Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 1-7 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 57-59
Jehova o Ferekanya Lira Tsa Batho ba Hae
“Ho Isa Karolong e Hole-hole ea Lefatše”
14 Setefane o ile a fana ka bopaki ka sebete pele lira tsa hae li mo bolaea. (Lik. 6:5; 7:54-60) Ka lebaka la “mahloriso a maholo” a ileng a ba teng ka nako eo, barutuoa bohle ntle le baapostola ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria. Empa seo ha sea ka sa emisa mosebetsi oa ho paka. Filipi o ile a ea Samaria ho ea “bolela Kreste” ’me mosebetsi oa hae oa beha litholoana tse molemo. (Lik. 8:1-8, 14, 15, 25) Ho feta moo, ho thoe: “Ba neng ba hasantsoe ke matšoenyeho a ileng a tsoha ka lebaka la Setefane ba pholletsa ho ea fihla Foenisia le Cyprase le Antioke, empa ho se eo ba mo bolellang lentsoe haese Bajuda feela. Leha ho le joalo, ho bona ho ne ho e-na le banna ba bang ba Cyprase le Cyrene ba ileng ba tla Antioke ’me ba qala ho bua le batho ba buang Segerike, ba bolela litaba tse molemo tsa Morena Jesu.” (Lik. 11:19, 20) Ka nako eo, mahloriso a ile a etsa hore molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoe.
15 Mehleng ea rona, ho etsahetse se tšoanang Soviet Union ea mehleng. Haholo-holo ka bo-1950, Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa isoa Siberia. Kaha li ne li hasane metseng e fapa-fapaneng, litaba tse molemo li ile tsa tsoela pele ho jaleha sebakeng seo se sabaletseng. Ho hang Lipaki tse ngata joalo li ne li ke ke tsa khona ho ba le chelete ea ho palama hore li e’o bolela litaba tse molemo sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 10 000! Leha ho le joalo, ’muso ke oona o ileng oa li isa sebakeng seo se hole. Mora e mong oabo rona o itse: “Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofalletsa batho ba likete ba Siberia ba lipelo li ntle hore ba tsebe ’nete.”
Matlotlo a Patiloeng
“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”
16 Tšepahala. Morena Davida o ile a bontša hore o tla lula a rata Jehova ha a ne a re: “Molimo, pelo ea ka ea tšepahala.” (Pes. 57:7) Le rona re ka tšepahala ’me ra lula re tšepile Jehova. (Bala Pesaleme ea 112:7.) Nahana ka se ileng sa thusa Mor’abo rona Bob eo re buileng ka eena. Ha ngaka e ne e mo bolella hore mali a tla ba teng ha a ka a hloka, o ile a re haeba feela ba ka leka ho mo tšela mali, o tl’o tsamaea hang-hang. Hamorao Mor’abo rona Bob o ile a re: “Ke ne ke sa qeaqee ebile ke sa tšoenyeha ho hang.”
17 Mor’abo rona Bob o ile a bontša hore oa tšepahala hobane o ile a etsa qeto ea hore a ke ke a amohela mali le pele a ea sepetlele. Ntlha ea pele, o ne a batla ho thabisa Jehova. Ntlha ea bobeli, o ile a ithuta hore na Bibele le lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng li re’ng ha li bua ka hore bophelo le mali ke tsa bohlokoa. Ntlha ea boraro, o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho mamela molao oa hae. Le rona re ka lula re tšepahala ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang.
LA 8-14 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 60-62
Jehova oa re Sireletsa Ebile o Etsa Hore re Tsitse
it-2-E 1118 ¶7
Tora
Moo e Sebelisitsoeng ka Tsela ea Tšoantšetso. Batho ba nang le tumelo le ba ikokobeletsang Jehova ba sireletsehile joalokaha Davida a ile a bina ka Jehova a re: “U setšabelo sa ka, tora e matla e ntšireletsang ho sera.” (Ps 61:3) Batho ba tšepang Jehova, ba emelang lebitso la hae le ba utloisisang hore na le emelang, ha ba tšabe letho hobane: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me oa sireletsoa.”—Pr 18:10; bapisa le 1Sa 17:45-47.
it-2-E 1084 ¶8
Tente
“Tente” e boetse e sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso maemong a mangata. Tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona hape e ne e mo sireletsa. (Ge 18:1) Ha moeti a amoheloa ka tenteng, o ne a kholisehile hore o tla hlokomeloa le ho hlomphuoa hobane ho ne ho tloaelehile hore baeti ba tšoaroe joalo mehleng ea Bibele. Ka lebaka leo, ha naletsana e ho Tšenolo 7:15 e bua ka bongata bo boholo e re Molimo “o tla ala tente ea hae holim’a bona,” e leng ntho e bolelang hore o tla ba hlokomela le ho ba sireletsa. (Ps 61:3, 4) Esaia o hlalosa hore mosali oa Molimo e leng Sione o tla lokisa lintho bakeng sa bara bao a tla ba le bona. Mosali oa Molimo o ile a bolelloa hore a ‘etse hore sebaka sa tente ea hae se be seholo.’ (Esa 54:2) Kahoo, o eketsa sebaka se sireletsehileng bakeng sa bana ba hae.
Melao ea Molimo e Molemong oa Rona
14 Tsela eo molao oa Molimo o sa fetoheng ka eona ea khothatsa. Linakong tse mahlonoko tseo re phelang ho tsona, Jehova ke tšiea e tiileng, o teng kamehla. (Pesaleme ea 90:2) O ipoletse tjena: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Litekanyetso tsa Molimo, joalokaha li ngotsoe ka Bibeleng, li tšepahala ka ho feletseng, ha li tšoane le likhopolo tse feto-fetohang tsa batho. (Jakobo 1:17) Ka mohlala, ka lilemo tse telele litsebi tsa kelello li ile tsa buella ho bokotsoa ha bana, empa hamorao tse ling li ile tsa fetoha ’me tsa lumela hore keletso ea tsona e ne e fosahetse. Tabeng ena, litekanyetso le litataiso tsa lefatše li ea koana le koana joalokaha eka li fefoloa ke moea. Leha ho le joalo, Lentsoe la Jehova ha le fetohe. Ka makholo a lilemo Bibele e fane ka keletso ea kamoo bana ba ka holisoang ka lerato kateng. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lona, empa le tsoele pele ho ba holisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore re ka itšetleha ka litekanyetso tsa Jehova; li ke ke tsa fetoha!
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bobeli ea Lipesaleme
62:11. Ha ho hlokahale hore Molimo a itšetlehe ka mohloli leha e le ofe oa matla a sa tsoeng ho eena. Ke eena mohloli oa matla. ‘Matla ke a hae.’
LA 15-21 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 63-65
“Lerato la Hao le Molemo ho Feta Bophelo”
Ke Mang ea Tla re Arohanya le Lerato la Molimo?
17 Lerato la Molimo ke la bohlokoa hakae ho uena? Na u ikutloa joaloka Davida, ea ileng a ngola: “Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u babatsa. Ka hona ke tla u boka ha ke sa ntse ke phela; ke tla phahamisa liatla tsa ka ka lebitso la hao”? (Pesaleme ea 63:3, 4) Na ruri ho na le ntho e molemo eo bophelo lefatšeng lee bo ka re fang eona e fetang ho thabela ho ratoa ke Molimo le ho thabela botsoalle ba hae bo tšepahalang? Ka mohlala, na ho phehella mosebetsi oa boipheliso o nang le chelete e ngata ho molemo ho feta ho ba le khotso ea kelello le thabo e tlisoang ke ho ba le kamano e haufi le Molimo? (Luka 12:15) Bakreste ba bang ba ile ba lokela ho khetha pakeng tsa ho latola Jehova kapa ho bolaoa. Sena se ile sa etsahalla Lipaki tsa Jehova tse ngata likampong tsa mahloriso tsa Nazi Ntoeng ea II ea Lefatše. Ntle ho mekhelo e seng mekae, barab’abo rona ba Bakreste ba ile ba khetha ho lula leratong la Molimo, ba ikemisetsa ho tobana le lefu haeba ho hlokahala. Bao ka botšepehi ba lulang leratong la hae ba ka kholiseha hore Molimo o tla ba fa bokamoso bo sa feleng, e leng ntho eo lefatše le ke keng la re fa eona. (Mareka 8:34-36) Empa ho ameha se fetang bophelo bo sa feleng.
18 Le hoja ho ke ke ha etsahala hore re phele ka ho sa feleng ntle ho Jehova, leka ho nahana kamoo ho phela ka nako e telele haholo ntle ho ’Mopi ho ka bang kateng. E ka ba bophelo ba lefeela, bo hlokang morero oa sebele. Jehova o file batho ba hae mosebetsi o khotsofatsang matsatsing ana a ho qetela. Kahoo re ka lebella hore ha Jehova, Moreri e Moholo a fana ka bophelo bo sa feleng, bo tla tlala lintho tse thahasellisang, tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona le tseo re ka li etsang. (Moeklesia 3:11) Ho sa tsotellehe hore na re tla ithuta hakae lilemong tse tlang tse likete, ha ho mohla re tla utloisisa ka ho feletseng “botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo.”—Baroma 11:33.
“Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”
Ntho ea bohlokoa le ho feta eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho leboha Molimo. Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling, u ee u nahane ka lintho tseo Jehova a u etsetsang tsona, ebang ke litlhoko tsa hao kapa lintho tse u thusang hore u be le kamano e ntle le eena. (Deut. 8:17, 18; Lik. 14:17) Kahoo, lula u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona. Ho nahanisisa ka hore na Jehova o seatla se bulehileng hakae ho tla u thusa hore u mo ananele le ho feta hape ho tla u thusa hore u bone hore na o u rata hakae le ho u ananela hakae.—1 Joh. 4:9.
Thuisa ka Lintho Tsa Moea
7 Re lokela ho etsa boiteko bo matla e le hore re thuise le ho tsepamisa kelello ho seo re se balang. Ke kahoo ho leng molemo hore u thuise ha u sa khathala, ’me u le sebakeng se khutsitseng moo ho se nang lintho tse ngata tse ka u sitisang. Mopesaleme Davida o ne a thuisa bosiu ha a phaphame. (Pesaleme ea 63:6) Jesu ea neng a phethahetse, o ne a khetha libaka tse khutsitseng e le hore a thuise le ho rapela.—Luka 6:12.
Etsisa Jesu—Ruta ka Lerato
6 Re rata ho bua ka lintho tseo re li ratang, ’me ha re etsa joalo, batho ba ka bona hore re thabile ebile rea cheseha. Sena se etsahala haholo ha re bua ka motho eo re mo ratang. Hangata re labalabela ho bolella batho ba bang seo re se tsebang ka motho eo. Rea mo rorisa, rea mo tlotla ebile rea mo sireletsa. Re etsa joalo hobane re batla hore batho ba rate motho eo le seo a leng sona joalokaha le rona re mo rata.
Matlotlo a Patiloeng
Na U Khatholla ba Bang?
Ho bonolo ho heletsa mohaho ho feta ho haha o mocha. Molao-motheo oo oa ho haha le ho heletsa o sebetsa le lipuong tsa rona. Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rona re na le liphoso le mefokolo. Morena Solomone o itse: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:20) Ho bonolo ho bona liphoso tsa motho e mong le ho mo hlaba ka mantsoe. (Pesaleme ea 64:2-4) Ka lehlakoreng le leng, hase kamehla ho leng bonolo ho bua lintho tse khothatsang.
LA 22-28 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 66-68
Jehova o re Jarela Mojaro Letsatsi le Letsatsi
Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?
15 Ha se kamehla lithapelo tsa rona li arajoang ka tsela e mohlolo. Empa Ntate oa rona ea leholimong o re araba ka ho re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re lule re mo tšepahalla. Leka ho hlokomela hore na Jehova o u araba joang. Morali oa bo rona Yoko o ne a bona eka Jehova ha a arabele lithapelo tsa hae. Kahoo, o ile a qala ho ngola fatše lintho tseo a neng a li rapella. Ka mor’a nako o ile a sheba buka eo a neng a ngoletse lintho tseo a li rapeletseng eaba oa bona hore Jehova o arabetse boholo ba lithapelo tsa hae. O ne a bile a arabetse le tsa lintho tseo a neng a lebetse hore o kile a li rapella. Re lokela ho itloaetsa ho nahana kamoo Jehova a arabang lithapelo tsa rona kateng.—Ps. 66:19, 20.
Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane
Jehova o ile a bululela hore ho ngoloe lipina tse halalelang, kapa lipesaleme tseo Baiseraele ba neng ba li bina linakong tsa borapeli. U ka inahanela feela hore na bahlolohali ba Baiseraele le bashanyana ba se nang bo-ntate ba ne ba khothala hakaakang ha ba bina mantsoe ao Molimo a neng a susumelitse hore a ngoloe, a neng a ba hopotsa hore Jehova ke “ntate” ebile ke “moahloli” oa bona le hore o ne a tla ba imolla. (Pesaleme ea 68:5; 146:9) Le rona re ka bua mantsoe a khothatsang ao motsoali ea se nang molekane a ka a hopolang nako e telele. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse 20, Ruth, eo e leng motsoali ea se nang molekane, o ntse a hopola ka thabo lekhetlo le leng leo ka lona ntate e mong ea neng a e-na le boiphihlelo a ileng a re ho eena: “U holisa bara ba hao ba babeli hantle haholo. U tšoare tsoho leo.” Ruth o re: “Ruri ke ile ka tiea lengole ha ke utloa a bua mantsoe ao.” Ka sebele “mantsoe a mosa ke setlhare se setle” ’me a ka khothatsa motsoali ea se nang molekane ho feta kamoo re ka nahanang kateng. (Liproverbia 15:4, Contemporary English Version) Na ho na le ntho e tobileng e sa bontšeng boikaketsi eo u ka khothatsang motsoali ea se nang molekane ka eona?
Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate
“MOLIMO ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate . . . sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.” (Pesaleme ea 68:5) Mantsoe ao a bululetsoeng a re ruta thuto e etsang hore re atamele haufi le Jehova Molimo—ea hore o lemoha lintho tseo batho ba se nang mang-oe ba li hlokang. Molao oo a ileng a o fa Baiseraele o bontša ka ho hlaka hore o tsotella bana ba hlokahaletsoeng ke motsoali. A re hlahlobeng Exoda 22:22-24, moo ka lekhetlo la pele Bibele e buang ka “moshanyana ea se nang ntate.”
Jehova oa u Thusa ha u E-na le Mathata
17 Bala Pesaleme ea 40:5. Ntho eo motho ea hloang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka holimo. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hloa thaba ’me a thabela lintho tse ntle tseo a li bonang. Ka tsela e tšoanang, iphe nako ea ho nahana kamoo Jehova a u thusang kateng hore u atlehe le hoja u mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ea letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse joang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa joang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le ’ngoe eo Jehova a e entseng ho u thusa hore u mamelle.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Bobeli ea Lipesaleme
68:18—“Limpho tseo e leng banna” e ne e le bo-mang? Bana e ne e le banna ba tsoang har’a ba neng ba hapiloe nakong eo ho neng ho hloloa Naha e Tšepisitsoeng. Hamorao banna bao ba ile ba abeloa hore ba thuse Balevi mosebetsing oa bona.—Esdrase 8:20.
LA 29 JULY–LA 4 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 69
Boprofeta bo Buang ka Jesu bo Hlahang ho Pesaleme ea 69
Ba ne ba Lebeletse Mesia
17 Mesia o ne a tla hlouoa ntle ho lebaka. (Pes. 69:4) Moapostola Johanne o ile a qotsa mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Hoja ke ne ke sa etsa har’a [batho] mesebetsi eo ho seng ea ileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe; empa joale ba bone ’me ba hloile ’na hammoho le Ntate. Empa ke hore lentsoe le ngotsoeng Molaong oa bona le ka phethahala, ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’” (Joh. 15:24, 25) Hangata ‘Molao’ o bolela Lengolo lohle. (Joh. 10:34; 12:34) Litlaleho tsa Kosepele li tiisa hore Jesu o ne a hloiloe, haholo-holo ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Ho feta moo, Kreste o ile a re: “Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea, empa ’na le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ea lona e khopo.”—Joh. 7:7.
Chesehela Borapeli ba ’Nete
7 Ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala bophelong ba Jesu, e ileng ea bontša ka ho hlaka hore na o ne a e-na le cheseho e kae. E etsahetse qalong ea tšebeletso ea hae, nakong ea Paseka ka 30 C.E. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba tla Jerusalema ’me ka tempeleng ba bona batho “ba rekisang likhomo le linku le maeba le ba ananyang chelete litulong tsa bona.” Jesu o ile a etsa’ng, ’me seo se ile sa ama barutuoa ba hae joang?—Bala Johanne 2:13-17.
8 Seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa ketsahalong eo ka nepo se ile sa hopotsa barutuoa mantsoe a boprofeta a pesaleme e ’ngoe ea Davida a reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Pes. 69:9) Hobane’ng? Hobane seo Jesu a ileng a se etsa se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing haholo. Ha e le hantle, ba boholong ka tempeleng—e leng baprista, bangoli le ba bang—ba ne ba kentse letsoho khoebong e mpe e neng e etsahala moo. Ka hore ebe Jesu o ile a pepesa morero oo oa bona o mobe a ba a o nyopisa, o ile a iketsa sera sa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo. Joalokaha ka nepo barutuoa ba ile ba hlokomela, ho ne hlakile hore o ne a chesehela borapeli ba ’nete, kapa a e-na le ‘cheseho ea ntlo ea Molimo.’ Empa ha e le hantle cheseho ke eng? Na e fapane le ho potlaka?
g95-E 10/22 31 ¶4
Na Pelo e Bohloko e ka Bolaea Motho?
Batho ba bang ba re ho ka etsahala hore e ’ngoe ea lintho tse ileng tsa bolaea Jesu Kreste ke bohloko boo a ileng a bo utloa pelong. Boprofeta bo ile ba re ka Jesu Kreste “pelo ea ka e bohloko ka lebaka la ho nyefoloa ’me leqeba la teng ha le fole.” (Pesaleme ea 69:20) Na moo ehlile ho buuoa ka pelo ea sebele? Ho ka etsahala hore ebe ho joalo hobane lihora pele Jesu a hlokahala o ile a utloa bohloko bo otlang pelo eseng feela ’meleng empa le maikutlong. (Matheu 27:46; Luka 22:44; Baheberu 5:7) Ho ekeletsa moo, taba ea hore Jesu o ile a utloa bohloko pelong e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha leqeba la hae le ile la tsoa “mali le metsi” ha a hlajoa ka lerumo ka mor’a hore a hlokahale. Ha pelo kapa mothapo o moholo oa mali o taboha o ka tšollela mali ka sefubeng kapa ka har’a lera le sireletsang pelo. Ebang o ne a hlabuoe pelong kapa mothapong o moholo oa mali ntho eo e ne e tla etsa hore a tsoe ntho e shebahalang joaloka “mali le metsi.”—Johanne 19:34.
it-2-E 650
Semela se Chefo
Boprofeta bo buang ka Mesia bo ile ba bontša esale pele hore o ne a tla fuoa “semela se chefo” hore a se je. (Ps 69:21) Sena se ile sa etsahala pele Jesu Kreste a bolaeloa palong. O ile a fuoa veine e tsoakiloeng le nyooko, e neng e reretsoe ho kokobetsa bohloko ba hae empa ka mor’a hore a e latsoe o ile a hana ho e noa. Ha Matheu 27:34 e bua ka hore na boprofeta bona bo ile ba phethahala joang e ile ea sebelisa lentsoe la Segerike le bitsoang kho·leʹ (nyooko) e leng lentsoe le tšoanang le le fumanoang ho Septuagint ea Segerike ho Pesaleme ea 69:21. Leha ho le joalo lengolo la Mareka lona le sebelisa lentsoe mira (Mar 15:23). Sena se fana ka mohopolo oa hore “semela se chefo” kapa “nyooko” e ne e le “mira.” Ho ka boela ha etsahala hore veine eo Jesu a ileng a e fuoa e ne e tsoakiloe le nyooko le mira.
Matlotlo a Patiloeng
Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tšepahalang
11 Batho ba bangata ba rapella feela ho kopa ntho e itseng, empa lerato la rona ho Jehova Molimo le lokela ho re susumelletsa ho mo leboha le ho mo rorisa thapelong ea lekunutung le ea phatlalatsa. Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) E, ho phaella lithapeling le likopong tse matla, re lokela ho leboha Jehova bakeng sa litlhohonolofatso tsa moea le tsa nama. (Liproverbia 10:22) Mopesaleme o ile a bina: “U abele Molimo liteboho tsa hao, u lefe likano tsa hao ho Mookameli ea phahameng!” (Pesaleme ea 50:14) ’Me pina ea thapelo ea Davida e ne e akarelletsa mantsoe ana a amang maikutlo: “Ke tla rorisa lebitso la Molimo ka lithoko, ke le tumise ka lipoko.” (Pesaleme ea 69:30) Na ha rea lokela ho etsa se tšoanang thapelong ea phatlalatsa le ea lekunutung?
LA 5-11 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 70–72
Bolella “Moloko o Tlang” ka Matla a Molimo
Bacha—Koetlisang Matla a Lona a ho Lemoha!
17 Ho qoba maraba a Satane ho tla hloka hore u falimehe u sa khaotse—’me ka linako tse ling, ho tla hloka sebete se sengata. Ka sebele, ka linako tse ling u ka ’na ua iphumana u hanyetsana le lefatše lohle, eseng le lithaka tsa hao feela. Mopesaleme Davida o ile a rapela: “U tšepo ea ka, Uena ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka. Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ’me ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang.” (Pesaleme ea 71:5, 17, NW) Davida o tsebahala ka ho ba sebete. Empa o ile a se hlaolela neng? E sa le mocha! Esita le pele ho ntoa ea hae e tummeng le Goliathe, Davida o ile a bontša sebete se sa tloaelehang ha a ne a sireletsa mohlape oa ntat’ae—a bolaea tau le bere. (1 Samuele 17:34-37) Leha ho le joalo, Davida o ile a lebisa thoriso eohle ho Jehova bakeng sa sebete sefe kapa sefe seo a se bontšitseng, a mo bitsa ‘tšepo ea hae ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.’ Ho tšepa Jehova ha Davida ho ile ha etsa hore a be le matla a ho sebetsana ka katleho le teko leha e le efe eo a neng a talimana le eona. Le uena u tla fumana hore haeba u tšepa Jehova, o tla u fa sebete le matla a ho ‘hlola lefatše.’—1 Johanne 5:4.
Re Lokela ho Tšoara Batho ba Holileng Joang?
Mopesaleme o ile a rapela: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela.” (Pesaleme ea 71:9) Molimo ha a ‘lahle’ bahlanka ba hae ba tšepahalang, esita le haeba bona ba ikutloa ba se ba se na molemo. Mopesaleme ha aa ka a ikutloa a lahliloe ke Jehova; ho e-na le hoo, o ile a lemoha hore o ne a tlameha ho itšetleha ka ’Mopi oa hae le ho feta ha a ntse a tsofala. Jehova o arabela botšepehing bo joalo ka ho fana ka tšehetso bophelong bohle ba motho. (Pesaleme ea 18:25) Hangata tšehetso e joalo e hlaha ho Bakreste-’moho le motho.
Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla
4 Haeba u motho e moholo ea nang le phihlelo, u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa, ‘Ke tla etsa’ng hona joale, ha ke sa ntse ke e-na le matla le sehlahlo?’ Kaha ke khale u le Mokreste, u na le menyetla eo ba bang ba se nang eona. U ka ruta bacha seo u ithutileng sona ho Jehova. U ka matlafatsa ba bang ka hore u ba phetele liphihlelo tse thabisang tseo u bileng le tsona ha u ntse u sebeletsa Molimo. Morena Davida o ile a rapella monyetla o joalo. O ile a ngola a re: “Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka . . . Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”—Pes. 71:17, 18.
5 U ka etsa’ng ho arolela ba bang bohlale boo u bo bokeletseng ho theosa le lilemo? Na u ka memela bacha ba sebeletsang Molimo ha hao hore le tl’o thabela botsoalle bo hahang? Na u ka ba kopa hore ba tsamaee le uena tšebeletsong ea Bokreste e le hore ba bone thabo eo u bang le eona ha u sebeletsa Jehova? Elihu oa mehleng ea boholo-holo o ile a re: “Matsatsi a lokela ho bua, lilemo tse ngata ke tsona tse lokelang ho tsebahatsa bohlale.” (Jobo 32:7) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa basali ba Bakreste ba holileng hore ba khothatse ba bang ka mantsoe le ka liketso. O ile a ngola a re: “Basali ba holileng . . . e be mesuoe ea se molemo.”—Tite 2:3.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 768
Noka ea Eufrate
Moeli oa Naha eo Baiseraele ba Neng ba e Fuoe. Selekaneng seo Molimo a ileng a se etsa le Abrahama, o ile a tšepisa hore o tla fa bana ba Abrahama naha “ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo ea Eufrate.” (Ge 15:18) Molimo o ile a boela a pheta tšepiso ena ho sechaba sa Israele. (Ex 23:31; De 1:7, 8; 11:24; Jos 1:4) Lengolo la Likronike tsa pele 5:9 le re pele ho puso ea Davida litloholo tsa Rubene li ile tsa eketsa sebaka seo li lulang ho sona hore se fihle “qalong ea lefella nokeng ea Eufrate.” Leha ho le joalo, kaha noka ea Eufrate e bohole ba lik’hilomithara tse 800 ha o tloha “ka bochabela ho Gileade” (1Kr 5:10), taba ena e bolela hore Barubene ba ile ba eketsa naha ea bona ka bochabela ho Gileade ho ea fihlela qetellong ea lehoatata la Siria, e leng lehoatata le tsoelang pele ho ea fihla nokeng ea Eufrate. (RS e re, “ho ea fihla moo lehoatata le qalang teng ka nģ’ena ho noka ea Eufrate”; JB eona e re “qalong ea lehoatata le fellang nokeng ea Eufrate.”) Kahoo ho bonahala eka tšepiso ea Jehova e ile ea phethahala ka ho feletseng nakong ea puso ea Davida le Solomone ha meeli ea puso ea Iseraele e ne e eketseha, e arareletsa ’muso oa Zoba oa Maarame ebile o fihla nokeng ea Eufrate, karolong e ka leboea ea Siria. (2Sa 8:3; 1Ma 4:21; 1Kr 18:3-8; 2Kr 9:26) Kaha noka ea Eufrate ene e tumme, hangata ha batho ba ne bua ka eona ba ne ba re feela ke “Noka.”—Jos 24:2, 15; Ps 72:8.
LA 12-18 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 73–74
Re ka Etsang Haeba re Khalla Batho ba sa Sebeletseng Molimo?
“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”
14 Mongoli ea Pesaleme ea 73 e ne e le Molevi. Kahoo, o ne a na le tlotla e ikhethang ea ho sebeletsa Jehova sebakeng sa hae sa borapeli. Empa ho na le nako eo ka eona a ileng a nyahama. Hobaneng? O ne a le mona ha a bona batho ba khopo le ba ikhohomosang, eseng hobane a ne a batla ho tšoana le bona empa hobane ho ne ho bonahala ba phela ha monate. (Pes. 73:2-9, 11-14) Ho ne ho bonahala e ka ba phela ha monate ebile ha ba na mathata. Ntho ena e ile ea etsa hore Molevi eo a nyahame haholo hoo a ileng a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho hlakile hore ntho ena e ka be e entse hore a tlohele ho sebeletsa Jehova.
“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”
15 Bala Pesaleme ea 73:16-19, 22-25 Molevi enoa o ile a kena ka “sehalalelong se seholo sa Molimo.” Ha a le moo a na le barapeli ba bang ba Jehova, o ile a khona ho khoba matšoafo, a nahana lintho hantle le ho rapela ka boemo ba hae. Ka mor’a ho etsa joalo o ile a hlokomela hore monahano oa hae o ne o fosahetse le hore o ne a nkile tsela e neng e ka etsa hore setsoalle sa hae le Jehova se senyehe. Hape o ile a hlokomela hore batho ba khopo ba tla oa, hape “ba tla fela.” Molevi eo o ne a lokela ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona e le hore a tle a se ke a hlola a nyahama le ho monela batho ba khopo. Ka mor’a hore a etse joalo, ha aa ka a hlola a khathatseha ebile o ile a thaba. O ile a re: “Ntle ho [Jehova] ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.
16 Re ithuta’ng? Le ka mohla re se ke ra khalla batho ba khopo bao ho bonahalang e ka ba phela ha monate. Monate oo oa bona ke oa nakoana ’me ha ba na bokamoso. (Moek. 8:12, 13) Ha re ka ba khalla, re tla nyahama re be re qetelle re se re sentse setsoalle sa rona le Jehova. Kahoo, haeba u ka iphumana u se u khalla batho ba sa mameleng Molimo hobane u bona e ka ba phela ha monate, etsisa Molevi eane. Mamela keletso e ntle e tsoang ho Molimo ’me u qete nako u na le batho ba etsang thato ea Jehova. Ha u rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, u tla thaba ka ho sa feleng. Hape u tla lula u le tseleng e lebisang ‘bophelong ba sebele.’—1 Tim. 6:19.
Etsisa Tumelo ea Moshe
5 U ka hanela teko ea ‘ho thabela sebe ka nakoana’ joang? Le ka mohla u se ke ua lebala hore thabo e tlisoang ke ho etsa sebe ke ea nakoana. Hopola hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” (1 Joh. 2:15-17) Nahana ka se tla etsahalla baetsalibe ba sa bakeng. Ba behiloe “fatše moo ho thellang . . . ba felisitsoe ka matšabeho a tšohanyetso!” (Pes. 73:18, 19) Ha u lekeha ho etsa se fosahetseng, ipotse, ‘Ke batla bokamoso bo joang?’
U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Finyella Khanya
3 Mopesaleme o ile a bontša hore o tšepa hore Jehova o tla mo tšoara ka letsoho le letona ’me a mo ise khanyeng ea ’nete. (Bala Pesaleme ea 73:23, 24.) Jehova o etsa see joang? O isa bahlanka ba hae ba ikokobelitseng khanyeng ka ho ba tlotla ka litsela tse ngata. O ba hlohonolofatsa ka hore ba utloisise thato ea hae. (1 Bakor. 2:7) O fa batho ba mamelang lentsoe la hae ba bile ba mo hlompha, tlotla ea ho ba le kamano e haufi le eena.—Jak. 4:8.
4 Jehova o boetse o fa bahlanka ba hae letlotlo le khanyang la ho etsa mosebetsi oa boboleli. (2 Bakor. 4:1, 7) Ho feta moo, mosebetsi ona o isa khanyeng. Jehova o etsa tšepiso e latelang ho batho ba sebelisang tlotla ea tšebeletso eo ba nang le eona hore ba mo rorise le hore ba tsoele batho ba bang molemo: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” (1 Sam. 2:30) Batho ba joalo ba fuoa tlotla ea hore ba iketsetse lebitso le letle ho Jehova, ’me ho ka etsahala hore bahlanka ba bang ba Molimo ba ba bue hantle.—Liprov. 11:16; 22:1.
5 Batho ba ‘tšepang Jehova ’me ba boloka tsela ea hae’ ba tla ba le bokamoso bofe? Ba fuoa tšepiso ena: “[Jehova] o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.” (Pes. 37:34) Ba lebeletse ho fuoa tlotla eo ho seng e ka bapisoang le eona ea ho fumana bophelo bo sa feleng.—Pes. 37:29.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 240
Leviathane
Pesaleme ea 74 e hlalosa kamoo Molimo a pholosang batho ba hae kateng. Litemana tsa 13 le 14 li bontša ka tsela ea tšoantšetso kamoo Molimo a ileng a pholosa sechaba sa Iseraele kateng naheng ea Egepeta. Litemaneng tsena mantsoe a reng “libata tsa leoatle [ka Seheberu ke, than·ni·nimʹ, ha se le seng ke tan·ninʹ]” a ka boela a bolela “Leviathane.” Temaneng ea 14 poleloana e reng ho sikilakanya lihlooho tsa Leviathane e ka ’na eaba e hlalosa nakong eo Faro le lebotho la hae ba neng ba hloloa ha Baiseraele ba ne ba lokolloa Egepeta. Ha liphetolelo tsa Searame li bua ka “lihlooho tsa Leviathane” mona temaneng ea 14 li re ke “tse matla tsa Faro.” (Bapisa le Eze 29:3-5, moo Faro a tšoantšoang le “ phoofolo e kholohali ea leoatle” e lulang linokeneng tsa Nile; le Eze 32:2.) ho bonahala eka lengolo la Esaia 27:1 le sebelisitse lentsoe Leviathane (LXX, “drakone”) e le letšoao le emelang ’muso, e leng mokhatlo oa lefatšeng lohle o laoloang ke ea bitsoang “noha” le “drakone.” (Tše 12:9) Boprofeta bona ke bo buang ka ho tsosolosa Iseraele kahoo ha Bibele e bua ka hore Jehova o tla ‘o tla Leviathane’ e tlameha ebe e akareletsa Babilona. Leha ho le joalo, litemana tsa 12 le 13 lengolong la Esaia 27 li kenyelelitse naha ea Asiria le ea Egepeta. Kahoo boemong bona hoa hlaka hore Leviathane e tšoantšetsa mokhatlo oa lefatšeng lohle kapa ’muso o khahlanong le Jehova le barapeli ba hae.
LA 19-25 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 75-77
Ke Hobane’ng ha re sa Lokela ho Ikhohomosa?
Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
4 Ka mor’a hore Pauluse a re batho e tla ba baithati ’me ba rate chelete, o ile a boela a re e tla ba ba ikhopolang ho tlola, ba ikhohomosang le ba ikhohomosang ka boikakaso. Batho ba nang le mekhoa ena ba nahana hore ba betere ho feta ba bang ka lebaka la chebahalo ea bona, lintho tseo ba khonang ho li etsa, tseo ba nang le tsona kapa maemo a bona sechabeng. Ba etsa ka hohle hore batho ba bang ba ba nkele holimo. Ha setsebi se seng se bua ka motho ea joalo se re ekare o na le aletare e nyenyane eo a iketselitseng eona e le hore a ikinamele. Batho ba bang ba re boikhohomoso ke ntho e mpe hoo motho ea ikhohomosang a sa rateng ho bona batho ba bang ba ikhohomosa.
5 Jehova o hloile boikhohomoso hobane Bibele e re o hloile “mahlo a iphahamisang.” (Liprov. 6:16, 17) Boikhohomoso bo ka re sitisa ho atamela ho Molimo. (Pes. 10:4) Ke e meng ea mekhoa eo Satane a nang le eona. (1 Tim. 3:6) Ka masoabi, ho na le bahlanka ba bang ba Molimo ba seng ba ikhohomosa. Mohlala, Morena Uzia o ile a tšepahalla Molimo ka lilemo tse ngata. Empa Bibele e re: “Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim’a aletare ea libano.” Hamorao, Morena Ezekiase le eena o ile a ikhohomosa le hoja e bile ka nakoana.—2 Likron. 26:16; 32:25, 26.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme
75:4, 5, 10—Ho boleloa eng ka lentsoe lee “lenaka”? Manaka a phoofolo ke sebetsa se matla. Kahoo, lentsoe lena “lenaka” le tšoantšetsa matla kapa bonatla. Jehova o phahamisa manaka a batho ba hae, o etsa hore ba phahamisoe, empa o ‘poma manaka a ba khopo.’ Re lemosoa hore re se ke ‘ra phahamisetsa manaka a rona holimo,’ ke hore re se ke ra ikhohomosa kapa ra ikakasa. Kaha Jehova ke eena ea phahamisang batho, mesebetsi ea boikarabelo e fumanoang ka phuthehong e lokela ho nkoa e tsoa ho eena.—Pesaleme ea 75:7.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme
76:10—“Khalefo ea motho” e ka roka Jehova joang? Ha Molimo a lumella batho hore ba re halefele kahobane re le bahlanka ba hae, ho ka ba le liphello tse molemo. Bothata leha e le bofe boo re ka thulanang le bona bo ka re koetlisa ka tsela e itseng. Jehova o lumella bohloko hore feela bo re koetlise. (1 Petrose 5:10) ‘Molimo o itlama ka khalefo e setseng ea motho.’ Ho thoe’ng haeba re mamella ho fihlela re e-shoa? Ho mamella hoo le hona ho ka roka Jehova hobane ba re bonang re tiisetsa ka botšepehi ba ka ’na ba qala ho tlotlisa Molimo.
LA 26 AUGUST–LA 1 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 78
Ho se Tšepahale ha Baiseraele ho re Ruta’ng
“Hopola Matsatsi a Fetileng”—Hobane’ng?
Ka masoabi, hangata Baiseraele ba ne ba oela phosong ea ho lebala. Phello e bile efe? “Ba boela ba leka Molimo, ba halefisa Mohalaleli oa Iseraele. Ha ba ka ba hlola ba hopola letsoho la oona leha e le letsatsi leo o ba lopolotseng lireng ka lona.” (Pesaleme ea 78:41, 42) Qetellong, ho lebala ha bona litaelo tsa Jehova ho felletse ka hore a ba lahle.—Matheu 21:42, 43.
Mohlala o motle o ile oa behoa ke mopesaleme ea ileng a ngola: “Ke hopola mesebetsi ea Morena, e, ke hopola limakatso tsa hae, limakatso tsa boholo-holo. Ke nahana mesebetsi eohle ea hae, ke imamella liketso tsa hae tse kholo.” (Pesaleme ea 77:12, 13, BPN) Ho nahana joalo ka ho thuisa ka tšebeletso e tšepahalang ea nakong e fetileng le liketso tse lerato tsa Jehova ho tla re neha tšusumetso e hlokahalang, khothatso le kananelo. Hape, ho “hopola matsatsi a boholo-holo” ho ka leleka mokhathala ’me ho ka re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang le ho mamella ka botšepehi.
‘Le se ke la Korotla’
16 Ho korotla ho etsa hore re inahane borona feela le mathata a rona ebile ho etsa hore re hlokomolohe melemo e mengata eo re e fumanang joaloka Lipaki Tsa Jehova. E le hore re hlole tloaelo ea ho belaela, re lokela ho lula re ikhopotsa melemo ena. Ka mohlala, e mong le e mong oa rona o na le tokelo e babatsehang ea ho bitsoa ka lebitso la Jehova. (Esaia 43:10) Re ka hlaolela ho ba le kamano e haufi le eena, ’me ka nako leha e le efe re ka khona ho bua le “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2; Jakobo 4:8) Bophelo ba rona bo na le morero oa sebele hobane re utloisisa tseko ea bobusi ba bokahohleng ebile re hopola tokelo eo re nang le eona ea ho tšepahala ho Molimo. (Liproverbia 27:11) Re ka kopanela kamehla mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) Ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste ho etsa hore re be le letšoalo le hloekileng. (Johanne 3:16) Tsena ke litlhohonolofatso tseo re li fumanang ho sa tsotellehe seo re lokelang ho se mamella.
Na Jehova o na le Maikutlo?
Mopesaleme o re: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng!” (Temana ea 40) Temana e latelang e phaella ka ho re: “Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo.” (Temana ea 41) Hlokomela hore mongoli o bontša hore ba ne ba tloaetse ho ba bafetoheli. Ba ile ba qala ho bontša moea ona o mobe ha ba le lefeelleng nakoana ka mor’a hore ba lopolloe Egepeta. Batho ba ile ba qala ho korotlela Molimo ’me ba ipotsa hore na o ne a ka khona ho ba hlokomela le hore na o ne a ikemiselitse ho ba hlokomela. (Numere 14:1-4) Buka e fanang ka boitsebiso e sebelisoang ke bafetoleli ba Bibele e re tsela e ’ngoe ea ho fetolela mantsoe a reng “ba ne ba mo fetohela” e ka ba ‘ba ile ba thatafaletsa Molimo lipelo tsa bona’ kapa ‘ba ile ba re “Che” ho Molimo.’” Leha ho le joalo, kaha Jehova o mohau, o ne a tšoarela batho ba hae ha ba bontša pako. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba khutlela litseleng tsa bona tsa khale ebe ba boela ba mo fetohela ’me tloaelo eo ea bona e ne e sa khaotse.—Pesaleme ea 78:10-19, 38.
Jehova o ne a ikutloa joang nako le nako ha batho ba hae ba sa tšepahaleng ba mo fetohela? Temana ea 40 e re: “Ba [ne ba] mo utloisa bohloko.” Phetolelo e ’ngoe e re ba ne “ba mo bakela mesarelo.” Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso ba Bibele e hlalosa tjena: “Sena se bolela hore boitšoaro ba Baheberu bo ne bo utloisa bohloko joaloka boitšoaro ba ngoana ea sa mameleng oa lerabele.” Feela joalokaha ngoana ea sa laoleheng a ka bakela batsoali ba hae bohloko bo otlang pelo, le marabele a Baiseraele a ile a “utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.”—Temana ea 41.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme
78:24, 25—Ke hobane’ng ha manna a bitsoa “lijo-thollo tsa leholimo” le “bohobe ba mangeloi” ho ea ka Bibele—Phetolelo e Ncha? Lipolelo tseo ka bobeli ha li bontše hore manna e ne e le lijo tsa mangeloi. E ne e le “lijo-thollo tsa leholimo” kaha li ne li hlaha leholimong. (Pesaleme ea 105:40) Kaha mangeloi kapa “ba matla,” a lula leholimong, polelo ena e reng “bohobe ba mangeloi” e ka ’na ea bolela feela hore bo ne bo fanoe ke Molimo, ea lulang leholimong. (Pesaleme ea 11:4) Hape e ka ’na eaba Jehova o ile a sebelisa mangeloi hore a fe Baiseraele manna.