Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?
    Bacha Baa Botsa
    • Mocha ea hlalosang hore na ke hobane’ng a lumela ho Molimo ho seithuti-’moho

      BACHA BAA BOTSA

      Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?

      • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?

      • Ke hobane’ng ha ke lumela ho Molimo?

      • Ho hlalosa seo ke se lumelang

      Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?

      Na ua lumela hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle? Haeba ho joalo, hase uena feela; bacha ba bangata (le batho ba hōlileng) ba lumela joaloka uena. Empa ba bang ba re bophelo le bokahohle li hlahile ka ho iphetola ha lintho​—li sa thusoe ke “Matla a phahameng ka ho fetisisa.”

      Re U Lome Tsebe? Hangata batho ba mahlakoreng ana a mabeli a hanyetsanang ba potlakela ho bolela hore na bona ba lumela’ng ba sa utloisise ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha ba lumela joalo.

      • Batho ba bang ba lumela hore lintho li bōpiloe hobane feela ba rutiloe joalo kerekeng.

      • Batho ba bangata ba lumela hore lintho li bile teng ka ho iphetola ha lintho hobane feela ba rutiloe joalo sekolong.

      Letoto lena la lihlooho le tla u thusa hore u matlafatse tumelo ka pōpo u be u khone ho e hlalosa. Leha ho le joalo, ntho ea pele ke hore u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa haholo:

      Ke hobane’ng ha ke lumela ho Molimo?

      Ke hobane’ng ha potso ee e le ea bohlokoa? Hobane Bibele e u khothalletsa ho sebelisa kelello ea hao, e leng “matla a [hao] a ho nahana.” (Baroma 12:1) Sena se bolela hore mabaka a hao a ho lumela ho Molimo ha aa lokela ho itšetleha feela ka

      • maikutlo (ke mpa ke nahana hore e tlameha ebe ho na le matla a phahametseng a tlhaho)

      • tšusumetso ea ba bang (ke phela sebakeng seo batho ba bangata e leng balumeli)

      • khatello (Ke hōtse batsoali ba ka ba nthuta hore ke lumele ho Molimo​—kapa ntho tse ling)

      Ho e-na le hoo, u lokela ho ikholisa hore Molimo o teng ’me u lokela ho ba le mabaka a utloahalang a ho lumela joalo.

      Kahoo, ke’ng e u kholisang hore Molimo o teng? Sehlooho sa Maqephe a ho Ngolla Lintlha se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lumela ho Molimo?” se tla matlafatsa kholiseho ea hao. U ka ’na ua boela ua thusoa ke ho nahana kamoo bacha ba bang ba arabetseng lipotso tseo kateng.

      “Ha ke ne ke le ka tlelaseng ke mametse tichere e hlalosa kamoo ’mele ea rōna e sebetsang kateng, ha ke be le khoao kelellong ea ka ea hore Molimo o teng. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele e na le karolo eo e e phethang, ho fihlela ka e nyenyane ka ho fetisisa ’me likarolo tsena hangata li etsahala re sa hlokomele. Ka sebele ’mele oa motho oa hlolla!”​—Teresa..

      “Ha ke bona sefofane, sekepe sa baeti, kapa koloi, kea ipotsa, ‘Ke mang ea entseng lintho tsee?’ Ka mohlala, ho etsa koloi ho hloka motho ea bohlale haholo, hobane ho na le likarolo tse ngata tse nyenyane tse tlamehang hore li sebetse e le hore koloi eo e tsamaee. Hape haeba likoloi li lokela ho etsoa ke motho ea itseng, seo se bontša hore le motho le eena e tlameha ebe o entsoe.”​—Richard.

      “Ha u hlokomela hore ho ile ha hlokahala batho ba bohlale haholo lilemong tse makholo tse fetileng hore ba utloisise esita le karoloana e nyenyane ka ho fetisisa ea bokahohle, joale ho nahana hore bokahohleng bo bile teng feela ka ho iphetola ha lintho ho bonahala e le ntho e sa utloahaleng ka ho fetisisa!”​—Karen.

      “Ha tsebo ea ka ea lintho tsa saense e ntse e eketseha, ke kholiseha le ho feta hore ha lia ba teng ka ho iphetola ha lintho. Ka mohlala, ke ile ka nahana ka ho nepahala ha lintho tsa tlhaho le ho ikhetha ha batho, ho akarelletsa le tlhoko ea rōna ea ho batla ho itseba, ho tseba hore na re tsoa kae le hore na re ea kae. Thuto ea ho iphetola ha lintho e hlalosa lintho tsena kaofela ka tsela e amanang le liphoofolo, empa ha e-s’o ka e khona hore e hlalose hore na ke hobane’ng ha batho ba ikhetha. Ho ’na, ho hlokahala ho fetang ‘tumelo’ hore ke lumele thuto ea ho iphetola ha lintho ho feta ho ’Mōpi.”​—Anthony.

      Ho hlalosa seo ke se lumelang

      Ho thoe’ng haeba liithuti-’moho li u soma hobane u lumela ntho eo u sa e boneng? Ho thoe’ng haeba ba re thuto ea saense e paka thuto ea ho iphetola ha lintho?

      Ntho ea pele, kholiseha ka seo u se lumelang. U se ke ua tšosoa kapa ua soaba. (Baroma 1:​16) Ntle ho moo, hopola:

      1. Ha u mong; batho ba bangata ba ntse ba lumela ho Molimo. Seo se akarelletsa batho ba bohlale haholo, ba bile ba rutehile. Ka mohlala, ho na le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng.

      2. Ka linako tse ling ha batho ba re ha ba lumele ho Molimo, ha e le hantle ba bolela hore ha ba utloisise Molimo. Ho e-na le ho fana ka bopaki bo lumellanang le pono ea bona, ba botsa lipotso tse kang, “Haeba Molimo a le teng, ke hobane’ng a lumeletse mahlomola?” Ha e le hantle, ba etsa hore taba e utloahalang e fetohe ea maikutlo.

      3. Batho ba na le ‘tlhoko ea moea.’ (Matheu 5:3) E akarelletsa tlhoko ea ho lumela ho Molimo. Kahoo haeba motho e mong a re Molimo ha a eo, motho eo​—eseng uena​—o na le boikarabello ba ho hlalosa kamoo a fihletseng qeto eo kateng.​—Baroma 1:​18-​20.

      4. Ho lumela ho Molimo ho utloahala ka ho feletseng. Ho lumellana le ntlha ea hore bophelo bo ke ke ba ba teng feela. Ha ho na bopaki bo tšehetsang taba ea hore bophelo bo ne bo ka tsoa feela linthong tse sa pheleng.

      Joale u ka re’ng haeba motho e mong a u botsa ka tumelo ea hao ho Molimo? Nahana ka lintho tse seng kae tse ka etsahalang.

      Haeba motho e mong a re: “Ke batho ba sa rutehang feela ba lumelang ho Molimo.”

      U ka ’na ua araba ka hore: “Na u hlile u lumela boikutlo boo bo leeme? ’Na ha ke lumele. Ha e le hantle, phuputsong e ’ngoe eo ho eona liprofesa tsa saense tse fetang 1 600 tse tsoang liunivesithing tse tummeng li ileng tsa nka karolo, ba etsang karolo ea boraro ha baa ka ba re ha ba lumele ho Molimo kapa ba belaella boteng ba hae.a Na u ka re liprofesa tseo ha li bohlale hobane feela li lumela ho Molimo?”

      Haeba motho e mong a re: “Haeba Molimo a le teng, ke hobane’ng ha mahlomola a le mangata hakale lefatšeng?”

      U ka ’na ua araba ka hore: “Mohlomong seo u se bolelang ke hore ha u utloisise tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona​—kapa tabeng ena, ha ho bonahale eka ho na le seo a se etsang. Na ho joalo? [Emela karabo.] Ke fumane karabo e khotsofatsang potsong e mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana. Empa ho e utloisisa ho hloka hore u hlahlobe lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Na u ka thahasella ho ithuta ho eketsehileng?”

      Sehlooho se latelang letotong lena se tla tšohla hore na ke hobane’ng ha thuto ea ho iphetola ha lintho e sa fane ka litlhaloso tse khotsofatsang ka boteng ba rōna.

      a Mohloli: Social Science Research Council, “Bolumeli le Bomoea Har’a Bo-rasaense Univesithing,” ea Elaine Howard Ecklund, ea la 5 February, 2007.

  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
    Bacha Baa Botsa
    • Bana ba sekolong rutoang hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete

      BACHA BAA BOTSA

      Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

      Alex o ferekane. Haesale a lumela ho Molimo le hore lintho tse phelang li bōpiloe. Empa kajeno tichere ea hae ea baeloji e ba rutile hore lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho, a ba a bolela ka tieo hore taba ena e etselitsoe lipatlisiso tse tebileng. Alex ha a batle ho bonahala eka ke sethoto. Oa nahana ’me o re, ‘haeba borasaense ba fane ka bopaki ba hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete, ’na ke mang hore nka ba hanyetsa?’

      Na le uena u kile ua ba boemong bo joalo? E ka ’na eaba haesale u lumela seo Bibele e se rutang ha e re: “Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Leha ho le joalo, morao tjena batho ba ’nile ba leka ho etsa hore u lumele hore lintho tse phelang ha lia bōptjoa empa li bile teng ka ho iphetola ha lintho. Na u lokela ho ba kholoa? Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela hore lintho li bōpiloe?

      • Mabaka a mabeli a ho lumela hore lintho li bōpiloe

      • Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      Mabaka a mabeli a ho lumela hore lintho li bōpiloe

      1. Borasaense ha ba lumellane ka thuto ea ho iphetola ha lintho. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome tseo borasaense ba li qetileng ba ntse ba etsa lipatlisiso ka thuto ena, ha ba e-s’o fihlele tlhaloso eo ba lumellanang ka eona.

        Nahana ka sena: Haeba borasaense ba sa lumellane ka thuto ea hore lintho li iphetotse, empa e le litsebi, na u etsa phoso ha u belaela thuto ee?—Pesaleme ea 10:4.

      2. Ke habohlokoa hore na u lumela’ng. Moshanyana ea bitsoang Zachary o re: “Haeba bophelo bo tlile ka tšohanyetso, seo se bolela hore ha ho na thuso hore ebe rea phela hammoho le lintho tsohle tse bokahohleng.” O bua ntlha ea bohlokoa. Ha e le hantle, haeba lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola, bophelo bo ka be bo se na morero. (1 Bakorinthe 15:32) Ka lehlakoreng le leng, haeba lintho tse phelang li bōpiloe, re ka fumana likarabo tse re khotsofatsang tsa lipotso tse mabapi le hore na re phelela’ng le hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.—Jeremia 29:11.

        Nahana ka sena: Ho tseba ’nete ka hore na lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola kapa hore na li bōpiloe ho ka u thusa joang?—Baheberu 11:1.

      Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

      SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng e bile teng ka ho phatloha ho hoholo.’

      • Ke mang kapa ke’ng e bakileng ho phatloha ho hoholo?

      • Ke taba efe utloahalang le ho feta—hore ho na le motho ea entseng lintho tsohle kapa lintho tsohle li itlhahetse feela?

      SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Batho ba tsoa liphoofolong.’

      • Haeba batho ba tsoa liphoofolong—ka mohlala, litšoeneng—ke hobane’ng ha batho ba le bohlale ho feta litšoene?a

      • Ke hobane’ng ha le lintho tse “nyenyane” ka ho fetisisa bophelong li entsoe ka tsela e rarahaneng?b

      SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete.’

      • Na motho ea buang see, u iketselitse lipatlisiso?

      • Ke batho ba bakae ba lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho hobane feela ba boleletsoe hore batho bohle ba bohlale ba e lumela?

      SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

      Gwen

      Gwen

      “Ak’u nahane motho a u bolella hore ho ile ha e-ba le ho phatloha ho hoholo fekthering e hatisang libuka ’me enke e ile ea hasana maboteng le siling eaba ho phatloha hoo ho etsa hore ho be le dikishinari. Na u ne u tla lumela? Na u ka lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng bo hlophisehileng e bile teng ka lebaka la ho phatloha ho hoholo?”

      Jessica

      Jessica

      “Batho ba na le litšobotsi tse phahametseng tsa liphoofolo tse ling, tseo ba li hlokang hore ba phele. Re hlokomela batho ba kulang ’me re thusa batho ba hlokang. Na re ne re tla etsa lintho tseo haeba thuto ea ho iphetola ha lintho—e nang le lepetjo la hore ‘lekanyane ho phela le liretse’—e ne e le ’nete?”

      Julia

      Julia

      “Haeba u ne u tsamaea morung, ebe u bona ntlo e ntle e entsoeng ka mapolanka, na u ne u tla re: ‘Jo! E ntle hakaakang! E tlameha ebe lifate tsena li ile tsa oa hantle ka tsela e ileng ea etsa hore li hahe ntlo ena.’ U ne u ke ke ua cho joalo! Hobane hase ntho e utloahalang. Joale ke hobane’ng ha re lokela ho lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng e itlhahetse feela tjee?”

      a Batho ba bang ba bolela hore lebaka le etsang hore batho ba be bohlale ho feta litšoene ke hobane boko ba batho bo boholo ho feta ba litšoene. Leha ho le joalo, e le hore u fumane mabaka a hore na ke hobane’ng ha taba ena e sa utloahale bala bukana e reng, The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, leqepheng la 28.

      b Sheba bukana e reng, The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, leqepheng la 8-12.

  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
    Bacha Baa Botsa
    • Liithuti li ka musiamong li shebile masapo a dinosaur

      BACHA BAA BOTSA

      Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

      “Haeba u lumela hore lintho li bōpiloe, batho ba ka ’na ba nahana hore u sethoto, ba nahana hore u ntse u tšoareletse likhopolong tsa bongoana tseo u ileng ua li rutoa ke batsoali ba hao kapa hore u thetsitsoe ke bolumeli ba hao.”​—Jeanette.

      Na le uena u ikutloa joaloka Jeanette? Haeba ho joalo, u ka ’na ua iphumana u belaella seo u se lumelang ka pōpo. Ho feta moo, ha ho na motho ea ratang ho shebahala joaloka sethoto. U ka thusoa ke’ng?

      • Mabaka a ho se lumele

      • Nahana ka seo u se lumelang

      • Lintho tse tla u thusa hore u hlahlobe bopaki

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      Mabaka a ho se lumele

      1. Haeba u lumela hore lintho li bōpiloe, batho ba tla nahana hore u hanyetsa saense.

      “Tichere ea ka e ile ea re batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe ba mpa feela ba le botsoa ho batla tlhaloso e utloahalang ea hore na ho tlile joang hore lefatše le be teng.”​—Maria.

      Seo u lokelang ho se tseba: Batho ba buang joalo ha ba na lintlha tsohle. Bo-rasaense ba tummeng ba kang Galileo le Isaac Newton ba ne ba lumela hore ho na le ’Mōpi. Seo ba neng ba se lumela se ne se sa ba thibele ho rata saense. Ka ho tšoanang, bo-rasaense ba bang kajeno ha ba fumane letho le hanyetsanang pakeng tsa saense le pōpo.

      Leka sena: Ngola mantsoe ana a reng (ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa) “o hlalosa tumelo ea hae” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY e le hore u fumane mehlala ea lingaka le bo-rasaense ba lumelang hore lintho li bōpiloe. Batla hore na ke’ng e ba thusitseng hore ba fihlele qeto eo.

      Ntlha ea bohlokoa: Ho lumela hore lintho li bōpiloe ha ho bolele hore u khahlanong le saense. Ha e le hantle, ha u ithuta ho eketsehileng ka lefatše seo se ka matlafatsa tumelo ea hao.​—Baroma 1:​20.

      2. Haeba u lumellana le litlaleho tsa Bibele tse buang ka pōpo, batho ba tla nahana hore u chesehela bolumeli ka tsela e feteletseng.

      “Batho ba bangata ba nahana hore ho lumela hore lintho li bōpiloe ke ho soasoa. Ba nka hore tlaleho e ho Genese e buang ka pōpo ke pale feela.”​—Jasmine.

      Seo u lokelang ho se tseba: Hangata batho ba na le maikutlo a fosahetseng ka tlaleho ea Bibele ea pōpo. Ka mohlala, batho ba bang ba lumelang hore lintho li bōpiloe, ba bolela hore lefatše le sa tsoa bōptjoa kapa hore bophelo bo ile ba bōptjoa ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Bibele ha e tšehetse maikutlo ao.

      • Ka bonolo feela Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” Sena hase hanyetsane le bopaki ba saense ba hore lefatše le lilemo li libilione.

      • Lentsoe “letsatsi” joalokaha le sebelisitsoe ho Genese le ka bolela nako e telele haholo. Ha e le hantle, ho Genese 2:4, lentsoe “letsatsi” le hlalosa matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo.

      Ntlha ea bohlokoa: Tlaleho ea Bibele ea pōpo e lumellana le saense.

      Nahana ka seo u se lumelang

      Ho lumela hore lintho li bōpiloe ha ho bolele hore motho o lokela ho lumela feela a se na mabaka. Ho e-na le hoo, ho hlokahala mabaka a utloahalang. Nahana ka sena:

      Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang e u ruta hore ho na le motho ea e entseng. Ha u bona k’hamera, sefofane kapa ntlo, u etsa qeto ea hore e tlameha ebe ho na le motho ea e entseng. Ke hobane’ng ha u sa nahane joalo, ha u nahana ka leihlo la motho, nonyana e fofang kapa polanete ea rōna e leng lefatše?

      Nahana ka sena: Hangata baenjiniere ba kopitsa lintho tseo ba li bonang pōpong e le hore ba tle ba ntlafatse lintho tseo ba li etsang ’me ba batla hore batho ba bang ba ananele mesebetsi ea bona. Na ke ho utloahalang ho ananela mosebetsi oo motho a o entseng empa re hlōlehe ho ananela ’Mōpi le lintho tse hlollang tseo a li entseng?

      Sefofane le nonyana lia fofa

      Na ke ho utloahalang ho nahana hore sefofane se ile sa qaptjoa empa nonyana eona ha ea qaptjoa?

      Lintho tse tla u thusa hore u hlahlobe bopaki

      U ka matlafatsa seo u se lumelang ka pōpo ka hore u hlahlobe bopaki boo u bo bonang ha u sheba lintho tsa tlhaho.

      Leka sena: Ngola mantsoe a na a reng (ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa) “na e entsoe” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY. Khetha sehlooho se u khahlang lihloohong tse hlahang makasineng ea Tsoha! tse reng, “Na e Entsoe?” Sehloohong ka seng, qolla lintlha tse u khahlang ka ho fetisisa tse buang ka pōpo. Li u kholisa joang hore ho na le Moqapi?

      Batlisisa haholoanyane: Sebelisa libukana tse latelang e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng tse buang ka pōpo.

      • Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?

        • Lefatše le behiloe sebakeng se nepahetseng ’me le etselitsoe hore le be le bophelo.​—Bala leqephe la 4-10.

        • Lintho tse qapiloeng li kopilitsoe pōpong.​—Bala leqephe la 11-17.

        • Tlaleho ea Bibele ea pōpo e ho Genese e lumellana le saense.​—Bala leqephe la 24-28.

      • The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking

        • Ha ho utloahale hore lefatše le hlahile ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng.​—Bala leqephe la 4-7.

        • Lintho tse phelang li rarahane haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe li itlhahetse feela ka mohlolo.​—Bala leqephe la 8-12.

        • Boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo feta theknoloji ea morao tjena.​—Bala leqephe la 13-21.

        • Bophelo ha boa ba teng ho tsoa ho moholo-holo a le mong. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e tšehetsa hore mefuta e fapaneng ea liphoofolo e ile ea ata, eseng hore e ile ea fetoha mefuta e meng.​—Bala leqephe la 22-29.

      “Lintho tsa tlhaho tse kang liphoofolo tse lefatšeng mona ho akarelletsa le tsela eo bokahohle bo hlophisehileng ka eona, lia nkholisa hore Molimo o teng.”​—Thomas.

      SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

      Hannah

      “Ha ke ne ke le ka tlelaseng ea saense ’me ke ithuta ka tsela eo limela, liphoofolo le ’mele oa motho o rarahaneng ka eona, ke ne ke hlolloa! Ha ke belaele hore ’ona ke mosebetsi oa ’Mōpi. Ke nahana hore motho ea lumelang feela a se na mabaka ke eena ea ka lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho, eseng hore lintho li bōpiloe.”​—Hannah.

      Talia

      “Ke rata ho bala sehlooho sa ‘Na e Entsoe?’ se hlahang makasineng ea ‘Tsoha!’ Se mpontša hore thuto ea ho iphetola ha lintho hase ’nete. Ke ho sa utloahaleng ho nahana hore ntho e ntle e kang serurubele kapa hummingbird e bile teng ka tšohanyetso.”​—Talia.

  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 4: Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka Pōpo?
    Bacha Baa Botsa
    • Mocha oa Paki o hlalosetsa liithuti-’moho seo a se lumelang ka pōpo

      BACHA BAA BOTSA

      Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?​—Karolo ea 4: Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka Pōpo?

      U lumela hore lintho li bōpiloe, empa u tšaba ho bolella bana bao u kenang sekolo le bona. Mohlomong libuka tsa hao tsa sekolo li buella hore lintho li bile teng ka ho iphetola ha lintho ’me u tšaba hore matichere le liithuti-’moho ba tla u tšeha. U ka bua ka sebete joang ’me u hlalose seo u se lumelang ka pōpo?

      • U ka khona!

      • E-ba malala-a-laotsoe

      • Lintho tse ka u thusang hore u hlalose seo u se lumelang

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      U ka khona!

      U ka ’na ua re: ‘Ha ke bohlale hakaalo hore nka buisana le batho ba bang ka litaba tsa saense le tsa ho iphetola ha lintho.’ Ke ka tsela eo Danielle a neng a ikutloa ka eona pele. O re: “Ke ne ke sa rate ho hanyetsana le tichere ea ka le liithuti-’moho.” Diana o re: “Ke ne ke ferekana ha ba sebelisa mantsoe a saense ha ba beha mabaka a bona.”

      Leha ho le joalo, morero oa hao ha ea lokela ho ba ho hlōla likhang. Ntho e ntle ke hore ha ho hlokahale hore u be bohlale litabeng tsa saense e le hore u hlalose hore na ke hobane’ng ha u lumela hore lintho li bōpiloe.

      Tlhahiso: Sebelisa lebaka le utloahalang la Bibele le ho Baheberu 3:4: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”

      Ngoanana e mong ea bitsoang Carol o ile a sebelisa molao-motheo o ho Baheberu 3:4 ka tsela ena: “A re re u ntse u tsamaea ka har’a moru o teteaneng. Ha ho na ntho e bontša hore ho na le batho ba lulang moo. Ha u sheba fatše u bona toothpick. U ka etsa qeto efe? Batho ba bangata ba ka re, ‘Ho na le motho ea kileng a tsamaea mona.’ Haeba ntho e nyenyane le e seng ea bohlokoa joaloka toothpick e bontša hore ho na le motho ea e entseng, ho thoe’ng ka bokahohle le lintho tsohle tse ho bona!”

      Haeba motho e mong a re: “Haeba ke ’nete hore lintho li bōpiloe, ke mang ea bōpileng ’Mōpi oa tsona?”

      U ka ’na ua araba tjena: “Taba ea hore ha re utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mabapi le ’Mōpi ha e bolele hore ha a eo. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha u tsebe histori ea motho ea entseng selefouno, empa u ntse u lumela hore ho na le motho ea e entseng, na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li tsebang ka ’Mōpi. Haeba u batla ho li tseba, nka thabela ho u bolella tsona.”

      E-ba malala-a-laotsoe

      Bibele e re u lokela ho lula u ‘loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea u batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho uena, empa u etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.’ (1 Petrose 3:​15) Kahoo, ela hloko lintho tsena tse peli​—seo u se buang le kamoo u buang kateng.

      1. Seo u se buang. Lerato la hao ho Molimo ke la bohlokoa ’me le ka u susumetsa hore u bue. Empa ho bolella ba bang kamoo u ratang Molimo kateng ho ka ’na hase ba kholise hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle. Ho ka ba molemo hore u sebelise mehlala ea lintho tsa tlhaho ha u ba bontša hore na ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela hore lintho li bōpiloe.

      2. Kamoo u buang kateng. Bua ka sebete, empa u se ke ua ba bohale kapa ua nyenyefatsa batho. Batho ba ka ’na ba u mamela haeba u bua ka tlhompho ka seo ba se lumelang ’me u bontša hore ua elelloa hore ba na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto.

        “Ke nahana hore ke habohlokoa hore batho ba se u nke u le motho ea tellang kapa tsebanyane. Ho ke ke ha thusa ka letho haeba u bua ka tsela e nyenyefatsang ba bang.”​—Elaine.

      Lintho tse ka u thusang hore u hlalose seo u se lumelang

      Ngoanana ea tsamaeang puleng

      Ha u lula u itokiselitse ho hlalosa seo u se lumelang ho tšoana le ha u lula u itokiselitse ho fetoha ha boemo ba leholimo

      Mocha e mong ea bitsoang Alicia, o re: “Haeba re sa lokisetsa, re tla thōla feela e le hore re qobe ho phoqeha.” Joalokaha Alicia a bontša, ho lokisetsa ho ka re tsoela molemo. Jenna o re: “Ke ikutloa ke phutholohile haholoanyane ho bua ka pōpo ha ke e-na le mohlala o bonolo le o nahannoeng hantle o tla tšehetsa seo ke se lumelang.”

      U ka fumana mehlala e joalo hokae? Bacha ba bangata ba ile ba atleha ha ba sebelisa likhatiso tse latelang:

      • Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?

      • The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking

      • The Wonders of Creation Reveal God’s Glory (video)

      • Letoto la lihlooho tsa “Na e Entsoe?” tse makasineng ea Tsoha! (Ngola mantsoe a na a reng [ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa] “na e entsoe” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY.)

      • Etsa lipatlisiso tse eketsehileng u sebelisa Watchtower ONLINE LIBRARY.

      U ka boela ua sheba lihlooho tse fetileng letotong lena la lihlooho tsa, “Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?”

      1. Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?

      2. Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

      3. Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

      Tlhahiso: Khetha mehlala eo u kholisehileng ka eona. Ho tla ba bonolo hore u e hopole ’me u tla khona ho e hlalosetsa ba bang ka sebete. Leka ho ’na u itlhakisa hore na u tla hlalosa seo u se lumela joang.

      SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

      Brittany

      “Haeba re bile teng ka ho iphetola ha lintho, ho tla joang hore ebe re na le litšobotsi tse kang kutloelo-bohloko le lerato? Litšobotsi tseo li etsa hore u nahanele batho ba bang. Ke nahana hore ke ntho e sa utloahaleng ho lumela hore litšobotsi tseo li bile teng ka ho iphetola ha lintho.”​—Brittany.

      Breanna

      “Ha ke ne ke etsa lithuto tsa baeloji ke ile ka ithuta ka sebōpeho sa ’mele le mesebetsi e etsoang ke lisele tsa motho. Le hoja lithuto tseo li ne li tšehetsa thuto ea ho iphetola ha lintho, ke ile ka hlakeloa hore re entsoe ke moqapi ea bohlale haholo.”​—Breanna.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela