Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt leq. 5
  • Selelekela sa Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selelekela sa Lentsoe la Molimo
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Selelekela sa Lentsoe la Molimo

Selelekela sa Lentsoe la Molimo

Bibele e re tšoaretse molaetsa oa Molimo kapa lentsoe la hae. E re bontša kamoo re ka phelang ka tsela e atlehileng le kamoo re ka amoheloang ke Molimo kateng. E boetse e araba lipotso tse latelang:

  1. 1 Molimo ke mang?

  2. 2 U ka ithuta ka Molimo joang?

  3. 3 Ke mang ea ngotseng Bibele?

  4. 4 Na Bibele ea nepa litabeng tsa saense?

  5. 5 Bibele e bua ka’ng?

  6. 6 Bibele e ile ea profeta eng ka Mesia?

  7. 7 Bibele e ile ea re ho tla ba joang mehleng ea rona?

  8. 8 Na ke Molimo ea etsang hore batho ba be le mathata?

  9. 9 Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko?

  10. 10 Bibele e re tšepisa bokamoso bo joang?

  11. 11 Ho etsahala’ng ha motho a shoa?

  12. 12 Ho tla etsahala’ng ka bafu?

  13. 13 Bibele e re’ng ka ho sebetsa?

  14. 14 U ka sebelisa lintho tseo u nang le tsona hantle joang?

  15. 15 Ke’ng e ka etsang hore u thabe?

  16. 16 U ka etsa’ng ha u e-na le mathata?

  17. 17 Bibele e ka thusa lelapa la hao joang?

  18. 18 U ka atamela ho Molimo joang?

  19. 19 Mangolo a sa tšoaneng a Bibele a bua ka’ng?

  20. 20 U ka etsa’ng hore Bibele e u tsoele molemo ha u e bala?

KAMOO U KA FUMANANG LITEMANA TSA BIBELE KATENG

Bibele ke pokello ea libuka tse nyenyane tse 66. E arotsoe ka likarolo tse peli: Mangolo a Seheberu le Searame (“Testamente ea Khale”) le Mangolo a Segerike (“Testamente e Ncha”). Buka ka ’ngoe ea Bibele e arotsoe ka likhaolo le litemana. Ha ho bontšoa mangolo, palo ea pele e hlahang ka mor’a lebitso la buka ke khaolo. Lipalo tse latelang ke litemana. Ka mohlala, ha ho thoe Genese 1:1, ho boleloa Genese khaolo ea 1, temana ea 1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela