PINA EA 102
“Le Thuse ba Fokolang”
E Hatisitsoeng
1. Kaofela re siteloa
’Mopi hangata.
Empa o nts’a re rata. Oa re tsotella.
Jehova o mohau,
Hape o lerato.
Re rateng batho bohle,
Re mo etsise.
2. A re khothatseng bohle
Ba leng mathateng
Hobane ba ikutloa
Ba tepeletse.
Jehova o rata
Le bao ba nyahameng.
Re ba thuseng kamehla,
Re ba tšelise.
3. A re se keng ra nyatsa
Bao ba fokolang.
Ka mosa re ba thuse,
Ba matlafale.
Re khothalleng ho ba
Khothatsa kamehla.
Haeba re ba thusa, ba
Tla tšeliseha.
(Sheba le Esa. 35:3, 4; 2 Bakor. 11:29; Bagal. 6:2.)