Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Jonathane le motho ea mo nkelang libetsa

      THUTO EA 42

      Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala

      Mora e moholo oa Morena Saule ea bitsoang Jonathane, e ne e le lesole le sebete. Davida o ile a re Jonathane o lebelo ho feta ntsu, ebile o matla ho feta tau. Ka letsatsi le leng, Jonathane o ile a bona masole a 20 a Bafilista leralleng. Eaba o re ho motho ea mo nkelang libetsa: ‘Re tla ba hlasela hafeela Jehova a ka re fa letšoao. Ha Bafilista ba ka re re nyolohele ho bona, re tla tseba hore re lokela ho ba loantša.’ Bafilista ba hoeletsa, ba re: ‘Nyolohang re tl’o loana!’ Kahoo, banna bao ba babeli ba nyoloha, ’me ba hlola masole ao a Bafilista.

      Jonathane o fa Davida libetsa tsa hae

      Kaha Jonathane e ne e le mora e moholo oa Saule, e ne e lokela ho ba eena morena ea latelang. Empa Jonathane o ne a tseba hore Jehova o khethile Davida hore e be morena ea latelang oa Iseraele, ’me sena ha sea ka sa mo koatisa. Jonathane le Davida e ile ea e-ba metsoalle e meholo. Ba tšepisana hore ba tla sireletsana. Jonathane a fa Davida seaparo sa hae, sabole, seqha le lebanta ho bontša hore ke metsoalle.

      Ha Davida a ntse a baleha Saule, Jonathane o ile a ea ho eena ’me a re: ‘E-ba sebete ’me u be matla. Jehova o khethile uena hore u be morena. Le Ntate o tseba seo.’ Na u ka rata ho ba le motsoalle ea joaloka Jonathane?

      Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a mangata, e le hore a thuse motsoalle oa hae. Kaha o ne a tseba hore ntate oa hae o batla ho bolaea Davida, o ile a re ho eena: ‘U tla be u etsa sebe ha u ka bolaea Davida, hobane ha a etsa letho le phoso.’ Saule o ile a koatela Jonathane. Lilemo hamorao Saule le Jonathane ba ile ba bolaeloa ntoeng.

      Ka mor’a lefu la Jonathane, Davida o ile a batla mora oa Jonathane ea bitsoang Mefiboshethe. Ha a mo fumana, a re ho eena: ‘Kaha ntate oa hao e ne e le motsoalle oa ka, ke tla u hlokomela bophelo bohle ba hao. U tla lula ntlong ea ka ea borena ’me u tla ja le ’na tafoleng.’ Davida ha aa ka a lebala motsoalle oa hae Jonathane.

      “Le ratane joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.”—Johanne 15:12, 13

      Lipotso: Jonathane o ile a bontša joang hore o sebete? Jonathane o ile a bontša joang hore oa tšepahala?

      1 Samuele 14:1-23; 18:1-4; 19:1-6; 20:32-42; 23:16-18; 31:1-7; 2 Samuele 1:23; 9:1-13

  • Morena Davida o Etsa Sebe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Moprofeta Nathane o khalemela Morena Davida

      THUTO EA 43

      Morena Davida o Etsa Sebe

      Davida e ile ea e-ba morena ka mor’a lefu la Saule. O ne a le lilemo li 30. Ho ile ha feta lilemo tse ngata e le morena ’me ka bosiu bo bong ha a le ka holim’a ntlo ea hae ea borena, a bona mosali e mong ea motle. Davida o ile a utloa hore lebitso la hae ke Bathe-sheba ’me monna oa hae ke Uria le hore ke lesole. Davida o ile a bitsetsa Bathe-sheba ntlong ea hae ea borena eaba o robala le eena ’me Bathe-sheba a ima. Davida o ile a leka ho pata seo a se entseng. A bolella molaoli oa sesole hore a behe Uria ka pele ntoeng ebe ba chechella morao. Ka mor’a hore Uria a bolaoe ntoeng, Davida a nyala Bathe-sheba.

      Morena Davida o rapella hore Jehova a mo tšoarele

      Empa Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tse etsahetseng. O ile a etsa’ng? O ile a roma moprofeta Nathane ho Davida. Nathane a fihla a re: ‘Monna e mong oa morui o ne a e-na le linku tse ngata ’me oa mofutsana a e-na le e le ’ngoe feela eo a e ratang haholo. Monna oa morui o ile a nka nku ea monna eo oa mofutsana.’ Davida o ile a halefa eaba o re: ‘Monna eo oa morui o lokela ho bolaoa!’ Eaba Nathane o re ho Davida: ‘Monna eo oa morui ke uena!’ Davida o ile a utloa bohloko ’me a re ho Nathane: ‘Ke sitetsoe Jehova.’ Sebe seo se ile sa bakela Davida le ba lelapa la hae mathata a mangata. Jehova o ile a khalemela Davida empa a se ke a mo bolaea hobane o ile a bua ’nete ’me a ikokobetsa.

      Davida o ne a batla ho hahela Jehova tempele empa Jehova o ile a khetha mora oa Davida ea bitsoang Solomone hore ebe eena ea e hahang. Davida o ile a bokelletsa lintho tseo Solomone a tla li hloka ’me a re: ‘Tempele ea Jehova e lokela ho ba ntle. Solomone o ntse a le monyenyane, kahoo ke tla mo thusa ho bokella lintho tseo a tla li hloka.’ Kahoo, Davida a fana ka chelete e ngata e le hore ho hahoe tempele. O ile a batla batho ba tsebang ho haha. A bokella khauta le silevera ’me a lata mapolanka Tire le Sidone. Pele Davida a shoa, o ile a fa Solomone moralo oa hore na a hahe tempele joang. A re ho eena: ‘Jehova o itse ke u ngolle lintho tsena. Jehova o tla u thusa. U se ke oa tšoha. E-ba sebete ’me u sebetse.’

      Davida o buisana le Solomone e monyenyane ka moralo oa tempele

      “Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha empa ea li bolelang ’me a li bakela o tla hauheloa.”—Liproverbia 28:13

      Lipotso: Davida o ile a etsa sebe sefe? Davida o ile a thusa mora oa hae Solomone joang?

      2 Samuele 5:3, 4, 10; 7:1-16; 8:1-14; 11:1–12:14; 1 Likronike 22:1-19; 28:11-21; Pesaleme ea 51:1-19

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela