Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 3-9 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG SEFELA SA LIFELA 1-2
Pale ea Lerato la ’Nete
Na ho ka Etsahala Hore Banyalani ba Ratane ka ho sa Feleng?
9 Lenyalo ha se tumellano feela e etsoang ke batho ba sa rataneng. Ha e le hantle, lerato ke tšobotsi e hlaheletseng lenyalong la Bakreste. Empa lee ke lerato la mofuta ofe? Na ke lerato le tataisoang ke melao-motheo ea Bibele? (1 Joh. 4:8) Na le akarelletsa lerato le kang leo litho tsa lelapa li ratanang ka lona? Na lerato lee le tšoana le leo metsoalle ea hlooho ea khomo e ratanang ka lona? (Joh. 11:3) Na ke lerato le kang la baratani? (Liprov. 5:15-20) Ha e le hantle, lerato la sebele le le tšoarellang pakeng tsa monna le mosali le akarelletsa lintho tseo tsohle. Motho o oa hlokomela ha a bontšoa lerato. Kahoo ke habohlokoa hore banyalani ba se ke ba lumella mathata a bophelo hore a ba sitise ho bontšana lerato! Ho etsa joalo ho ka tlatsetsa hore lenyalo le tsitse le be le sireletsehe. Kaha litsong tseo batsoali ba khethelang bana balekane, hangata mohlankana le moroetsana ha ba tsebane pele ba nyalana, ba lokela ho leka ka matla ho bolellana hore baa ratana ’me seo se tla thusa ho etsa hore lerato la bona le hole ’me lenyalo la bona le atlehe.
10 Ho ba le molemo o mong ha banyalani ba bontšana hore baa ratana. Morena Solomone o ile a tšepisa moroetsana oa Moshulame “mekhabiso e chitja ea khauta, hammoho le likonopo tsa silevera.” O ile a mo babatsa a re ‘o motle joaloka khoeli e tolokileng, o hloekile joaloka letsatsi le khanyang.’ (Sefela 1:9-11; 6:10) Empa moroetsana o ile a lula a tšepahala ho mohlankana oa hae oa molisa. Ke’ng e ileng ea mo matlafatsa le ho mo tšelisa nakong ee ea ha ba arohane? O oa re bolella. (Bala Sefela sa Lifela 1:2, 3.) O ne a hopola ‘lipontšo tsa lerato’ tsa mohlankana oa hae. O ne a nka hore “li molemo ho feta veine” e thabisang pelo ea motho, ’me lebitso la hae le ne le mo thoba joaloka ‘oli e tšeloang’ hloohong. (Pes. 23:5; 104:15) Ha e le hantle, ho hopola lerato leo motho a le bontšitsoeng ho ka etsa hore lerato e be le tšoarellang. Ruri ke habohlokoa hore banyalani ba bontšane lerato khafetsa!
Matlotlo a Patiloeng
Na ho ka Etsahala Hore Banyalani ba Ratane ka ho sa Feleng?
11 Buka ea Sefela sa Lifela e ka boetse ea ruta Bakreste ba masoha thuto ea bohlokoa, haholo-holo ba batlang balekane. Moroetsana oa Moshulame o ne a sa rate Solomone. O ile a nkisa barali ba Jerusalema kano, a re: “Le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.” (Sefela 2:7; 3:5) Hobane’ng? Hobane motho ha aa lokela ho khahloa ke motho e mong le e mong feela ea hlahang. Kahoo, Mokreste ea batlang ho kena lenyalong, o lokela ho leta ka mamello ho fihlela a fumana motho eo a mo ratang e le kannete.
LA 10-16 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG SEFELA SA LIFELA 3-5
Bohlokoa ba ho ba le Botho bo Botle
Na ho ka Etsahala Hore Banyalani ba Ratane ka ho sa Feleng?
8 Mantsoe a buuoeng paleng ena a ne a sa phafe botle ba ’mele feela. Nahana ka seo molisa a se buang ka moroetsana. (Bala Sefela sa Lifela 4:7, 11.) O re molomo oa hae “o rotha mahe a linotši a khekheng.” Hobane’ng? Hobane mahe a linotši a khekheng a tsoekere ebile a monate ho feta a lutseng moeeng. ‘Mahe a linotši le lebese a tlas’a leleme la hae,’ ho bolelang hore mantsoe a hae a monate a bile a khatholla joaloka mahe a linotši le lebese. Ho hlakile hore ha molisa a ne a re ho moroetsana oa hae “u motle ka ho feletseng, . . . ha ho na sekoli ho uena,” o ne a sa bue ka botle ba ’mele feela.
Pono ea Bomolimo ka ho Hloeka Boitšoarong
17 ’Moloki oa boraro oa botšepehi e ne e le moroetsana oa Moshulame. Kaha o ne a le mocha a bile a le motle, ha aa ka a hapa maikutlo a molisana feela empa o ile a hapa le maikutlo a morena oa Iseraele ea neng a ruile, Solomone. Paleng eohle e monate e phetiloeng ho Sefela sa Lifela, Moshulame o ile a lula a hloekile, ka hona a ikhapela tlhompho ea batho ba mo pota-potileng. Le hoja Moshulame a ile a mo hana, Solomone o ile a bululeloa hore a ngole pale ea hae. Molisana ea neng a mo rata le eena o ne a hlompha boitšoaro ba hae bo hloekileng. Ka lekhetlo le leng o ile a thuisa ka hore Moshulame o tšoana le “serapa se kampetsoeng.” (Sefela sa Lifela 4:12) Iseraeleng ea boholo-holo, lirapa tse ntle li ne li e-na le meroho e sa tšoaneng e metle, lipalesa tse nkhang hamonate le lifate tse kholo. Ka tloaelo lirapa tse joalo li ne li kampetsoe ka lerako kapa lebota ’me motho o ne a ka kena ho lona feela ka keiti e notleloang. (Esaia 5:5) Ho molisa enoa, boitšoaro bo hloekileng ba Moshulame le botle ba hae li ne li tšoana le serapa se joalo se setle ka mokhoa o sa tloaelehang. O ne a hloekile ka ho feletseng. Lerato la hae le mofuthu le ne le tla fumanoa feela ke monna ea neng a tla mo nyala.
Botle Boo e Hlileng e Leng Bona ba Bohlokoa
Na botle ba ka hare bo ka hohela ba bang? Georgina, eo e ka bang lilemo tse leshome joale a nyetsoe, o re: “Lilemo tsena tsohle, ke ’nile ka haptjoa haholo ke monna oa ka ka lebaka la botšepehi ba hae ho ’na. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae ke ho thabisa Molimo. Sena se thusitse haholo hore e be motho ea nahanelang le ea lerato. O oa ’nahanela ha a etsa liqeto ’me o etsa hore ke ikutloe ke ananeloa. Kea tseba hore ehlile o oa nthata.”
Daniel, ea nyetseng ka 1987 o re: “Ho ’na mosali oa ka o motle. Ha se litšobotsi tsa hae tse ntle feela tse nkhahlang, empa botho ba hae ke bona bo etsang hore ke mo rate le ho feta. Kamehla o nahana ka ba bang le hore na a ka ba thabisa joang. O na le litšobotsi tse babatsehang tsa Bokreste. Sena se entse hore ke thabele ho phela le eena.”
Lefatšeng lena le amehileng ka ponahalo ea ka ntle, ho hlokahala hore re se shebe feela se ka ntle. Re tlameha ho hlokomela hore ho thata ho finyella botle “ba sebele” haeba ke ntho e ka finyellehang empa melemo ea bona e fokola haholo. Empa ho hlaolela ho ba le litšobotsi tse ratehang tse tla etsa hore re be le botle ba ka hare ke ntho e ka finyelloang. Bibele e re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” Ho fapana le seo, Mangolo aa lemosa: “Joaloka lesale la nko la khauta sefeneng sa kolobe, mosali e motle empa a furalla ho ba le kelello o joalo.”—Liproverbia 11:22; 31:30.
Lentsoe la Molimo le re thusa hore re nke ntho ea bohlokoa e le “motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thotseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” (1 Petrose 3:4) Ka sebele, botle bo joalo ba ka hare ke ba bohlokoa ho feta ba ka ntle hole ’me bohle ba ka bo finyella.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Sefela sa Lifela
2:7; 3:5—Ke hobane’ng ha mafumahali a lekhotla a hlapantšoa “ka litšephe tse tšehali kapa ka likhama tse tšehali tsa naha”?Litšephe le likhama tse tšehali li tsejoa ka ho khahleha ha tsona le botle ba tsona. Ha e le hantle, moroetsana oa Moshulame o hlapantša mafumahali a lekhotla ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khahlehang le e ntle hore a se ke a leka ho tsosa lerato ka ho eena.
LA 17-23 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG SEFELA SA LIFELA 6-8
E-ba Lerako Eseng Monyako
it-E “Sefela sa Lifela” ¶11
Sefela sa Lifela
Solomone o ile a qetella a lumelletse ngoanana oa Moshulame hore a khutlele habo. Ha bo-abuti ba hae ba mo bona a ntse a atamela, ba ile ba re: “Ke mang ngoanana eo ea nyolohang naheng, ea itšetlehileng ka moratuoa oa hae?” (Sef 8:5a) Bo-abuti ba Moshulame ba ne ba e-s’o ka ba hlokomela hore khaitseli ea bona e se e ratana. Lilemo pele sena se etsahala, e mong oa bo-abuti ba hae o ne a botse a re: “Re na le khaitseli e nyenyane. E se nang matsoele. Re tla etsetsa khaitseli ea rona eng. Letsatsing leo a tla kopuoa ka lona?” (8:8) Eaba e mong o re: “Haeba ke lerako, re tla haha tora ea silevera holim’a hae. Empa haeba ke monyako, re tla mo koala ka lepolanka la kedare.” (8:9) Kaha Moshulame o ne a se a atlehile ho hlola liteko tsohle ka hore a khotsofalle serapa sa hae sa morara le ho lula a tšepahalla mohlankana oa hae (8:6, 7, 11, 12), o ne a ka bua ka sebete a re: “’Na ke lerako le matsoele a ka a joaloka litora. Ke kahoo mahlong a hae ke leng motho ea nang le khotso.”—8:10.
yp 188 ¶2
Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?
Leha ho le joalo, ha mocha a lula a hloekile ho mo thusa ka ho eketsehileng ho feta feela ho qoba liphello tse bohloko. Bibele e re bolella ka moroetsana ea ileng a lula a hloekile ho sa tsotellehe lerato le matla bakeng sa mohlankana oa hae. Ka lebaka leo, ka boithoriso o ne a ka re: “’Na, ke tla ba lerako, matsoele a ka a tla ba joaloka litora.” E ne e se ‘monyako o fokaelang’ o ‘bulehang’ habonolo tlas’a khatello ea boitšoaro bo bobe. Ka boitšoaro, o ile a ema joaloka lerako leo motho a ke keng a le hloella la qhobosheane e nang le litora tse ke keng tsa fihlelloa! O ne a lokela ho bitsoa “mohloeki” ’me o ne a ka bua tjena ka monna oa hae oa kamoso, “Mahlong a hae ke tla ba joaloka ea fumaneng khotso.” Khotso ea hae ea kelello e ile ea tlatsetsa khotsofalong ea bona ka bobeli.—Sefela sa Lifela 6:9, 10; 8:9, 10.
yp2 33
Mohlala o Motle oa Moshulame
Moroetsana oa Moshulame oa tseba hore o lokela ho lula a hlaphohetsoe kelellong ha ho tluoa litabeng tsa lerato. O re ho metsoalle ea hae: “Ke le hlapantšitse hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.” Moshulame oa tseba hore kapele feela maikutlo a ka sitisa motho ho nahana lintho hantle. Ka mohlala, oa hlokomela hore ba bang ba ka ’na ba mo susumelletsa hore a ratane le motho ea sa mo tšoaneleng. Esita le eena maikutlo a ka ’na a mo sitisa ho ba le kahlolo e molemo. Kahoo Moshulame o ema joaloka “lerako.”—Sefela sa Lifela 8:4, 10.
Na u talima litaba tsa lerato ka tsela e bontšang kholo joaloka Moshulame? Na u ka mamela seo kelello ea hao e u bolellang sona ho e-na le ho ea le maikutlo a pelo feela? (Liproverbia 2:10, 11) Ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba leka ho u hatella hore u ratane le motho ea itseng empa u e-s’o lokele ho etsa seo. Le uena u ka ba ua itlisetsa khatello e joalo. Ka mohlala, ha u bona moshanyana le ngoanana ba tsamaea ba tšoarane ka matsoho, na le uena u labalabela ho tšoana le bona? Na u tla nkana le motho ea sa lumeleng lithuto tsa Bibele tseo u li lumelang? Moroetsana oa Moshulame o ile a bontša kholo ha ho tluoa litabeng tsa lerato. Le uena u ka e bontša!
Matlotlo a Patiloeng
Na ho ka Etsahala Hore Banyalani ba Ratane ka ho sa Feleng?
3 Bala Sefela sa Lifela 8:6. Poleloana “lelakabe la Jah” e sebelisitsoeng ho hlalosa lerato, e re ruta ho hongata. Lerato la sebele ke “lelakabe la Jah” ka kutloisiso ea hore Jehova ke Mothehi oa lona. O bopile motho ka setšoantšo sa hae a e-na le bokhoni ba ho rata. (Gen. 1:26, 27) Ha Molimo a isa mosali oa pele, e leng Eva, ho monna oa pele, Adama, Adama o ile a etsa thothokiso. Ha ho pelaelo hore Eva o ile a ikutloa a le haufi le Adama, eo a neng a “nkiloe” ho eena. (Gen. 2:21-23) Kaha Jehova o file batho bokhoni ba hore ba bontše lerato, ho ka khoneha hore monna le mosali ba ratane ka ho sa feleng.
LA 24-30 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 1-2
Tšepo Bakeng sa “ba Imetsoeng ke Phoso”
Ntate le Bara ba Hae ba Marabele
8 Esaia o ntšetsa pele molaetsa oa hae ka mantsoe a matla ho sechaba sa Juda: “Ho malimabe sechaba se nang le sebe, batho ba imetsoeng ke phoso, peo e etsang bobe, bara ba senyehileng! Ba tlohetse Jehova, ba hlompholotse Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao.” (Esaia 1:4) Liketso tse khopo li ka bokellana ho isa boholeng boo li tšoanang le moroalo o hatellang habohloko. Mehleng ea Abrahama Jehova o ile a hlalosa libe tsa Sodoma le Gomora e le ‘tse boima haholo.’ (Genese 18:20) Joale ho bonahala ntho e tšoanang ho batho ba Juda, kaha Esaia o re ke ba “imetsoeng ke phoso.” Ho phaella moo, o ba bitsa “peo e etsang bobe, bara ba senyehileng.” E, Bajudea ba tšoana le bana ba litlokotsebe. Ba “khutletse morao,” kapa joalokaha New Revised Standard Version e bolela, ba “arohile ka ho feletseng” ho Ntate oa bona.
‘A re Lokiseng Litaba’
15 Joale boikutlo ba Jehova bo utloahala bo e-na le mofuthu le kutloelo-bohloko le ho feta. “‘Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rona,’ ho bolela Jehova. ‘Le hoja libe tsa lona li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa; le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea.’” (Esaia 1:18) Memo e kenyelletsang temana ena e babatsehang hangata e utloisisoa ka tsela e fosahetseng. Ka mohlala, The New English Bible e re, “A re behelaneng mabaka” joalokaha eka mahlakore ka bobeli a lokela ho sekisetsa ka tsela e itseng e le hore ho finyelloe tumellano. Ha ho joalo! Jehova ha a na molato, ’me ha ho mohla a kileng a ba molato ho sebelisaneng ha hae le sechaba sena sa marabele, sa baikaketsi. (Deuteronoma 32:4, 5) Temana ena ha e bue ka puisano e pakeng tsa lithaka eo ho eona mahlakore ka bobeli a sekisetsang ho itseng, empa e bua ka lekhotla la boahloli bakeng sa ho phetha toka. Ho joalokaha eka mona Jehova o phephetsa Iseraele hore e ee nyeoeng.
16 Eo e ka ’na ea e-ba khopolo e tšosang, empa Jehova ke Moahloli ea mohau ka ho fetisisa le ea nang le kutloelo-bohloko. Matla a hae a ho tšoarela ke ao ho seng a ka bapisoang le ’ona. (Pesaleme ea 86:5) Ke eena feela ea ka tlosang libe tsa Iseraele tse “joaloka sekareleta” le ho li hloekisa, a li ‘soeufatse joaloka lehloa.’ Ha ho boiteko ba motho, ha ho mokhoa o hlomamisitsoeng oa mesebetsi ea bolumeli, mahlabelo, kapa lithapelo tse ka tlosang tšilafalo ea sebe. Ke tšoarelo ea Jehova feela e ka hlatsoang sebe. Molimo o fana ka tšoarelo e joalo ho latela litlhokahalo tse behiloeng ke eena, tse akarelletsang pako ea ’nete, e tlohang botebong ba pelo.
17 ’Nete ena ke ea bohlokoa haholo hoo Jehova a e phetang ka mokhoa o fapaneng oa thothokiso, libe tsa “krimsone” li tla ba joaloka boea bo bocha, bo sa fetoloang ’mala, bo bosoeu. Jehova o batla hore re tsebe hore ka sebele ke Ea Tšoarelang libe, esita le tse tebileng haholo, hafeela a fumana hore re bakile e le kannete. Batho ba fumanang ho le thata ho lumela hore sena se ka etsahala ho bona e ka ba hantle hore ba nahane ka mehlala e kang ea Manase. O ile a etsa libe tse tšabehang ka lilemo tse ngata. Empa leha ho le joalo, o ile a baka ’me a tšoareloa. (2 Likronike 33:9-16) Jehova o batla hore kaofela ha rona, ho akarelletsa le ba entseng libe tse tebileng, re tsebe hore ha se morao haholo hore re ‘lokise litaba’ le eena.
Matlotlo a Patiloeng
Ntlo ea Jehova e Phahamisetsoa Holimo
9 Ho hlakile hore kajeno batho ba Molimo ha ba bokane thabeng ea sebele e nang le tempele ea majoe. Tempele ea Jehova e Jerusalema e ile ea felisoa ke mabotho a Roma ka 70 C.E. Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore tempele e Jerusalema le tabernakele e tlileng pele ho eona e ne e le tsa tšoantšetso. Li ne li emela ntho ea sebele ea moea, e kholoanyane, “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho.”
LA 1-7 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 3-5
Ba ne ba Lokela ho Mamela Jehova
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
3 Ho sa tsotellehe hore na Esaia o binela bamameli ba hae papiso ena ka tsela ea sebele kapa che, ruri e hapa tlhokomelo ea bona. Mohlomong ba bangata ba tloaelane le mosebetsi oa ho lema serapa sa morara, ’me tlhaloso ea Esaia e hlakile ebile ke ea sebele. Joaloka balemi ba morara ba kajeno, mong’a serapa sa morara ha a leme peo ea morara, empa o lema “kutu ea boleng bo botle haholo ea morara o mofubelu,” lekala le ponngoeng kapa lehlomela le tsoang sefateng se seng sa morara. Ka ho loketseng, o lema serapa sena sa morara “letsoapong le behang,” sebakeng seo ho sona serapa sa morara se tlang ho atleha.
4 Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata ho etsa hore serapa sa morara se hlahise litholoana. Esaia o hlalosa hore mong’a sona ‘o lema naha le ho tlosa majoe ho eona’ e leng mosebetsi o tepeletsang, o khathatsang! Mohlomong o sebelisa majoe a maholoanyane ho “haha tora.” Mehleng ea boholo-holo litora tse joalo e ne e le libaka tsa balebeli ba neng ba lebela lijalo khahlanong le liphoofolo le masholu. Hape, o haha lerako la majoe ho etsa setupu a serapa sa morara. (Esaia 5:5) Hangata sena se ne se etsoa ho thibela khoholeho ea mobu oa bohlokoa o ka holimo.
5 Ha a sebelitse ka thata hakaalo ho sireletsa serapa sa hae sa morara, ka ho utloahalang mong’a sona o ne a tla lebella hore se behe litholoana. A lebeletse hore ho tla etsahala joalo, o cheka sehatelo sa veine. Empa na chai e lebeletsoeng e hlile e ba teng? Che, serapa seo sa morara se hlahisa morara oa naha.
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
8 Esaia o bitsa Jehova, mong’a serapa sa morara, “moratuoa oa ka.” (Esaia 5:1) Esaia a ka bua ka Molimo ka tsela e bontšang katamelano e joalo hobane feela a e-na le kamano e haufi-ufi le Eena. (Bapisa le Jobo 29:4; Pesaleme ea 25:14.) Leha ho le joalo, lerato la moprofeta eo ho Molimo le fokola haholo ha le bapisoa le lerato leo Molimo a le bontšitseng ho ‘serapa sa hae sa morara’ e leng sechaba seo a se ‘hlomileng.’—Bapisa le Exoda 15:17; Pesaleme ea 80:8, 9.
9 Jehova o ile a ‘hloma’ sechaba sa hae naheng ea Kanana ’me a se fa melao ea hae le litaelo, tse neng li sebeletsa e le lerako le se sireletsang hore se se ke sa silafatsoa ke lichaba tse ling. (Exoda 19:5, 6; Pesaleme ea 147:19, 20; Baefese 2:14) Ho feta moo, Jehova o ile a se fa baahloli, baprista le baprofeta hore ba se rupele. (2 Marena 17:13; Malakia 2:7; Liketso 13:20) Ha Iseraele e ne e sokeloa ka tlhaselo ea sesole, Jehova o ne a hlahisa bapholosi. (Baheberu 11:32, 33) Ka lebaka le utloahalang, Jehova oa botsa: “Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona?”
“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!
Esaia o ile a tšoantša “ntlo ea Iseraele” le serapa sa morara seo qetellong se ileng sa beha “morara oa naha.” (Esaia 5:2, 7) Morara oa naha o monyenyane haholo ho morara o lengoang ’me karolo e jeoang ea oona e nyenyane haholo, boholo ke litholoana. Morara oa naha ha o na thuso haeba motho a batla ho etsa veine ka oona kapa a batla ho o ja e leng tšoantšetso e ntle ea sechaba se koenehileng seo tholoana ea sona e neng e le tlolo ea molao eseng ho loka. Molemi oa sefate sena sa morara e ne e se eena ea phoso ha se beha litholoana tse se nang thuso. Jehova o ne a entse sohle se khonehang hore sechaba sena se behe haholo. O ile a botsa: “Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona?”—Esaia 5:4.
“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!
Kaha sefate sena sa morara sa Iseraele se ne se sa behe, Jehova o ile a ba lemosa hore o ne a tla heletsa lerako la tšireletso leo a neng a le hahile hore le likaliketse batho ba hae. O ne a ke ke a hlola a faola sefate sa hae sa tšoantšetso sa morara kapa ho se tsosetsa mobu. Lipula tsa selemo tse neng li tlisa chai li ne li sa tl’o na, ’me meutloa le litlamatlama li ne li tla tlala serapeng seo sa morara.—Esaia 5:5, 6.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
18 Iseraeleng ea boholo-holo, naha eohle e ne e le ea Jehova ka ho feletseng. Lelapa ka leng le ne le e-na le lefa le fanoeng ke Molimo, leo le neng le ka le hirisa kapa la alimana ka lona empa le ka mohla le ne le ke ke la le rekisa “ka ho sa feleng.” (Levitike 25:23) Molao ona o ne o thibela tšebeliso e mpe ea matla, e kang ea batho ba ipokellang ka litša ba le bang. Hape o ne o thibela malapa hore a se ke a iphumana a le ka har’a bofuma bo tšabehang. Leha ho le joalo, ba bang Juda, ka meharo ba ne ba tloa melao ea Molimo mabapi le matlotlo. Mikea o ile a ngola: “Ba lakalitse masimo ebile ba a nkile; le matlo, ’me ba a nkile; ba etselitse monna ea shahlileng bolotsana le ba ntlo ea hae, monna le lefa la hae.” (Mikea 2:2) Empa Liproverbia 20:21 ea lemosa: “Lefa le fumanoa ka meharo qalong, empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatsoa.”
19 Jehova o tšepisa ho amoha bana ba meharo leruo la bona kaofela leo ba le fumaneng ka bolotsana. Matlo ao ba inkelang ’ona ka likhoka a tla ‘hloka baahi.’ Masimo ao ba a lakatsang a tla hlahisa karolo e nyenyane feela ea seo a ka khonang ho se hlahisa. Ha hoa boleloa hore na ha e le hantle thohako ena e tla phethahala joang le hore na neng. Ho ka etsahala hore ebe ka lehlakoreng le leng, e bolela maemo a tlisoang ke ho ea botlamuoeng Babylona nakong e tlang.—Esaia 27:10
LA 8-14 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 6-8
“Ke ’na Enoa. Roma ’Na.”
Jehova Molimo o ka Tempeleng ea Hae e Halalelang
13 A re mameleng hammoho le Esaia. “Ka qala ho utloa lentsoe la Jehova le re: ‘Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rona?’ Eaba ke re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na.’”(Esaia 6:8) Ka ho hlakileng potso eo Jehova a e botsang e reretsoe ho susumetsa Esaia hore a arabele, kaha ha ho moprofeta e mong oa motho ea bonahalang ponong eo. Ka ho hlakileng ke memo ea hore Esaia e be lenģosa la Jehova. Empa ke hobane’ng ha Jehova a botsa ho re, “Ke mang ea tla ea bakeng sa rona?” Ka ho fetohela seemeling se ka bongateng sa “rona” a tlohela se ka bonngoeng sa “ke,” joale Jehova o kopanyelletsa bonyane motho a le mong ea nang le eena. Ke mang? Na eo e ne e se Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo hamorao a ileng a fetoha motho Jesu Kreste? Ka sebele, ke eena Mora enoa eo Molimo a ileng a re ho eena, “A re etse motho ka setšoantšo sa rona.” (Genese 1:26; Liproverbia 8:30, 31) E, ea leng lehlakoreng la Jehova makhotleng a leholimo ke Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.—Johanne 1:14.
14 Esaia ha a tsilatsile ho arabela! Ho sa tsotellehe hore na molaetsa oo e ka ba ofe, kapele-pele oa araba: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” Hape ha a botse hore na a ka fumana eng ka ho amohela kabelo eo. Moea oa hae oa boithaopo ke mohlala o motle bakeng sa bahlanka bohle ba Molimo kajeno, ba nang le thomo ea ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Matheu 24:14) Joaloka Esaia, ka botšepehi ba khomarela kabelo ea bona ’me ba finyella ho fana ka “bopaki ho lichaba tsohle,” ho sa tsotellehe ho se arabele ho atileng hohle. Joalokaha Esaia a entse, ba hatela pele ka kholiseho, ba tseba hore thomo ea bona e laetsoe ke ea phahameng ka ho fetisisa.
Jehova Molimo o ka Tempeleng ea Hae e Halalelang
15 Joale Jehova o bolela seo Esaia a lokelang ho se bua le hore na karabelo e tla ba efe: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’ Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho, ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela, u koale mahlo a bona, e le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le hore ba se ke ba utloa ka litsebe tsa bona, le hore lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa le hore ba se ke ba khutla eaba ba iphumanela pholiso.” (Esaia 6:9, 10) Na see se bolela hore Esaia e lokela ho ba ea sa tsotelleng le ea hlokang masene ebe o nyahamisa Bajuda, o ba khaohanya le Jehova? Ho hang ha ho joalo! Batho bana ke ba habo Esaia bao a ikutloang hore o amana le bona. Empa mantsoe a Jehova a bontša kamoo batho ba tlang ho arabela kateng molaetseng oa hae, ho sa tsotellehe hore na Esaia o phethahatsa mosebetsi oa hae ka botšepehi hakae.
16 Batho ke bona ba molato. Esaia o tla bua le bona “ka ho pheta-pheta,” empa ba ke ke ba amohela molaetsa kapa hona ho fumana kutloisiso. Boholo ba bona bo tla ba manganga ’me bo se ke ba arabela, joalokaha eka bo foufetse ka ho feletseng ebile ke litholo. Ka ho ea ho bona khafetsa, Esaia o tla etsa hore “batho bana” ba bontše hore ha ba batle ho utloisisa. Ba tla bontša hore ba koala likelello le lipelo tsa bona hore li se ke tsa utloa molaetsa oa Esaia e leng molaetsa oa Molimo o lebisitsoeng ho bona. Sena ke sona hantle seo batho ba se etsang le kajeno! Ba bangata haholo ba hana ho mamela Lipaki Tsa Jehova ha li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o tlang.
Jehova Molimo o ka Tempeleng ea Hae e Halalelang
23 Ka hore a qotse Esaia, Jesu o ile a bontša hore boprofeta boo bo ne bo phethahala mehleng ea hae. Ka kakaretso batho ba ne ba e-na le boikutlo ba pelo bo tšoanang le ba Bajuda ba mehleng ea Esaia. Ba ile ba iketsa lifofu le litholo mabapi le molaetsa oa hae ’me le bona ba ile ba timetsoa. (Matheu 23:35-38; 24:1, 2) Sena se etsahetse ha mabotho a Roma tlas’a Molaoli Titus a futuhela Jerusalema ka 70 C.E. ’me a timetsa motse le tempele ea oona. Empa leha ho le joalo, ba bang ba ile ba mamela Jesu ’me ba fetoha barutuoa ba hae. Jesu o ile a phatlalatsa hore bana ba ‘thabile.’ (Matheu 13:16-23, 51) O ne a ba tsebisitse hore ha ba bona “Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong,” ba lokela hore ba “qale ho balehela lithabeng.” (Luka 21:20-22) Kahoo “peo e halalelang” e neng e sebelisitse tumelo le e neng e entsoe sechaba sa moea, “Iseraele ea Molimo,” e ile ea pholoha.—Bagalata 6:16.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esaia—I
7:3, 4—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a boloka Morena Akaze ea khopo? Marena a Syria le a Iseraele a ne a rerile ho ketola Morena Akaze oa Juda setulong ’me a behe ’musi ea neng a tla laoloa ke bona e leng mora oa Tabiele, monna eo e neng e se oa lesika la Davida. Leano lena la Diabolose le ne le tla ama ho sebetsa ha selekane sa ’Muso se neng se entsoe le Davida. Jehova o ile a boloka Akaze e le hore a sireletse lesika leo “Khosana ea Khotso” e tšepisitsoeng e neng e tla hlaha ho lona.—Esaia 9:6.
LA 15-21 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 9-10
Boprofeta bo Buang ka “Leseli le Leholo”
Ho Tšepisoa Khosana ea Khotso
16 E, “hamorao” e boletsoeng esale pele ke Esaia ke nako ea tšebeletso ea Kreste ea lefatšeng. Jesu o ile a qeta boholo ba bophelo ba hae ba lefatšeng a le Galilea. Ke hona seterekeng sa Galilea moo a ileng a simolla tšebeletso ea hae teng ’me a qala ho phatlalatsa: “’Muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:17) Ha a le Galilea, o ile a fana ka Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng, a khetha baapostola ba hae, a etsa mohlolo oa hae oa pele ’me a bonahala ho balateli ba ka bang 500 ka mor’a tsoho ea hae. (Matheu 5:1–7:27; 28:16-20; Mareka 3:13, 14; Johanne 2:8-11; 1 Bakorinthe 15:6) Ka tsela ena Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia ka ho hlompha “naha ea Zabulone le naha ea Nefthali.” Ho hlakile hore Jesu ha aa ka a etsa hore tšebeletso ea hae e felle ho batho ba Galilea feela. Ka ho bolela litaba tse molemo ho pholletsa le naha, Jesu o ile a ‘etsa hore ho hlomphuoe’ sechaba sohle sa Iseraele, ho akarelletsa le Juda.
17 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka hore ebe Matheu o bua ka “leseli le leholo” Galilea? Ana le ’ona e ne e le mantsoe a qotsitsoeng boprofeteng ba Esaia. Esaia o ile a ngola: “Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo. Ha e le ba lulang naheng ea moriti o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.” (Esaia 9:2) Lekholong la pele la lilemo C.E., leseli la ’nete le ne le patiloe ke mashano a bohetene. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ekelitse bothata ka ho tšoarella neanong ea bona ea bolumeli eo ka eona ba neng ba “entse lentsoe la Molimo lefeela.” (Matheu 15:6) Batho ba ikokobelitseng ba ne ba hateletsoe ebile ba ferekane, ba latela “batataisi ba foufetseng.” (Matheu 23:2-4, 16) Ha Jesu Mesia a hlaha, batho ba bangata ba ikokobelitseng ba ile ba tutuboloha mahlo ka tsela e hlollang. (Johanne 1:9, 12) Mosebetsi oa Jesu ha a ntse a le lefatšeng le litlhohonolofatso tse tlisoang ke sehlabelo sa hae ka tšoanelo li khetholloa e le “leseli le leholo” boprofeteng ba Esaia.—Johanne 8:12.
Ho Tšepisoa Khosana ea Khotso
18 Ba ileng ba arabela leseling leo ba ne ba e-na le lebaka le leholo la ho thaba. Esaia o ile a tsoela pele: “U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata; u entse hore se thabe haholo. Ba thabile ka pel’a hao joalokaha ho thajoa nakong ea kotulo, joaloka ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng.” (Esaia 9:3) Ka lebaka la mosebetsi oa boboleli oa Jesu le balateli ba hae, batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba hlahella, ba iponahatsa e le ba lakatsang ho rapela Jehova ka moea le ka ’nete. (Johanne 4:24) Ka lilemo tse ka tlaase ho tse ’nè, matšoele a ile a amohela Bokreste. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. ho ile ha kolobetsoa ba likete tse tharo. Nakoana ka mor’a moo, “palo ea banna [e ile] ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.” (Liketso 2:41; 4:4) Ha barutuoa ba ntse ba bonahatsa leseli ka cheseho, “palo ea barutuoa [e ile] ea ’na ea ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.”—Liketso 6:7.
19 Joaloka batho ba thabelang kotulo e kholo kapa ba thabetseng ho aroloa ha lintho tsa bohlokoa tse hapuoeng ka mor’a tlholo e kholo ea sesole, balateli ba Jesu ba ile ba thabela keketseho eo. (Liketso 2:46, 47) Ka mor’a nako, Jehova o ile a etsa hore leseli le khanye har’a lichaba. (Liketso 14:27) Kahoo batho ba merabe eohle ba ile ba thabela hore ebe ba ne ba buletsoe tsela ea ho atamela Jehova.—Liketso 13:48.
Ho Tšepisoa Khosana ea Khotso
20 Liphello tsa mosebetsi oa Mesia ke tsa ka ho sa feleng, joalokaha re bona mantsoeng a latelang a Esaia: “Joko ea mojaro oa bona le molamu o mahetleng a bona, lere la ea ba qobellang ho sebetsa, u li robile likoto joaloka letsatsing la Midiane.” (Esaia 9:4) Makholo a lilemo pele ho mehla ea Esaia, Bamidiane ba ile ba etsa morero oa bolotsana le Bamoabe hore ba hohelle Iseraele sebeng. (Numere 25:1-9, 14-18; 31:15, 16) Hamorao, Bamidiane ba ile ba tšosa Baiseraele ka ho hlasela metse ea bona le mapolasi a bona le ho ikhapela thepa ea bona ka lilemo tse supileng. (Baahloli 6:1-6) Empa joale Jehova o ile a phalalisa mabotho a Bamidiane a sebelisa mohlanka oa hae Gideone. Ka mor’a ‘letsatsi leo la Midiane,’ ha ho bopaki ba hore Bamidiane ba kile ba boela ba jesetsa batho ba Jehova khoebeleng. (Baahloli 6:7-16; 8:28) Haufinyane nakong e tlang, Jesu Kreste, Gideone e moholoanyane, o tla bolaea lira tsa kajeno tsa batho ba Jehova. (Tšenolo 17:14; 19:11-21) Nakong eo, “joaloka letsatsing la Midiane,” ho tla finyelloa tlholo e feletseng le e tšoarellang ka matla a Jehova, eseng ka bokhoni ba batho. (Baahloli 7:2-22) Le ka mohla batho ba Molimo ba ke ke ba hlola ba hlokofatsoa tlas’a joko ea khatello!
21 Ho bonahatsa matla a Molimo ha se ho tlotlisa ntoa. Jesu ea tsositsoeng ke Khosana ea Khotso, ’me ka hore a timetse lira tsa hae, o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng. Joale Esaia o bua ka hore thepa ea sesole e chesoa ka ho feletseng ka mollo: “Khohlopo e ’ngoe le e ’ngoe ea ea hatakelang ka mokhoa o thothometsang le seaparo sa ka holimo se pitikisitsoeng maling li chesitsoe joaloka lijo tsa mollo.” (Esaia 9:5) Ho thothomela ho bakoang ke likhohlopo tse hatakelang tsa masole a machang ho ke ke ha hlola ho utloahala. Ho ke ke ha hlola ho bonoa liaparo tse khenathetseng mali tsa bahlabani ba seng ba tiile lipelo ke ntoa. Ntoa e ke ke ea hlola e e-ba teng!—Pesaleme ea 46:9.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Tšepisoa Khosana ea Khotso
23 Moeletsi ke motho ea fanang ka keletso, kapa temoso. Ha a le lefatšeng mona, Jesu Kreste o ile a fana ka keletso e hlollang. Ka Bibeleng re bala hore “bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 7:28) Ke Moeletsi ea bohlale le ea nang le kutloelo-bohloko, ea utloisisang sebopeho sa motho ka ho fetisisa. Keletso ea hae ha ea lekanyetsoa khalemelong kapa kotlong feela. Hangata, e fanoa e le thuto le keletso e lerato. Keletso ea Jesu ea hlolla hobane kamehla ke e bohlale, e phethahetseng le e ke keng ea fosa. Ha e lateloa, e lebisa bophelong bo sa feleng.—Johanne 6:68.
24 Keletso ea Jesu ha e itlhahele feela kelellong ea hae e bohlale. Ho e-na le hoo, o re: “Seo ke se rutang ha se sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Joaloka tabeng ea Solomone, Jehova Molimo ke eena Mohloli oa bohlale ba Jesu. (1 Marena 3:7-14; Matheu 12:42) Mohlala oa Jesu o lokela ho susumetsa mesuoe le baeletsi ka phuthehong ea Bokreste hore kamehla ba thehe thuto ea bona Lentsoeng la Molimo.—Liproverbia 21:30.
LA 22-28 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 11-13
Seo Bibele e se Buang ka Mesia
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
4 Makholo a lilemo pele ho mehla ea Esaia, bangoli ba bang ba Bibele ba Baheberu ba ile ba supa ho tla ha Mesia, e leng Moeta-pele oa sebele, eo Jehova a neng a tla mo romela Iseraele. (Genese 49:10; Deuteronoma 18:18; Pesaleme ea 118:22, 26) Joale Jehova o fana ka boitsebiso bo bong bo eketsehileng a sebelisa Esaia. Esaia oa ngola: “Ho tla hlaha lekala kutung ea Jese; ’me lehlomela le tla ata metsong ea hae.” (Esaia 11:1; bapisa le Pesaleme ea 132:11.) “Lekala” hammoho le “lehlomela” li bontša hore Mesia e tla ba setloholo sa Jese ka mora oa hae Davida, ea ileng a tlotsoa ka oli hore e be morena oa Iseraele. (1 Samuele 16:13; Jeremia 23:5; Tšenolo 22:16) Ha Mesia oa sebele a fihla, “lehlomela” lena, le tsoang tlung ea Davida, le tla hlahisa litholoana tse ntle.
5 Mesia ea tšepisitsoeng ke Jesu. Mongoli oa kosepele Matheu o ile a bua ka mantsoe a Esaia 11:1 ka mokhoa o sa tobang ha a bolela hore ho bitsoa ha Jesu “Monazaretha” ho ne ho phethahatsa mantsoe a baprofeta. Kaha o ile a holela motseng oa Nazaretha, Jesu o ile a bitsoa Monazaretha, e leng lebitso leo ho bonahalang eka le amana le lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ho Esaia 11:1 bakeng sa “lehlomela.”—Matheu 2:23, naletsana; Luka 2:39, 40.
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
6 Mesia e tla ba ’musi oa mofuta ofe? Na o tla tšoana le Moassyria ea sehloho oa sengangele ea timetsang ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea? Le hanyenyane. Mabapi le Mesia, Esaia o re: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova; ’me o tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2, 3a) Mesia ha a tlotsoe ka oli, empa o tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo. Sena se etsahala ha Jesu a kolobetsoa, ha Johanne Mokolobetsi a bona moea o halalelang oa Molimo o theohela ho Jesu ka sebopeho sa leeba. (Luka 3:22) Moea oa Jehova o “lula holim’a” Jesu, ’me o paka sena ha a itšoara ka bohlale, kutloisiso, keletso, matla le tsebo. Ke litšobotsi tse babatsehang hakaakang bakeng sa ’musi!
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
8 Tšabo ea Jehova eo Mesia a e bontšang ke eng? Ka sebele Jesu ha a tšosoe ke Molimo, ha a tšohe hore o tla mo ahlola hampe. Ho e-na le hoo, Mesia o na le tšabo e nang le tlhompho ho Molimo, o na le tlhompho e tletseng lerato bakeng sa hae. Motho ea tšabang Molimo o lakatsa ho “etsa lintho tse mo khahlisang” kamehla, joalokaha Jesu a etsa. (Johanne 8:29) Ka mantsoe le liketso, Jesu o ruta hore ha ho na thabo e kholoanyane ho feta ea ho tsamaea tšabong e hahang ea Jehova letsatsi le leng le le leng.
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
9 Esaia o bolela esale pele litšobotsi tse ling tse eketsehileng tsa Mesia: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae.” (Esaia 11:3b) Haeba u ne u lokela ho hlaha ka pel’a lekhotla la molao, na u ne u ke ke ua thabela ho ba le moahloli ea joalo? Boemong ba hae e le Moahloli oa moloko oohle oa batho, Mesia ha a laoloe ke likhang tsa bohata, maqiti a sebelisoang ka makhotleng, litaba tsa bo-bare, kapa lintlha tse kang ponahalo ea ka ntle feela, tse kang borui. O bona thetso ’me o talima ka nģ’ane ho ponahalo ea ka ntle e sa ipiletseng, o hlokomela “motho ea ka sephiring oa pelo,” “motho ea patehileng.” (1 Petrose 3:4, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mohlala o tsotehang oa Jesu o sebeletsa e le mohlala ho bohle ba khetheloang ho ahlola linyeoe ka phuthehong ea Bokreste.—1 Bakorinthe 6:1-4.
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
11 Ha balateli ba hae ba hloka khalemelo, Jesu o fana ka eona ka tsela e ba tsoelang molemo ka ho fetisisa e leng mohlala o babatsehang ho baholo ba Bakreste. Ka lehlakoreng le leng, ba tloaetseng ho etsa bokhopo ba ka lebella kahlolo e boima. Ha Molimo a bitsetsa tsamaiso ena ea lintho ho tla ikarabella, Mesia o tla “otla lefatše” ka lentsoe la hae la bolaoli, a fane ka kahlolo ea timetso ho bohle ba khopo. (Pesaleme ea 2:9; bapisa le Tšenolo 19:15.) Qetellong, ha ho sa tla ba le batho ba khopo ba tla ferekanya khotso ea moloko oa batho. (Pesaleme ea 37:10, 11) Jesu, ea itlammeng ka ho loka le botšepehi thekeng, o na le matla a ho finyella sena.—Pesaleme ea 45:3-7.
Matlotlo a Patiloeng
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
16 Borapeli ba ’nete bo ile ba qala ho hlaseloa Edene ha Satane a atleha ho susumelletsa Adama le Eva hore ba se ke ba mamela Jehova. Ho tla fihlela kajeno, Satane o ntse a e-s’o tele pakaneng ea hae ea ho etsa hore ba bangata kamoo a ka khonang ba furalle Molimo. Empa le ka mohla Jehova a ke ke a lumella hore borapeli bo hloekileng bo fele lefatšeng. Lebitso la hae lea ameha, ’me o tsotella ba mo sebeletsang. Kahoo, a sebelisa Esaia o etsa tšepiso ena e hlollang: “Letsatsing leo ho tla ba le motso oa Jese o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba. Lichaba li tla retelehela ho oona ka morero oa ho botsa, ’me sebaka sa oona sa phomolo e tla ba se khanyang.” (Esaia 11:10) Morao koana ka 537 B.C.E., Jerusalema, e leng motse oo Davida a neng a o entse motse-moholo oa sechaba, o ile oa sebeletsa e le pontšo, oa susumelletsa masala a tšepahalang a Bajuda a qhalakaneng ho khutla le ho tsosolosa tempele.
17 Leha ho le joalo, boprofeta ha bo supe seo feela. Joalokaha re se re bone, bo supa pusong ea Mesia, eo e leng eena feela Moeta-pele oa sebele oa batho ba lichaba tsohle. Moapostola Pauluse o ile a qotsa Esaia 11:10 ho bontša hore mehleng ea hae batho ba lichaba ba ne ba tla ba le sebaka ka phuthehong ea Bokreste. Ha re qotsa phetolelo ea temana ena ho Septuagint, o ile a ngola: “Esaia o re: ‘Ho tla ba le motso oa Jese, ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba; lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.’” (Baroma 15:12) Ho feta moo, boprofeta bona bo fetela pele le ho feta ho tla fihla mehleng ea rona ha batho ba lichaba ba bontša lerato la bona ho Jehova ka ho tšehetsa barab’abo Mesia ba batlotsuoa.—Esaia 61:5-9; Matheu 25:31-40.
18 Phethahatsong ea kajeno, ‘letsatsi leo’ Esaia a buang ka lona le ile la qala ha Mesia a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo ka 1914. (Luka 21:10; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:10) Ho tloha ka nako eo, Jesu Kreste e ’nile ea e-ba pontšo e hlakileng, sebaka seo ho phutheheloang ho sona, ho Iseraele ea moea le ho batho ba lichaba tsohle ba labalabelang puso e lokileng. Tlas’a tataiso ea Mesia, litaba tse molemo tsa ’Muso li ’nile tsa boleloa lichabeng tsohle, joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele. (Matheu 24:14; Mareka 13:10) Litaba tsena tse molemo li na le phello e matla. ‘Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea khonang ho bo bala, bo tsoang lichabeng tsohle’ bo ikokobelletsa Mesia ka ho kopanela le masala a tlotsitsoeng borapeling bo hloekileng. (Tšenolo 7:9) Ha ba bang ba bangata ba bacha ba ntse ba tsoela pele ho kopanela le masala ‘ntlong ea [Jehova ea moea ea] thapelo,’ ba eketsa khanya ‘sebakeng sa Mesia sa phomolo,’ e leng tempele e kholo ea moea ea Molimo.—Esaia 56:7; Hagai 2:7.
LA 29 DECEMBER–LA 4 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG ESAIA 14-16
Lira Tsa Batho ba Molimo li ke ke Tsa Tlohelloa Feela li sa Fuoa Kotlo
Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
16 Sena ha sea ka sa etsahala hang-hang ka 539 B.C.E. Leha ho le joalo, kajeno ho hlile ho hlakile hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Esaia a ileng a e bolela esale pele ka Babylona e bile ’nete. Mohlalosi e mong oa Bibele o bolela hore Babylona “hona joale, ebile e se e le ka lilemo tse makholo, ke lesupi le nammeng le qubu ea lithako.” Joale oa phaella: “Ha ho kamoo motho a ka bonang pono ena ’me a se ke a hopola kamoo boprofeta ba Esaia le Jeremia bo phethahetseng ka nepo kateng.” Ka ho hlakileng, ha ho motho mehleng ea Esaia ea neng a ka bolela ho oa ha Babylona esale pele le ho qetella ha eona e le lesupi. Ho feta moo, ho oela ha Babylona ho Bamede le Bapersia ho etsahetse lilemong tse ka bang 200 ka mor’a hore Esaia a ngole buka ea hae! ’Me e ile ea qetella e fetohile lesupi lilemo tse makholo hamorao. Na see ha se matlafatse tumelo ea rona ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng? (2 Timothea 3:16) Ho feta moo, kaha Jehova o ile a phethahatsa boprofeta nakong e fetileng, re ka ba le kholiseho e feletseng ea hore boprofeta ba Bibele bo e-s’o phethahale bo tla phethahala ka nako ea Molimo e loketseng.
Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
24 Ka Bibeleng marena a lesika la Davida a tšoantšoa le linaleli. (Numere 24:17) Ho qala ka Davida ho ea pele, “linaleli” tseo li ile tsa busa li le Thabeng ea Sione. Ka mor’a hore Solomone a hahe tempele Jerusalema, lebitso Sione le ile la sebelisoa ho bolela motse oohle. Tlas’a selekane sa Molao, Baiseraele bohle ba batona ba ne ba tlameha ho ea Sione hararo ka selemo. Ka hona, e ile ea fetoha ‘thaba ea pokano.’ Ka ho ikemisetsa ho kokobetsa marena a Juda le ho a tlosa thabeng eo, Nebukadnezare o phatlalatsa hore o ikemiselitse ho ipeha ka holimo ho “linaleli” tseo. Ha a tlotlise Jehova ka ho li hlola ha hae. Ho e-na le hoo, ha e le hantle ka boiphahamiso o ipeha sebakeng sa Jehova.
Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
JEHOVA a ka sebelisa lichaba ho laea batho ba hae ka lebaka la bokhopo ba bona. Leha ho le joalo, ha a tlohelle lichaba tseo feela ka ho ba sehloho ha tsona ho sa hlokahaleng, ho ikhohomosa ha tsona le ho hloea ha tsona borapeli ba ’nete. Ka hona, nako e telele esale pele o bululela Esaia hore a tlalehe ‘phatlalatso khahlanong le Babylona.’ (Esaia 13:1) Leha ho le joalo, Babylona e tla ba tšokelo nakong e tlang. Mehleng ea Esaia, Assyria e hatella batho ba Molimo ba selekane. Assyria e timetsa ’muso o ka leboea oa Iseraele ’me e senya karolo e kholo ea Juda. Empa tlholo ea Assyria ke e fokolang. Esaia oa ngola: “Jehova oa mabotho o hlapantse, a re: ‘Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala . . . e le hore ke robe Moassyria naheng ea ka le hore ke mo hatakele lithabeng tsa ka; le hore joko ea hae e tlohe holim’a bona le hore mojaro oa hae o tlohe mahetleng a bona.’” (Esaia 14:24, 25) Nakoana ka mor’a hore Esaia a bolele boprofeta bona, tšokelo ea Assyria ho Juda ea tlosoa.
Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
12 Boprofeta boo bo tla phethahala neng? Haufinyane. “Lena ke lentsoe leo Jehova a le buileng malebana le Moabe pele. Joale Jehova o buile, a re: ‘Ka lilemo tse tharo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng, khanya ea Moabe le eona e tla nyelisoa ka moferefere o moholo oa mofuta o mong le o mong, ’me ba setseng e tla ba ba seng bakae ba sa reng letho, ba se nang matla.’” (Esaia 16:13, 14) Tumellanong le sena, ho na le bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo bontšang hore lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Moabe e ile ea e-ba mahlomoleng a tebileng le hore libaka tse ngata tsa eona li ile tsa hloka baahi. Tiglathe-pilesere III o ile a bua ka Salamanu oa Moabe e le e mong oa babusi ba ileng ba mo ntšetsa sethabathaba. Sankeribe o ile a amohela sethabathaba se tsoang ho Kammusunadbi, morena oa Moabe. ’Musi Esare-hadone le ’musi Ashurbanipale ba Assyria ba ile ba bolela hore marena a Moabe, Musuri le Kamashaltu ke bafo ba bona. Lilemong tse makholo tse fetileng, Bamoabe ba ile ba khaotsa ho ba teng e le sechaba. Lithako tsa metse eo ho nahanoang hore ke ea Moabe li ’nile tsa fumanoa, leha ho le joalo ho tla fihlela joale ho epolotsoe bopaki bo fokolang feela ba lintho tse ka bonoang mabapi le sera sena sa Iseraele se kileng sa e-ba matla.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esaia—I
14:1, 2—Ho ile ha tla joang hore batho ba Jehova e be “baholehi ba ba ba tšoereng e le baholehuoa” le ho “laola ba neng ba ba qobella ho sebetsa”? Sena se ile sa phethahala ho batho ba kang Daniele, ea neng a le maemong a phahameng Babylona tlas’a Bamede le Bapersia; Esthere, eo e ileng ea e-ba mofumahali oa Persia; le Mordekai, ea ileng a khethoa ho ba tona-kholo ea ’Muso oa Persia.