-
Tšepiso ea JafetaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 36
Tšepiso ea Jafeta
Baiseraele ba ile ba boela ba lahla Jehova ’me ba rapela melimo ea bohata. Melimo eo ha ea ka ea ba thusa ha Baamone ba ba loantša. Baiseraele ba ile ba sotleha ka lilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa u re sireletse ho lira tsa rona.’ Eaba ba senya litšoantšo tseo ba neng ba li rapela ’me ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.
Jehova o ile a khetha monna ea matla ea bitsoang Jafeta hore a etelle masole a Baiseraele pele ha a e’o loantša Baamone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha u ka re thusa ho hlola ntoeng ena, ke tla u fa motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ea ka ho nkhahlanyetsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ea Jafeta eaba o mo thusa hore a hlole ntoeng eo.
Ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla mo khahlanyetsa ke morali oa hae, ngoana ea mong feela. O ile a tla a ntse a tantša, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsa’ng? O ile a hopola tšepiso ea hae eaba o re: ‘Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko. Ke tšepisitse Jehova hore motho ea tla tsoa pele ho tla nkhahlanyetsa, ke tla fana ka eena tabernakeleng Shilo. Kahoo, ke lokela ho fana ka uena tabernakeleng.’ Morali oa hae a re ho eena: ‘Ntate, haeba u tšepisitse Jehova, phetha tšepiso ea hao. Empa pele ke ea, ke kopa ho qeta likhoeli tse peli thabeng le metsoalle ea ka. Ka mor’a moo ke tla ea Shilo.’ Morali oa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metsoalle ea hae e ne e mo chakela Shilo selemo le selemo.
“Ea ratang mora kapa morali ho mpheta, ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.”—Matheu 10:37
-
-
Jehova o Bua le SamueleIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 37
Jehova o Bua le Samuele
Moprista ea Phahameng Eli o ne a e-na le bara ba babeli ba neng ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista. Mabitso a bona e ne e le Hofni le Finease. Ba ne ba sa hlomphe melao ea Jehova ebile ba tšoara batho ba bang hampe. Ha Baiseraele ba etsetsa Jehova sehlabelo, Hofni le Finease ba ne ba inkela nama e ntle. Eli o ne a utloa hore na bara ba hae ba etsa’ng empa a sa ba khalemele. Jehova o ile a etsa’ng?
Samuele ha aa ka a etsisa Hofni le Finease le hoja a ne a le monyenyane haholo ho bona. Seo sa etsa hore Jehova a mo rate. Ka le leng bosiu ha Samuele a robetse, a utloa motho a mo bitsa. Eaba oa tsoha o mathela ho Eli o re: ‘Ke ’na enoa!’ Empa Eli a re: ‘Ha kea u bitsa. Tsamaea u e’o robala.’ Kahoo, Samuele a khutlela likobong. Eaba o utloa motho a mo bitsa hape. Ha sena se etsahala ka lekhetlo la boraro, Eli a hlokomela hore Samuele o ntse a bitsoa ke Jehova. Eli a bolella Samuele hore ha a utloa motho a mo bitsa hape, a re: ‘Bua Jehova. Mohlanka oa hao o mametse.’
Samuele a khutlela likobong. Eaba o utloa motho a mo bitsa a re: ‘Samuele! Samuele!’ A araba a re: ‘Bua, mohlanka oa hao o mametse.’ Jehova a re ho eena: ‘Bolella Eli hore ke tl’o mo fa kotlo, eena le ba lelapa la hae. Oa tseba hore bara ba hae ba etsa lintho tse mpe tabernakeleng empa ha a ba khalemele.’ Hoseng ka le hlahlamang, Samuele a bula mamati a tabernakele joalokaha a tloaetse. O ne a tšaba ho bolella moprista ea phahameng hore na Jehova o itse’ng. Empa Eli a mo bitsa ’me a re: ‘Mora oa ka, Jehova o itse’ng ho uena? Mpolelle.’ Kahoo, Samuele a bolella Eli ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Ha Samuele a ntse a hola, Jehova a tsoela pele ho mo rata. Baiseraele bohle ba tseba hore Jehova o khethile Samuele hore e be moprofeta le moahloli.
“U hopole ’Mopi oa hao e Moholo u sa le mocha.”—Moeklesia 12:1
-