Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lihloela Tse 12
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Banna ba Baiseraele ba hloela naha ea Kanana

      THUTO EA 26

      Lihloela Tse 12

      Ha Baiseraele ba tloha Thabeng ea Sinai ba ile ba feta lehoatateng la Parane ’me ba fihla sebakeng se bitsoang Kadeshe. Ha ba le moo, Jehova a re ho Moshe: ‘Roma banna ba 12, a le mong ho tsoa lelokong ka leng, hore ba e’o sheba naha ea Kanana eo ke tla e fa Baiseraele.’ Kahoo, Moshe o ile a khetha banna ba 12 ’me a re ho bona: ‘Tsamaeang le ee Kanana ’me le bone hore na naha eo e ntle bakeng sa temo kapa che. Le bone hore na batho ba moo ba matla kapa baa fokola le hore na ba lula litenteng kapa metseng.’ Lihloela tse 12 tse neng li akarelletsa Joshua le Kalebe, li ile tsa ea Kanana.

      Baiseraele baa korotla ’me baa nyahama

      Lihloela tseo li ile tsa khutla ka mor’a matsatsi a 40, li nkile lifeiga, likharenate le morara. Li ile tsa re: ‘Ke naha e ntle empa batho ba teng ba matla le metse ea teng e sirelelitsoe ka marako a maholo.’ Eaba Kalebe o re: ‘Re ka ba hlola. A re eeng.’ Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha Kalebe a ne a cho joalo? Ke hobane eena le Joshua ba ne ba tšepile Jehova. Leha ho le joalo, lihloela tse ling tse leshome li ile tsa re: ‘A re se keng ra ea. Batho ba moo ke linatla. Re tšoana le litsie ho bona.’

      Baiseraele ba ile ba nyahama. Ba qala ho belaela ba re: ‘A re khetheng moeta-pele e mong ea tla re khutlisetsa Egepeta. Ha re batle ho ea shoella moo.’ Joshua le Kalebe ba ile ba re: ‘Tšepang Jehova ’me le se ke la tšoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela. Ho e-na le hoo, ba batla ho bolaea Joshua le Kalebe.

      Jehova o ile a etsa’ng? O ile a re ho Moshe: ‘Baiseraele ba ntse ba hana ho ’mamela le hoja ke ba etselitse lintho tse ngata hakana. Kahoo, ba tla lula ba tsamaea lehoatateng mona ka lilemo tse 40 ba be ba shoelle teng. Ke bana ba bona feela le Joshua hammoho le Kalebe ba tla kena naheng eo ke ba tšepisitseng eona.’

      “Ke hobane’ng ha le tšohile hakaale? Tumelo ea lona e fokola hakaakang!”—Matheu 8:26

      Lipotso: Ho ile ha etsahala’ng ha lihloela tse 12 li khutla Kanana? Joshua le Kalebe ba ile ba bontša joang hore ba tšepa Jehova?

      Numere 13:1–14:38; Deuteronoma 1:22-33; Pesaleme ea 78:22; Baheberu 3:17-19

  • Ba Ile ba Fetohela Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Kora le batšehetsi ba hae ba eme ka pel’a Moshe le Arone

      THUTO EA 27

      Ba Ile ba Fetohela Jehova

      Ka mor’a nakoana Baiseraele ba le lehoatateng, Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba fetohela Moshe. Ba ile ba re ho eena: ‘Re utloile ho lekane ke uena! Ke hobane’ng ha e lokela ho ba uena moeta-pele oa rona le Arone e lokela ho ba moprista ea phahameng? Le rona Jehova oa re sebelisa, ha a sebelise uena le Arone feela.’ Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo. O ile a nka hore ba fetohela eena.

      Moshe o ile a re ho Kora le batšehetsi ba hae: ‘Hosane le tle tabernakeleng le nkile lipane tsa mollo tse nang le libano. Jehova o tla re bontša hore na o khethile mang.’

      Ka le hlahlamang, Kora le banna ba 250 ba ile ba ea tabernakeleng ho ea kopana le Moshe. Ba fihla ba chesa libano joalokaha eka ke baprista. Jehova o ile a re ho Moshe le Arone: ‘Ikaroleng ho Kora le banna ba hae.’

      Le hoja Kora a ile a ea ho Moshe tabernakeleng, Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ile ba hana ho ea. Jehova o ile a re Baiseraele ba emelle hole le tente ea Kora, ea Dathane le ea Abirame. Kahoo, ba ikarola hang-hang. Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ema ka pel’a litente tsa bona. Ka tšohanyetso lefatše la ahlama ’me la ba koenya! Ha Kora le banna ba hae ba 250 ba le tabernakeleng, mollo oa theoha leholimong ’me oa ba chesa.

      Lefatše lea ahlama ’me le koenya Dathane, Abirame le ba malapa a bona

      Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nka molamu oa moeta-pele oa leloko le leng le le leng ’me u ngole lebitso la hae ho oona. Empa molamung oa leloko la Levi, u ngole lebitso la Arone. U kenye melamu eo kaofela ka tabernakeleng. Molamu oa motho eo ke tla mo khetha o tla mela lipalesa.’

      Ka le hlahlamang, Moshe o ile a ntša melamu eo ’me a e bontša baeta-pele ba sechaba. Molamu oa Arone o ne o metse lipalesa ebile o e-na le lialmonde tse butsoitseng. Ke eona tsela eo Jehova a ileng a bontša ka eona hore o khethile Arone hore e be moprista ea phahameng.

      “Mamelang ba le etellang pele le be le ikokobeletse bona.”—Baheberu 13:17

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Kora le batšehetsi ba hae ba ile ba fetohela Moshe? Re tseba joang hore Jehova o ile a khetha Arone hore e be moprista ea phahameng?

      Numere 16:1–17:13; 26:9-11; Pesaleme ea 106:16-18

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela