Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 leq. 32
  • ‘E Nthusitse ho Hlahloba Bophelo ba Ka’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E Nthusitse ho Hlahloba Bophelo ba Ka’
  • Tsoha!—2000
Tsoha!—2000
g00 2/8 leq. 32

‘E Nthusitse ho Hlahloba Bophelo ba Ka’

SEO ke se ileng sa boleloa ke moroetsana e mong ea lilemo li 18 ea bitsoang Maria ea tsoang motseng oa Cherepovets mabapi le buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang. O ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e haufi le St. Petersburg, Russia, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 400 ho tloha Cherepovets, se latelang.

“Buka ena e nthusitse ho itlhahloba, ho hlahloba lipakane tsa ka le batho ba mpotolohileng. Ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tse ntšoenyang ka ho fetisisa. Ha ke ntse ke bala buka eo, meokho ea teboho e ile ea keleketla marameng a ka.”

Maria o ile a tsoela pele: “Ke ile ka ikutloa eka ho tlositsoe lesira mahlong a ka, ao ke neng ke a tonne ke thabo. Buka ena ke e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e bala bophelong bohle ba ka. Ha ho e ’ngoe e tšoanang le eona, kaha e thehiloe Bibeleng ’me keletso e tsoang ho Jehova Molimo ke eona e molemo ka ho fetisisa.”

Haeba le uena u ka thabela ho rua molemo boitsebisong bo ho Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, u ka fumana kopi ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang. Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela