-
Jehova ke “Mosenoli oa Liphiri”Molula-Qhooa—2012 | June 15
-
-
Jehova ke “Mosenoli oa Liphiri”
“Kannete Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo le Khosi ea marena le Mosenoli oa liphiri.”—DAN. 2:47.
U KA ARABA JOANG?
Ke lintho life tseo Jehova a re senoletseng tsona ka bokamoso?
Lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa’ng?
Sebata se amana joang le setšoantšo seo Nebukadnezare a se boneng torong?
1, 2. Ke’ng eo Jehova a re senoletseng eona, hona ke hobane’ng ha a entse seo?
KE MEBUSO efe e tla be e laola lefatše ha ’Muso oa Molimo o felisa puso ea batho? Re tseba karabo kaha re e tsebisitsoe ke “Mosenoli oa liphiri,” e leng Jehova Molimo. O sebelisitse moprofeta Daniele le moapostola Johanne hore ba re thuse ho hlokomela hore na mebuso eo ke efe.
2 Jehova o ile a senolela banna bao letoto la lipono tsa libata tse ileng tsa hlaha ka ho latellana. O ile a boela a bolella Daniele hore na setšoantšo se seholohali se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng seo a ileng a se bona torong se ne se bolela’ng. Jehova o ile a etsa hore litlaleho tseo li ngoloe li be li bolokoe ka Bibeleng molemong oa rōna. (Bar. 15:4) O ile a etsa seo e le hore re ka ba le tšepo e matla ea hore haufinyane ’Muso oa hae o tla felisa mebuso eohle ea batho.—Dan. 2:44.
3. E le hore re utloisise boprofeta bo ka Bibeleng hantle, ke sefe seo re lokela’ng ho se utloisisa pele, hona hobane’ng?
3 Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo senola boitsebiso bo mabapi le marena a robeli kapa mebuso ea batho, le hore na a tla hlaha a latellana joang. Leha ho le joalo, re ka utloisisa boprofeta boo hantle haeba feela re utloisisa hore na boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo bolela’ng. Hobane’ng? Hobane Bibele eohle le boprofeta bohle bo ho eona bo amana le boprofeta boo.
PEŌ EA NOHA LE SEBATA
4. Ke bo-mang bao e leng peō ea mosali, hona peō eo e tla etsa’ng?
4 Nakoana ka mor’a bofetoheli bo ileng ba etsahala Edene, Jehova o ile a tšepisa hore “mosali” o ne a tla hlahisa “peō.”a (Bala Genese 3:15.) Qetellong, peō eo e ne e tla khoba noha e leng Satane, hlooho. Hamorao Jehova o ile a senola hore peō eo e ne e tla tsoa ho Abrahama, sechabeng sa Iseraele, lelokong la Juda ’me e tsoe lelapeng la Morena Davida. (Gen. 22:15-18; 49:10; Pes. 89:3, 4; Luka 1:30-33) Kreste Jesu ke eena karolo e ka sehloohong ea peō eo. (Bagal. 3:16) Karolo ea bobeli ea peō eo, ke litho tsa phutheho ea Bokreste tse tlotsitsoeng ka moea. (Bagal. 3:26-29) Jesu hammoho le batlotsuoa bana ba theha ’Muso oa Molimo, e leng oona oo Molimo a tla o sebelisa ho felisa Satane.—Luka 12:32; Bar. 16:20.
5, 6. (a) Daniele le Johanne ba bua ka mebuso e meholo e mekae ka palo? (b) Lihlooho tsa sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo li emela’ng?
5 Boprofeta boo ba pele bo ileng ba fanoa Edene, bo ile ba boela ba bolela hore Satane le eena o ne a tla hlahisa “peō.” Peō ea hae e ne e tla bontša bora kapa e hloee peō ea mosali. Ke bo-mang bao e leng peō ea noha? Ke bohle ba bontšang hore ba hloile Molimo joaloka Satane, le ba hanyetsang batho ba Molimo. Ho theosa le histori, Satane o ’nile a hlophisa peō ea hae ka mekhatlo e sa tšoaneng ea lipolotiki kapa mebuso. (Luka 4:5, 6) Leha ho le joalo, ke mebuso e seng mekae feela ea batho e bileng le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo, ebang ke sechaba sa Iseraele kapa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Hobane e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lipono tsa Daniele le Johanne li bua ka mebuso e matla e robeli feela.
6 Qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a fa Johanne letoto la lipono tse hlollang. (Tšen. 1:1) Ho e ’ngoe ea tsona, Johanne o ile a bona Diabolose, a tšoantšetsoa ke drakone, e eme lebōpong la leoatle le leholo. (Bala Tšenolo 13:1, 2.) Johanne o ile a boela a bona sebata se makatsang se e-tsoa leoatleng ’me Diabolose a se fa matla a maholo. Hamorao, lengeloi le ile la bolella Johanne hore sebata se ’mala o sekareleta, e leng setšoantšo sa sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 13:1, se emela “marena a supileng” kapa mebuso. (Tšen. 13:14, 15; 17:3, 9, 10) Nakong eo Johanne a neng a ngola boprofeta bona ka eona, marena a mahlano a ne a se a oele, a le mong a ntse a busa ’me e mong “a e-s’o fihle.” Mebuso eo kapa mebuso e matla ea lefatše ke efe? A re ke re tšohleng hlooho ka ’ngoe ea sebata seo ho builoeng ka sona ho Tšenolo. Re tla boela re bone kamoo boprofeta ba Daniele bo ileng ba fana ka boitsebiso bo qaqileng kateng mabapi le e meng ea mebuso ena, ka linako tse ling esita le lilemo tse makholo pele e e-ba teng.
EGEPETA LE ASSYRIA—KE LIHLOOHO TSA PELE TSE PELI
7. Hlooho ea pele e emela’ng, hona hobane’ng?
7 Hlooho ea pele ea sebata e emela Egepeta. Hobane’ng? Hobane Egepeta ke ’muso oa pele o moholo o ileng oa hloea batho ba Molimo oa ba oa ba loantša. Litloholo tsa Abrahama—e leng eena eo peō ea mosali e tšepisitsoeng e neng e tla hlaha ka eena—li ile tsa ngatafala Egepeta. Kahoo, Baegepeta ba ile ba hatella Baiseraele. Satane o ile a leka ho felisa sechaba sa Molimo pele peō e fihla. O ile a etsa seo joang? Ka hore a susumetse Faro hore a bolaee bana bohle ba batona ba Baiseraele. Jehova o ile a nyopisa morero oo eaba o lokolla batho ba hae bokhobeng Egepeta. (Ex. 1:15-20; 14:13) Hamorao o ile a fa Baiseraele Naha e Tšepisitsoeng.
8. Hlooho ea bobeli ke mang, ’me e ile ea leka ho etsa’ng?
8 Hlooho ea bobeli ea sebata e emela Assyria. ’Muso ona o matla le oona o ile oa leka ho fiela sechaba sa Molimo. Ke ’nete hore Jehova o ile a sebelisa Baassyria ho ahlola ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome hobane e ne e rapela litšoantšo ebile e le marabele. Leha ho le joalo, Baassyria ba ile ba hlasela Jerusalema. E ka ’na eaba sepheo sa Satane e ne e le ho felisa leloko la borena leo qetellong Jesu a neng a tla hlaha ho lona. Tlhaselo eo e ne e se karolo ea morero oa Jehova, kahoo ka mohlolo o ile a pholosa batho ba hae ba tšepahalang eaba o timetsa batho bao ba neng ba ba futuhetse.—2 Mar. 19:32-35; Esa. 10:5, 6, 12-15.
BABYLONA—KE HLOOHO EA BORARO
9, 10. (a) Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba etse’ng? (b) E le hore boprofeta bo phethahale, ke sefe se neng se lokela ho etsahala?
9 Hlooho ea boraro ea sebata seo Johanne a se boneng e emela ’muso oo motse-moholo oa oona e neng e le Babylona. Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba timetse Jerusalema le hore ba ise sechaba sa hae botlamuoeng. Leha ho le joalo, pele Jehova a lumella hore sechaba sa hae se hobosoe ka tsela ena, o ile a lemosa Baiseraele bao ba marabele hore ba ne ba tla oeloa ke tlokotsi eo. (2 Mar. 20:16-18) O ile a bolela esale pele hore batho bao e neng e le marena ao ho neng ho boleloa hore a lutse “teroneng ea Jehova” Jerusalema, ba ne ba tla tlosoa. (1 Likron. 29:23) Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a tšepisa hore setloholo sa Morena Davida, se “nang le tokelo ea molao,” se ne se tla tla ’me se fuoe matla ao a puso.—Ezek. 21:25-27.
10 Boprofeta bo bong bo ile ba bontša hore Bajuda ba ne ba tla be ba ntse ba rapela tempeleng Jerusalema ha Mesia ea tšepisitsoeng kapa Motlotsuoa a fihla. (Dan. 9:24-27) Boprofeta bo neng bo ngotsoe pele Baiseraele ba isoa botlamuoeng Babylona, bo ile ba bolela hore motho enoa o ne a tla hlahela Bethlehema. (Mik. 5:2) E le hore boprofeta boo bo phethahale, Bajuda ba ne ba tla lokela ho lokolloa botlamuoeng, ba khutlele naheng ea habo bona ’me ba tsosolose tempele. Empa leano la Babylona e ne e le hore e se ke ea lokolla batlamuoa ba eona. Joale bothata boo bo ne bo tla hlōloa joang? Jehova o ile a senolela baprofeta ba hae karabo.—Amose 3:7.
11. ’Muso oa Babylona o tšoantšetsoa ka litsela life tse sa tšoaneng? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Moprofeta Daniele o ne a le har’a batho ba isitsoeng botlamuoeng Babylona. (Dan. 1:1-6) Jehova o ile a mo sebelisa hore a senole hore na mebuso e neng e tla tla ka mor’a ’muso oo o matla oa lefatše e ne e tla latellana joang. Jehova o ile a senola sephiri sena a sebelisa litšoantšo tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare oa Babylona a lore a bona setšoantšo se seholohali se entsoeng ka mefuta e sa tšoaneng ea lirafshoa. (Bala Daniele 2:1, 19, 31-38.) Jehova o ile a sebelisa Daniele ho bolela hore hlooho ea setšoantšo seo ea khauta, e emela ’Muso oa Babylona.b ’Muso oa lefatše o latelang Babylona o tšoantšetsoa ke sefuba le matsoho a silevera. Ebe ’muso oo e ne e tla ba ofe, hona o ne o tla tšoara batho ba Molimo joang?
MEDO-PERSIA—KE HLOOHO EA BONE
12, 13. (a) Jehova o ile a senola’ng mabapi le ho hlōloa ha Babylona? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Medo-Persia e tšoantšetsoa ke hlooho ea bone ea sebata?
12 Lilemo tse fetang lekholo pele ho mehla ea Daniele, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho bolela hore na ke ’muso ofe oa lefatše o neng o tla hlōla Babylona. Jehova ha aa ka a bolela feela tsela eo motse oa Babylona o neng o tla hlōloa ka eona, empa o ile a ba a bolela le lebitso la motho ea neng a tla o hlōla. Moeta-pele eo e ne e le Cyruse, oa Persia. (Esa. 44:28–45:2) Daniele o ile a boela a bontšoa lipono tse ling tse peli mabapi le ’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia. Ponong e ’ngoe, ’muso oo o ile oa tšoantšoa le bere e neng e phahame ka lehlakoreng le leng. E ile ea bolelloa hore ‘e je nama e ngata.’ (Dan. 7:5) Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a bona pheleu e linaka li peli.—Dan. 8:3, 20.
13 Jehova o ile a sebelisa ’Muso oa Medo-Persia ho phethahatsa boprofeta ka hore o timetse Babylona ’me o khutlisetse Baiseraele naheng ea habo bona. (2 Likron. 36:22, 23) Leha ho le joalo, oona ’muso ona o ile oa batla o felisa batho ba Molimo. Buka ea Bibele ea Esthere e bua ka leano le ileng la lohuoa ke tona-kholo ea Persia, e leng monna ea bitsoang Hamane. O ile a hlophisa hore Bajuda bohle ba neng ba le tlas’a ’Muso o moholo oa Persia ba bolaoe, a ba a khetha le letsatsi leo ba neng ba tla bolaoa ka lona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a lopolla batho ba Hae ba neng ba hloiloe ke peō ea Satane. (Esth. 1:1-3; 3:8, 9; 8:3, 9-14) Kahoo, ho loketse hore ebe Medo-Persia e tšoantšetsoa ke hlooho ea bone ea sebata seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo.
GREECE—KE HLOOHO EA BOHLANO
14, 15. Ke boitsebiso bofe boo Jehova a fanang ka bona mabapi le ’Muso oa Greece ea boholo-holo?
14 Hlooho ea bohlano ea sebata seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo e emela Greece. Joalokaha Daniele a ile a bontša pejana nakong eo a neng a hlalosa toro ea Nebukadnezare, ’muso ona o tšoantšetsoa ke mpa le lirope tsa koporo tsa setšoantšo seo. Daniele o ile a boela a bona lipono tse peli tse fanang ka boitsebiso bo hlollang mabapi le ’muso ona hammoho le ’musi oa oona ea neng a hlaheletse ka mahetla.
15 Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a bona Greece e tšoantšetsoa ke lengau le nang le mapheo a mane, e leng se bontšang hore ’muso oo o ne o tla hlōla ka potlako. (Dan. 7:6) Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a hlalosa kamoo phooko e nang le lenaka le hlaheletseng e ileng ea bolaea pheleu e linaka li peli e leng Medo-Persia, ka potlako kateng. Jehova o ile a bolella Daniele hore phooko e tšoantšetsa Greece ’me lenaka le leholo le tšoantšetsa e mong oa marena a eona. Daniele o ile a boela a tlaleha hore lenaka le leholo le ne le tla robeha ’me sebakeng sa lona ho ne ho tla hlaha linaka tse nyenyane tse ’nè. Le hoja boprofeta bona bo ile ba ngoloa lilemo tse makholo pele Greece e e-ba ’muso o matla, lintho tsohle tse boletsoeng ka eona li ile tsa phethahala. Alexandere e Moholo, e leng morena oa Greece ea boholo-holo ea neng a hlaheletse ka mahetla, ke eena ea ileng a etella pele ha ho ne ho hlaseloa Medo-Persia. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae lenaka leo le ile la robeha; morena eo e moholo o ile a shoa a le lilemo li 32 feela nakong eo puso ea hae e neng e le matla haholo. Qetellong, ’muso oa hae o ile oa nkoa ke balaoli ba hae ba bane.—Bala Daniele 8:20-22.
16. Antiochus IV o ile a etsa’ng?
16 Ka mor’a hore Greece e hlōle Persia, e ile ea busa naha ea batho ba Molimo. Nakong ena, Bajuda ba ne ba se ba khutletse Naheng e Tšepisitsoeng ba se ba bile ba tsosolositse tempele Jerusalema. Bajuda e ne e ntse e le sechaba seo Molimo a se khethileng, ’me tempele e tsosolositsoeng e ne e ntse e le setsi sa borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Greece, e leng hlooho ea bohlano ea sebata, e ile ea hlasela sechaba sa Molimo. Antiochus IV, e leng e mong oa batho ba ileng ba busa ka mor’a Alexandere, o ile a beha aletare ea molimo oa bohetene tempeleng Jerusalema ’me a bolela hore batho ba latelang bolumeli ba Sejuda ba lokela ho bolaoa. Ruri lena e bile lehloeo le leholo le ileng la bontšoa ke karolo e ’ngoe ea peō ea Satane! Leha ho le joalo, hamorao Greece e ile ea nkeloa sebaka ke ’muso o mong oa lefatše. Ebe ke ’muso ofe oo e neng e tla ba hlooho ea botšelela ea sebata?
ROMA—KE ’MUSO OA BOTŠELELA O ‘TŠOSANG LE O TŠABEHANG’
17. Hlooho ea botšelela e ile ea phetha karolo efe e ka sehloohong ho phethahatsa Genese 3:15?
17 Roma e ne e le oona ’muso oa lefatše nakong eo Johanne a neng a bona pono ea sebata. (Tšen. 17:10) Hlooho ena ea botšelela e ile ea phetha karolo e ka sehloohong ho phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15. Satane o ile a sebelisa basebeletsi ba ’muso oa Roma ho loma peō “serethe.” Ka tsela efe? Ka bohata ba ile ba qosa Jesu ka hore o ne a fetohela ’muso ’me ba mo bolaea. (Mat. 27:26) Empa ho e-s’o ee kae, leqeba leo le ile la fola kaha Jehova o ile a tsosa Jesu bafung.
18. (a) Ke sechaba sefe se secha seo Jehova a ileng a se khetha, hona hobane’ng? (b) Peō ea noha e ile ea tsoela pele ho bontša bora ho peō ea mosali joang?
18 Baeta-pele ba bolumeli ba Baiseraele ba ile ba etsa ’momori le Baroma khahlanong le Jesu ’me boholo ba sechaba le bona bo ile ba mo lahla. Kahoo, Jehova o ile a lahla Baiseraele ba tlhaho, a se ke a hlola a ba nka e le sechaba sa hae. (Mat. 23:38; Lik. 2:22, 23) Joale o ile a khetha sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 3:26-29; 6:16) Sechaba seo, e ne e le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e entsoeng ka Bajuda le Balichaba. (Baef. 2:11-18) Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, peō ea noha e ile ea tsoela pele ho bontša bora ho peō ea mosali. Ka makhetlo a ’maloa Roma e ile ea leka ho felisa phutheho ea Bokreste, e leng karolo ea bobeli ea peō.c
19. (a) Daniele o hlalosa ’muso oa lefatše oa botšelela joang? (b) Ho tla tšohloa’ng sehloohong se seng?
19 Torong eo Daniele a ileng a e hlalosetsa Nebukadnezare, Roma e tšoantšetsoa ke meomo ea tšepe. (Dan. 2:33) Daniele o ile a boela a bona pono e neng e sa hlalose ’Muso oa Roma feela empa e neng e boetse e hlalosa ’muso oa lefatše o latelang o neng o tla tsoa ho Roma. (Bala Daniele 7:7, 8.) Ka lilemo tse makholo, lira tsa Roma li ne li nka ’muso oo e le o ‘tšosang le o tšabehang le o matla ka ho sa tloaelehang.’ Leha ho le joalo, boprofeta bo ile ba bolela esale pele hore “linaka tse leshome” li ne li tla hlaha ’musong ona le hore ka mor’a moo ho ne ho tla hlaha lenaka le leng le lenyenyane ’me le ne le tla ba matla ho feta manaka ana a mang. Linaka tsee tse leshome ke life, hona lenaka le lenyenyane ke eng? Lenaka le lenyenyane le tsamaisana joang le tlhaloso ea setšoantšo se seholohali seo Nebukadnezare a se boneng torong? Ho tla tšohloa likarabo sehloohong se leqepheng la 14.
-
-
Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”Molula-Qhooa—2012 | June 15
-
-
Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
“Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.”—TŠEN. 1:1.
U KA ARABA JOANG?
Ke likarolo life tsa setšoantšo se seholohali tse tšoantšetsang ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika?
Johanne o hlalosa kamano e pakeng tsa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika hammoho le Machaba a Kopaneng joang?
Daniele le Johanne ba hlalosa ho felisoa ha puso ea batho joang?
1, 2. (a) Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo re thusa hore re etse’ng? (b) Lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa’ng?
BOPROFETA ba Daniele le ba Johanne bo lumellana ka tsela e re thusang hore re utloisise hore na lintho tse ngata tse etsahalang lefatšeng hona joale le tse tla etsahala nakong e tlang li bolela’ng. Re ka ithuta’ng ha re bapisa pono ea Johanne ea sebata le tlaleho ea Daniele ea sebata se tšosang se neng se e-na le linaka tse leshome hammoho le tlhaloso ea Daniele ea setšoantšo se seholohali? Ho feta moo, haeba re utloisisa boprofeta boo hantle seo se tla re susumelletsa hore re etse’ng?
2 A re ke re tšohleng pono ea Johanne ea sebata. (Tšen. khao. 13) Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. Kaofela ha tsona li ile tsa hloea peō ea mosali. (Gen. 3:15) Roma, e leng hlooho ea botšelela, e ile ea tsoela pele e le oona ’muso o matla oa lipolotiki ka lilemo tse makholo ka mor’a hore Johanne a ngole pono ea hae. Qetellong, hlooho ea bosupa e ne e tla nkela Roma sebaka. Ke ’muso ofe oa lefatše o ileng oa e nkela sebaka, hona o ne o tla tšoara peō ea mosali joang?
BRITHANI LE UNITED STATES E BA MEBUSO E MATLA
3. Sebata se tšosang se nang le linaka tse leshome se tšoantšetsa’ng, hona linaka tse leshome li tšoantšetsa’ng?
3 Re ka tseba hore na hlooho ea bosupa ea sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo khaolo ea 13 ke eng ka hore re bapise pono ea Johanne le ea Daniele ea sebata se tšosang se linaka li leshome.a (Bala Daniele 7:7, 8, 23, 24.) Sebata seo Daniele a se boneng se ne se tšoantšetsa ’Muso oa Lefatše oa Roma. (Sheba chate e leqepheng la 12-13.) Lekholong la bohlano la lilemo C.E., ’Muso oa Roma o ile oa tsekoloha. Linaka tse leshome tse ileng tsa hlaha hloohong ea sebata seo se tšosang, li emela mebuso e ileng ea tsoa ’Musong oo oa Roma.
4, 5. (a) Lenaka le lenyenyane le ile la etsa’ng? (b) Hlooho ea bosupa ea sebata ke eng?
4 Bukeng ea Daniele ho buuoa ka ho khetheha ka linaka tse ’nè, kapa mebuso e hlahileng hloohong ea sebata se mabifi. Linaka tse tharo li rojoa ke lenaka le leng “le lenyenyane.” Sena se ile sa phethahala ha Brithani, eo e neng e kile ea e-ba karolo e nyenyane ea ’Muso oa Roma e ne e e-ba ’muso o ikemetseng. Ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo, Brithani e ne e se ’muso oa bohlokoa hakaalo. Mebuso e meng e meraro ea linaha tseo e neng e le karolo ea ’Muso oa Roma ea boholo-holo e leng Spain, Netherlands le Fora, e ne e le matla ho e feta. Brithani e ile ea liha mebuso eo ka bonngoe, ea e tlosa boemong ba eona bo phahameng. Bohareng ba lekholo la bo18 la lilemo, Brithani e ne e le haufi le ho ba ’muso o matla oa lefatše. Empa e ne e e-s’o be hlooho ea bosupa ea sebata.
5 Le hoja Brithani e ile ea e-ba ’muso o matla, likolone tsa eona tse Amerika Leboea li ile tsa ikarola ho eona. Leha ho le joalo, United States e ile ea e-ba matla, e sirelelitsoe ke lebotho la Brithani la sesole sa metsing. Nakong eo letsatsi la Morena le neng le qala ka eona ka 1914, Brithani e ne e le ’muso o matla ka ho fetisisa ’me United States e le naha e nang le liindasteri tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng.b Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, United States e ile ea theha maqhama a ikhethang le Brithani. Joale hlooho ea bosupa ea sebata e ile ea hlahella e le ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Hlooho ee e ile ea tšoara peō ea mosali joang?
6. Hlooho ea bosupa e ’nile ea tšoara batho ba Molimo joang?
6 Nakoana ka mor’a hore letsatsi la Morena le qale, hlooho ea bosupa e ile ea hlasela batho ba Molimo—e leng barab’abo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng. (Mat. 25:40) Jesu o ile a bontša hore nakong ea ho ba teng ha hae, masala a peō a ne a tla be a etsa mosebetsi oo a a fileng ’ona lefatšeng. (Mat. 24:45-47; Bagal. 3:26-29) ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa loantša bahalaleli bao. (Tšen. 13:3, 7) Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, o ile oa hatella batho ba Molimo, oa thibela tse ling tsa lingoliloeng tsa bona oa ba oa hlahlela baemeli ba lekhoba le tšepahalang chankaneng. Hlooho ea bosupa ea sebata e ile ea batla e felisa mosebetsi oa boboleli. Jehova o ile a bona esale pele hore sena se ne se tla etsahala ’me o ile a se senolela Johanne. Molimo o ile a boela a bolella Johanne hore karolo ea bobeli ea peō e ne e tla tsosolosoa ’me e ne e tla boela e phethe mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo. (Tšen. 11:3, 7-11) Histori ea bahlanka ba Jehova ea kajeno e tiisa hore lintho tsena li ile tsa etsahala.
’MUSO OA LEFATŠE OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA LE MAOTO A TŠEPE LE LETSOPA
7. Hlooho ea bosupa ea sebata e amana joang le setšoantšo se seholohali?
7 Hlooho ea bosupa ea sebata e amana joang le setšoantšo se seholohali? Brithani e ne e le karolo ea ’Muso oa Roma. Kaha United States e tsoile ho Brithani, re ka bolela hore United States le eona e tsoile ’Musong oa Roma le hoja e se ka ho toba. Leha ho le joalo, ho etsahala’ng ka maoto a setšoantšo? Ho boleloa hore ke motsoako oa tšepe le letsopa. (Bala Daniele 2:41-43.) Tlhaloso ena e tsamaisana le nako eo ka eona hlooho ea bosupa—e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—o neng o tla ba matla. Feela joalokaha ntho e entsoeng ka tšepe e kopaneng le letsopa e se matla joaloka e entsoeng ka tšepe feela, le ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ha o matla joaloka ’muso oo o tsoileng ho oona. Ka tsela efe?
8, 9. (a) ’Muso oa bosupa oa lefatše o bontšitse joang hore o na le matla a kang a tšepe? (b) Letsopa le maotong a setšoantšo le tšoantšetsa’ng?
8 Ka linako tse ling hlooho ea bosupa ea sebata e ’nile ea bontša litšobotsi tse kang tsa tšepe. Ka mohlala, e ile ea bontša hore e matla ka hore e hlōle Ntoeng ea I ea Lefatše. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, matla a kang a tšepe a hlooho ea bosupa a ile a boela a bonahala.c Ka mor’a ntoa eo, ka linako tse ling hlooho ea bosupa e ile ea bontša litšobotsi tse kang tsa tšepe. Leha ho le joalo, ho tloha qalong, tšepe eo e ne e se e ntse e kopane le letsopa.
9 Ke khale bahlanka ba Jehova ba batla ho utloisisa hore na maoto a setšoantšo a tšoantšetsa’ng. Daniele 2:41 e hlalosa motsoako oa tšepe le letsopa e le “’muso” o le mong eseng e mengata. Kahoo, letsopa le bolela hore ho na le ntho e etsang hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o se ke oa ba matla joaloka ’Muso oa Roma, oo ho ileng ha boleloa hore ke meomo e entsoeng ka tšepe. Ho boleloa hore letsopa ke “bana ba moloko oa batho” kapa batho feela ba tloaelehileng. (Dan. 2:43) ’Musong oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, batho ba ’nile ba tsohela ’muso matla ba batla litokelo tsa bona, ba etsa matšolo a ho loanela litokelo tsa botho, ba theha mekhatlo ea basebetsi le mekhatlo e loanelang boipuso. Batho feela ba tloaelehileng ba sitisa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika hore o etse lintho ka matla a kang a tšepe. Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tsa lipolotiki. Ho feta moo, haeba moeta-pele a hlōla likhetho ka palo e nyenyane feela, ha a be le matla a lekaneng ho phethahatsa seo a se tšepisitseng bakhethi. Daniele o ile a bolela esale pele a re: “’Muso oo o tla ba matla ’me ka karolo e ’ngoe e tla ba o pshatlehang.”—Dan. 2:42; 2 Tim. 3:1-3.
10, 11. (a) Ke sefe se tla etsahala ka “maoto” nakong e tlang? (b) Re ka fihlela qeto efe ka palo ea menoana ea maoto?
10 Lekholong la bo21 la lilemo, Brithani le United States li ’nile tsa tsoela pele ka maqhama a ikhethang ao li nang le ’ona, ’me hangata li sebetsa ’moho litabeng tsa lefatše. Boprofeta ba setšoantšo se seholohali le ba sebata bo tiisa hore ha ho sa na ’muso o mong oa lefatše o tla nkela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika sebaka. E ka ’na eaba ’muso ona oa lefatše ha o matla joaloka o emeloang ke meomo ea tšepe, empa o ke ke oa putlama ka booona.
11 Na palo ea menoana ea maoto ea setšoantšo see e na le seo e se bolelang? Nahana ka sena: Liponong tse ling, Daniele o bua ka palo e tobileng—ka mohlala, o bolela hore na linaka tse lihloohong tsa libata tse fapa-fapaneng li kae ka palo. Lipalo tseo ke tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ha Daniele a hlalosa setšoantšo, ha a bolele hore na menoana ea sona ea maoto e mekae. Kahoo, ho bonahala eka palo ea menoana ea maoto e ne e se ea bohlokoa joalokaha e ne e se taba ea bohlokoa hore na setšoantšo se na le liphaka, matsoho, menoana ea matsoho, meomo kapa maoto a makae. Daniele o bolela ka ho toba hore menoana ea maoto e entsoe ka tšepe le letsopa. Ho latela tlhaloso ea hae, re ka fihlela qeto ea hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ke oona o tla beng o busa ha “lejoe” le emelang ’Muso oa Molimo le otla maoto a setšoantšo.—Dan. 2:45.
’MUSO OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA LE SEBATA SE LINAKA LI PELI
12, 13. Sebata se linaka li peli se tšoantšetsa’ng, hona se etsa’ng?
12 Le hoja ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e le motsoako oa tšepe le letsopa, pono eo Jesu a ileng a e bontša Johanne e bontša hore ’muso ona o tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa matsatsing a ho qetela. Ka tsela efe? Johanne o ile a bona pono ea sebata se linaka li peli se buang joaloka drakone. Sebata see se makatsang se tšoantšetsa’ng? Se na le linaka tse peli, kahoo ke mebuso e ’meli. Johanne o boetse o bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika empa o phetha karolo e ikhethang.—Bala Tšenolo 13:11-15.
13 Sebata sena se khothalletsa batho hore ba etse setšoantšo sa sebata se nang le lihlooho tse supileng. Johanne o ile a ngola hore setšoantšo sa sebata se ne se tla ba teng, se nyamele ’me se be teng hape. Seo ke sona se ileng sa etsahala hantle ka mokhatlo o neng o buelloa ke Brithani le United States, e leng mokhatlo o neng o reretsoe ho kopanya le ho emela mebuso ea lefatše.d Mokhatlo ona o ile oa hlaha ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ’me o ne o bitsoa Selekane sa Lichaba. O ile oa nyamela ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala. Nakong ea ntoa eo, bahlanka ba Molimo ba ile ba bolela hore ho latela boprofeta ba Tšenolo, setšoantšo sa sebata se ne se tla nyoloha hape. Se ile sa fela sa nyoloha—e se e le Machaba a Kopaneng.—Tšen. 17:8.
14. Ke ka tsela efe setšoantšo sa sebata e leng “morena oa borobeli”?
14 Johanne o ile a hlalosa hore setšoantšo seo sa sebata ke “morena oa borobeli.” Ka tsela efe? Ha ho bontšoe hore ke hlooho ea borobeli ea sebata seo ho builoeng ka sona qalong. Empa feela e le setšoantšo sa sebata seo. Matla ao se nang le ’ona a tsoa lichabeng tseo e leng litho tsa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, haholo-holo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng oona o ka sehloohong o tšehetsang mokhatlo oo. (Tšen. 17:10, 11) Empa setšoantšo sena se fuoa matla a hore e be morena ea tla etsa ntho e tla ama lefatše lohle.
SETŠOANTŠO SA SEBATA SE HAROLA SEOTSOA
15, 16. Seotsoa se tšoantšetsa’ng, ’me ho etsahetse’ng ka tšehetso eo se neng se e-na le eona?
15 Johanne o bolela hore seotsoa se palame sebata se ’mala o sekareleta—e leng setšoantšo sa sebata—’me sea se laola. Se bitsoa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 17:1-6) Ka nepo seotsoa sena se tšoantšetsa malumeli ’ohle a bohata, ’me a ka sehloohong ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Malumeli a bohata a ’nile a bolela phatlalatsa hore a tšehetsa setšoantšo sa sebata ’me a ’nile a leka ho se susumetsa.
16 Leha ho le joalo, letsatsing la Morena, Babylona e Moholo e ’nile ea bona metsi, e leng batho ba e tšehetsang, a psha ka potlako. (Tšen. 16:12; 17:15) Ka mohlala, ha setšoantšo sa sebata se ne se qala ho hlaha, likereke tsa Bokreste-’mōtoana—e leng karolo ea Babylona e Moholo e nang le tšusumetso e khōlō—li ne li e-na le matla a maholo linaheng tsa Bophirimela. Kajeno, sechaba ha se sa hlompha likereke hammoho le baruti ba tsona ebile ha se sa li tšehetsa. Ha e le hantle, batho ba bangata ba lumela hore bolumeli bo kenya letsoho likhohlanong tse bang teng sechabeng kapa ke bona bo li bakang. Batho ba bang ba bolela phatlalatsa hore bolumeli bohle bo lokela ho felisoa.
17. Ke sefe se tla etsahala bolumeling ba bohata haufinyane, hona hobane’ng?
17 Leha ho le joalo, bolumeli ba bohata bo ke ke ba iphella feela. Seotsoa se tla lula se e-na le matla, se tla leka ho susumetsa marena hore a etse thato ea sona ho fihlela ha Molimo a susumetsa lipelo tsa ba boholong. (Bala Tšenolo 17:16, 17.) Haufinyane Jehova o tla etsa hore mekhatlo ea tsamaiso ea lipolotiki ea Satane, e emeloang ke Machaba a Kopaneng, e hlasele bolumeli. E tla felisa tšusumetso ea bona hammoho le maruo a bona. Mohlomong lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bolumeli bo tla lula bo le matla bo bile bo hlomphuoa. Kajeno, seotsoa ha sea tsitsa mokokotlong oa sebata se ’mala o sekareleta. Leha ho le joalo, se ke ke sa oa butle. Se tla oa ka potlako ’me se tla oa habohloko.—Tšen. 18:7, 8, 15-19.
LIBATA LIA FELISOA
18. (a) Sebata se tla etsa’ng, ’me qetello ea seo e tla ba efe? (b) Daniele 2:44 e bolela hore ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso efe? (Sheba lebokose le leqepheng la 17.)
18 Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, sebata e leng tsamaiso ea Satane ea lefatše ea lipolotiki, se tla susumetsoa hore se hlasele ’Muso oa Molimo. Ha marena a lefatšeng a sa khone ho fihla leholimong, a tla ntšetsa bohale ba ’ona ho batho ba tšehetsang ’Muso oa Molimo lefatšeng. Sena se tla etsa hore ntoa ea Molimo ea makhaola-khang e qale. (Tšen. 16:13-16; 17:12-14) Daniele o hlalosa se tla etsahala ntoeng eo. (Bala Daniele 2:44.) Sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 13:1, setšoantšo sa sona hammoho le sebata se linaka li peli, li tla timetsoa.
19. Re ka kholiseha ka eng, hona ee ke nako ea ho etsa’ng?
19 Re phela nakong eo ho busang hlooho ea bosupa. Ha ho sa tla ba le lihlooho tse ling tse tla hlaha ho sebata sena pele se timetsoa. ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e tla be e le oona o busang ha bolumeli ba bohata bo felisoa. Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo phethahetse ka hohle-hohle. Re ka kholiseha hore haufinyane bolumeli ba bohata bo tla felisoa ’me ntoa ea Armagedone e tla qala. Molimo o re boleletse sena esale pele. Na re tla mamela litemoso tsee tsa boprofeta? (2 Pet. 1:19) Ena ke nako ea hore re be ka lehlakoreng la Jehova le hore re tšehetse ’Muso oa hae.—Tšen. 14:6, 7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hangata ka Bibeleng, palo leshome, e tšoantšetsa sehlopha se feletseng—tabeng ena e tšoantšetsa mebuso eohle e tsoileng ’Musong oa Roma.
b Le hoja ’Muso oa Brithani le United States e ’nile ea e-ba teng ho tloha lekholong la bo18 la lilemo, Johanne o bua ka mebuso eo ha e e-ba ’Muso o le mong qalong ea letsatsi le Morena. Ha e le hantle, lipono tse tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo, li phethahala “letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:10) Hlooho ea bosupa e ile ea qala ho sebetsa e le ’muso oa lefatše o kopaneng ho tloha nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.
c Daniele o ile a bona esale pele tšenyo eo morena enoa a neng a tla e baka nakong ea ntoa, o ile a ngola a re: “O tla baka tšenyo ka tsela e hlollang [e tšabehang].” (Dan. 8:24) Ka mohlala, United States e ile ea hlasela sera sa ’Muso oa Manyesemane le Maamerika ka libomo tse peli tsa athomo. Libomo tsena li ile tsa baka tšenyo e khōlō.
d Sheba Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 240, 241, 253.
[Lebokose leqepheng la 17]
‘MEBUSO EE KAOFELA’ KE EFE?
Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo bolela hore ’Muso oa Molimo “o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.” Boprofeta boo bo bua feela ka mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo.
Ho thoe’ng ka mebuso e meng ea batho? Boprofeta bo tšoanang le boo bo bukeng ea Tšenolo, bo hlakisa taba ena ka tsela e batsi. Bo bontša hore “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tla bokelloa khahlanong le Jehova ka “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšen. 16:14; 19:19-21) Kahoo, hase mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo feela e tla felisoa empa ho tla felisoa le mebuso eohle ea batho ka ntoa ea Armagedone.
-
-
Marena a Robeli aa SenoloaMolula-Qhooa—2012 | June 15
-
-
Marena a Robeli aa Senoloa
Buka ea Bibele ea Daniele hammoho le ea Tšenolo ha li tsebahatse marena a robeli feela kapa mebuso ea batho empa li boetse li bontša hore na a ne a tla hlaha a latellana joang. Re ka khona ho hlalosa se boleloang ke boprofeta boo haeba re utloisisa boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng.
Ho theosa le histori, Satane o ’nile a hlophisa peō ea hae ka mekhatlo e sa tšoaneng ea lipolotiki kapa mebuso. (Luka 4:5, 6) Leha ho le joalo, ke mebuso e seng mekae feela ea batho e bileng le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo, ebang ke sechaba sa Iseraele kapa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Lipono tsa Daniele le Johanne li bua ka mebuso e matla e robeli feela.
[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 12, 13]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
BOPROFETA BOPROFETA
BO HO DANIELE BO HO TŠENOLO
1. Egepeta
2. Assyria
3. Babylona
4. Medo-
Persia
5. Greece
6. Roma
7. Brithani le
U.S.A.a
8. Selekane sa Lichaba
le Machaba a Kopanengb
BATHO BA MOLIMO
2000 B.C.E.
Abrahama
1500
Sechaba sa Iseraele
1000
Daniele 500
B.C.E./C.E.
Johanne
Iseraele ea Molimo 500
1000
1500
2000 C.E.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Marena ao ka bobeli a bile teng nakong ea bofelo. Sheba leqephe la 19.
b Marena ao ka bobeli a bile teng nakong ea bofelo. Sheba leqephe la 19.
[Litšoantšo]
Setšoantšo se seholohali (Dan. 2:31-45)
Libata tse ’nè tse tsoang leoatleng (Dan. 7:3-8, 17, 25)
Pheleu le phooko (Dan. khao. 8)
Sebata se lihlooho li supileng (Tšen. 13:1-10, 16-18)
Sebata se linaka li peli se khothalletsa hore ho etsoe setšoantšo sa sebata (Tšen. 13:11-15)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Photo credits: Egypt and Rome: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Medo-Persia: Musée du Louvre, Paris
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2012 | June 15
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e bile ’muso oa bosupa oa lefatše o hlahang boprofeteng ba Bibele neng?
▪ Setšoantšo se seholohali se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng seo Morena Nebukadnezare a ileng a se bona, ha se tšoantšetse mebuso eohle ea lefatše. (Dan. 2:31-45) Se tšoantšetsa feela mebuso e mehlano e busitseng ho tloha mehleng ea Daniele e ileng ea e-ba le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo.
Tlhaloso ea Daniele ea setšoantšo se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng e fana ka maikutlo a hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne o tla tsoa ’musong oa Roma ho e-na le hore o hape Roma. Setšoantšong seo, Daniele o bona tšepe e tlohang meomong ebile e fihla maotong le menoaneng. (Maotong le menoaneng, tšepe e tsoakane le letsopa.)a Tlhaloso eo e bontša hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne o tla tsoa meomong ea tšepe. Histori e paka hore tlhaloso eo e nepahetse. Brithani, eo pele e neng e le karolo ea ’Muso oa Roma, e qalile ho ba ’muso o matla bofelong ba lilemo tsa bo-1700. Hamorao, United States of America e ile ea e-ba naha e matla. Leha ho le joalo, ’muso oa bosupa oa lefatše o hlahang boprofeteng ba Bibele o ne o e-s’o thehoe. Hobane’ng? Hobane Brithani le United States li ne li e-s’o sebelisane ka tsela e ikhethang. Sena se etsahetse nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.
Ka nako eo, “bara ba ’muso” ba bangata ba neng ba etsa mosebetsi ba ne ba le United States, ’me ntlo-khōlō ea bona ea lefatše e le Brooklyn, New York. (Mat. 13:36-43) Litho tsa sehlopha sa batlotsuoa li ne li bolela ka mafolofolo linaheng tse neng li busoa ke ’Muso oa Brithani. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ’muso oa Brithani le oa Amerika e ile ea theha maqhama a ikhethang ha e ne e loantša lira tsa eona. Ka lebaka la moea oa bochaba o neng o iphile matla ka lebaka la ntoa, mebuso eo e ile ea bontša bora ho bao e neng e le karolo ea peō ea “mosali” oa Molimo, ea thibela lingoliloeng tseo ba neng ba li hatisa eaba ea kenya chankaneng ba neng ba etella pele mosebetsing oa boboleli.—Tšen. 12:17.
Kahoo, ho latela boprofeta ba Bibele, ’muso oa bosupa oa lefatše ha oa ka oa hlaha bofelong ba lilemo tsa bo-1700 ha Brithani e ne e qala ho ba ’muso o matla. Ho e-na le hoo, o ile oa hlaha qalong ea letsatsi la Morena.b
-