Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Mosali oa Lota o fetoha seemahale sa letsoai ha Lota le barali ba hae ba baleha motseng oa Sodoma

      THUTO EA 10

      Hopolang Mosali oa Lota

      Lota o ne a lula le rangoane oa hae Abrahama naheng ea Kanana. Ha nako e ntse e ea, Abrahama le Lota ba ile ba ba le liphoofolo tse ngata haholo ’me ka lebaka leo makhulo a ne a haella. Abrahama o ile a re ho Lota: ‘Re ke ke ra khona ho lula ’moho. Ke kopa u khethe sebaka seo u batlang ho ea ho sona. ’Na ke tla nka sebaka se setseng.’ Na oa bona hore Abrahama o ne a sa batle hore e be eena ea khethang pele?

      Lota o ile a bona sebaka se setle haufi le motse oa Sodoma. Se ne se e-na le metsi a mangata le joang bo botala. O ile a khetha ho ea sebakeng seo ’me a lula ho sona le ba lelapa la hae.

      Batho ba Sodoma le ba motseng o mong o haufi le moo oa Gomora, ba ne ba etsa lintho tse mpe. Ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a khetha ho ba felisa. Molimo o ne a batla ho sireletsa Lota le ba lelapa la hae. Kahoo, a romela mangeloi a mabeli hore a re ho bona: ‘Potlakang! Tsoang sebakeng sena. Jehova o tl’o felisa motse ona.’

      Lota ha aa ka a tsamaea hang-hang. O ile a lieha. Eaba mangeloi a tšoara Lota, mosali oa hae le barali ba hae ka matsoho a ba ntšetsa ka ntle ho motse, a re: ‘Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla, ha le ka hetla le tla shoa.’

      Ho na mollo le sebabole motseng oa Sodoma le Gomora

      Ha ba fihla motseng oa Zooare, Jehova a felisa motse oa Sodoma le oa Gomora ka mollo le sebabole. Mosali oa Lota ha aa ka a mamela Jehova. O ile a hetla eaba o fetoha seemahale sa letsoai. Empa Lota o ile a sireletseha hammoho le barali ba hae, kaha ba ile ba mamela Jehova. Mosali oa Lota ha aa ka a mamela Molimo ’me e tlameha ebe seo se ile sa utloisa Lota le barali ba hae bohloko haholo. Leha ho le joalo, ba ne ba thabisitsoe ke hore ebe bona ba ile ba mamela Jehova.

      “Hopolang mosali oa Lota.”—Luka 17:32

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Jehova a ile a felisa motse oa Sodoma le oa Gomora? Ke hobane’ng ha mosali oa Lota a ile a fetoha seemahale sa letsoai?

      Genese 13:1-13; 19:1-26; Luka 17:28, 29, 32; 2 Petrose 2:6-9

  • Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Abrahama le Isaka ba ea Moria

      THUTO EA 11

      Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla

      Abrahama o ile a ruta mora oa hae Isaka hore a rate Jehova le hore a tšepe litšepiso tsohle tsa hae. Empa ha Isaka a le lilemo li ka bang 25, Jehova o ile a re Abrahama a etse ntho e boima haholo. O ile a re a etse’ng?

      Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore u nke mora oa hao ea mong, u mo etse sehlabelo ho e ’ngoe ea lithaba tse naheng ea Moria.’ Abrahama o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a re a etse joalo. Empa o ile a etsa seo Jehova a itseng a se etse.

      Letsatsi le latelang hoseng, Abrahama o ile a kena tseleng le Isaka le bahlanka ba hae ba babeli, ba ea thabeng ea Moria. Ka mor’a matsatsi a mararo, ba bonela thaba eo hole. Abrahama o ile a re bahlanka ba hae ba sale moo, ha eena le Isaka ba il’o etsa sehlabelo. O ile a fa Isaka patsi ’me eena a nka thipa. Isaka o ile a botsa ntate oa hae a re: ‘E hokae nku eo re tl’o etsa sehlabelo ka eona?’ Abrahama a re: ‘Mora oa ka, Jehova o tla re fa eona.’

      Qetellong ha ba fihla thabeng eo, ba haha aletare. Eaba Abrahama o tlama Isaka maoto le matsoho, o mo beha holim’a aletare.

      Isaka o tlameletsoe aletareng ’me Abrahama o tšoere thipa

      Abrahama o ile a ntša thipa. Hang-hang lengeloi la Jehova la hoeletsa Abrahama le le leholimong, la re: ‘Abrahama! U se ke oa bolaea mora oa hao. Joale kea tseba hore u na le tumelo ho Molimo hobane ha oa hana ho etsa sehlabelo ka mora oa hao.’ Abrahama o ile a bona nku e le har’a sehlahla. Eaba o fasolla Isaka maoto le matsoho ’me o etsa sehlabelo ka nku eseng ka Isaka.

      Ho tloha letsatsing leo, Jehova o ile a bitsa Abrahama motsoalle oa hae. Hobane’ng? Abrahama o ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a re a e etse, leha a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a re a e etse.

      Abrahama o fasolla Isaka

      Jehova o ile a tšepisa Abrahama a re: ‘Ke tla u hlohonolofatsa ’me bana ba hao ba tla ba bangata.’ Sena se bolela hore Jehova o ne a tla sebelisa lelapa la Abrahama ho hlohonolofatsa batho bohle ba lokileng.

      “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16

      Lipotso: Abrahama o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova? Jehova o ile a tšepisa Abrahama eng?

      Genese 22:1-18; Baheberu 11:17-19; Jakobo 2:21-23

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela