-
Jakobo o Fuoa LefaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 12
Jakobo o Fuoa Lefa
Isaka o ne a le lilemo li 40 ha a nyala Rebeka. O ne a mo rata haholo. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba ba le mafahla a bashanyana.
Lefahla le leholo e ne e le Esau, le lenyenyane e le Jakobo. Esau o ne a rata ho ea naheng le ho tsoma empa Jakobo o ne a rata ho lula hae.
Mehleng eo, mora e moholo o ne a fuoa sebaka se seholo le chelete e ngata ha ntate oa hae a hlokahala. Ho ne ho thoe o fuoa lefa. Lelapeng la Isaka, seo se ne se bolela hore Esau o tla fuoa lintho tseo Jehova a neng a li tšepisitse Abrahama. Esau o ne a se na taba le litšepiso tseo tsa Jehova empa Jakobo eena o ne a tseba hore ke tsa bohlokoa.
Ka le leng Esau o ile a fihla a khathetse haholo ha a tsoa ho tsoma. O ile a utloa ho nkha lijo tse monate tseo Jakobo a li phehileng, eaba o re: ‘Ke shoele ke tlala! Ak’u ntšelle sopho eo e khubelu.’ Jakobo a re: ‘Ke tla u fa empa ntšepise pele hore u tla mpha lefa la hao.’ Esau a re: ‘Ha ke na taba le lefa! U ka le nka. ’Na ke ipatlela lijo feela.’ Na u nahana hore Esau o entse qeto e nepahetseng? Che. Esau o ile a fana ka ntho ea bohlokoa haholo ka lebaka la sopho feela.
Ha Isaka a se a tsofetse, ho ile ha fihla nako ea hore a fe lefahla le leholo lefa. Empa Rebeka o ile a thusa Jakobo hore e be eena ea fuoang lefa. Esau o ile a tseba ka taba ena ’me a koata haholo hoo a ileng a rera ho bolaea ngoan’abo. Isaka le Rebeka ba ne ba batla ho sireletsa Jakobo, eaba ba re ho eena: ‘Tsamaea u e’o lula le malome oa hao Labane ho fihlela bohale ba Esau bo kokobela.’ Jakobo o ile a mamela keletso ea batsoali ba hae eaba oa baleha.
“Motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke bophelo ba hae? Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?”—Mareka 8:36, 37
-
-
Jakobo le Esau ba Bopa KhotsoIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 13
Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
Jehova o ile a bolella Jakobo hore o tla mo sireletsa joalokaha a ile a sireletsa Abrahama le Isaka. Jakobo o ile a lula sebakeng se bitsoang Harane. Ha a le moo a nyala, a ba le lelapa le leholo ’me a rua haholo.
Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a re ho Jakobo: ‘Khutlela naheng ea heno.’ Kahoo, Jakobo a kena leetong le lelelele le ba lelapa la hae a khutlela naheng ea habo. Ha a le tseleng a kopana le batho ba ileng ba re ho eena: ‘Abuti oa hao Esau o tseleng le banna ba 400.’ Jakobo o ile a tšoha a nahana hore Esau o batla ho mo loantša le ba lelapa la hae. O ile a rapela Jehova a re: ‘Ke kopa u mpholose ho abuti oa ka Esau.’ Letsatsing le latelang Jakobo o ile a romella Esau linku, lipoli, likhomo, likamele le litonki e le mpho.
Bosiung boo ha Jakobo a ntse a le mong, o ile a bona lengeloi. Lengeloi leo le ile la qala ho loana le eena. Ba ile ba loana ho fihlela hoseng. Jakobo o ile a loana le hoja a ne a tsoile kotsi. Lengeloi le ile la re: ‘Ntlohele ke tsamaee.’ Jakobo a re: ‘Ntlhohonolofatse pele.’
Qetellong lengeloi leo le ile la hlohonolofatsa Jakobo. Kahoo, Jakobo a tseba hore Jehova a ke ke a lumella Esau hore a mo ntše kotsi.
Hoseng hoo Jakobo o ile a bona Esau le banna ba 400 ba sa le hole. Jakobo a tsamaella pele ho ba lelapa la hae ’me ha a fihla ka pel’a Esau a inama ka makhetlo a supileng. Eaba Esau o mathela ho Jakobo o fihla a mo haka. Ba ile ba lla ’me ba bopa khotso. U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ka tsela eo Jakobo a entseng lintho ka eona?
Esau o ile a khutlela ha hae. Jakobo le eena a ea ha hae. Jakobo o ne a e-na le bara ba 12. Mabitso a bona e ne e le Rubene, Simeone, Levi, Juda, Dane, Nefthali, Gade, Ashere, Isakare, Zabulone, Josefa le Benjamine. Jehova o ile a sebelisa e mong oa bona e leng Josefa, ho sireletsa batho ba hae. Na oa tseba hore o ile a mo sebelisa joang? A re bone.
“Le ’ne le rate lira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang e le hore le ka bontša hore le bana ba Ntate oa lona ea maholimong.”—Matheu 5:44, 45
-