-
Baiseraele Thabeng ea KarmeleIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 46
Baiseraele Thabeng ea Karmele
Meloko e leshome ea Iseraele e bile le marena a mangata a khopo empa Akabe o ne a le khopo ho a feta kaofela. O ile a nyala mosali ea khopo ea rapelang Baale. Lebitso la hae e ne e le Jezebele. Batho ba naha ba ile ba rapela Baale ka lebaka la Akabe le Jezebele. Akabe le Jezebele ba ile ba boela ba bolaea baprofeta ba Jehova. Jehova o ile a etsa’ng? O ile a roma moprofeta Elia hore a fe Akabe molaetsa.
Elia o ile a bolella Akabe hore pula ha e tl’o na Iseraele ka lebaka la lintho tse mpe tseo a li etsang. Ka lilemo tse fetang tse tharo, lijalo ha lia ka tsa hola ’me batho ba lapa. Jehova a boela a romela Elia ho Akabe. Morena Akabe a re ho eena: ‘U likhathatso! Ke uena ea entseng hore ho be le komello.’ Elia a mo araba, a re: ‘Ha se ’na ea entseng hore ho be le komello. E tlisitsoe ke uena ka ho rapela Baale. E le hore re bone hore na ke mang ea buang ’nete, bokella sechaba le baprofeta ba Baale Thabeng ea Karmele.’
Kahoo, Baiseraele ba ea thabeng. Elia a re ho bona: ‘Iketsetseng qeto. Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng. Empa haeba Baale ke eena, mo lateleng. Re tla bona hore na ke mang ea tla hlola. Baprofeta ba Baale ba 450 ba lokela ho lokisa sehlabelo sa bona ’me ba rapele molimo oa bona. Le ’na ke tla lokisa sehlabelo bakeng sa Jehova ’me ke mo rapele. Molimo oa ’nete ke eena ea tla arabela thapelo ena.’ Baiseraele ba lumela.
Baprofeta ba Baale ba lokisa sehlabelo sa bona. Ba qeta letsatsi lohle ba ntse ba re: ‘Baale re arabe!’ Elia a ba tšeha ha Baale a sa ba arabe. A re: ‘Hoeletsang haholo. Mohlomong o robetse ’me e mong o lokela ho mo tsosa.’ Ea e-ba mantsiboea baprofeta ba Baale ba ntse ba mo bitsa. Empa o ne a ntse a sa ba arabe.
Eaba Elia o beha sehlabelo sa hae aletareng ’me a se tšela ka metsi. A rapela, a re: ‘Jehova, ka kopo thusa batho bana hore ba tsebe hore u Molimo oa ’nete.’ Hang-hang Jehova a chesa sehlabelo sa Elia ka mollo. Eaba sechaba sea hoeletsa, se re: ‘Jehova ke Molimo oa ’nete!’ Elia a re: ‘Le se ke la lumella baprofeta ba Baale hore ba balehe!’ Eaba letsatsing leo, baprofeta ba 450 ba Baale baa bolaoa.
Qetellong komello e ile ea fela. Ha leru le lenyenyane le hlaha holim’a leoatle, Elia o ile a re ho Akabe: ‘Pula ea tla. Palama koloi ea hao u ee hae.’ Leholimo le ile la e-ba letšo ke maru, moea oa foka ’me pula e matla ea qala ho na. Akabe a khanna koloi ea hae kapele kamoo a ka khonang. Empa Jehova a thusa Elia hore a mathe ka lebelo a siee koloi eo ea Akabe. Na mathata a Elia a ne a felile? A re bone.
“E se eka batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, ke uena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18
-
-
Jehova o Matlafatsa EliaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 47
Jehova o Matlafatsa Elia
Ha Jezebele a utloa ka se etsahetseng ho baprofeta ba Baale, o ile a koata haholo. A romela Elia molaetsa o reng: ‘Hosane u tla be u shoele joaloka baprofeta bao ba Baale.’ Elia o ile a tšoha haholo ’me a balehela ka ntle ho motse. A rapela, a re: ‘Jehova ha ke khone ho mamella boemo bona. Ntlohele ke shoe.’ Kaha o ne a khathetse, o ile a robala tlas’a sefate.
Ha Elia a ntse a robetse, lengeloi la mo tsosa la re: ‘Tsoha o je.’ Elia a bona bohobe le jeke ea metsi. O ile a ja le ho noa ’me a robala hape. Lengeloi la mo tsosa hape la re: ‘Tsoha u je hobane u hloka matla bakeng sa leeto la hao.’ Kahoo Elia a ja lijo tse eketsehileng. Eaba o tsamaea matsatsi a 40 le masiu a 40, ho fihlela a fihla Thabeng ea Horebe. Ha a le moo a kena ka lehaheng ’me a robala. Empa Jehova a bua le eena a re: ‘Elia u batlang moo?’ Elia a re: ‘Baiseraele ha baa phethahatsa seo ba u tšepisitseng sona. Ba sentse lialetare tsa hao ’me ba bolaile baprofeta ba hao. Le ’na ba batla ho mpolaea.’
Jehova a re ho eena: ‘Tsamaea u ee thabeng.’ Ho ile ha e-ba le moea o matla lehaheng. Ka mor’a moo, ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše le mollo. Qetellong, Elia a utloa lentsoe le buelang tlase. A ikoahela sefahleho ka seaparo sa hae ’me a tsoela ka ntle. Jehova a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a baleha. Elia a re: ‘Ke setse ke le mong.’ Empa Jehova a re ho eena: ‘Ha u mong. Ho na le batho ba 7 000 Iseraele ba ntseng ba nthapela. Tsamaea o khethe Elisha hore ebe moprofeta ea tla o nkela sebaka.’ Hang-hang Elia a etsa seo Jehova a mo laetseng sona. Na u nahana hore Jehova a ka u thusa ha u etsa seo a batlang hore u se etse? E, a ka u thusa. A re boneng hore na keng e ileng ea etsahala nakong ea komello.
“Le se ke la tšoenyeha ka letho. Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.”—Bafilipi 4:6
-