Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tempele ea Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Mollo o tsoang ho Jehova o chesa sehlabelo aletareng

      THUTO EA 44

      Tempele ea Jehova

      Morena Solomone oa rapela

      Ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, Jehova o ile a re: ‘Ke’ng eo u ka ratang hore ke u fe eona?’ Solomone a re: ‘Ke sa le monyenyane, ’me ha ke tsebe seo ke se etsang. Ke kopa u mphe bohlale e le hore nka hlokomela sechaba sa hao.’ Jehova a re: ‘Kaha u kopile bohlale eseng maruo, ke tla etsa hore u be monna ea bohlale ka ho fetisisa lefatšeng. Hape ke tla etsa hore u be morui. Haeba u ’mamela, u tla phela nako e telele.’

      Eaba Solomone o qala ho haha tempele. A sebelisa khauta, silevera, mapolanka le majoe a betliloeng hantle. Banna le basali ba likete ba nang le bokhoni ba thusa mosebetsing oa ho haha tempele. Ka mor’a lilemo tse supileng, tempele e ne e se e le boemong ba hore e neheloe ho Jehova. Ho ne ho e-na le aletare moo, ’me ho eona ho e-na le mahlabelo. Eaba Solomone o khumama ka pel’a aletare ’me a rapela, a re: ‘Jehova, tempele ena ha e kholo ebile ha e ntle ho lekana bakeng sa hao, empa ka kopo, amohela borapeli ba rona ’me u mamele lithapelo tsa rona.’ Jehova o ile a ikutloa joang ka tempele le thapelo eo ea Solomone? Hang ha Solomone a qeta ho rapela, mollo oa theoha leholimong, ’me oa chesa mahlabelo a aletareng. Seo se ne se bontša hore Jehova o amohetse tempele eo. Kahoo, Baiseraele ba thaba ha ba bona seo.

      Mollo o tsoang ho Jehova o chesa sehlabelo aletareng

      Batho bohle ba Iseraele le libakeng tse ling tse hole ba ne ba tseba ka bohlale ba Morena Solomone. Ba ne ba tla ho eena ho tla kopa thuso ha ba na le mathata. Le mofumahali oa Sheba o ile a tla, ’me a mo botsa lipotso tse thata. Ha a utloa tsela eo Solomone a arabang lipotso tsa hae ka eona, a re: ‘Ke ne ke sa lumele seo batho ba mpolellang sona ka uena, empa joale kea bona hore u bohlale ho feta kamoo ba neng ba bua kateng. Jehova Molimo oa hao o u hlohonolofalitse.’ Baiseraele ba ne ba phela ka khotso ba bile ba thabile. Empa lintho li ne li le haufi le ho fetoha.

      “Ea teng mona o bohlokoa ho feta Solomone.”—Matheu 12:42

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore Solomone e be monna ea bohlale ka ho fetisisa lefatšeng? Jehova o ile a bontša joang hore o amohetse tempele?

      1 Marena 2:12; 3:4-28; 4:29–5:18; 6:37, 38; 7:15–8:66; 10:1-13; 2 Likronike 7:1; 9:22

  • ’Muso oa Aroloa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Akija o khaola seaparo sa hae likoto tse 12 ka pel’a Jeroboame

      THUTO EA 45

      ’Muso oa Aroloa

      Ha Solomone a ntse a rapela Jehova, ho ne ho e-na le khotso Iseraele. Empa Solomone o ile a nyala basali ba bangata ba tsoang linaheng tse ling, ’me basali bao ba ne ba rapela litšoantšo. Butle-butle Solomone o ile a fetoha ’me a qala ho rapela litšoantšo. Seo se ile sa halefisa Jehova. O ile a re ho Solomone: ‘Borena ba Iseraele bo tla tlosoa lelapeng la hao ’me sechaba se tla arohana. Ke tla fa e mong oa bahlanka ba hao karolo e kholo, ’me lelapa la hao le tla busa karolo e nyenyane.’

      Jehova o ile a hlakisa qeto ea hae ka tsela e ’ngoe hape. Mohlanka e mong oa Solomone ea bitsoang Jeroboame, o ile a kopana le moprofeta Akija tseleng. Moprofeta eo o ile a khaola seaparo sa hae likarolo tse 12, eaba o re ho Jeroboame: ‘Jehova o tla tlosa ’muso oa Iseraele lelapeng la Solomone ’me a o arole likoto tse peli. Nka tse leshome hobane u tla ba morena oa maloko a leshome.’ Morena Solomone a utloa ka sena ’me a batla ho bolaea Jeroboame! Kahoo, Jeroboame a balehela Egepeta. Ha nako e ntse e ea, Solomone o ile a shoa ’me mora oa hae Roboame ea e-ba morena. Eaba Jeroboame o khutlela Iseraele.

      Baiseraele ba bangata ba ile ba etsa mahlabelo bakeng sa namane ea khauta e entsoeng ke Jeroboame

      Banna ba baholo ba Iseraele ba re ho Roboame: ‘Ha u ka tšoara sechaba hantle se tla u tšepahalla.’ Empa metsoalle ea Roboame ea re: ‘U lokela ho ba tšoara ka thata! Etsa hore ba sebetse ka thata le ho feta!’ Roboame a latela keletso ea metsoalle ea hae. A tšoara sechaba hampe eaba sea mo fetohela. Sa etsa Jeroboame morena oa maloko a leshome. Maloko a setseng a mabeli a ile a tsebahala e le ’muso oa Juda ’me a tsoela pele a tšepahalla Roboame. Ka tsela eo, maloko a 12 a Iseraele a ile a arohana.

      Jeroboame o ne a sa batle ha batho ba hae ba ea Jerusalema ho ea rapela, kaha e ne e le karolong ea ’muso oa Roboame. Ebe ke hobane’ng? Jeroboame o ne a tšaba hore ba tla mo fetohela ’me ba tšehetse Roboame. Eaba o etsa manamane a mabeli a khauta ’me o re ho sechaba: ‘Jerusalema e hole haholo. Le tla rapella mona.’ Batho ba qala ho rapela namane ea khauta, eaba ba lebala Jehova hape.

      “Le se ke la kena jokong le batho bao e seng balumeli. Ho loka le tlolo ea molao li kopana hokae? . . . Kapa na ho na le ntho eo motho ea lumelang ho Kreste le ea sa lumeleng ho Kreste ba tšoanang ka eona?”—2 Bakorinthe 6:14, 15

      Lipotso: Ke hobane’ng ha sechaba sa Iseraele se ile sa arohana? Morena Roboame le Morena Jeroboame ba ile ba etsa lintho life tse mpe?

      1 Marena 11:1-13, 26-43; 12:1-33

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela