Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 53 leq. 130-leq. 131 ser. 7
  • ’Musi ea Khonang ho Laola Maemo a Leholimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Musi ea Khonang ho Laola Maemo a Leholimo
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Musi ea Ratoang ea Nang le Matla a Phahametseng a Motho
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • ’Musi ea Batloang ea Nang le Matla a Phahametseng a Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu a ka re Sireletsa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 53 leq. 130-leq. 131 ser. 7
Petrose o tsamaea holim’a metsi, empa hamorao oa teba; Jesu o nanabetsa letsoho ’me oa mo pholosa

KHAOLO EA 53

’Musi ea Khonang ho Laola Maemo a Leholimo

MATHEU 14:​22-36 MAREKA 6:​45-56 JOHANNE 6:​14-25

  • BATHO BA BATLA HO ETSA JESU MORENA

  • JESU O TSAMAEA HOLIM’A METSI, O KHUTSISA SEFEFO

Taba ea hore Jesu o khonne ho fepa batho ba likete ka mohlolo, e entse hore batho ba ikutloe ba hlolletsoe. Ba etsa qeto ea hore “kannete-nete enoa ke Moprofeta ea neng a tla tla lefatšeng,” e leng Mesia, ’me ha ba na khoao ea hore e ka ba ’musi ea loketseng. (Johanne 6:​14; Deuteronoma 18:​18) Kahoo batho ba loha leano, ba rera ho tšoara Jesu e le hore ba mo etse morena.

Leha ho le joalo, Jesu o hlokomela morero oa bona. O qhala letšoele ’me o laela barutuoa ba hae hore ba khutlele ka sekepeng. Ba ea hokae? Ba ea Bethsaida ba ntan’o ea Kapernauma. Jesu eena o ea thabeng a le mong bosiung bona hore a il’o rapela.

Nakoana pele mafube a hlaha, ka khanya ea khoeli, Jesu o bonela sekepe hojana. Maqhubu a leoatle a fehloa ke sefefo ’me baapostola ba “thatafaletsoe ke ho soka, kaha moea o . . . khahlanong le bona.” (Mareka 6:​48) Jesu o theoha thabeng ’me o ea ho bona a tsamaea holim’a metsi. Baapostola ba se ba sokile sekepe “hoo e ka bang lik’hilomithara tse hlano kapa tse tšeletseng.” (Johanne 6:​19) Joale barutuoa ba bona Jesu a ntse a tsamaea holim’a metsi, kahoo baa hooa ba re: “Ke pono ea mohlolo!”​—Mareka 6:49.

Jesu o ba khoba matšoafo o re: “E-bang sebete, ke ’na, le se ke la tšaba.” Petrose o re: “Morena, haeba ke uena, ntaele hore ke tle ho uena holim’a metsi.” Jesu o mo araba ka ho re: “Tloo!” Joale hang-hang Petrose o theoha sekepe o ea ho Jesu a tsamaea holim’a metsi. Leha ho le joalo, ha a bona sefefo oa tšoha ’me o qala ho teba. O hoelehetsa Jesu o re: “Morena, mpholose!” Jesu o nanabetsa letsoho ’me o tšoara Petrose o re ho eena: “Uena ea nang le tumelo e nyenyane, ke hobane’ng ha u ile oa itesella ho belaela?”​—Matheu 14:​27-31.

Petrose le Jesu ba kena ka sekepeng ’me sefefo sea kokobela. Barutuoa ba maketse, empa na kannete hoa utloahala hore ebe ba maketse? Haeba ba ne ba utloisisitse “se boleloang ke mahobe,” e leng mohlolo oo Jesu a o entseng lihoreng tse seng kae tse fetileng ha a ne a fepa batho ba likete, ba ne ba ke ke ba makalla hore o khona ho tsamea holim’a metsi le hore o khona ho khutsisa sefefo. Kahoo baa mo inamela ba re: “Ka sebele u Mor’a Molimo.”​—Mareka 6:​52; Matheu 14:33.

Ba fihla sebakeng se setle se nang le nala sa Genesarete ka boroa ho Kapernauma. Ba emisa sekepe ka ankora ’me ba tla lebopong. Ha batho ba bona Jesu, ba phuthehela ho eena ba e-na le batho ba tsoang metseng e potolohileng ’me ba tlisa bakuli ho eena. Ka ho tšoara litjobo tsa seaparo sa Jesu feela, baa fola.

Ka nako ena, batho ba boneng ha Jesu a fepa batho ba likete ka mohlolo baa hlokomela hore Jesu o tsamaile. Kahoo ha likepe tse nyenyane tse tsoang Tiberiase li fihla, ba kena ho tsona ba il’o batla Jesu Kapernauma. Ha ba mo fumana ba re: “Rabi, u fihlile neng moo?” (Johanne 6:​25) Jesu oa ba khalemela, ’me o na le lebaka le utloahalang joalokaha re tla bona.

  • Ka mor’a hore Jesu a fepe batho ba likete, batho ba rera ho mo etsa eng?

  • Ke hobane’ng ha barutuoa ba sa lokela ho makalla taba ea hore Jesu o khona ho tsamaea holim’a metsi le hore o khona ho khutsisa sefefo?

  • Ho etsahala’ng ka mor’a hore Jesu a fihle lebopong le haufi le Kapernauma?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela