Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 7/1 maq. 4-5
  • Ho Tšoenyeha ka Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoenyeha ka Chelete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO MAMELA KELETSO EA JESU
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Tšoenyeha
    Tsoha!—2016
  • Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Nka Sebetsana le ho Tšoenyeha Joang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 7/1 maq. 4-5

SEHLOOHO SE KA NTLE | KAMOO U KA SEBETSANANG LE HO TŠOENYEHA

Ho Tšoenyeha ka Chelete

Paul ea nang le bana ba babeli o re: “Ka mor’a hore moruo o putlame naheng ea heso lijo li ne li tura haholo ’me li fokola. Re ne re ema meleng e melelele, ’me hangata lijo li fela pele re li fumana. Batho ba ile ba ota habohloko hoo ba bang ba neng ba oa seterateng. Theko ea lintho tse hlokahalang e ile ea nyoloha haholo. Qetellong, chelete e ile ea felloa ke matla. Ke ile ka qetella ke se ke se na ak’haonte ea banka, inshorense le chelete ea penshene.”

Paul u shebile lishelefo tsa lebenkele tse se nang letho, ’me o ipotsa hore na u tla fepa lelapa la hae joang

Paul

Paul o ile a hlokomela hore e le hore lelapa la hae le phele, o lokela ho sebelisa “bohlale bo sebetsang.” (Liproverbia 3:21) O re: “Ke ne ke e-na le k’hamphani ea motlakase, empa ka qetella ke se ke amohela mosebetsi o mong le o mong o hlahang le hoja ke ne ke fumana moputso o tlaase. Ba bang ba ne ba ntefa ka lijo kapa thepa ea ka tlung. Haeba ke lefiloe ka lisepa tse ’nè, ke ne ke sebelisa tse peli ebe ke rekisa tse peli. Ke ile ka qetella ke se ke e-na le litsuonyana tse 40. Ha li se li hōlile, ka li rekisa ’me ka reka tse ling tse 300. Hamorao ke ile ka rekisa likhoho tse 50 ’me ka fumana mekotla e ’meli ea phofo ea papa. Ke ile ka sebelisa phofo eo ho fepa lelapa la ka le malapa a mang ka nako e telele.”

Paul o ne a boetse a tseba hore o lokela ho tšepa Molimo. Ha re etsa seo Molimo a re laetseng sona, oa re thusa. Ha Jesu a bua ka ho fumana litlhoko tsa motheo tsa bophelo, o ile a re: “Le khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo, etsoe. . . Ntat’a lōna oa tseba hore le hloka lintho tsena.”—Luka 12:29-31.

Ka masoabi, Satane e leng sera se seholo sa Molimo, o etsa hore batho ba bangata ba tšoenyehe feela ka mokhoa oa ho iphelisa. Batho ba bangata ba tšoenyeha ho tlōla ka lintho tseo ba li hlokang le tseo ba nahanang hore baa li hloka, ’me ba sebetsa ka thata ho fumana lintho tseo ha e le hantle ba sa li hlokeng. Ba bang ba qoela ka har’a likoloto, ’me ba utloa ka letlalo hore “ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.”—Liproverbia 22:7.

Batho ba bang ba etsa liqeto tse booatla. Paul o re: “Baahelani ba ka ba bangata ba ile ba siea malapa le metsoalle ho ea batla ‘makhulo a matala’ linaheng tse ling. Ba bang ba ile ba tsamaea ba se na litokomane tse loketseng tsa ho eta, ’me ba hlōleha ho fumana mosebetsi. Hangata ba ne ba lokela ho ipatela mapolesa le ho robala seterateng. Ha baa ka ba fa Molimo monyetla oa ho ba thusa. Empa ’na le lelapa la ka re ile ra ikemisetsa ho sebetsana le mathata ana ’me Molimo a re thusa.”

HO MAMELA KELETSO EA JESU

Paul o tsoela pele o re: “Jesu o itse: ‘Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.’ Ka hona, kamehla ke ne ke kōpa Molimo hore a ‘re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi’ e le hore re mpe re phele. O ile a feela a re thusa joalokaha Jesu a tšepisitse. Ke ’nete hore hase kamehla re neng re fumana seo re se batlang. Ka letsatsi le leng ke ile ka ema moleng oa lijo ke sa tsebe le hore na ho rekisoa’ng. Ha ke fihla ka pele ke ile ka fumana hore ho rekisoa yokate. Ha ke rate yokate. Empa kaha ke lijo, re ile ra robala re jele eona. Ke leboha Molimo hore ebe ka nako eo, ha ho mohla lelapa la ka le ileng la robala ka tlala.”a

Molimo o tšepisitse a re: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5

Paul o phaella ka ho re: “Hona joale maemo a rōna a lichelete a batla a le betere. Empa mathata a rōna a re rutile hore tsela e ka sehloohong ea ho hlōla ho tšoenyeha ke ho tšepa Molimo. Kamehla Jehovab o tla re thusa hafeela re ikemiselitse ho etsa thato ea hae. Re bone hore mantsoe a Pesaleme ea 34:8 ke ’nete ha e re: ‘Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.’ Ka hona, ha re tšabe ho boela re tobana le mathata a lichelete.”

Paul o na le mosali oa hae le morali ’me o rapella lijo tse bobebe

Molimo o thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang ho ba le ‘bohobe ba letsatsi’

“Hona joale re utloisisa hantle hore motho ha a phelisoe ke mosebetsi kapa chelete, empa o phelisoa ke lijo. Re letetse ka tjantjello ho phethahala ha tšepiso ea Molimo e reng: ‘Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.’ Empa hona joale, ‘ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.’ Re matlafatsoa ke mantsoe a Bibele a reng: ‘Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” E le hore re ka ba sebete ’me ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.”’”c

Ruri ho hlokahala tumelo ho “tsamaea le Molimo” joalokaha Paul le ba lelapa la hae ba etsa. (Genese 6:9) Ebang hona joale re na le mathata a tebileng a lichelete kapa re tla ba le ’ona nakong e tlang, mohlala oa Paul oa tumelo le bohlale bo sebetsang o re ruta thuto ea bohlokoa.

Re ka etsa’ng haeba re tšoenngoa ke mathata a lelapa?

a Sheba Matheu 6:11, 34.

b Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

c Sheba Pesaleme ea 72:16; 1 Timothea 6:8; Baheberu 13:5, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela