Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Baiseraele ba ntse ba pota-pota namane ea khauta ba bina ba bile ba tantša

      THUTO EA 24

      Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng

      Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nyoloha u tle thabeng. Ke tla u ngolla melao ea ka matlapeng ao ke tla u fa ’ona.’ Moshe o ile a hloa thaba ’me a qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 moo. Ha a ntse a le moo, Jehova o ile a ngola Melao e Leshome matlapeng a mabeli ’me a a fa Moshe.

      Moshe o lahlela matlapa fatše

      Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba nahana hore Moshe o ba siile. Kahoo, ba re ho Arone: ‘Re batla motho ea tla re etella pele. Re etsetse molimo.’ Eaba Arone o re: ‘Mpheng khauta ea lona.’ A qhibilihisa khauta eo eaba o etsa namane ka eona. Baiseraele ba re: ‘Namane ena ke Molimo oa rona ea re ntšitseng Egepeta.’ Ba qala ho e rapela ’me ba etsa mokete. Na ho etsa joalo ho ne ho fosahetse? E, ho ne ho fosahetse hobane ba ne ba tšepisitse hore ba tla rapela Jehova feela. Empa joale ba ne ba se ba sa etse seo ba se tšepisitseng.

      Jehova o ile a bona seo ba se etsang ’me a re ho Moshe: ‘Theoha u ee ho Baiseraele. Ha ba etse seo ke itseng ba se etse, ba rapela molimo oa bohata.’ Kahoo, Moshe a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli.

      Ha Moshe a atamela litenteng, o ile a utloa batho ba bina. A bona hore ba ntse ba tantša le ho inamela namane ea khauta. Moshe o ile a halefa haholo. Eaba o lahlela matlapa ao fatše ’me a pshatleha. Ka mor’a moo, a senya namane eo ea khauta ’me a botsa Arone a re: ‘Ho tlile joang hore sechaba se u susumeletse hore u etse ntho e mpe tjee?’ Arone a re: ‘U se ke oa halefa. Oa tseba hore na batho bana ba joang. Ba ne ba batla molimo eaba ke lahlela khauta ea bona ka mollong ’me ha tsoa namane ena!’ Arone o ne a sa lokela ho etsa joalo. Kahoo Moshe a boela a nyolohela thabeng, a e’o kopa Jehova hore a tšoarele Baiseraele.

      Jehova o ile a tšoarela Baiseraele ba neng ba ikemiselitse ho mo mamela. Na oa bona hore na ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore Baiseraele ba mamele Moshe?

      “Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke oa lieha ho bo phetha etsoe ha a thabele batho ba hlokang kelello. U phethe boitlamo boo u bo entseng.”—Moeklesia 5:4

      Lipotso: Baiseraele ba ile ba etsa’ng ha Moshe a ile thabeng? Moshe o ile a etsa’ng ha a khutla?

      Exoda 24:12-18; 32:1-30

  • Tabernakele eo ho Rapelloang ho Eona
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Tabernakele le lebala la eona

      THUTO EA 25

      Tabernakele eo ho Rapelloang ho Eona

      Ha Moshe a ntse a le Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a mo bolella hore a etse tente e ikhethang e bitsoang tabernakele. Baiseraele ba ne ba tla rapella ho eona. Ba ne ba ka khona ho e jara le ho tsamaea ka eona.

      Jehova o ile a re: ‘Bolella sechaba hore se fane ka ntho leha e le efe e ka thusang hore ho hahoe tabernakele.’ Baiseraele ba ile ba fana ka khauta, silevera, koporo, majoe a bohlokoa le mabenyane. Ba boela ba fana ka boea, masela, matlalo a liphoofolo le lintho tse ling tse ngata. Ba fana ka seatla se bulehileng hoo Moshe a ileng a re ho bona: ‘Ho lekane. Le se hlole le tlisa tse ling.’

      Baiseraele ba tlisa limpho tse tla thusa ho haha tabernakele

      Banna le basali ba bangata ba nang le tsebo ba ile ba thusa ho haha tabernakele. Jehova o ile a ba fa bohlale e le hore ba etse mosebetsi oo. Ba bang ba ile ba etsa khoele, ba etsa masela esita le ho a khabisa. Ba bang ba hloma majoe, ba etsa lintho tsa khauta le tsa mapolanka.

      Baiseraele ba ile ba etsa tabernakele feela joalokaha Jehova a ba boleletse. Ba kenya kharetene e ntle ho arola Sehalalelo le Sehalalelisiso ka tabernakeleng. Ka Sehalalelisisong ho ne ho behiloe areka ea selekane, e neng e entsoe ka lepolanka la leoka le ka khauta. Ka Sehalalelong e le seluloana sa lebone sa khauta, tafole le aletare ea ho chesa libano. Lebaleng ho e-na le beisine ea koporo le aletare e kholo. Areka ea selekane e ne e hopotsa Baiseraele hore ba tšepisitse Jehova ho mo mamela. Na oa tseba hore na selekane ke’ng? Ke tšepiso e khethehileng.

      Jehova o ile a khetha Arone le bara ba hae hore ba sebeletse tabernakeleng e le baprista. Ba ne ba lokela ho e hlokomela le ho etsetsa Jehova mahlabelo ho eona. Ke Arone feela, moprista ea phahameng ea neng a lumeletsoe ho kena ka Sehalalelisisong. O ne a kena hanngoe ka selemo ha a etsa sehlabelo se koahelang libe tsa hae le tsa ba lelapa la hae, esita le tsa sechaba sohle sa Iseraele.

      Baiseraele ba ile ba qeta ho etsa tabernakele selemo ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Joale ba ne ba se ba e-na le sebaka seo ba ka rapellang Jehova ho sona.

      Jehova o ile a tlatsa tabernakele ka khanya ea hae ’me a etsa hore e apareloe ke leru. Baiseraele ba ne ba sa tlohe hafeela e ntse e koahetsoe ke leru. Empa ha leru le tloha, ba ne ba tseba hore joale ke nako ea hore ba tsamaee. Ba ne ba qhaqholla tabernakele ’me ba sala leru morao.

      “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bona! Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.’”—Tšenolo 21:3

      Lipotso: Jehova o ile a re Moshe a hahe eng? Jehova o ile a fa Arone le bara ba hae boikarabelo bofe?

      Exoda 25:1-9; 31:1-11; 40:33-38; Baheberu 9:1-7

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela