-
Likotlo Tse Ling Tse TšeletsengIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 20
Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng
Moshe le Arone ba ile ba ea ho Faro ba mo bolella hore Molimo o re: ‘Haeba u sa tlohelle batho ba ka hore ba tsamaee, ke tla romela liboba naheng ea hao.’ Eaba ho ba le liboba tse ngata, tsa kena ka matlong a Baegepeta bohle. Naha eohle ea tlala liboba. Empa naheng ea Goshene moo Baiseraele ba neng ba lula teng, ho ne ho se na liboba. Kotlo ena ea bone le tse ling tse latelang, li ile tsa hlahela Baegepeta feela. Faro a re ho Moshe le Arone: ‘Kopang Jehova hore a tlose liboba tsena. Ke tla lokolla batho ba heno.’ Empa ka mor’a hore Jehova a felise liboba tseo, Faro a fetola maikutlo. Na Faro o ne a tla ke a bake?
Jehova a re: ‘Haeba Faro a sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaee, liphoofolo tsa Baegepeta li tla shoa.’ Ka le hlahlamang, liphoofolo tsa qala ho shoa. Empa tsa Baiseraele tsona tsa se ke tsa shoa. Faro a ’na a etsa manganga ’me a hana ho lokolla Baiseraele.
Joale Jehova a re Moshe a khutlele ho Faro ’me a hasanye molora moeeng. Eaba molora oo o fetoha lerole ’me la tlala hohle. Lerole leo la etsa hore Baegepeta hammoho le liphoofolo tsa bona ba tsoe mathopa a bohloko. Empa Faro a ’na a hana ho lokolla Baiseraele.
Jehova a boela a roma Moshe ho Faro a re: ‘Na u ntse u hana ho lokolla batho ba ka? Hosane ho tla na sefako naheng ea hao.’ Letsatsing le latelang, Jehova a etsa hore ho ne sefako, ho be le lialuma le mollo. Baegepeta ba ne ba qala ho bona ntho e joalo. Limela le lifate tsohle tsa senyeha ntle le tse Goshene feela. Faro a re: ‘Kopa Jehova hore a emise kotlo ena. Ke tla le lokolla.’ Empa hang feela ha sefako le pula li emisa, Faro a boela a fetola maikutlo.
Eaba Moshe o re: ‘Joale litsie li tla ja limela tsohle tse siiloeng ke sefako.’ Eaba ho ba le litsie tse ngata ’me tsa ja limela tsohle tse masimong le litholoana tse lifateng. Faro a re: ‘Kopang Jehova hle! hore a tlose litsie tsena.’ Empa le ka mor’a hore Jehova a tlose litsie, Faro a ’na a ba manganga.
Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao leholimong.’ Hang-hang leholimo la fifala. Baegepeta ba qeta matsatsi a mararo ba sa bone letho ka lebaka la lefifi. Ke Baiseraele feela ba neng ba e-na le khanya matlong a bona.
Faro a re ho Moshe: ‘Nka batho ba heno le tsamaee empa le siee liphoofolo tsa lona.’ Eaba Moshe o re: ‘Re lokela ho tsamaea le liphoofolo tsa rona hore re khone ho etsetsa Molimo sehlabelo ka tsona.’ Faro a halefa haholo a re: ‘Tloha ka pel’a ka. Ha nka u bona hape ke tl’o u bolaea.’
“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo le pakeng tsa motho ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.”—Malakia 3:18
-
-
Kotlo ea LeshomeIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 21
Kotlo ea Leshome
Moshe o ile a tšepisa Faro hore a ke ke a hlola a tla ho eena. Empa pele a tsamaea a re ho Faro: ‘Bosiung bona, matsibolo ’ohle a Baegepeta a tla shoa, ho akarelletsa le mora oa hao.’
Jehova o ile a bolella Baiseraele hore na ba je eng ka ho khetheha letsatsing leo. A re ho bona: ‘Hlabang nku e nang le selemo kapa poli ’me le tlotse likosene tsa lona ka mali a eona. Le bese nama ea eona ’me le e je ka bohobe bo se nang tomoso . Le itokisetse ho tsamaea. Bosiung bona ke tl’o le lokolla.’ U ka inahanela hore na Baiseraele ba ne ba thabile hakaakang ha ba utloa seo.
Bosiung bona boo, lengeloi la Jehova la ea matlong ’ohle a Baegepeta. Bana bohle ba matsibolo ba ka matlong ao likosene tsa ’ona li sa tlotsoang ka mali ba shoa. Empa lengeloi la feta matlong ao likosene tsa ’ona li neng li tlotsitsoe ka mali. Malapa ’ohle a Baegepeta a shoelloa ke bana ba matsibolo. Empa ba Baiseraele bona ha baa ka ba shoa.
Mora oa Faro le eena o ile a shoa. Faro a utloa bohloko haholo. Eaba hang-hang o bitsa Moshe le Arone o re ho bona: ‘Tsamaeang. Tsoang mona. Tsamaeang le il’o sebeletsa Molimo oa lona. Nkang liphoofolo tsa lona le tsamaee!’
Baiseraele ba tloha Egepeta e le bosiu khoeli e khantšitse. E ne e le banna ba 600 000 le basali le bana ba bangata. Batho ba bang ba bangata ba tsamaea le bona hobane ba batla ho sebeletsa Jehova. Qetellong Baiseraele ba ne ba lokolohile.
E le hore ba ikhopotse kamoo Jehova a ileng a ba pholosa kateng, selemo le selemo ba ne ba lokela ho ja lijo tseo ba li jeleng bosiung boo Jehova a ba pholositseng ka bona. Ketsahalo eo e ne e bitsoa Paseka.
“Ke u bolokile u phela ka lebaka lena: Hore ke bontše matla a ka ka uena le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”—Baroma 9:17
-