Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 3 maq. 12-13
  • Ho Rata Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rata Molimo
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠEPO
  • LIKARABO TSA LIPOTSO TSA BOHLOKOA
  • MELAO-MOTHEO E MENG
  • Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
    Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Ke Eng e ka Thusang Batsoali?
    Tsoha!—2019
  • Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 3 maq. 12-13
Motho ea lutseng setulong a ntse a nahana

Ho Rata Molimo

Joalokaha ho boletsoe qalong ea makasine ena, batho ba bangata ba nka Bibele e le buka e halalelang. Ba hlokometse hore ho e bala le ho sebelisa likeletso tsa eona, ho ba thusa hore ba rate Molimo ba be ba tsebe hore na ba phelela’ng.

Ha Bibele e bua ka motho oa moea e leng motho ea mamelang Molimo, e re ha a bonahale ka liketso feela, empa o bonahala ka tsela eo a nahanang le ho phela ka eona. O hlompha Molimo ebile o mamela melao ea hae. (Juda 18, 19) Ka lehlakoreng le leng, motho oa nama, kapa re ka re ea sa hlompheng Molimo, oa itaola, ebile ha a hlomphe melao ea Jehova.​—Baefese 5:1.

TŠEPO

MOLAO-MOTHEO: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.”​—Liproverbia 24:10.

HO BOLELOA’NG? Ha re nyahame, re ka felloa ke matla eaba re sitoa ho rarolla mathata a rona. Empa re tla tiea mangole hafeela re ka lula re e-na le tšepo. Ho tseba hore mathata a rona ke a nakoana feela ho re thoba lipelo. A ke ke a lula a le teng ebile ka lehlakoreng le leng ho ka ’na ha ba le melemo ka har’a mathata ao.

U KA ETSA’NG? Ke ’nete hore kaofela re “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang” empa u se ka oa lumella taba eo hore e u sitise ho phela. (Moeklesia 9:​11) Kaha hangata lintho li tsamaea hantle ho feta kamoo re neng re lebeletse, uena tsoela pele ka mabaka a hao u se ke oa emela ha u se u se na mathata. Bibele e re: “Jala peo ea hao hoseng ’me u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.”​—Moeklesia 11:6.

LIKARABO TSA LIPOTSO TSA BOHLOKOA

MOLAO-MOTHEO: “Etsa hore ke utloisise . . . Lentsoe la hao ke ’nete.”​—Pesaleme ea 119:​144, 160.

HO BOLELOA’NG? Bibele e araba lipotso tseo hangata motho e mong le e mong a ipotsang tsona tse kang:

  • Re tsoa hokae?

  • Re phelela’ng?

  • Ho etsahala’ng ha motho a hlokahala?

  • Na bophelo boo ke bona phetho?

Ho na le batho ba limilione bao bophelo ba bona bo fetohileng haholo hobane ba fumane likarabo tsa lipotso tsena le tse ling tseo ba neng ba ipotsa tsona.

U KA ETSA’NG? U lokela ho inoesa ka nkho u bone hore na Bibele e ruta’ng. Kopa e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u thuse ho utloisisa Bibele. Kena websaeteng ea rona ea jw.org/st kapa u ee libokeng tsa rona. Ho kenoa mahala ebile ho ka ea motho e mong le e mong.

MELAO-MOTHEO E MENG

Motho ea shebelletseng video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ho jw.org/st

Shebella video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ho jw.org/st. E fumaneha ka lipuo tse fetang 880

U LOKELA HO RATA MOLIMO.

“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”​—MATHEU 5:3.

ITHUTE KA MOLIMO.

Re lokela ‘batla Molimo . . . ’me re mo fumane, . . . ha a hole le . . . rona.’​—LIKETSO 17:27.

BALA BIBELE U BE U NAHANISISE KA SEO U SE BALILENG.

“O thabela molao oa Jehova,a o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare . . . Ntho e ’ngoe le ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”​—PESALEME ea 1:​2, 3.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela