a hopola. Le ’ona ke a bohlokoa mahlong a hae.

w22.06 18 ¶16-17

Lerato le re Thusa ho Hlola Tšabo

16 Satane oa tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho leha e le efe, esita le setsoalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:4, 5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se ’nete. Kaha ke eena “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu,” o sebelisa tšabo eo re nang le eona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova. (Baheb. 2:14, 15) Ka linako tse ling batho ba susumetsoang ke Satane, ba leka ho re tšosa ka hore ba tla re bolaea haeba re sa furalle tumelo ea rona. Maemong a mang, Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore se ke ra mamela Molimo. Lingaka kapa litho tsa lelapa tseo eseng Lipaki li ka re hatella hore re tšele mali e leng ntho e khahlanong le melao ea Molimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokhoa oa phekolo o sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele.

17 Le hoja re sa batle ho shoa, rea tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata leha re ka shoa. (Bala Baroma 8:37-39.) Ha metsoalle ea Jehova e shoa oa e hopola. O e hopola joalokaha eka e ntse e phela. (Luka 20:37, 38) Hape o hloloheloa ho e tsosa. (Jobo 14:15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Rea tseba hore Jehova o re rata haholo ebile oa re tsotella. Kahoo, ha re kula kapa re tšosoa ka hore re tla bolaoa, ha re fetohele Jehova empa re itšetleha ka eena hore a re tšelise a be a re fe bohlale le matla. Ke eona ntho eo Valérie le monna oa hae ba ileng ba e etsa.—Pes. 41:3.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 857-858

Ho Tseba Lintho Tse Tla Etsahala e sa le Pele, Ho Rera Lintho Pele li ka Etsahala

Tsela e bolotsana eo Judase Iskariota a ileng a etsa lintho ka eona e ile ea phethahatsa boprofeta ea ba ea bontša hore Jehova le Jesu ba na le bokhoni ba ho tseba lintho e sa le pele. (Ps 41:9; 55:12, 13; 109:8; Lik 1:16-20) Empa re ke ke ra re Molimo o ile a rera e sa le pele hore Judase a tle a etse bolotsana. Boprofeta bo ile ba bolela e sa le pele hore e mong har’a metsoalle ea Jesu e haufi o ne a tla mo fetohela empa ha boa ka ba hlakisa hore na e ne e tla ba ofe har’a bona. Hape melao-motheo ea Bibele e hanana le taba ea hore Molimo o ne a rerile e sa le pele hore na Judase o tla etsa lintho joang. Molao oa Molimo o ngotsoeng ke moapostola o re: “U se ke oa potlakela ho khetha monna ofe kapa ofe hore a be le boikarabelo bo itseng, hape u se ke oa kenella libeng tsa batho ba bang. Lula u itšoere hantle.” (1Ti 5:22; bapisa le 3:6.) Kaha Jesu o ne a amehile ka hore ha a khetha baapostola ba 12 a khethe batho ba nepahetseng a be a ba khethe ka bohlale, o ile a qeta bosiu bohle a rapela Ntate oa hae pele a tsebisa batho ba bang ka qeto ea hae. (Lu 6:12-16) Haeba Molimo a ne a rerile e sa le pele hore Judase a tle a rekise Jesu, taba ena e ne e tla be e sa lumellane le molao oa Hae o ka Bibeleng hobane o ne a tla be a keneletse sebeng seo Judase a se entseng.

Kahoo, ho hlakile hore nakong eo Judase a neng a khethoa hore e be moapostola ho ne ho se na letho le neng le bontša hore o tla fetohela Jesu. O ile a lumella hore “motso o chefu” o hlahe ka hare ho eena ’me o mo silafatse. Ntho e na e ile ea etsa hore a khelohe ’me a khaotse ho latela tataiso ea Molimo eaba o latela ea Diabolose e ileng ea etsa hore qetellong e be lesholu a be a fetohele Jesu. (Heb 12:14, 15; Joh 13:2; Lik 1:24, 25; Jak 1:14, 15; sheba JUDAS No. 4.) Ha Judase a se a e-na le nako e itseng a khelohile, Jesu o ile a bona pelo ea hae ’me a bolela e sa le pele hore Judase o tl’o mo rekisa.—Joh 13:10, 11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela