Babilona e Moholo ke Eng?
Karabo ea Bibele
Buka ea Tšenolo e hlalosa “mosali” eo e leng “letekatse le leholo” ea nang le “lebitso le sa tsejoeng: ‘Babilona e Moholo.’” (Tšenolo 17:1, 3, 5) Mosali enoa o emela malumeli oohle a bohata a teng lefatšeng a ‘khethileng ho lumela leshano ho e-na le ho lumela ’nete e tsoang ho Molimo.’a (Baroma 1:25) Le hoja malumeli ana a fapane ka lintho tse ngata, kaofela ha ’ona a khelosa batho hore ba se ke ba rapela Molimo oa ’nete, e leng Jehova.—Deuteronoma 4:35
Lintlha tse re thusang ho tseba Babilona e Moholo
Babilona e Moholo e emela ntho e itseng. Buka ea Tšenolo e sebelisa ‘litoro,’ tseo Johanne a ileng a ba le tsona ho bapisa lintho. Kahoo hoa utloahala hore re ka lumela hore Babilona e Moholo ha se mosali oa sebele empa o emela ntho e itseng. (Tšenolo 1:1) Ho ekelletsa moo, o ‘lula holim’a metsi a mangata,’ a emelang “batho, lichaba, matšoele, merabe le lipuo tse fapaneng.” (Tšenolo 17:1, 15) Ha hona mosali ea ka khonang ho etsa joalo.
Babilona e Moholo ke mokhatlo oa lefatše lohle. O bitsoa “motse o moholo o busang marena a lefatše.” (Tšenolo 17:18) O na le tšusumetso lefatšeng lohle.
Babilona e Moholo ke mokhatlo oa bolumeli eseng oa lipolotiki kapa oa khoebo. Babilona ea mehleng ea pele e ne e le motse oa bolumeli o tummeng ka ho sebelisa ‘mantsoe a boloi’ le “boloi.” (Esaia 47:1, 12, 13; Jeremia 50:1, 2, 38) Ha e le hantle bolumeli ba baahi ba motse oo, e ne e le bo fosahetseng bo hanyetsang Molimo oa ’nete Jehova. (Genese 10:8, 9; 11:2-4, 8) Ka boikhohomoso babusi ba Babilona ba ile ba iphahamisetsa Jehova le borapeli ba hae. (Esaia 14:4, 13, 14; Daniele 5:2-4, 23) Ka ho tšoanang Babilona e Moholo o tsebahala ka “boloi.” Sena se bontša hore ke mokhatlo oa bolumeli.—Tšenolo 18:23.
Babilona e Moholo hase mokhatlo oa lipolotiki hobane “marena a lefatše” a llela timetso ea hae. (Tšenolo 17:1, 2; 18:9) E boetse hase mokhatlo oa khoebo hobane Bibele e mo khetholla ho “bo-rakhoebo ba lefatše.”—Tšenolo 18:11, 15.
Photograph taken by courtesy of the British Museum
Lejoe le bontšang setšoantšo sa morena oa Babilona Nabonidase le matšoao a melimo ea boraro-bo-bong Sin, Ishtar, le Shamash
Babilona e Moholo ke tšoantšetso e nepahetseng ea bolumeli ba bohata. Ho e-na le hore bo rute batho ho atamela haufi le Molimo oa ’nete, Jehova, ha e le hantle bo etsa hore batho ba rapele melimo e meng. Bibele e bitsa sena “botekatse” ba moea. (Levitike 20:6; Exoda 34:15, 16) Malumeli a bohata a tsoela pele ho ruta lithuto tse neng li rutoa Babilona ea mehleng ea pele. Lithuto tsena li akarelletsa thuto ea boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le ho sebelisa litšoantšo borapeling. Borapeli ba malumeli ana bo boetse bo akarelletsa ho rata lefatše. Bibele e bontša sena e le ho se tšepahale.—Jakobo 4:4.
Bibele e nepile ha e bua ka maruo le ho ithorisa ha Babilona e Moholo ha e re, o “apere liaparo tse pherese le tse khubelu”, o “ikhabisitse ka khauta, liperela le majoe a bohlokoa.” (Tšenolo 17:4) Babilona e Moholo ke mohloli oa “lintho tse nyontšang tsa lefatše,” kapa lithuto le liketso tse hlomphollang Molimo. (Tšenolo 17:5) Litho tsa bolumeli ba bohata ke “batho, lichaba, matšoele, merabe le lipuo tse fapaneng” tse tšehetsang Babilona e Moholo.—Tšenolo 17:15.
Babilona e Moholo o ikarabella ka lefu la “bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Haesale bolumeli ba bohata bo hlohlelletsa lintoa le liketso tsa bokhukhuni. Hape bo hlolehile ho ruta batho ’nete ka Jehova Molimo ea lerato. (1 Johanne 4:8) Taba ena e entse hore ho be le tšollo ea mali e ngata.
Molimo o ikutloa joang ka Babilona e Moholo?
Mahlong a Molimo “libe tsa hae li ngata ebile li fihla leholimong.” (Tšenolo 18:4, 5) Ka lebaka la ho bua mashano ka eena le ho se tšoare balateli ba bona hantle, Molimo o halefetse bolumeli ba bohata.
Ho tla etsahala’ng ka Babilona e Moholo?
Bibele ha e bua ka Babilona e Moholo e re“Molimo o o ahlotse”. (Tšenolo 18:20) Ka puo ea tšoantšetso Bibele e ile ea bua esale pele hore Molimo o tla felisa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:8) O tla susumetsa sebata se sefubelu se tšoantšetsang mekhatlo ea lipolotiki e matla hore se felise bolumeli ba bohata ka ho feletseng. (Tšenolo 17:16, 17) “Babilona motse o moholo o tla lahleloa tlase ka sekhahla se joalo ’me o ke ke oa hlola o fumanoa.” (Tšenolo 18:21) Kahoo batho ba batlang ho khahlisa Molimo ba lokela ho ‘tsoa har’a bona,’ ’me ba ikarole ho bolumeli ba bohata.—2 Bakorinthe 6:14-17.
a Sheba sehlooho se reng “How Can I Find the True Religion?”