Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Barake o bitsa Debora hore a tsamaee le eena

      THUTO EA 32

      Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete

      Joshua o ile a shoa a le lilemo li 110 ka mor’a hore e be moeta-pele oa Baiseraele ka lilemo tse ngata. Ha a ntse a phela, Baiseraele ba ne ba rapela Jehova. Empa ka mor’a hore a shoe, ba qala ho etsisa Bakanana, ba rapela melimo ea litšoantšo. Kaha Baiseraele ba ne ba se ba sa rapele Jehova, o ile a ba tlohela hore morena oa Mokanana ea bitsoang Jabine a ba phelise ka thata. Baiseraele ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse. Kahoo, Jehova a ba fa moeta-pele e mocha ea bitsoang Barake. O ile a ba thusa hore ba sebeletse Jehova hape.

      Debora eo e neng e le moprofeta, o ile a bitsa Barake. A mo bolella hore Jehova o re: ‘Tsamaea le banna ba 10 000 le e’o loantša masole a Jabine Nokeng ea Kishone. Le tla hlola Sisera, e leng molaoli oa sesole sa Jabine.’ Barake o ile a re ho Debora: ‘Ke tla ea haeba feela u tsamaea le ’na.’ Debora o ile a re: ‘Ke tla tsamaea le uena. Empa ha se uena ea tla bolaea Sisera. Jehova o itse ke mosali ea tla bolaea Sisera.’

      Debora o ile a tsamaea le Barake le masole a hae ba ea Thabeng ea Tabore ho itokisetsa ntoa. Hang ha Sisera a utloa ka taba ena, a theoha le masole a hae, a mang a tsamaea ka likoloi tsa ntoa, a mang ka maoto. Debora o ile a re ho Barake: ‘Kajeno Jehova o tl’o etsa hore u hlole Sisera.’ Barake le masole a hae a 10 000 ba ile ba theoha thabeng ho ea kopana le masole a matla a Sisera.

      Jehova o ile a etsa hore Noka ea Kishone e tlale. Likoloi tsa ntoa tsa Sisera tsa tetebela seretseng. Sisera a siea koloi ea hae ea ntoa moo eaba oa baleha. Kahoo, Barake le masole a hae ba hlola masole a Sisera empa Sisera eena a phonyoha. A balehela ka tenteng ea mosali ea bitsoang Jaele. Mosali eo a mo fa lebese, ka mor’a moo a mo apesa kobo. Sisera a robala kaha o ne a khathetse. Eaba Jaele o nka tšepe ea tente o mo kokotela hloohong ka eona. Sisera a shoa.

      Barake le Debora ba binela Jehova

      Barake a fihla a ntse a batla Sisera. Jaele a tsoela ka ntle eaba o re ho Barake: ‘Kena ka tenteng, ke tl’o u bontša monna eo u ntseng u mo batla.’ Barake a fumana Sisera a shoele ka tenteng. Barake le Debora ba rorisa Jehova ka pina hobane a thusitse Baiseraele ho hlola masole a Sisera. Ka mor’a moo, Baiseraele ba phela ka khotso ka lilemo tse 40.

      “Basali ba phatlalatsang litaba tse monate ke lebotho le leholo.”—Pesaleme ea 68:11

      Lipotso: Debora o ile a thusa Baiseraele joang? Jaele o ile a bontša joang hore o sebete?

      Baahloli 4:1–5:31

  • Ruthe le Naomi
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Naomi o re Ruthe a khutlele habo

      THUTO EA 33

      Ruthe le Naomi

      Naomi o ile a fallela naheng ea Moabe hammoho le monna oa hae le bara ba bona ba babeli, kaha ho ne ho e-na le tlala naheng ea Iseraele. Hamorao, monna oa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba ile ba nyala basali ba Moabe, e leng Ruthe le Orpa. Empa ka masoabi bara bao ba Naomi le bona ba ile ba hlokahala.

      Ha Naomi a utloa hore tlala e felile Iseraele, o ile a etsa qeto ea ho khutlela teng. Ruthe le Orpa ba tsamaea le eena ’me ha ba le tseleng a re ho bona: ‘Le bile molemo ho ’na le ho bara ba ka. Ke lakatsa hore le nyaloe hape. Khutlelang Moabe.’ Basali bao ba re: ‘Rea u rata! Hape ha re batle ho u siea.’ Naomi a ’na a ba kopa hore ba khutlele habo bona. Qetellong, Orpa a khutla empa Ruthe eena a hana. Naomi a re ho Ruthe: ‘Orpa o khutletse ho batho ba habo le ho melimo ea habo. Khutla le eena.’ Empa Ruthe a re: ‘Nke ke ka u siea. Batho ba heno e tla ba batho ba heso le Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.’ U nahana hore Naomi o ile a ikutloa joang ha Ruthe a cho joalo?

      Ha Ruthe le Naomi ba fihla Iseraele, e ne e le nakong eo ho kotuloang harese ka eona. Ka letsatsi le leng, Ruthe a ea ho bokella harese e setseng tšimong ea mora oa Rahaba ea bitsoang Boase. Boase a utloa hore Ruthe ke mosali oa Momoabe ea ileng a hana ho arohana le matsale oa hae. A re ha batho ba mo sebeletsang ba kotula, ba siele Ruthe harese.

      Ruthe o bokella harese tšimong ea Boase

      Mantsiboeeng ao, Naomi a botsa Ruthe a re: ‘U ne u ntse u bokella tšimong ea mang tsatsing lee?’ Ruthe a re: ‘Tšimong ea monna ea bitsoang Boase.’ Naomi a re: ‘Boase o amana le monna oa ka. U ’ne u sebetse tšimong ea hae le basali ba bang. U tla sireletseha ha u le moo.’

      Naomi o na le Boase, Ruthe le Obede

      Ruthe o ile a sebetsa tšimong ea Boase ho fihlela ho qetiloe ho kotula. Boase o ile a bona hore Ruthe o sebetsa ka thata le hore ke mosali ea molemo. Mehleng eo, haeba monna a ne a hlokahala a se na bara, motho ea amanang le eena o ne a ka nyala mosali oa hae. Ke lona lebaka le entseng hore Boase a nyale Ruthe. Ba ile ba e-ba le mora ea bitsoang Obede, eo hamorao e ileng ea e-ba ntate-moholo oa Morena Davida. Metsoalle ea Naomi e ile ea thaba. Ea re: ‘Jehova o u file Ruthe, ea u hlokometseng, joale u na le setloholo sa moshanyana. E se eka Jehova a ka rorisoa.’

      “Ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.”—Liproverbia 18:24

      Lipotso: Ruthe o ile a bontša joang hore o rata Naomi? Jehova o ile a hlokomela Ruthe le Naomi joang?

      Ruthe 1:1–4:22; Matheu 1:5

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela