Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr24 September maq. 1-11
  • Litšupiso Tsa “Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa “Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso”
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
  • Lihloohoana
  • LA 2-8 SEPTEMBER
  • LA 9-15 SEPTEMBER
  • LA 16-22 SEPTEMBER
  • LA 23-29 SEPTEMBER
  • LA 30 SEPTEMBER–LA 6 OCTOBER
  • LA 7-13 OCTOBER
  • LA 14-20 OCTOBER
  • LA 21-27 OCTOBER
  • LA 28 OCTOBER–LA 3 NOVEMBER
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2024
mwbr24 September maq. 1-11

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso

© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 2-8 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 79-81

Bontša Hore u Rata Lebitso la Jehova le Khanyang

w17.02 9 ¶5

Thekollo ke Mpho e Molemo e Tsoang ho Ntate

5 Re ka bontša joang hore re rata lebitso la Jehova? Ka tsela eo re itšoarang ka eona. Jehova o batla hore re halalele. (Bala 1 Petrose 1:15, 16.) Sena se bolela hore re rapele eena feela, le hore re mo mamele ka lipelo tsohle tsa rona. Esita leha re hlorisoa, re etsa sohle seo re ka se khonang ho phela ka melao-motheo ea hae e lokileng. Ha re etsa lintho tse ntle, re etsa hore leseli le khanye ’me seo se tlisetsa lebitso la Jehova thoriso. (Mat. 5:14-16) Re bontša hore rea halalela ka ho phela ka tsela e bontšang hore melao ea Jehova e molemo le hore liqoso tsa Satane ke mashano. Joaloka batho ba sa phethahalang, ha re etsa liphoso rea baka ’me re khaotsa ho etsa lintho tse sa khahliseng Jehova.—Pes. 79:9.

ijwbv 3 ¶4-5

Baroma 10:13—“Ea Rapelang Lebitsong la Morena”

Ka Bibeleng poleloana e reng “bitsa lebitso la Jehova” ha e bolele feela ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa ha re rapela. (Pesaleme ea 116:12-14) Ha e le hantle e bolela ho tšepa Molimo le ho balehela ho eena ha re hloka thuso.—Pesaleme ea 20:7; 99:6.

Lebitso la Molimo le ne le le bohlokoa ho Jesu Kreste. Mantsoe a hae a pele thapelong ea mohlala a re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Jesu o ile a boela a re haeba re batla ho fumana bophelo bo sa feleng, re lokela ho tseba, ho mamela le ho rata Mong’a lebitso leo.—Johanne 17:3, 6, 26.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 111

Josefa

Lebitso la Josefa le Entsoe la Bohlokoa. Kaha Josefa o ne a nkuoa e le oa bohlokoa har’a bara ba Jakobo, ho ne ho loketse hore lebitso la hae le sebelisoe ho emela maloko ’ohle a Iseraele (Ps 80:1) kapa bao e neng e tla ba karolo ea ’muso o ka leboea. (Ps 78:67; Amo 5:6, 15; 6:6) Hape lebitso la hae le hlahella boprofeteng ba Bibele. Boprofeta ba Ezekiele bo bontša hore Josefa o ne a tla fuoa likarolo tse peli tsa naha. (Eze 47:13) E ’ngoe ea likeiti tsa motse oa “Jehova o Teng Moo” e rehelletsoe ka lebitso la Josefa (Eze 48:32, 35), tlaleho e ’ngoe ha e buoa ka ho momahana ha batho ba Jehova, Josefa o hlalosoa e le morena oa karolo e ’ngoe ea sechaba le Juda e le morena oa karolo e ’ngoe. (Eze 37:15-26) Boprofeta ba Obadia bo bontšitse hore “ba ntlo ea Josefa” ba ne ba tla nka karolo ha ho felisoa “ba ntlo ea Esau” (Ob 18) le boprofeta ba Zakaria bo bontsitše ha Jehova a pholosa “litloholo tsa Josefa.” (Zak 10:6) Ho e-na le Efraime, Josefa o hlahella e le e mong oa maloko a Iseraele ea moea.—Tše 7:8.

Taba ea hore lengolong la Tšenolo 7:8 ho buuoa ka Josefa e fana ka boikutlo ba hore boprofeta boo Jakobo a ileng a bua ka bona pele a shoa bo ne bo tl’o phethahala ho Iseraele ea moea. Kahoo, ea Matla ea Thusitseng Jakobo e leng Jehova Molimo, o ile a fana ka Kreste Jesu e le Molisa ea Molemo ea ileng a fana ka bophelo ba hae molemong oa “linku.” (Joh 10:11-16) Hape Kreste Jesu ke lejoe la sekhutlo la motheo leo tempele ea Molimo e entsoeng ka Iseraele ea moea e hahiloeng holim’a lona. (Ef 2:20-22; 1Pe 2:4-6) Kreste Jesu eo e leng Molisa le Lejoe o lutse le ea Matla ’Ohle.—Joh 1:1-3; Lik 7:56; Heb 10:12; bapisa le Ge 49:24, 25.

LA 9-15 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 82-84

Ananela Lintho Tseo u li Etsetsang Jehova

wp16.6 8 ¶2-3

Ithute ho Linonyana Tsa Leholimo

Baahi ba Jerusalema ba ne ba tseba mafokotsane haholo kaha a ne a tloaetse ho haha lihlaha tsa ’ona marulelong a matlo a bona. Mafokotsane a mang a ne a hahile lihlaha tsa ’ona tempeleng ea Solomone. Ho ka etsahala hore mafokotsane ana a ne a hahile lihlaha tsa ’ona moo tempeleng hobane e ne e le sebaka se sireletsehileng bakeng sa ho holisa malinyane.

Mongoli oa Pesaleme ea 84 e leng e mong oa bara ba Kora, ea neng a tla ho tla sebeletsa tempeleng ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng o ile a bona lihlaha tsa ’ona ha a ne a tlile tempeleng. O ne a lakatsa eka a ka be a lula ntlong ea Jehova kamehla joaloka mafokotsane ao. O ile a bina a re: “Tabernakele ea hao e kholo e ntle hakaakang, Jehova oa mabotho! Moea oa ka o labalabetse ’me o hloretse mabala a Jehova. Esita le nonyana e fumane ntlo, lefokotsane le iphumanetse sehlaha, moo le behileng malinyane a lona—aletare ea hao e kholo, Jehova oa mabotho, Morena oa ka le Molimo oa ka!” (Pesaleme ea 84:1-3) Na uena le bana ba hao le labalabela ho ba phuthehong ea batho ba Molimo?—Pesaleme ea 26:8, 12.

w08 7/15 30 ¶3-4

Iketsetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang, U Tle U Thabe

Botsofali kapa ho kula li ka ’na tsa re sitisa ho etsa lintho tse ling tšebeletsong ea Jehova. Haeba u motsoali, u ka ’na ua ba le maikutlo a hore ha u rue molemo o mokaalo thutong ea botho kapa libokeng tsa Bokreste kahobane u qeta nako ea hao e ngata le matla u hlokomela bana ba banyenyane. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore ebe ka linako tse ling ho nahana haholo ka lintho tseo u sitoang ho li etsa ho ka u sitisa ho bona seo u ntseng u ka se finyella?

Lilemo tse likete tse fetileng, Molevi e mong o ile a bua ka takatso eo a neng a e-na le eona eo ho neng ho ke ke ha etsahala hore a e finyelle. O ne a e-na le tlotla e khethehileng ea ho sebetsa tempeleng ka libeke tse peli selemo le selemo. Leha ho le joalo, o ile a bua ka takatso ea hae e babatsehang ea ho lula kamehla haufi le aletare. (Pes. 84:1-3) Ke eng e ileng ea thusa monna eo ea tšepahalang hore a khotsofale? O ile a hlokomela hore esita le ho qeta letsatsi le le leng feela mabaleng a tempele e ne e le tlotla e khethehileng haholo. (Pes. 84:4, 5, 10) Ka ho tšoanang, ho e-na le ho nahana feela ka lintho tseo re sitoang ho li etsa, re lokela ho leka ho lemoha le ho ananela seo re ka khonang ho se etsa.

w20.01 17 ¶12

U Motho oa Bohlokoa ho Jehova

12 Haeba oa kula, kholiseha hore Jehova o tseba hantle hore na u ikutloa joang. Mo kope hore a u thuse e le hore u ka ba le maikutlo a nepahetseng ka boemo ba hao. Ka mor’a moo, u bale Bibele e le hore u fumane molaetsa o khothatsang o tsoang ho Jehova. Nahanisisa ka litemana tse bontšang hore na Jehova o nka bahlanka ba hae e le ba bohlokoa hakaakang ho eena. Ha u etsa joalo, u tla bona hore Jehova o mosa ho bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi.—Pes. 84:11.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 816

Likhutsana

Kaha ho ne ho le bonolo ho se nkele hloohong batho ba hlokahalletsoeng le ba sa khoneng ho ikemela, ha Jehova a hlalosa boemo ba Baiseraele o ne a sebelisa lentsoe “likhutsana” ho bontša hore ba na le kamano e ntle le eena kapa che. Ha sechaba se ne se e-na le kamano e ntle le Molimo se ne se hlokomela likhutsana. Ha ho ne ho se na toka naheng, sechaba se ne se sa hlokomele likhutsana ’me lena e ne e le letšoao le bontšang hore sechaba se lahlile Molimo. (Ps 82:3; 94:6; Esa 1:17, 23; Jer 7:5-7; 22:3; Eze 22:7; Zak 7:9-11; Mal 3:5) Jehova o ne a sa rate batho ba neng ba hatella likhutsana. (De 27:19; Esa 10:1, 2) Jehova o itlhalosa e le Molopolli (Pr 23:10, 11), Mothusi (Ps 10:14) le Ntate (Ps 68:5) oa tsona. Jehova ke eena ea fanang ka kahlolo molemong oa tsona (De 10:17, 18), ke eena ea ba hauhelang (Hos 14:3), ke eena ea ba pholosang (Ps 146:9), hape ke eena ea etsang hore ba lule ba phela.—Jer 49:11.

E ’ngoe ea lintho tse khethollang Bakretse ba ’nete ke kamoo ba nahanelang batho ba hlokahalletsoeng ke balekane kapa batsoali ba bona. Morutuoa Jakobo o ile a ngolla Bakreste a re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng ho Molimo Ntate oa rona ke ona: Ho hlokomela likhutsana le bahlolohali ha ba e-na le mathata le hore motho a se ke a silafatsoa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka eona.”—Jak 1:27.

LA 16-22 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 85-87

Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle

w12 5/15 25 ¶10

Na U Bonahatsa Khanya ea Jehova?

10 E le hore re bonahatse khanya ea Molimo, ho hlokahala hore re boele re ‘phehelle thapelong.’ (Bar. 12:12) Re lokela ho rapela hore Jehova a re thuse hore re mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. E le hore re finyelle seo, re lokela ho kopa Molimo hore a re fe moea o halalelang, tumelo e eketsehileng, matla a hore re hlole liteko le hore re khone ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15; Mat. 6:13; Luka 11:13; 17:5) Feela joalokaha ngoana a tšepa ntate oa hae, le rona re lokela ho tšepa Ntate oa rona ea leholimong e leng Jehova. Haeba re kopa hore a re thuse hore re mo sebeletse ka botlalo, re ka kholiseha hore o tla fela a etse joalo. E se e ka le ka mohla re ke ke ra nka hore rea mo khathatsa! Ho e-na le hoo, ha re rapela re lokela ho mo rorisa, re mo lebohe, re kope hore a re tataise haholo-holo ha re thulana le liteko re be re kope hore a re thuse hore re mo sebeletse ka tsela e tla tlotlisa lebitso la hae le halalelang.—Pes. 86:12; Jak. 1:5-7.

w23.05 13 ¶17-18

Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?

17 Bala Pesaleme ea 86:6, 7. Mopesaleme Davida o ne a kholisehile hore Jehova o utloa lithapelo tsa hae ebile oa li araba. Le uena u ka kholiseha joaloka eena. Mehlala eo re buileng ka eona sehloohong sena ea re tiisetsa hore Jehova a ka re fa bohlale le matla a ho mamella mathata. A ka sebelisa Bakreste-’moho le rona kapa batho ba sa mo sebeletseng ho re thusa.

18 Le hoja Jehova a sa arabele lithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng, rea tseba hore oa li araba. O re fa lintho tseo re li hlokang ka nako eo re li hlokang ka eona. Kahoo u lule u rapela Jehova u tšepile hore o tla u utloa. U kholisehe hore Jehova o tla u thusa hona joale le hore o tla “khotsofatsa lintho tsohle tse phelang” lefatšeng le lecha.—Pes. 145:16

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 1058 ¶5

Pelo

Ho Sebeletsa ka “Pelo Eohle.” E le hore pelo ea sebele e sebetse hantle e lokela ho ba e felletseng empa pelo ea tšoantšetso e ka arohana. Davida o ile a rapela a re: “Etsa hore ke tšabe lebitso la hao ka pelo eaka eohle,” sena se ka bolela hore pelo ea motho e ka arohana ho latela lintho tseo a li ratang le lintho tseo a tšabang ho li etsa. (Ps 86:11) Motho ea joalo a ka ba le ‘pelo e sa fellang’ e leng hore o ba foofo tseleng eo a sebeletsang Molimo ka eona. (Ps 119:113; Tše 3:16) Motho a ka ba le lipelo tse peli ka hore a leke ho sebeletsa benghali ba babeli kapa a bua ntho e itseng empa ha e le hantle a bolela se fapaneng. (1 Kr 12:33; Ps 12:2.) Jesu o ile a khalemela batho bao ba lipelo li peli ka matla a ba a ba bitsa baikaketsi.—Mat 15:7, 8.

LA 23-29 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 88-89

Ha ho na Bobusi bo ka Bapisoang le ba Jehova

w17.06 28 ¶5

Tšehetsa Bobusi ba Jehova

5 Lebaka le leng leo ka lona Jehova a lokelang ho re busa ke hore o busa ka toka. Jehova o re: “Ke ’na Jehova, ea bontšang mosa o lerato, toka le ho loka lefatšeng; etsoe ke khahlisoa ke lintho tsena.” (Jer. 9:24) Jehova ha a laoloe ke melao ea batho hore a buse ka toka. Kaha Jehova o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka toka, ke eena feela ea matla ’ohle ebile o busa ka toka, ke eena ea fang batho melao. Kaha “ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsoeng sa terone ea [hae]” re ka kholiseha hore melao eohle ea hae le liqeto tseo a li etsang li lokile. (Pes. 89:14; 119:128) Le hoja Diabolose a tsitlallela ho re Jehova ha a buse ka toka, eena ha a khone ho etsa hore toka e be teng lefatšeng.

w17.06 29 ¶10-11

Tšehetsa Bobusi ba Jehova

10 Jehova ha a hatelle batho bao a ba busang. Batho ba busoang ke eena ba na le bolokolohi ebile ba thabile. (2 Bakor. 3:17) Davida o ile a re: “Ho hlompheha le bokhabane li ka pel’a [Molimo], matla le thabo li sebakeng sa hae.” (1 Likron. 16:7, 27) Mopesaleme Ethane o ile a re: “Ho thaba batho ba tsebang mohoo oa thabo. Jehova, ba ntse ba tsamaea leseling la sefahleho sa hao. Ba ithabela lebitsong la hao letsatsi lohle. Ba phahamisoa ho lokeng ha hao.”—Pes. 89:15, 16

11 Ha re lula re nahanisisa ka lintho tse molemo tseo Jehova a li etsang, re tla kholiseha le ho feta hore o lokela ho re busa. Re ikutloa joaloka mopesaleme ha a re: “Letsatsi mabaleng a hao le molemo ho feta a sekete sebakeng se seng.” (Pes. 84:10) Kaha Jehova ke eena ea re bopileng, oa tseba hore na ke lintho life tseo re li hlokang e le hore re thabe ’me o re fa tsona. Lintho tseo a batlang hore re li etse li molemong oa rona, esita le haeba ho hlokahala hore re itele.—Bala Esaia 48:17.

w14 10/15 10 ¶14

E-ba le Tumelo e sa Thekeseleng ’Musong

14 Nahana ka seo Jehova a ileng a se tšepisa Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo ha a etsa selekane sa Davida. (Bala 2 Samuele 7:12, 16.) Jehova o ile a etsa selekane sena le Davida ha e ntse e le morena Jerusalema, ’me a mo tšepisa hore Mesia o tla hlaha lesikeng la hae. (Luka 1:30-33) Jehova o ile a boela a totobatsa leloko leo peo e neng e tla hlaha ho lona le hore mojalefa oa Davida o ne a tla ba le “tokelo ea molao” ea ho busa ’Musong oa Bomesia. (Ezek. 21:25-27) Jesu o ne a tla tiisa borena ba Davida ka thata “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha e le hantle, peo ea Davida “e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le terone ea hae joaloka letsatsi.” (Pes. 89:34-37) Puso ea Bomesia e ke ke ea e-ba le bobolu, ’me litlhohonolofatso tsa eona e tla ba tsa ka ho sa feleng!

Matlotlo a Patiloeng

cl 281 ¶4-5

“Ke Uena Feela ea Tšepahalang”

4 “Botšepehi” kamoo bo sebelisitsoeng kateng ka Mangolong a Seheberu ke mosa oo ka lerato o khomarelang ntho o sa e tlohele ho fihlela morero oa oona ka eona o finyeletsoe. Motho ea tšepahalang ke ea lerato. Ka ho thahasellisang, mopesaleme o bitsa khoeli “paki e tšepahalang maholimong” kaha e hlaha bosiu bo bong le bo bong. (Pesaleme ea 89:37) Ka kutloisiso ena, khoeli ea tšepahala, e ka tšeptjoa. Empa khoeli e ke ke ea tšepahala ka kutloisiso eo motho a tšepahalang ka eona. Hobane’ng? Hobane botšepehi ba motho ke ponahatso ea lerato—ntho eo lintho tse sa pheleng li sitoang ho e bonahatsa.

5 Ho ea ka kutloisiso ea Mangolo, botšepehi bo na le boikutlo bo mofuthu. Ho bo bonahatsa ka bohona ho bontša hore ho na le kamano e itseng pakeng tsa motho ea bontšang tšobotsi ena le eo e bontšoang ho eena. Botšepehi bo joalo ha bo feto-fetohe. Ha bo tšoane le maqhubu a leoatle a akhotsoang ke meea ea lifefo. Ho e-na le hoo, botšepehi, kapa lerato le tšepahalang, bo na le botsitso le matla a ho hlola litšitiso tse thata ka ho fetisisa.

LA 30 SEPTEMBER–LA 6 OCTOBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 90-91

U Tšepe Jehova Haeba u Batla ho Phela ha Lelele

wp19.3 5 ¶3-5

Ho Tsomana Le Bophelo

Bo-rasaense ba bang ba lumela hore mosebetsi o entsoeng hona joale ke phetho, ha ho sa na o mong. Ke ’nete hore ho tloha lilemong tsa bo-1800 batho ba se ba phela nako e telele ho feta e neng e pheloa pele. Empa lintho tse thusitseng haholo ke bohloeki, ho thibela mafu ho ata, meriana le liente tse a phekolang. Bo-rasaense ba bang bona ba lumela hore batho ba phela lilemo tseo ba hlileng ba hlokang ho li phela.

Lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng ha Moshe a ngola lengolo la Bibele o ile a re: “Matsatsi a lilemo tsa rona ke lilemo tse mashome a supileng, haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi. Etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.” (Pesaleme ea 90:10) Ho sa tsotellehe lintho tseo batho ba li etsang, bophelo bo ka tsela eo Moshe a bo hlalositseng kateng.

Le hoja re phela nako e khutšoanyane hakaalo, lihloliloeng tse kang red sea urchin kapa mefuta e meng ea quahog clam li ka phela lilemo tse fetang 200 athe sefate sa giant sequoia se ka phela lilemo tse likete. Ha re nahana ka lintho tse kang tsena le tse ling, re ka ipotsa hore na ehlile rona re lokela ho phela lilemo tse 70 kapa tse 80 feela na.

wp19.1 5, lebokose

Lebitso la Molimo ke Mang?

Batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa potso ena. Mohlomong le uena u kile oa ipotsa eona. Haeba lintho tsohle li bopiloe, joale Molimo eena o bopiloe ke mang?

Litsebi tse ngata tsa saense li lumela hore ho na le motho ea bopileng lintho tsohle. Bibele e lumellana le bona kaha e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1

Lintho li ke ke tsa itlhahela feela tje, empa ho na le motho ea li bopileng ho tloha qalong. Kaha Jehova ke Molimo ea matla ’ohle le ea bohlale, ke eena ea bopileng lintho tsohle.—Johanne 4:24.

Bibele e re ka Molimo: “Pele lithaba li tsoaloa, kapa u qala ho hlahisa lefatše le naha e behang. . . , esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” (Pesaleme ea 90:2) Ka lebaka leo, ha esale Molimo a le teng. Kahoo, ke eena ea bopileng lintho tsohle.—Tšenolo 4:11

w22.06 18 ¶16-17

Lerato le re Thusa ho Hlola Tšabo

16 Satane oa tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho leha e le efe, esita le setsoalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:4, 5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se ’nete. Kaha ke eena “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu,” o sebelisa tšabo eo re nang le eona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova. (Baheb. 2:14, 15) Ka linako tse ling batho ba susumetsoang ke Satane, ba leka ho re tšosa ka hore ba tla re bolaea haeba re sa furalle tumelo ea rona. Maemong a mang, Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore re se ke ra mamela Molimo. Lingaka kapa litho tsa lelapa tseo eseng Lipaki li ka re hatella hore re tšele mali e leng ntho e khahlanong le melao ea Molimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokhoa oa phekolo o sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele.

17 Le hoja re sa batle ho shoa, rea tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata leha re ka shoa. (Bala Baroma 8:37-39.) Ha metsoalle ea Jehova e shoa oa e hopola. O e hopola joalokaha eka e ntse e phela. (Luka 20:37, 38) Hape o hloloheloa ho e tsosa. (Jobo 14:15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Rea tseba hore Jehova o re rata haholo ebile oa re tsotella. Kahoo, ha re kula kapa re tšosoa ka hore re tla bolaoa, ha re fetohele Jehova empa re itšetleha ka eena hore a re tšelise a be a re fe bohlale le matla. Ke eona ntho eo Valérie le monna oa hae ba ileng ba e etsa.—Pes. 41:3.

Matlotlo a Patiloeng

wp17.5 5

Na Motho e Mong le e Mong o na le Lengeloi la Hae?

Ha ho na motho ea nang le lengeloi le hlokometseng eena feela. Empa Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Iponeleng hore le se ke la nyelisa e mong oa ba banyenyane bana; etsoe kea le bolella hore mangeloi a bona leholimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ea leholimong.” (Matheu 18:10) Ha e le hantle o ne a mpa a hlakisa hore mangeloi a rata motho e mong le e mong ea etsang thato ea Molimo. Batho ba ratang Molimo ba tseba taba ena kahoo, ha ba ipehe kotsing ka boomo hobane ba re mangeloi a tla ba pholosa.

Sena ha se bolele hore mangeloi ha a thuse batho ho hang. (Pesaleme ea 91:11) Batho ba bang ba lumela hore Molimo o sebelisa mangeloi ho ba thusa. Kenneth eo ho builoeng ka eena pejana le eena o lumela taba eo. Hangata Lipaki Tsa Jehova li bona taba ena nakong eo li bolellang batho molaetsa oa Bibele. Ha ho motho ea hlileng a tsebang hore na Molimo o sebelisa mangeloi ha ho le joang hobane ha a bonahale. Empa re lokela ho lula re mo leboha ha a re thusitse, ho sa tsotellehe hore na ke ka mangeloi kapa che.—Bakolose 3:15; Jakobo 1:17, 18.

LA 7-13 OCTOBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 92-95

Ho Sebeletsa Jehova ke Qeto e Bohlale ka ho Fetisisa eo Motho a ka e Etsang Bophelong

w18.04 26 ¶5

Bacha, Lulang le Rata Jehova

5 Lebaka le ka sehloohong la ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova ke ho mo bontša hore rea mo leboha ka hore ebe oa re rata le ka lintho tseo a re etselitseng tsona. Mopesaleme o ile a re: “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova . . . Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao; Ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.” (Pes. 92:1, 4) Ho na le lintho tse ngata tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. O u file bophelo, a u thusa ho ba le tumelo, a u fa Bibele le Bakreste-’moho le uena ba u ratang, a ba a u thusa ho ba le tšepo ka bokamoso. Kahoo, u ka bontša hore oa mo leboha ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ha u etsa joalo, u tla mo rata le ho feta.

w18.11 20 ¶8

U Nahana Joaloka Mang?

8 Kaha Jehova le eena ke motsoali ea lerato, o batla hore bana ba hae ba phele hamonate. (Esa. 48:17, 18) Ke ka lebaka leo a re fileng melao e re bontšang hore na re itšoare joang le hore na re sebelisane le batho ba bang joang. O batla hore re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona re be re etse thato ea hae. Kahoo, meeli ea hae ha e re time bolokolohi empa e re thusa ho ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona. (Pes. 92:5; Liprov. 2:1-5; Esa. 55:9) E boetse e re thusa ho etsa liqeto tse tla re thabisa. (Pes. 1:2, 3) Kannete ho nahana joaloka Jehova ho na le moputso o moholo.

w20.01 19 ¶18

U Motho oa Bohlokoa ho Jehova

18 Ha re ntse re tsofala, re ka kholiseha hore ho ntse ho e-na le mosebetsi oo Jehova a ka re fang oona. (Pes. 92:12-15) Jesu o ile a bontša hore ho sa tsotellehe hore na re bona lintho tseo re li etsetsang Jehova li se na thuso hakae, o ananela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re mo etsetsang eona tšebeletsong ea hae. (Luka 21:2-4) Kahoo, etsa sohle seo u ka khonang ho se etsa. Mohlala, u ka bua le batho ka Jehova, oa rapella Bakreste-’moho le uena oa ba oa khothatsa batho ba bang hore ba lule ba tšepahala. Jehova o u nka u le mosebetsi-’moho le eena e seng hobane ho na le lintho tseo u khonang ho li etsa empa hobane u ithaopela ho mo sebeletsa.—1 Bakor. 3:5-9.

Matlotlo a Patiloeng

cl 176 ¶18

‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’

18 Hlokomela tsela eo ka eona moapostola Pauluse a ileng a hlalosa kamoo bohlale ba Jehova bo ikhethang kateng: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Baroma 11:33) Ka ho qala temana ena ka lekhotsa “O!,” Pauluse o ne a bontša maikutlo a tebileng—e leng tšabo e nang le tlhompho e tebileng ntlheng ena. Lentsoe la Segerike leo a ileng a le khetha bakeng sa “botebo” le amana haufi le lentsoe le sebelisoang bakeng sa “mohohlo.” Kahoo, mantsoe a hae a fana ka setšoantšo se hlakileng kelellong. Ha re nahanisisa ka bohlale ba Jehova, ho tšoana le ha re nyarela ka mohohlong o molelele, o se nang moo o fellang teng, o tebileng hoo le ka mohla re ke keng ra utloisisa boholo ba oona, re se re sa re letho ka ho o hlalosa ka ho qaqileng. (Pesaleme ea 92:5) Na eo ha se khopolo e kokobetsang?

LA 14-20 OCTOBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 96-99

“Le Bolele Litaba Tse Monate”

w11 3/1 6 ¶1-2

Litaba Tse Molemo ke Eng?

BAKRESTE ba lokela ho bolella ba bang “litaba tse molemo tsa ’muso,” ba ba hlalosetse hore ’Muso oo ke puso e tla ba teng lefatšeng nakong e tlang, e tla busa lefatše ka toka. Empa poleloana “litaba tse molemo” e boetse e sebelisoa ka litsela tse ling ka Bibeleng. Ka mohlala, ho na le moo ho buuoang ka “litaba tse molemo tsa poloko” (Pesaleme ea 96:2); “litaba tse molemo tsa Molimo” (Baroma 15:16); le “litaba tse molemo mabapi le Jesu Kreste.”—Mareka 1:1.

Ka mantsoe a bonolo feela, litaba tse molemo li akarelletsa ’nete eohle eo Jesu a ileng a bua ka eona le eo barutuoa ba hae ba ileng ba ngola ka eona. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a bolella balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ka hona, mosebetsi oa Bakreste ba ’nete hase feela ho bolella ba bang ka ’Muso; ba boetse ba lokela ho leka ho etsa barutuoa.

w12 9/1 16 ¶1

Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?

Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong sena se ka ho le letona, batho ba bangata ba nahana hore ka Letsatsi la Kahlolo batho ba libilione ba tla tlisoa ka pel’a terone ea Molimo e le hore ba tl’o ahloloa ho ea ka liketso tsa bona tsa pele—ba bang ba putsoe ka bophelo leholimong ha ba bang ba hlokofatsoa liheleng. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore morero oa Letsatsi la Kahlolo ke ho felisa ho hloka toka. (Pesaleme ea 96:13) Molimo o khethile Jesu hore e be Moahloli ea tla tlisetsa batho toka.—Bala Esaia 11:1-5; Liketso 17:31.

w12 9/15 12 ¶18-19

Ho Tla ba le Khotso Nakong ea Lilemo Tse Sekete—Le ka Mor’a Tsona!

18 Satane o ile a senya khotso eo ha a ne a susumetsa batho hore ba fetohele bobusi ba Jehova. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1914, ’Muso oa Mesia o ’nile oa nka bohato ba ho etsa hore ho boele ho be le khotso hape. (Baef. 1:9, 10) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, lintho tse hlollang tseo hona joale li sa “bonoeng” li tla phethahala. Joale ho tla latela “bofelo,” e leng qetello ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ka mor’a moo ho tla etsahala’ng? Le hoja Jesu a filoe “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” ha a rate maemo. Ha aa ikemisetsa ho ikhapela boemo ba Jehova. Ka boikokobetso o “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.” O tla sebelisa boemo ba hae bo ikhethang “thorisong ea Molimo.”—Mat. 28:18; Bafil. 2:9-11.

19 Ka nako eo, bafo ba ’Muso oa Molimo ba lefatšeng ba tla be ba se ba phethahetse. Ba tla latela mohlala oa Jesu ’me kaha ba ikokobelitse, ba tla amohela bobusi ba Jehova ba sa qobelloe. Ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba batla ho etsa seo ka hore ba atlehe ho feta tekong ea ho qetela. (Tšen. 20:7-10) Ka mor’a moo, marabele ’ohle—a batho le a libopuoa tsa moea—a tla timelletsoa ruri. Ka sebele eo e tla ba nako ea thabo le nyakallo e kholo! Lelapa lohle la bokahohleng le tla rorisa Jehova ka thabo, ’me Jehova e tla ba “lintho tsohle ho e mong le e mong.”—Bala Pesaleme ea 99:1-3.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 994

Pina

Mantsoe ana “pina e ncha” ha a hlahe feela ho Pesaleme empa a boetse a hlaha mangolong a Esaia le moapostola Johanne. (Ps 33:3; 40:3; 96:1; 98:1; 144:9; 149:1; Esa 42:10; Tše 5:9; 14:3) Ho hlokomelehile hore boholo ba nako ha ho buuoa ka “pina e ncha” ke hobane ho e-na le phetoho tseleng eo Jehova a etsang lintho ka eona bobusing ba hae. Ke kahoo Pesaleme ea 96:10 e reng: “Jehova ke Morena.” Pina ena e ncha e bua ka liphetoho tse etsahetseng ’musong oa Molimo le lintho tseo e li bolelang leholimong le lefatšeng.—Ps 96:11-13; 98:9; Esa 42:10, 13.

LA 21-27 OCTOBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 100-102

Bontša Hore u Ananela Lerato la Jehova

w23.03 12 ¶18-19

U ka Etsa’ng e le Hore U Itokisetse ho Kolobetsoa?

18 Ho rata Jehova ke ntho e ntle ka ho fetisisa. (Bala Liproverbia 3:3-6.) Ha u rata Molimo haholo, u ke ke oa khaotsa ho mo sebeletsa ha u kopana le mathata. Hangata Bibele e bua ka lerato leo a ratang bahlanka ba hae ka lona. Ka lebaka la lerato lena leo Jehova a nang le lona, le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ebile a ke ke a khaotsa ho ba rata. (Pes. 100:5) Molimo o re bopile re tšoana le eena. (Gen. 1:26) U ka bontša lerato le tšoanang le la Molimo joang?

19 U ka qala ka ho ananela lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona. (1 Bathes. 5:18) Letsatsi le leng le le leng ipotse, “Jehova o bontšitse joang hore oa nthata?” Etsa bonnete ba hore u leboha Jehova ha u mo rapela, ka ho khetheha u lebohe lintho tseo a u etselitseng tsona. Joaloka moapostola Pauluse, elelloa hore Jehova o u etsetsa lintho tse molemo hobane a u rata. (Bala Bagalata 2:20.) Ipotse, ‘Na le ’na ke batla ho mo bontša hore kea mo rata?’ Ho rata Jehova ho tla u thusa ho tsoela pele u hlola liteko le ho mamella mathata. Lerato leo le tla u susumeletsa hore u sebeletse Jehova kamehla le hore u bontše hore oa mo rata letsatsi le leng le le leng.

w23.02 17 ¶10

“E-bang Bohlale ’Me le Falimehe”

10 Tse ling tsa lintho tse kotsi tseo re lokelang ho li qoba li akarelletsa ho bapala ka maikutlo a motho oa bong bo fapaneng ka ho etsa lintho tse ka etsang hore a nahane hore rea mo rata, ho noa haholo, ho ja ho tlola, ho bua lintho tse utloisang batho ba bang bohloko, ho shebella lintho tse nang le ntoa, pornography le lintho tse ling tse kang tseo. (Pes. 101:3) Sera sa rona Diabolose se lula se batla menyetla ea ho senya setsoalle sa rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Haeba re se hlokolosi, Satane a ka re susumetsa hore re be le mekhoa e mebe e kang mohono, ho se tšepahale, meharo, lehloeo, boikakaso le bohale. (Bagal. 5:19-21) Qalong re ka ’na ra nahana hore lintho tsena ha li kotsi hakaalo. Empa haeba re sa potlakele ho tlohela mekhoa ena, e ka hola kapele joaloka lehola eaba e re bakela mathata.—Jak. 1:14, 15.

w11 7/15 16 ¶7-8

Na U Tla Mamela Litemoso Tse Hlakileng Tsa Jehova?

7 Ke lintho life tse bontšang hore re qoba mesuoe ea bohata? Ha re e amohele matlung a rona ebile ha re e lumelise. Hape, ha re bale lingoliloeng tsa eona, ha re e shebelle thelevisheneng, ha re bale lintho tseo e li ngotseng Inthaneteng ebile ha re arabisane le eona Inthaneteng. Ke hobane’ng ha re ema re tiile joalo? Re ema re tiile ka lebaka la lerato. Re rata “Molimo oa ’nete,” kahoo ha re thahaselle lithuto tse sothiloeng tse hanyetsang Lentsoe la hae la ’nete. (Pes. 31:5; Joh. 17:17) Re boetse re rata mokhatlo oa Jehova o re rutileng linnete tse hlollang—tse akarelletsang lebitso la Jehova le seo le se bolelang, morero oa Molimo ka lefatše, boemo boo bafu ba leng ho bona le tšepo ea tsoho. Na ua hopola hore na u ile ua ikutloa joang ha u qala ho ithuta linnete tsee esita le linnete tse ling tsa bohlokoa? Kahoo, u se ke ua lumela hore mesuoe ea bohata e u furallise mokhatlo o u rutileng linnete tsena.—Joh. 6:66-69.

8 Ho sa tsotellehe hore na mesuoe ea bohata e re’ng, re ke ke ra e latela! Ha re na lebaka la ho mamela batho ba tšoanang le liliba tse psheleng hobane ho etsa joalo ho ka fella ka hore re qhekelloe re be re soetsehe. Ho e-na le hoo, a re ikemisetseng ho lula re tšepahala ho Jehova hammoho le mokhatlo oo e leng khale o tima lenyora la rona ka metsi a hloekileng le a nyorollang a ’nete, a tsoang Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo.—Esa. 55:1-3; Mat. 24:45-47.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 596

Nonyana e Bitsoang Pelican

Ha nonyana ena e qeta ho ja, ea fofa e-ea moo e ilo lula teng e le ’ngoe. E lula moo e hlorile e suntse hlooho pakeng tsa mapheo ebile e sa sisinyehe. Ha u e sheba u le holenyana u tla bona eka ke lejoe le lesoeu. Nonyana ena e lula e hlorile tjena ka lihora tse ngata. Ke kahoo mopesaleme a ileng a bapisa ho hlonama ha hae le nonyana ena ha a ne a ngola a re: “Ke mong joaloka letata la naheng.” (Ps 102:6) Mona ha ho thoe “naheng” ha ho buuoe ka lehoatata empa ho buuoa ka sebaka se hole le moo batho ba lulang teng, seo ho sona ho lulang ho e-na le metsi. Ka linako tse itseng selemong, linonyana tsena li fumaneha ka leboea Khohlong ea Jordane matamong a liretse. Mefuta e meraro ea linonyana tsena e fumaneha Iseraele. Nonyana e tsebahalang haholo ke e tšoeu ea bochabela (Pelecanus onocrotalus), athe e tšoeu e nang le matheba a matšo (Pelecanus crispus) le e nang le bopinki (Pelecanus rufescens) tsona li fumaneha ka seoelo.

Linonyana tsena li rata ho ea libakeng tse se nang baahi, tse tloheletsoeng feela, moo li ka lulang ho se na motho ea li khathatsang. Ha nonyana ena e fihla sebakeng se joalo, e iketsetsa sehlaha moo e tla qhotsetsa mahe a eona teng le moo e tla phomola teng ha e tsoa tšoasa litlhapi. Bibele e sebelisa nonyana ena ho tšoantšetsa sebaka se tl’o felisoa hobane nonyana ena e rata libaka tseo ho tsona ho se nang baahi. Ha Esaia a tšoantšetsa ho timetsoa ha Edomo, o ile a bolela esale pele hore linonyana tsena li ne li tla lula naheng eo. (Esa 34:11) Sofonia o ile a profeta hore linonyana tsena li ne a tla lula lipilareng tsa Ninive e leng ntho e neng e bontša hore motse oo o ne o tl’o felisoa ka ho feletseng, o sale o se na baahi.—Sof 2:13, 14.

LA 28 OCTOBER–LA 3 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 103-104

“Oa Hopola Hore re Lerole”

w23.07 21 ¶5

Etsisa Jehova ka Hore U Fetohe le Maemo

5 Jehova o fetoha le maemo hobane a ikokobelitse ebile a le mohau. Ka mohlala, o ile a bontša hore o ikokobelitse ha a ne a tl’o felisa batho ba khopo ba Sodoma. Jehova o ile a roma mangeloi hore a e’o bolella monna ea lokileng Lota hore a balehele lithabeng. Lota o ne a tšaba ho ea moo. Kahoo, o ile a kopa Jehova hore a lumelle eena le lelapa la hae hore ba balehele Zooare e leng motse o monyenyane o neng o lokela ho timetsoa. Jehova a ka be a ile a phehella Lota hore a latele litaelo tsa hae feela joalokaha a mo file tsona. Ho e-na le hoo, o ile a mamela kopo eo ea Lota le hoja e ne e bolela hore ha a sa tla felisa Zooare. (Gen. 19:18-22) Lilemo tse ngata hamorao, Jehova o ile a bontša baahi ba Ninive mohau. O ile a romela moprofeta Jonase hore a e’o bolella batho ba khopo ba Ninive hore ba tl’o felisoa hammoho le motse oa bona. Empa ha batho ba Ninive ba tlohela liketso tsa bona tse khopo, Jehova o ile a ba utloela bohloko eaba ha a felise motse.—Jon. 3:1, 10; 4:10, 11.

w23.09 6-7 ¶16-18

Tšepa Jehova Joaloka Samsone

16 Le hoja Samsone a ile a fumana litholoana tse bosula ka lebaka la phoso ea hae, ha aa ka a khaotsa ho leka ho etsa thato ea Jehova. Le haeba re ka etsa phoso eaba rea khalemeloa kapa re lahleheloa ke mosebetsi o itseng ka mokhatlong oa Jehova, ha rea lokela ho tela. Re lokela ho hopola hore Jehova o lula a ikemiselitse ho re tšoarela. (Pes. 103:8-10) Leha re entse liphoso, Jehova a ka tsoela pele a re sebelisa feela joalokaha a ile a sebelisa Samsone.

17 Nahana ka mohlala oa mor’abo rona e mocha ea bitsoang Michael. O ne a phathahane ka ho sebeletsa Jehova, e le mohlanka ea sebeletsang ebile e le pula-maliboho ea kamehla. Ka masoabi o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a qetelle a amohuoe mesebetsi eohle eo a neng a e etsa ka phuthehong. O re: “Pele ho moo, ke ne ke phathahane haholo ka ho sebeletsa Jehova. Eaba ka ho panya ha leihlo, ke se ke utloa eka ha ho sa na letho leo nka hlolang ke mo etsetsa lona. Ha ho mohla nkileng ka nahana hore Jehova a ka ntahla empa ke ne ke ipotsa hore na ebe setsoalle sa ka le eena se tla ke se tšoane le pele. Hape ke ne ke ipotsa hore na ho na le mohla ke tla mo sebeletsa ka botlalo ka phuthehong joalokaha ke ne ke ile ka etsa.”

18 Litaba tse monate ke hore Mor’abo rona Michael ha aa ka a tela. O re: “Ke ile ka sebetsa ka thata ho lokisa kamano ea ka le Jehova ka hore kamehla ke mo rapele ho tsoa pelong, ke ithute ke be ke nahanisise.” Ka mor’a nako Michael o ile a boela a tšoaneleha hore a ka sebelisoa hape ka phuthehong. Hona joale ke moholo ebile ke pula-maliboho ea kamehla. O re: “Bana beso ka phuthehong, haholo-holo baholo, ba ile ba ntšehetsa le ho nkhothatsa ’me ntho eo e ile ea etsa hore ke bone hore Jehova o ntse a nthata. Hona joale ke khona ho sebeletsa hape ka phuthehong ka letsoalo le khutsitseng. Lintho tsena tse nketsahaletseng li nthutile hore Jehova o tla tšoarela mang kapa mang ea bakang e le kannete.” Re ka kholiseha hore Jehova o tla re sebelisa a be a re hlohonolofatse le haeba re entse liphoso, hafeela re etsa sohle hore re li tlohele re bile re tsoela pele ho mo tšepa.—Pes. 86:5; Liprov. 28:13.

w23.05 26 ¶2

U ka Khona ho Finyella Lintho Tseo U Rerileng ho li Etsetsa Jehova

2 Haeba u batla ho etsa ntho e itseng empa u e-s’o ka u e finyella, u se ke oa nyahama. Re ntse re lokela ho sebetsa ka thata leha re etsa lintho tse nyenyane tseo re batlang ho li finyella. Taba ea hore u batla ho finyella seo u se rerileng ea bontša hore Jehova ke motsoalle oa hao oa bohlokoa ’me u batla ho mo fa se molemo. Jehova o ananela seo u mo etsetsang sona. Ha a lebella hore u etse lintho tseo u ke keng oa khona ho li etsa. (Pes. 103:14; Mik. 6:8) Kahoo, ha u batla ho etsa ntho e itseng, etsa bonnete ba hore u tla khona ho e finyella. Ka mor’a ho tseba hore na u batla ho etsa’ng, u ka etsa’ng e le hore u finyelle ntho eo? A re ke re bueng ka lintho tse tla re thusa.

Matlotlo a Patiloeng

cl 55 ¶18

Matla a ho Bopa—“Moetsi oa Leholimo le Lefatše”

18 Re ithuta eng tšebelisong ea Jehova ea matla a hae a ho bopa? Re hlolloa ke mefuta e sa tšoaneng ea popo. Mopesaleme e mong o ile a hooa: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! . . . Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.” (Pesaleme ea 104:24) Seo ke ’nete hakaakang! Litsebi tsa baeloji li fumane mefuta e fetang milione ea lintho tse phelang lefatšeng; leha ho le joalo, maikutlo a tsona aa fapana tabeng ea hore na ebe mohlomong ho ka ba le e meng e limilione tse 10, e limilione tse 30, kapa ho feta. Motho ea etsang litšoantšo a ka ’na a iphumana ka nako e ’ngoe a feletsoe ke likhopolo tsa ho qapa. Ho fapana le hoo, likhopolo tsa Jehova tsa ho qapa—matla a hae a ho qapa le ho bopa lintho tse ncha tse fapa-fapaneng—ka ho hlakileng ke tse ke keng tsa fela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela