Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Josefa o baleha mosali oa Potifaro

      THUTO EA 14

      Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo

      Josefa e ne e le e mong oa bara ba Jakobo. Bo-abuti ba hae ba ne ba tseba hore ntate oa bona o mo rata haholo. U nahana hore ba ne ba ikutloa joang? Ba ne ba le mona ebile ba mo hloile. Josefa o ile a lora litoro tse sa tloaelehang ’me a li bolella bana babo. Ba ile ba nahana hore litoro tseo li bolela hore ka le leng ba tla lokela ho mo khumamela. Kahoo, ba mo hloea le ho feta.

      Bana ba bo Josefa ba mo lahlela ka sekoting

      Ka letsatsi le leng, bana ba bo Josefa ba ne ba lisitse linku haufi le motse oa Shikeme. Eaba Jakobo o roma Josefa hore a e’o ba sheba hore na ba ntse ba le hantle. Ba ile ba bona Josefa a sa tla le hole, eaba ba re: ‘Ralitoro eane ke eo a tla. A re mo bolaeeng.’ Ba mo tšoara, ba mo lahlela ka sekoting se tebileng. Empa abuti oa hae e mong ea bitsoang Juda a re: ‘A re se keng ra mo bolaea. A re mo rekiseng hore e e’o ba lekhoba.’ Kahoo, ba mo rekisetsa Bamidiane ba neng ba ea Egepeta ka lichelete tse 20 tsa silevera.

      Eaba bo-abuti ba Josefa ba kenya seaparo sa hae ka maling a poli, ba se isa ho ntate oa bona ’me ba re: ‘Na seaparo see ha se sa mora oa hao?’ Jakobo o ne a nahana hore Josefa o bolailoe ke phoofolo e hlaha. Kahoo, a utloa bohloko haholo. Ho ne ho se na motho ea ka khonang ho mo tšelisa.

      Josefa o teronkong

      Josefa o ile a rekisetsoa molaoli oa Egepeta ea bitsoang Potifaro. Empa Jehova ha aa ka a mo lahla. Potifaro o ile a bona hore Josefa o sebetsa ka thata le hore oa tšepahala. Kahoo, a mo beha hore a hlokomele lintho tsohle tsa ntlo ea hae.

      Mosali oa Potifaro o ile a bona hore Josefa o motle ebile o matla. Letsatsi le leng le le leng o ne a kopa Josefa hore a robale le eena. Josefa o ile a etsa’ng? O ile a hana, a re: ‘Nke ke ka robala le uena hobane ho etsa joalo e tla be e le ntho e fosahetseng. Potifaro oa ntšepa ’me uena u mosali oa hae. Haeba ke robala le uena, ke tla be ke entse sebe mahlong a Molimo.’

      Ka letsatsi le leng, mosali oa Potifaro a leka hape ho qobella Josefa hore a robale le eena. A mo tšoara ka liaparo empa Josefa a baleha. Ha Potifaro a fihla hae, mosali oa hae a re Josefa o mo hlekefelitse. O ne a sa bue ’nete. Potifaro a halefa haholo eaba o koalla Josefa teronkong. Empa Jehova ha aa ka a lebala Josefa.

      “Le ikokobeletse Molimo ea matla e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6

      Lipotso: Bana ba bo Josefa ba ile ba mo tšoara joang? Ke hobane’ng ha Josefa a ile a koalloa teronkong?

      Genese 37:1-36; 39:1-23; Liketso 7:9

  • Jehova ha aa ka a Lebala Josefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Josefa o hlalosetsa Faro litoro tsa hae

      THUTO EA 15

      Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

      Ha Josefa a ntse a le teronkong, morena oa Egepeta ea bitsoang Faro o ile a lora litoro tseo ho neng ho se motho ea ka li hlalosang. Mohlanka e mong oa Faro a mo bolella hore Josefa a ka khona ho hlalosa litoro tseo. Eaba Faro o re Josefa a bitsoe hang-hang.

      Faro a mo botsa a re: ‘Na u ka khona ho hlalosa litoro tsa ka?’ Josefa a re ho Faro: ‘Egepeta e tla ba le lijo tse ngata ka lilemo tse supileng ’me ka mor’a moo ho be le tlala ka lilemo tse ling tse supileng. Khetha motho ea bohlale hore a bokelle lijo e le hore sechaba sa hao se se ke sa bolaoa ke tlala.’ Faro a re: ‘Ke khetha uena. Ka mor’a ka, e tla ba uena motho ea phahameng haholo mona Egepeta.’ Josefa o tsebile joang hore na litoro tsa Faro li bolela’ng? O ne a thusitsoe ke Jehova.

      Josefa o bontša batho hore na ba behe lijo hokae

      Josefa o ile a qeta lilemo tse supileng a ntse a bokella lijo. Ka mor’a moo, ha e-ba le tlala hohle feela joalokaha a buile. Batho ba tsoang libakeng tse ling ba tla ho tla reka lijo ho eena. Jakobo ntate oa Josefa o ne a utloetse hore ho na le lijo Egepeta, eaba o roma bara ba hae ba leshome hore ba e’o li reka.

      Bara ba Jakobo ba ile ba ea ho Josefa ’me hang-hang a bona hore ke bana babo. Empa bona ba ne ba sa tsebe hore ke Josefa. Ba mo khumamela feela joalokaha Josefa a ne a lorile ha a sa le monyenyane. Josefa o ne a batla ho bona hore na bana babo ba ntse ba le pelo e mpe kapa che. Eaba o re ho bona: ‘Le lihloela. Le batla ho bona hore na naha ea rona e fokola hokae.’ Ba re: ‘Che. Re tsoa Kanana ebile re bana ba motho ba 12. Ngoan’abo rona e mong o hlokahetse, athe e monyenyane o setse hae le ntate oa rona.’ Josefa a re ho bona: ‘Ha le bue ’nete. Tloong le eena ke mo bone.’ Kahoo, ba khutlela hae ho ntate oa bona.

      Ha lijo tseo li fela, Jakobo a boela a roma bara ba hae Egepeta. Lekhetlong lena ba tsamaea le Benjamine ngoan’abo bona e monyenyane. E le ho ba leka, Josefa a pata kopi ea hae ea silevera ka mokotleng oa Benjamine ’me a re bana babo ba e utsoitse. Ba ile ba tšoha ha bahlanka ba Josefa ba fumana kopi eo ka mokotleng oa Benjamine. Ba kopa Josefa hore a mpe a fe bona kotlo ho e-na le ho e fa Benjamine.

      Joale Josefa a bona hore bana babo ba fetohile. O ne a se a sa khone ho itšoara. A qala ho lla haholo ’me a re: ‘Ke ’na Josefa, ngoan’abo lona. Na ntate o ntse a phela?’ Bana babo ba makala haholo. A re ho bona: ‘Le se ke la utloa bohloko ka seo le nkentseng sona. Molimo o ntlisitse mona hore ke khone ho le thusa. Joale potlakang ’me le tle le ntate.’

      Ba khutlela hae, ba bolella ntate oa bona sohle se etsahetseng ’me ba ea le eena Egepeta. Ka mor’a lilemo tse ngata, Josefa le ntate oa hae ba boela ba kopana.

      Josefa le ntate oa hae Jakobo baa lumelisana

      “Haeba le sa tšoarele batho liphoso tsa bona, Ntate oa lona le eena a ke ke a le tšoarela.”—Matheu 6:15

      Lipotso: Jehova o ile a thusa Josefa joang? Josefa o ile a bontša joang hore o tšoaretse bana babo?

      Genese 40:1–45:28; 46:1-7, 26-34; Pesaleme ea 105:17-19; Liketso 7:9-15

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela