Karolo 23
Litaba Tse Molemo li Boleloa Libakeng Tse Hōle
Pauluse o tsamaea ka sekepe le ka maoto ho ea bolela litaba tse molemo
KA MOR’A hore Pauluse a sokolohe, ka cheseho o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—joale motho enoa ea ’nileng a hanyetsa ba bang ke eena ea atisang ho hanyetsoa ka matla. Moapostola enoa ea mahlahahlaha o ile a nka maeto a malelele a mangata ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o tla phethahatsa morero oa Molimo oa mathomo bakeng sa batho.
Ha Pauluse a le Lystra leetong la hae la pele la ho bolela litaba tse molemo, o ile a phekola monna ea tsoetsoeng a holofetse. Bongata ba qala ho hooa bo re Pauluse le mphato oa hae Barnabase ke melimo. Ba ile ba thiba bongata boo ka thata hore bo se ke ba ba etsetsa sehlabelo. Leha ho le joalo, kaha bo ne bo susumelitsoe ke lira tsa Pauluse, hamorao bo ile ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela bo nahana hore o shoele. Pauluse o ile a pholoha ’me hamorao a khutlela motseng oo ho ea matlafatsa barutuoa ka mantsoe a khothatsang.
Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba pheha khang ea hore balumeli bao e seng Bajuda ba lokela ho boloka litaelo tse itseng Molaong oa Moshe. Pauluse o ile a fetisetsa bothata boo ho baapostola le banna ba baholo Jerusalema. Ha banna bao ba se ba hlahlobile Mangolo ka hloko le ka mor’a ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo, ba ile ba ngolla litho tsa phutheho ba li eletsa hore li tele borapeli ba litšoantšo, li se ke tsa ja mali le nama e sa ntšoang mali, ’me li tele bohlola. Litaelo tsena e ne e le ‘lintho tse hlokahalang,’ empa ho li mamela ho ne ho sa hloke hore motho a boloke Molao oa Moshe.—Liketso 15:28, 29.
Leetong la bobeli la ho bolela litaba tse molemo, Pauluse o ile a etela Berea, eo hona joale e leng Greece. Bajuda ba lulang moo ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō, ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng e le hore ba kholisehe hore lintho tseo a li rutang ke ’nete. Le lekhetlong lena o ile a lokela ho tloha moo ka lebaka la khanyetso, eaba o leba Athene. Ha Pauluse a bua le Baathene ba rutehileng, o ile a bua mantsoe a matla ao e leng mohlala o motle oa ho sebelisa masene, temoho le ho bua ka tsela e susumetsang.
Ka mor’a leeto la boraro la ho bolela litaba tse molemo, Pauluse o ile a ea Jerusalema. Ha a le ka tempeleng, Bajuda ba itseng ba ile ba baka moferefere, ba batla ho mo bolaea. Masole a Roma a ile a kena lipakeng eaba a hloma Pauluse lipotso. Kaha e ne e le moahi oa Roma, hamorao o ile a ikarabella ka pel’a ’musisi oa Roma ea bitsoang Felixe. Bajuda ba ile ba hlōleha ho emela liqoso tseo ba neng ba mo qosa ka tsona. Ha Pauluse a thibela ’musisi e mong oa Roma ea bitsoang Festase hore a se ke a nehelana ka eena ho Bajuda, o ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” Festase a re: “U tla ea ho Cesare.”—Liketso 25:11, 12.
Ka mor’a moo nyeoe ea Pauluse e ile ea fetisetsoa Italy, eaba o isoa teng ka sekepe. Se ile sa robeha tseleng, eaba ba lokela ho hlola mariha sehlekehlekeng sa Malta. O ile a qetella a fihlile Roma, ’me a qeta lilemo tse peli a lula ntlong e hiriloeng. Le hoja a ne a ntse a lebetsoe ke masole, moapostola enoa ea chesehang o ile a tsoela pele ho bolella bohle ba mo etelang ka ’Muso oa Molimo.
—E thehiloe ho Liketso 11:22–28:31.
◼ Ho ile ha etsahala’ng ha Pauluse a qeta ho folisa monna ea holofetseng Lystra?
◼ Bothata bo amanang le ho boloka Molao oa Moshe bo ile ba rarolloa joang?
◼ Ho tlile joang hore Pauluse a qetelle a le Roma, ’me o ile a etsa’ng ha a le moo?
[Chate e leqepheng la 26]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
● Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea