Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbv sehlooho 40
  • Liproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ea Hao Atleng Tsa Morena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ea Hao Atleng Tsa Morena”
  • Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaloso ea Liproverbia 16:3
  • Tlaleho ea Liproverbia 16:3
  • Liproverbia 3:5, 6—“U se ke oa Itšetleha ka Kutloisiso ea Hao”
    Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • “Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 20—Liproverbia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Bohlale ba Molimo bo re Tataisang Bophelong
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
ijwbv sehlooho 40

LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA

Liproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ea Hao Atleng Tsa Morena”

“Siea lintho tsohle tseo u li etsang matsohong a Jehova ’me merero ea hao e tla atleha.”—Liproverbia 16:3.Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

“Beha mesebetsi ea hao atleng tsa Morena ’me merero ea hao e tla phethahala.”—Liproverbia 16:3, Bibele Phetolelo e Ncha.

Tlhaloso ea Liproverbia 16:3

Maele ana a kholisa batho ba rapelang Molimo oa ’nete hore merero ea bona e tla atleha, haeba ba mo tšepa ebile ba batla tataiso ea hae le ho e latela.

“Siea lintho tsohle tseo u li etsang matsohong a Jehova.” Pele barapeli ba Jehovaa ba etsa liqeto, ka boikokobetso ba kopa tataiso ea hae. (Jakobo 1:5) Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore hangata batho ha ba khone ho laola lintho tse ba hlahelang bophelong. (Moeklesia 9:11; Jakobo 4:13-15) Hape ho ka etsahala hore ba se ke ba e-ba le bohlale ba ho phetha merero ea bona. Ka mabaka ana, batho ba bangata ba nka e le bohlale ho tšepa Molimo ha ba e-na le lintho tseo ba batlang ho li etsa. Ba etsa joalo ka hore ba mo rapele ba kope tataiso le ho etsa lintho tumellanong le se ngotsoeng ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele.—Liproverbia 3:5, 6; 2 Timothea 3:16, 17.

Polelo e reng “beha mesebetsi ea hao atleng tsa Morenab” e bolela hore “u rolele litaba tsohle tsa hao ho Morena.” Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e bontša hore poleloana ena e ka fana ka kutloisiso ea hore “monna o fetisetsa mojaro oa hae ho e mong ea matla ho mo feta ea bileng a ka khonang ho jara mojaro oo hamolemo.” Batho bohle bao ka boikokobetso ba itšetlehang ka Molimo ba ka kholiseha hore o tla ba thusa a be a ba tšehetse.—Pesaleme ea 37:5; 55:22.

Polelo e reng “lintho tsohle tseo u li etsang” ha e bolele hore Molimo o amohela kapa o hlohonolofatsa merero eohle eo batho ba ka bang le eona. Ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova, merero ea batho e lokela ho lumellana le melao-motheo ea hae hammoho le thato ea hae. (Pesaleme ea 127:1; 1 Johanne 5:14) Molimo ha a hlohonolofatse batho ba sa mo mameleng. Ha e le hantle, “o senya merero ea ba khopo.” (Pesaleme ea 146:9) Ka nako e tšoanang, o tšehetsa bohle ba ikokobelletsang eena ka hore ba hlomphe melao-motheo ea hae e ka Bibeleng.—Pesaleme ea 37:23.

“Me merero ea hao e tla atleha.” Liphetolelo tse ling ha li fetolela polelo ena, li re “merero ea hao e tla tiea.” Ka Mangolong a Seheberu, ao batho ba bangata ba a tsebang e le Testamente ea Khale, lentsoe le fetoletsoeng ka Sesotho e le “tiea” le fetisa mohopolo oa ho etsa motheo, oo hangata o bolelang lintho tse tsitsitseng tseo Molimo a li bopileng. (Liproverbia 3:19; Jeremia 10:12) Ka ho tšoanang, Molimo o tla tiisa merero ea batho ba etsang lintho tse lokileng mahlong a hae, a be a ba thuse ho sireletseha le ho thabela bophelo.—Pesaleme ea 20:4; Liproverbia 12:3.

Tlaleho ea Liproverbia 16:3

Maele ana a ngotsoe ke Morena Solomone, ’me o ngotse karolo e kholo ea buka ea Liproverbia. O ne a tseba maele a likete-kete hobane Molimo o ne a mo file bohlale.—1 Marena 4:29, 32; 10:23, 24.

Khaolong ea 16, Solomone o qala ka ho rorisa bohlale ba Molimo le ho bontša hore Molimo ha a rate batho ba ikhohomosang. (Liproverbia 16:1-5) Ha khaolo ena e ntse e tsoela pele, e thusa ’mali ho utloisisa ’nete e iphetang hangata bukeng ena ea Liproverbia, ea hore batho ba ka ba bohlale e le kannete ba ba ba atleha hafeela ba ikokobelletsa Molimo ba bile ba mo lumella hore a ba tataise. (Liproverbia 16:3, 6-8, 18-23) ’Nete ena ea bohlokoa e phetoa hangata ka Bibeleng.—Pesaleme ea 1:1-3; Esaia 26:3; Jeremia 17:7, 8; 1 Johanne 3:22.

Bala Liproverbia khaolo ea 16 Bibeleng ea Bibele Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Ho bonolo ho utloisisa Bibele ena. E na le litlhaloso tsa mantsoe, limmapa ebile u ka khona ho e mamela.

Shebella video ena e khutšoanyane ea selelekela sa buka ea Liproverbia.

a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

b Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sebelisa lentsoe Morena ho e-na le ho sebelisa lebitso la Molimo. E le hore re bone hore na hobane’ng ha sena se ka ferekanya babali ba Bibele, bala sehlooho se reng “Esaia 42:8—‘Ke ’na Morena’” lethathamong la lihlooho tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela