Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 100
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Tlotse Molao oa Lapeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Haeba ke Tlotse Molao oa Lapeng?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo u sa lokelang ho se etsa
  • Seo u ka se etsang
  • Ke Hobane’ng ha Eka Batsoali ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?
    Tsoha!—2008
  • Nka Etsa’ng Hore ke Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 100
Batsoali ba tšoenyehileng ba bua le morali oa bona ea fihlileng hae ka mor’a nako e behiloeng.

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Haeba ke Tlotse Molao oa Lapeng?

Hoo e ka bang malapa kaofela a na le melao, e kang hore na u lokela ho fihla hae ka nako efe, u lokela ho sebelisa sesebelisoa sa elektronike nako e kae le hore na u lokela ho tšoara ba bang joang.

U ka etsa’ng haeba u tlotse molao oa lapeng? U ke ke oa khona ho fetola seo u se entseng, empa u ka etsa hore lintho li se ke tsa mpefala. Sehlooho sena se ka u thusa hore u bone hore na u ka etsa seo joang.

  • Seo u sa lokelang ho se etsa

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Seo u sa lokelang ho se etsa

  • Haeba batsoali ba hao ba sa tsebe hore u tlotse molao, u ka ’na oa batla ho pata taba eo.

  • Haeba ba tseba hore u tlotse molao, u ka ’na oa batla ho ikemela kapa u behe motho e mong molato.

Ho etsa joalo ha ho a nepahala. Hobane’ng? Hobane ho pata lintho tseo u li entseng kapa ho ikemela ho bontša hore ha oa hola. Sena se tla bontša batsoali ba hao hore u sa le hole le moo ho uoang.

“Ho bua leshano ha se tharollo. Ha nako e ntse e ea, ’nete e tla hlahella, ’me khalemelo e tla ba matla ho feta ha u ne u buile ’nete ho tloha qalong.”—Diana.

Seo u ka se etsang

  • Lumela hore u entse phoso. Bibele e re: “Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha.” (Liproverbia 28:13) Batsoali ba hao baa tseba hore ha oa phethahala. Empa ba batla hore u tšepahale.

    “Ho tla ba bonolo hore batsoali ba hao ba u tšoarele ha u bua ’nete. Batsoali ba hao ba tla u tšepa ha u bua ’nete.”—Olivia.

  • Kopa tšoarelo. Bibele e re: “Kaofela ha lona le ikokobetse.” (1 Petrose 5:5) U lokela hore u be le boikokobetso e le hore u kope tšoarelo ’me u se ke oa ikemela.

    “Ha batho ba tloaetse ho ikemela, ha ba sa ikutloa ba le molato ha ba entse phoso. Ha nako e ntse e ea, ha ba na ho ikoahlaea ho hang ha ba entse ntho e mpe.”—Heather.

  • Amohela li-tla-morao. Bibele e re: “Mamelang taeo.” (Liproverbia 8:33) U se ke oa tletleba empa u amohele taeo eo batsoali ba hao ba u fang eona.

    “Ho tletleba ho mpefatsa lintho le ho feta. Amohela lithibelo tseo u li behetsoeng, ’me u se ke oa nahana ka seo u seng u sa khone ho se etsa.”—Jason.

  • Sebeletsa hore u tšeptjoe hape. Bibele e re: “Lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela eo le neng le itšoara ka eona pele.” (Baefese 4:22) Tsoela pele ho etsa lintho tse ntle e le hore batsoali ba hao ba ka u tšepa hape.

    “Ha u tsoela pele ho etsa liqeto tse bohlale ’me u bontša batsoali ba hao hore u ke ke oa pheta phoso e tšoanang, ba tla u tšepa hape.”—Karen.

KELETSO: Etsa sohle seo u ka se khonang ho bontša hore oa tšepahala. Ka mohlala, ha u tsamaile, joetsa batsoali ba hao ha u le tseleng e khutlang le haeba u sa tl’o lieha ho fihla. Le haeba u sa bue, ba tla bona hore u batla ba u tšepe hape.

Seo bacha ba bang ba se buang

Darius.

“U bua leshano ha u patela batsoali ba hao lintho tse mpe tseo u li entseng. Ha nako e ntse e ea, lintho tse mpe tseo u li entseng li tla hlahella ’me ha seo se etsahala, lintho li tla u tsamaela hampe ho feta ha u ne u ile oa bua ’nete ho tloha qalong.”—Darius.

Sierra.

“Ha re beha motho e mong molato ka liphoso tseo re li entseng, seo se bontša hore ha rea hola ebile ha re batle ho ikarabella ka liphoso tsa rona. Batsoali ba rona ba ka tlohella ho re tšepa haeba re sa nke boikarabelo ’me ra kopa tšoarelo ka seo re se entseng.”—Sierra.

U ithutile eng? Nka etsa’ng haeba ke tlotse molao oa lapeng?

  • Lumela hore u entse phoso. Batsoali ba hao baa tseba hore ha oa phethahala. Empa ba batla hore u tšepahale.

  • Kopa tšoarelo. Ikokobetse ’me u kope tšoarelo u sa ikemele.

  • Amohela li-tla-morao. Amohela lithibelo tseo batsoali ba hao ba u behetseng tsona.

  • Sebeletsa hore u tšeptjoe hape. Etsa lintho tse bontšang hore u na le boikarabelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela