Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sehlahla se Tukang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Moshe sehlahleng se tukang

      THUTO EA 18

      Sehlahla se Tukang

      Moshe o ile a lula Midiane ka lilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala ’me a ba le bana. Ka letsatsi le leng ha a ntse a hlokometse linku tsa hae pel’a Thaba ea Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla se meutloa se ne se tuka empa se sa che. Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahala’ng, a utloa lentsoe le tsoa sehlahleng ’me le re: ‘Moshe! U se ke oa atamela ho feta moo. Rola lieta tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.’ Ke Jehova ea neng a bua a sebelisa lengeloi.

      Moshe o ile a tšoha, eaba o ipata sefahleho. Lentsoe leo la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka eona. Ke tla ba ntša Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke uena ea tla ba etella pele.’ E tlameha e be seo se ile sa makatsa Moshe.

      Moshe a botsa a re: ‘Ke tla re’ng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngoe ke mang?’ Molimo a re: ‘U tla re Jehova, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo ke eena ea u rommeng.’ Joale Moshe a re: ‘Ke tla etsa’ng haeba ba sa ’mamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu oa hae fatše. Eaba molamu oo o fetoha noha. Ha Moshe a tšoara noha eo ka mohatla, ea boela ea fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontšo ena e tla ba bopaki ba hore ke ’na ea u rommeng.’

      Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Eaba Jehova o re ho eena: ‘Ke tla u bolella seo u lokelang ho se bua ’me ke tla romela abuti oa hao Arone hore a tl’o u thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le eena. Kahoo, a nka mosali oa hae le bara ba hae ’me ba khutlela Egepeta.

      “Le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang. Le tla tseba ka nako eo hore na le re’ng.”—Matheu 10:19

      Lipotso: Moshe o ile a bona’ng ha a ntse a hlokometse linku tsa hae? Jehova o ne a batla hore Moshe a etse’ng?

      Exoda 3:1–4:20; Liketso 7:30-36

  • Likotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Moshe le Arone ba eme ka pel’a Faro

      THUTO EA 19

      Likotlo Tse Tharo Tse Qalang

      Baiseraele ba ne ba qobelloa ho sebetsa ka thata e le makhoba. Jehova o ile a roma Moshe le Arone ho Faro, a re ba re ho eena: ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee se e’o ntšebeletsa lefeelleng.’ Faro a araba ka boikhohomoso a re: ‘Ha ke na taba hore na Jehova o re’ng. Nke ke ka lokolla Baiseraele.’ Eaba Faro o ba sebelisa ka thata le ho feta. Jehova o ne a tla fa Faro kotlo. Na oa tseba hore o ile a etsa’ng? O ile a tlisetsa Baegepeta Likotlo Tse Leshome. Kahoo, Jehova a re ho Moshe: ‘Faro ha a ’mamele. Hoseng o tl’o ea Nokeng ea Nile. E-ea u mo bolelle hore kaha ha a batle ho lokolla batho ba ka, metsi a Noka ea Nile a tla fetoha mali.’ Eaba Moshe oea ho Faro. Arone a otla metsi a Noka ea Nile ka molamu, eaba a fetoha mali Faro a ntse a shebile. Metsi a Noka ea Nile a qala ho nkha ’me litlhapi tsa shoa le batho ba hloka metsi ao ba a noang. Empa Faro a ’na a hana ho lokolla Baiseraele.

      Ka mor’a matsatsi a supileng, Jehova a romela Moshe hape ho Faro hore a re ho eena: ‘Haeba u sa tlohelle batho ba ka hore ba tsamaee, naha eohle ea Egepeta e tla tlala linqanqane.’ Eaba Arone o phahamisa molamu oa hae ’me linqanqane tsa tlala hohle. Tsa kena ka matlung, libetheng le ka lijaneng. E le tsona feela hohle mona! Faro a re Moshe a kope Jehova hore a tlose linqanqane tseo. A tšepisa hore o tla lokolla Baiseraele. Kahoo, Jehova a felisa kotlo eo ’me Baegepeta ba bokella linqanqane tse shoeleng, ba li etsa liqubu tse ngata. Naha ea qala ho nkha. Empa Faro a boela a hana ho lokolla Baiseraele.

      Jehova a re ho Moshe: ‘E-re Arone a otle fatše ka molamu oa hae ’me mobu o tla fetoha menoang e lomang habohloko.’ Hang-hang menoang ea tlala hohle. Eaba Baegepeta ba bang ba re ho Faro: ‘Kotlo ena e tsoa ho Molimo.’ Empa Faro ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba tsamaee.

      Likotlo tse tharo ho tse leshome Egepeta: metsi a Noka ea Nile a fetoha mali, linqanqane le menoang

      “Ke tla etsa hore ba tsebe matla a ka le bonatla ba ka, ba tla tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”—Jeremia 16:21

      Lipotso: Likotlo tse tharo tse qalang ke life? Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tlisa likotlo tseo?

      Exoda 5:1-18; 7:8–8:19; Nehemia 9:9, 10

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela