-
Na U Tla ‘Lula U Lebetse’?Molula-Qhooa—2015 | March 15
-
-
Ha matšoenyeho a maholo a qala, batlotsuoa ba sa kang ba tšepahala ba ka ’na ba tšoha ha ba bona Babylona e Moholo e timetsoa. Ka nako eo, ba tla hlokomela hore ha baa itokisetsa ho fihla ha Jesu. Joale ho tla etsahala’ng ha ba kōpa thuso? Re fumana karabo papisong eo. Baroetsana ba masene ba hana ho ba fa oli, ho e-na le hoo, ba re ba tsamaee ba il’o ithekela. Kaha ke “har’a bosiu,” ha ho na motho ea ka ba rekisetsang oli. Ha ho letho leo ba ka le etsang!
12. (a) Nakong ea matšoenyeho a maholo, ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba sa kang ba tšepahala pele ba fuoa tiiso ea ho qetela? (b) Ho tla etsahala’ng ka ba tšoanang le baroetsana ba maoatla?
12 Nakong ea matšoenyeho a maholo, batlotsuoa ba tšepahalang ba ke ke ba thusa ba sa tšepahaleng. Ho tla be ho se letho leo ba ka le etsang. Joale ho tla etsahala’ng ka ba sa tšepahaleng? Hlokomela se ileng sa etsahalla baroetsana ba maoatla ba ileng ba tsamaea ho ea reka oli: “Monyali a fihla, ’me baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo; ’me monyako oa koaloa.” Ha Jesu a tla ka khanya ea hae ho elella qetellong ea matšoenyeho a maholo, o tla bokellela batlotsuoa ba tšepahalang leholimong. (Matheu 24:31; 25:10; Johanne 14:1-3; 1 Bathesalonika 4:17) Jesu o tla lahla ba sa tšepahaleng. Feela joaloka baroetsana ba maoatla, ba ka ’na ba re: “Mohlomphehi, mohlomphehi, re bulele!” Empa Jesu o tla re’ng? Ka bomalimabe, o tla ba araba ka tsela eo a tla araba ba bangata ba kang lipōli ka eona, a re: “Ke le bolella ’nete, ha ke le tsebe.”—Matheu 7:21-23; 25:11, 12.
Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng o lokela ho itlhophisa le ho lebela
13. (a) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re etse qeto ea hore balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ke ke ba tšepahala? (b) Ke hobane’ng ha re ka re papiso ea Jesu e bontša hore o tšepa Bakreste ba tlotsitsoeng? (Sheba setšoantšo se qalong.)
13 Na Jesu o ne a bolela hore batlotsuoa ba bangata ha ba na ho tšepahala, ’me kahoo ho tla hlokahala hore ba nkeloe sebaka ke ba bang? Che. Matheu khaolo ea 24 e re Jesu o ile a lemosa lekhoba le tšepahalang le le masene hore le se ke la fetoha lekhoba le khopo. Sena ha se bolele hore o ne a lebeletse hore le be khopo. Kahoo, papiso ea baroetsana ba leshome le eona ke temoso. Feela joalokaha baroetsana ba bahlano e bile maoatla ’me ba bahlano ba ba masene, Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng o lokela ho itlhophisa le ho lebela. Ho seng joalo, o tla be a le booatla ’me a sa tšepahale. Pauluse o ile a fa bara le barali babo ba tlotsitsoeng temoso e tšoanang. (Bala Baheberu 6:4-9; bapisa le Deuteronoma 30:19.) Temoso ea hae e ne e tobile, empa o ne a boetse a e-na le tšepo ea hore bara le barali babo ba tla fumana moputso oa bona. Temoso e papisong ea baroetsana ba leshome e bontša hore Jesu o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ka batlotsuoa. O oa tseba hore mohlanka e mong le e mong oa hae ea tlotsitsoeng a ka lula a tšepahala, ’me a fumana moputso o babatsehang!
“LINKU TSE LING” TSA KRESTE LI KA RUA MOLEMO JOANG?
14. Ke hobane’ng ha “linku tse ling” le tsona li rua molemo papisong ea baroetsana ba leshome?
14 Ha Jesu a etsa papiso eo, o ne a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa na “linku tse ling” li ka rua molemo papisong ee ea Jesu? (Johanne 10:16) E! Ntlha e ka sehloohong eo re ithutang eona papisong ena ke hore: ‘Re lule re lebetse.’ Jesu o kile a re: “Seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.” (Mareka 13:37) Jesu o batla hore barutuoa bohle ba hae ba itlhophise ’me ba lebele. Bakreste bohle ba ka etsisa mohlala o motle oa batlotsuoa ba etelletsang tšebeletso pele bophelong ba bona. Hopola hore baroetsana ba maoatla ba ile ba kōpa ba masene hore ba ba fe oli. Empa ba ile ba hana. Sena se re hopotsa hore e mong le e mong oa rōna o na le boikarabelo ba ho lula a tšepahala ho Molimo, a itlhophisitse ’me a lebetse. Ha ho motho ea ka re jarelang boikarabelo boo. E mong le e mong o tla ikarabella ho Moahloli ea lokileng, Jesu Kreste, ea tla fihla haufinyane. Kahoo re lokela ho lula re itokisitse!
E mong le e mong oa rōna o lokela ho tšepahala le ho lula a lebetse
15. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba thabela lenyalo la Kreste le monyaluoa oa hae?
15 Bakreste bohle ba thabela lenyalo leo Jesu a buang ka lona papisong ena. Nakong e tlang, ka mor’a ntoa ea Armagedone, Bakreste ba tlotsitsoeng e tla ba monyaluoa oa Kreste. (Tšenolo 19:7-9) Motho e mong le e mong ea lefatšeng o tla rua molemo lenyalong leo la leholimong. Hobane’ng? Hobane le tla tiisa hore batho bohle ba ba tlas’a puso e phethahetseng. Ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng kapa leholimong, a re ikemisetseng ho lula re itlhophisitse ’me re lebetse. Haeba re etsa joalo, re ka thabela bokamoso bo babatsehang boo Jehova a re lokiselitseng bona!
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2015 | March 15
-
-
LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li atisa ho re litlaleho tse ka Bibeleng li emela ntho e itseng e tla etsahala nakong e tlang, ’me ha seo se etsahala li re ke phethahatso ea boprofeta. Empa morao tjena ha li sa atisa ho bua seo. Hobane’ng?
Molula-Qhooa oa September 15, 1950, o ile oa hlalosa hore batho ba hlahang litlalehong tsa Bibele le lintho tse etsahetseng litlalehong tseo li emela ntho e itseng e khōloanyane e tla etsahala nakong e tlang. Ha se ngotsoeng tlalehong eo se etsahala ho thoe ke phethahatso ea boprofeta. Tlaleho eona ho thoe ke seriti.
Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li re banna le basali ba tšepahalang ba joaloka Debora, Elihu, Jafeta, Jobo, Rahaba, Rebeka le ba bang ba bangata ba tšoantšetsa batlotsuoa kapa “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:9) Ka mohlala, li ne li re Jafeta, Jobo le Rebeka ba emela batlotsuoa, ’me Debora le Rahaba bona ba emela bongata bo boholo. Empa morao tjena ha li sa bua joalo. Hobane’ng?
KETSAHALO
Bibele e tlaleha hore konyana ea Paseka e ne e etsoa sehlabelo Iseraeleng ea boholo-holo.—Numere 9:2
SEO E SE EMELANG
Pauluse o re Kreste ke “paseka ea rōna.”—1 Bakorinthe 5:7
Mangolo a re batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba emela motho kapa ntho e itseng e khōloanyane e tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, ho Bagalata 4:21-31, moapostola Pauluse o bua ka ‘ketsahalo ea tšoantšetso’ e amang basali ba babeli. Mosali oa pele ke Hagare, eo e neng e le lekhabunyane la Abrahama. Pauluse o re o emela sechaba sa Iseraele, se neng se tlameletsoe ho Jehova ka Molao oa Moshe. Mosali oa bobeli ke Sara eo e neng e le “mosali ea lokolohileng” oa Abrahama. O emela mosali oa Molimo, e leng karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo. Pauluse o boetse o bua ka lintho tse ngata tseo Melkizedeke eo e neng e le morena le moprista a tšoanang le Jesu ho tsona. (Baheberu 6:20; 7:1-3) Ho feta moo, Pauluse o bapisa moprofeta Esaia hammoho le bara ba hae le Jesu le Bakreste ba tlotsitsoeng. (Baheberu 2:13, 14) Jehova o ile a bululela Pauluse hore a etse lipapiso tsena, kahoo re ka kholiseha hore li nepahetse.
Empa le haeba Bibele e bontša hore motho ea itseng o emela ntho e itseng, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng tlalehong eo e emela ntho e itseng e khōloanyane e tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, Pauluse o re Melkizedeke o emela Jesu. Empa Pauluse ha a bue ka nako eo ka eona Melkizedeke a ileng a tlisetsa Abrahama bohobe le veine ka mor’a hore a hlōle marena a mane. Kahoo, ha ho na lebaka la Mangolo la hore re batle ho hlalosa se emeloang ke ketsahalo eo.—Genese 14:1, 18.
Bangoli ba bang ba phetseng lilemong tse makholo ka mor’a lefu la Kreste ba ile ba etsa phoso e tebileng. Ba ne ba re tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e emela ntho e itseng. The International Standard Bible Encyclopaedia e re ka se neng se rutoa ke Origen, Ambrose le Jerome: “Ba ne ba batla ho hlalosa tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele, ’me ba atleha ho hlalosa lintho tsohle tse tlalehiloeng ka Mangolong, ho sa tsotellehe hore na ke ntho e nyenyane hakae. Esita le lintlha tse hlakileng le tse tobileng ba ne ba nahana hore li ruta ’nete e itseng e tebileng . . . , hoo ba ileng ba hakanyetsa hore barutuoa ba tšoasitse litlhapi tse ka bang 153, bosiung boo Mopholosi a itlhahisitseng ho bona!”
Mongoli e mong ea bitsoang Augustine oa Hippo, o re tlaleho ea Bibele e reng Jesu o ile a fepa banna ba 5 000 ka mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli e emela ho itseng. O ne a re mahobe a mahlano a harese a emela libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. ’Me kaha ho ne ho nkoa hore harese ke ea boemo bo tlaase ho feta koro, sena se ne se bolela hore “Testamente ea Khale” ke ea boemo bo tlaase ho feta “Testamente e Ncha.” O ile a boela a hlalosa hore litlhapi tse peli li emela morena le moprista. Setsebi se seng sona se ile sa re tlaleho e reng Jakobo o ile a reka tokelo ea tsoalo ho Esau ka ho mo fa sechu se sefubelu, e emela hore Jesu o ile a rekela batho tšepo ea ho phela leholimong ka mali a hae a mafubelu!
Haeba u thatafalloa ho lumela litlhaloso tsena, u tla utloisisa hore na bothata bo hokae. Batho ba ka se khone ho tseba hore na ke tlaleho efe ea Bibele e emelang ntho e itseng e khōloanyane e tla etsahala nakong e tlang. Ka hona, re lokela ho etsa’ng? Ha Mangolo a re motho, ketsahalo kapa ntho e itseng e emela ho hong ho hoholoanyane ho tla etsahala nakong e tlang, re amohela tlhaloso eo. Empa ha rea lokela ho re tlaleho e itseng ea Bibele e emela ntho e itseng, haeba ho se na mabaka a utloahalang a Mangolo a ho bua joalo.
Joale re ka rua molemo joang litlalehong tseo re li balang ka Bibeleng? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Pauluse o ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo, a ba bolella hore na ba ka rua molemo joang litlalehong tsa Bibele. Empa ho tloha ka nako eo, Bakreste bohle, ho akarelletsa “linku tse ling,” ba ’nile ba rua molemo lithutong tseo ba ithutang tsona ka Mangolong.—Johanne 10:16; 2 Timothea 3:1.
Litlaleho tse ngata tsa Bibele ha lia ngolloa ho ruta batlotsuoa feela, kapa “linku tse ling,” kapa Bakreste ba phelang ka nako e itseng feela. Ho fapana le hoo, litlaleho tse ngata tsa Bibele li ruisitse bahlanka bohle ba Molimo molemo, ba nakong e fetileng le ba kajeno. Ka mohlala, matšoenyeho a Jobo ha a emele feela matšoenyeho ao batlotsuoa ba bileng le ’ona nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Banna le basali ba bangata ba sebeletsang Molimo, ba batlotsuoa le “linku tse ling,” ba ’nile ba tobana le matšoenyeho a kang a Jobo ’me ba rua molemo ka ho bala tlaleho eo. Ba “bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.”—Jakobo 5:11.
Liphuthehong tsa habo rōna kajeno, ho na le bo-’mè ba hōlileng ba tšepahalang ba joaloka Debora le baholo ba bacha lilemong ba bohlale joaloka Elihu. Ho boetse ho na le bo-pula-maliboho ba chesehang ba bileng ba leng sebete joaloka Jafeta, hammoho le banna le basali ba tšepahalang ba nang le mamello joaloka Jobo. Ruri rea thaba hore ebe Jehova o netefalitse hore re fumana “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng,” e le hore “ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo”!
Ka hona, ha re leke ho fumana hore na tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e tšoantšetsa eng kapa hona ho hlalosa hore e emela ho itseng ho tla etsahala nakong e tlang. Ho e-na le hoo, lingoliloeng tsa rōna li totobatsa lintlha tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona Mangolong.
-