-
Mora oa Mohlolohali o Tsosoa BafungIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 48
Mora oa Mohlolohali o Tsosoa Bafung
Nakong ea komello, Jehova o ile a re ho Elia: ‘E-ea Sarepta. U tla fumana mohlolohali ea tla u fa lijo.’ Ha Elia a fihla hekeng ea motse, a fumana mohlolohali e mong ea futsanehileng a ntse a bokella patsi. A mo kopa metsi. Ha mohlolohali eo a il’o mo latela metsi, Elia a re: ‘Ke kopa u ntlele le bohobe.’ Empa mohlolohali eo a re: ‘Ha ke na bohobe boo nka u fang bona. Ke na le phofo le oli e lekaneng ’na le mora oa ka feela.’ Elia a re ho eena: ‘U se ke oa tšoenyeha. Jehova o tšepisitse hore haeba u ka nketsetsa bohobe, phofo le oli ea hao li ke ke tsa fela ho fihlela pula e na.’
Kahoo, mohlolohali eo a ea hae ’me a etsetsa moprofeta oa Jehova bohobe. Mohlolohali eo le mora oa hae ba ile ba lula ba e-na le lijo nakong ea komello feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Phofo ea bona le oli ha lia ka tsa fela.
Eaba ho etsahala ntho e ’ngoe e bohloko. Mora oa mohlolohali eo a kula hoo a ileng a shoa. Mohlolohali eo a kopa Elia hore a mo thuse. Eaba Elia o nka moshanyana eo matsohong a hae, a ea le eena kamoreng e ka holimo. A mo beha betheng eaba oa rapela o re: ‘Jehova, ke kopa u tsose ngoana enoa.’ Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha oo e bile mohlolo o ikhethang? Hobane ho ea kamoo re tsebang kateng, ha ho motho ea neng a kile a tsosoa bafung pele ho moo. Hape, mohlolohali eo le mora oa hae e ne ebile e se Baiseraele.
Leha ho le joalo, moshanyana eo o ile a tsoha. Elia a re ho mohlolohali: ‘Bona, mora oa hao oa phela.’ O ile a thaba haholo ’me a re ho Elia: ‘U fela u le monna oa Molimo. Ke tseba sena hobane u bua feela seo Jehova a u bolellang hore u se bue.’
“Shebang makhoaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na litoro kapa moo a bokellelang lijo teng empa Molimo oa a fepa. Na ha le bohlokoa haholo ho feta linonyana?”—Luka 12:24
-
-
Mofumahali ea Khopo o Fuoa KotloIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 49
Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo
Morena Akabe o ne a khona ho bona tšimo ea morara ea monna e mong ea bitsoang Nabothe a le fensetereng ea ntlo ea hae ea borena e Jezriele. Akabe o ne a batla tšimo eo ea morara ’me a re Nabothe a mo rekisetse eona. Empa Nabothe a hana ho mo rekisetsa eona kaha Molao oa Jehova o ne o hanela batho ho rekisa masimo ao ba a fuoeng. Na Akabe o ile a utloisisa hore Nabothe o ne a etsa se nepahetseng? Che. Akabe o ile a koata haholo. O ne a koatile hoo a neng a sa batle ho tsoa ka kamoreng ebile a hana ho ja.
Mosali oa Akabe ea bitsoang Jezebele ea neng a le khopo o ile a re ho eena: ‘U morena Iseraele. U lokela ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang. Ke tla u fumanela tšimo eo.’ Eaba o ngolla baholo ba motse mangolo, o re ba qose Nabothe ka hore o rohakile Molimo ’me o lokela ho bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe. Kahoo, baholo bao ba bolaea Nabothe joalokaha Jezebele a ba bolelletse ’me Jezebele a re ho Akabe: ‘Nabothe o shoele. Joale tšimo ea morara ke ea hao.’
Jezebele o ile a bolaea Nabothe a se na molato ’me o ile a ’na a bolaea le batho ba bang ba bangata ba ratang Jehova. O ne a rapela melimo ea litšoantšo hape a etsa le lintho tse ling tse mpe. Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tseo Jezebele a li etsang. O ile a etsa’ng ka seo?
Ka mor’a hore Akabe a shoe, mora oa hae ea bitsoang Jorame e ile ea e-ba morena. Jehova o ile a roma monna e mong ea bitsoang Jehu ho ea otla Jezebele le ba lelapa la hae.
Jehu o ile a palama koloi ea hae a ea Jezriele, moo Jezebele a lulang teng. Jorame le eena a kena koloing ea hae a mo khahlametsa ’me a re: ‘Na u tlile ka khotso ho rona?’ Jehu a re: ‘Ho ke ke ha e-ba le khotso hafeela ’mè oa hao Jezebele a ntse a etsa lintho tse mpe.’ Jorame a leka ho baleha. Empa Jehu a mo hlaba ka lerumo ’me a shoa.
Ka mor’a moo, Jehu a ea ntlong ea borena ea Jezebele. Ha Jezebele a utloa hore Jehu o tseleng, a itlotsa ka makeup, a ikhabisa moriri ’me a ema fensetereng e mokatong o ka holimo. Ha Jehu a fihla, Jezebele a mo buisa hampe. Eaba Jehu o re ho basebeletsi ba Jezebele ba emeng le eena fensetereng: ‘Mo liheleng fatše!’ Kahoo, ba mo sutumetsa eaba o oela fatše o oa shoa.
Ka mor’a moo, Jehu a bolaea bara ba Akabe ba 70 ’me a felisa borapeli ba Baale naheng eo. Na oa bona hore Jehova o tseba lintho tsohle le hore ka nako ea hae e loketseng, o fana ka kotlo ho batho ba etsang lintho tse mpe?
“Ha motho a fumana maruo ka meharo, a ke ke a thaba qetellong.”—Liproverbia 20:21
-