Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 70-74
  • Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 70-74

Jehova

Lebitso la hae

Lebitso la Jehova le bolela “Ke Tla ba Seo ke Khethang ho ba Sona”

Ge 1:1; Ex 3:​13-15; Ps 102:25; Esa 42:5

Jehova a ka fetoha eng e le hore a hlokomele bahlanka ba hae?

Ps 19:14; 68:5; Esa 33:22; 40:11; 2Ko 1:​3, 4

Sheba le Ps 118:14; Esa 30:20; Jer 3:14; Zak 2:5

Ke hobane’ng ha batho bohle ba lokela ho tseba hore Jehova oa halalela ebile ke Eena feela Molimo oa ’nete?

Ps 83:18; Esa 29:23; Eze 36:23; Lu 11:2

Ke hobane’ng ha Jehova a lokela ho mameloa ke batho bohle?

Tše 4:11; 7:​9-12

LITSELA TSE LING TSEO JEHOVA A HLALOSOANG KA TSONA

Ea Matla ’Ohle—Ge 17:1; Tše 19:6

Ntate—Mat 6:9; Joh 5:21

Morupeli e Moholo—Esa 30:20

Jehova oa mabotho—1Sa 1:11

Morena oa bosafeleng—1Ti 1:17; Tše 15:3

Molimo e Moholo—Heb 1:3; 8:1

Ea Phahameng ka ho Fetisisa—Ge 14:​18-22; Ps 7:17

Lefika—De 32:4; Esa 26:4

’Musi oa Lintho Tsohle—Esa 25:8; Amo 3:7

Makhabane a mang a Jehova

Jehova o bontša joang hore oa halalela hona taba eo e lokela ho susumeletsa bahlanka ba hae hore ba etse’ng?

Ex 28:36; Le 19:2; 2Ko 7:1; 1Pe 1:​13-16

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 6:​1-8—Ha moprofeta Esaia a bona pono ea Jehova, o ile a ikutloa e se motho oa bohlokoa hobane e ne e le moetsalibe empa lengeloi la serafime le ile la mo bontša hore le baetsalibe ba ka khona ho hloeka ka pel’a Molimo

    • Bar 6:​12-23; 12:​1, 2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na re ka etsa’ng e le hore re tlohele ho etsa lintho tse mpe ’me re etse “lintho tse halalelang”

Matla a Jehova a maholo hakae hona o a sebelisa joang?

Ex 15:​3-6; 2Kr 16:9; Esa 40:​22, 25, 26, 28-31

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • De 8:​12-18—Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ba na le lintho tse ngata tse ntle hobane Jehova a sebelisitse matla a hae ho ba hlohonolofatsa

    • 1Ma 19:​9-14—Jehova o ile a khothatsa moprofeta Elia ka hore a mo bontše matla a hae a maholo nakong eo a neng a nyahame

Ke hobane’ng ha re tšepa hore toka ea Jehova ke eona e molemo?

De 32:4; Job 34:10; 37:23; Ps 37:28; Esa 33:22

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • De 24:​16-22—Melao eo Jehova a ileng a e fa Moshe, e bontša hore Jehova o lula a etsa lintho ka toka, o rata batho ebile o mohau

    • 2Kr 19:​4-7—Morena Josafate o ile a re baahloli ba ahlole linyeoe ho latela seo Jehova a reng se nepahetse eseng ho ea ka maikutlo a batho

Ke’ng e bontšang hore Jehova o bohlale ho feta motho leha e le ofe?

Ps 104:24; Pr 2:​1-8; Jer 10:12; Bar 11:33; 16:27

Sheba le Ps 139:14; Jer 17:10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 4:​29-34—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ka ho etsa hore a be bohlale ho feta batho bohle ba mehleng ea hae

    • Lu 11:31; Joh 7:​14-18—Jesu o ne a le bohlale ho feta Solomone ’me o ne a tseba hore bohlale boo a nang le bona o bo filoe ke Jehova

Jehova o etsa’ng ho bontša hore oa re rata?

Joh 3:16; Bar 8:32; 1Jo 4:​8-10, 19

Sheba le Sof 3:17; Joh 3:35

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 10:​29-31—Jesu o ile a etsa mohlala ka lirobele ho bontša kamoo Jehova a ratang batho ba mo sebeletsang kateng

    • Mar 1:​9-11—Jehova o ile a bolella Jesu hore oa mo rata le hore o motlotlo hore ebe ke Mora oa hae. Ena ke ntho eo bana bohle ba hlokang ho e utloa ho batsoali ba bona

Re na le mabaka afe a mang a ho rata Jehova? Bibele e bua ka makhabane a mangata a Jehova. A mang a ona ke ana . . .

O bona lintho tsohle—2Kr 16:9; Pr 15:3

Ha aa fetohe; re ka mo tšepa—Mal 3:6; Jak 1:17

Oa qenehela—Esa 49:15; 63:9; Zak 2:8

O tla lula a le teng; ha a na qalo ebile ha a na qetello—Ps 90:2; 93:2

Oa fana—Ps 104:​13-15; 145:16

O khanya ka tsela e hlollang—Tše 4:​1-6

Ke Molimo ea thabileng—1Ti 1:11

O ikokobelitse—Ps 18:35

O mosa—Lu 6:35; Bar 2:4

Oa tšepahala—Tše 15:4

O hlompheha haholo—Ps 8:1; 148:13

O mohau—Ex 34:6

O na le mamello—Esa 30:18; 2Pe 3:9

Ke Molimo ea nang le khotso—Baf 4:9

Ke Molimo ea lokileng—Ps 7:9

Ho tseba Jehova haholoanyane ho tla re thusa joang?

De 6:​4, 5; Mar 12:​28-32

Re ka etsa’ng ho sebeletsa Jehova?

Re tseba joang hore Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa?

De 10:12; Mik 6:8; 1Jo 5:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • De 30:​11-14—Melao eo Jehova a neng a e file Baiseraele a sebelisa Moshe e ne e se thata hoo ba neng ba ke ke ba e utloisisa

    • Mat 11:​28-30—Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ke Monghali ea mosa hobane o tšoana hantle le Ntate oa hae

Ke hobane’ng ha re tlameha ho rorisa Jehova?

Ps 105:​1, 2; Esa 43:​10-12, 21

Sheba le Jer 20:9; Lu 6:45; Lik 4:​19, 20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 104:​1, 2, 10-20, 33, 34—Mopesaleme o ile a rorisa Jehova ha a sheba lintho tseo a li bopileng

    • Ps 148:​1-14—Lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng lia mo rorisa

Ke joang liketso tsa rona li ka etsang hore batho ba hlomphe Jehova?

Mat 5:16; Joh 15:8; 1Pe 2:12

Sheba le Jak 3:13

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba metsoalle ea Jehova?

Ps 73:28; Jak 4:8

Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo?

Ps 138:6; Esa 57:15

Ke hobane’ng ha re lokela ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova?

Ps 1:​1-3; 77:​11-13; Mal 3:16

Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng?

Lu 6:​46-49; Jak 1:​22-25

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho leka ho patela Jehova lintho tseo re li etsang?

Job 34:22; Pr 28:13; Jer 23:24; 1Ti 5:​24, 25

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 5:​20-27—Gehazi o ile a leka ho pata sebe sa hae empa Jehova o ile a thusa moprofeta Elisha hore a se tsebe

    • Lik 5:​1-11—Ananiase le Safira ba ile ba leka ho pata sebe sa bona empa Jehova o ile a se senola a ba a ba fa kotlo hobane ba thetsitse moea o halalelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela