Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Davida o otla Goliathe ka lejoe

      THUTO EA 40

      Davida le Goliathe

      Jehova o ile a re ho Samuele: ‘E-ea lelapeng la Jese. E mong oa bara ba hae e tla ba morena oa Iseraele.’ Kahoo, Samuele a ea lelapeng la Jese. Ha a bona mora e moholo, a re: ‘Enoa e tlameha ebe ke eena ea khethiloeng ke Jehova.’ Empa Jehova a bolella Samuele hore ha se eena. A re: ‘Ke sheba se ka pelong ea motho, eseng ponahalo ea hae feela.’

      Samuele o tlotsa Davida

      Jese o ile a tlisa bara ba hae ba bang ba tšeletseng ho Samuele. Empa Samuele a re ho eena: ‘Ho bana ha ho eo Jehova a mo khethileng. Na u na le bara ba bang?’ Jese a re: ‘Ke na le e mong oa ho fela, lebitso la hae ke Davida. O lisitse linku.’ Ha Davida a fihla, Jehova a re ho Samuele: ‘Ke khethile enoa!’ Samuele a tšela Davida ka oli hloohong, a mo tlotsa hore e be morena ea latelang oa Iseraele.

      Goliathe

      Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba ea ntoeng le Bafilista, ’me Bafilista ba ne ba e-na le lesole la senatla le bitsoang Goliathe. Goliathe o ne a rohaka Baiseraele letsatsi le letsatsi. O ile a hoeletsa a re: ‘Romelang monna ea tla loana le ’na. Ha a ka ntlhola, re tla ba bahlanka ba lona. Empa ha nka mo hlola le tla ba bahlanka ba rona.’

      Davida o ne a tliselitse bo-abuti ba hae ba neng ba le lebothong la Iseraele lijo. Ha a utloa lipolelo tsa Goliathe a re: ‘Ke tla ea ke il’o mo loantša!’ Morena Saule a re: ‘Empa u sa le moshanyana.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova o tla nthusa.’

      Saule o ile a fa Davida liaparo tsa hae tsa ntoa, empa Davida a re: ‘Liaparo tsena lia nkimela, nke ke ka khona ho loana ke li apere.’ Eaba Davida o nka letjeketjane la hae o ea nokeng. A khetha majoe a mahlano a boreleli, a a kenya ka mokotleng oa hae. A ntan’o mathela ho Goliathe. Senatla seo sa hoeletsa, sa re: ‘Moshanyana tooe, tloo koano. Ke tl’o u fa linonyana tsa leholimo le liphoofolo tse hlaha.’ Empa Davida ha aa ka a tšoha. A mo araba, a re: ‘U tla ho ’na ka sabole le lerumo, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova. Ha u loantše rona empa u loantša Molimo. Batho bohle ba tla bona hore Jehova o matla ho feta sabole kapa lerumo. O tla re thusa hore re le hlole.’

      Davida a kenya lejoe letjeketjaneng la hae eaba o le betsa ka matla ’ohle a hae. Jehova a mo thusa hore a otle Goliathe ka lejoe leo phatleng. Senatla seo sa oela fatše. Eaba Bafilista baa baleha. Na le uena u tšepa Jehova joaloka Davida?

      “Ho batho ho ke ke ha khoneha empa ho Molimo ha ho joalo hobane lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Mareka 10:27

      Lipotso: Jehova o ile a khetha mang hore e be morena ea latelang oa Iseraele? Davida o ile a hlola Goliathe joang?

      1 Samuele 16:1-13; 17:1-54

  • Davida le Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Davida o hoeletsa Saule

      THUTO EA 41

      Davida le Saule

      Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Morena Saule o ile a mo beha hore e be molaoli oa sesole sa hae. Davida o ile a hlola lintoa tse ngata ’me a tsebahala haholo. Kamehla ha Davida a tsoa ntoeng, basali ba ne ba mo khahlanyetsa ba ntse ba tantša ’me ba bina ba re: ‘Saule o bolaile ba likete, ha Davida eena a bolaile ba likete tse mashome.’ Saule a ba mona ’me a batla ho mo bolaea.

      Davida o ne a letsa harepa hamonate. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa, Saule o ile a mo betsa ka lerumo. Davida o ile a le qoba eaba le otla leboteng. Ka mor’a moo, Saule o ile a leka ka makhetlo a mangata ho bolaea Davida. Qetellong Davida a baleha eaba o ipata ka ntle ho motse.

      Davida o nka lerumo la Saule haa ntse a robetse

      Saule o ile a tsamaea le masole a 3 000 ho ea tsoma Davida. A kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba tsamaeang le Davida ba re: ‘Ona ke monyetla oa hore u bolaee Saule.’ Eaba Davida o atamela pel’a Saule, a seha seaparo sa hae. Empa Saule ha aa ka a utloa. Ka mor’a moo, Davida a ikoahlaela hore ebe ha aa hlompha morena eo Jehova a mo khethileng. O ile a hanela banna ba hae ho loantša Saule. A hoeletsa Saule a mo bolella hore a ka be a mo bolaile ha a ne a batla ho mo bolaea. Na Saule o ile a fetola maikutlo a hae ka Davida?

      Che. Saule o ile a tsoela pele ho tsoma Davida. Ka bosiu bo bong Davida le Abishai ba ile ba ea tenteng ea Saule. Ba fumana le molebeli oa Saule ea bitsoang Abnere a robetse. Abishai a re: ‘Re fumane monyetla joale. E-re ke mo bolaee.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova ke eena ea tla ahlola Saule. A re nke lerumo la hae le jeke ea hae ea metsi.’

      Davida a hloella thabeng e haufi le moo Saule a neng a robetse teng. Eaba oa hoeletsa o re: ‘Abnere, ke hobane’ng ha u sa sireletsa morena oa hao? Lerumo la morena le jeke ea hae ea metsi li kae?’ Saule a tseba lentsoe la Davida ’me a re: ‘U ka be u mpolaile empa ha oa etsa joalo. Kea tseba hore u tl’o ba morena ea latelang oa Iseraele.’ Ka mor’a moo, Saule a khutlela ntlong ea hae ea borena. Leha ho le joalo, ha se bohle lelapeng la Saule ba neng ba hloile Davida.

      “Le etse sohle seo le ka se khonang e le hore le be le khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa empa le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.”—Baroma 12:18, 19

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Saule a ne a batla ho bolaea Davida? Ke hobane’ng ha Davida a ile a hana ho bolaea Saule?

      1 Samuele 16:14-23; 18:5-16; 19:9-12; 23:19-29; 24:1-15; 26:1-25

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela