Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 18-29
  • Na Ua Tseba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Tseba?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Likarabo Tsa Lipotso
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 18-29

Na Ua Tseba?

(Likarabo tsa lipotso tsena li ka fumanoa litemaneng tsa Bibele tse bontšitsoeng, ’me lethathamo le feletseng la likarabo le hatisitsoe leqepheng la 29. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona “Insight on the Scriptures,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.)

1. Ke polelo efe eo Jesu a neng a atisa ho e sebelisa ho hatisa ho bamameli ba hae hore lipolelo tsa hae li nepahetse? (Matheu 5:18)

2. Ke bo-mang bao ka bona ho ileng ha thoe: “E monyenyane, o [ne] a lekana le banna ba lekholo; e moholo o [ne] a lekana le ba sekete”? (1 Likronike 12:8-14)

3. Ke mang eo lebitso la hae le atisang ho amahanngoa le bahlabani ba sebete ba Davida bao mabitso a bona e leng Joabe, Abishai le Asaele? (2 Samuele 2:18)

4. Le hoja motho a ka ’na a hlouoa ka lebaka la lebitso la hae, Jesu o ile a re motho o lokela ho etsa’ng hore a pholohe? (Mareka 13:13)

5. Hamane o ne a e-na le bara ba bakae, bao kaofela ha bona ba ileng ba bolaoa ka lebaka la bora ba hae ho Bajuda? (Esthere 9:10)

6. Ke sebōpuoa sa mofuta ofe sa moea se ileng sa ama molomo oa Esaia ka leshala le hlenneng e le hore Esaia a khone ho phethahatsa kabelo ea hae ea boprofeta? (Esaia 6:6)

7. “Monna ea ikarabellang” oa Heroda, eo mosali oa hae, Joana, a ileng a sebeletsa Jesu, e ne e le mang? (Luka 8:3)

8. Ke boemo bofe ba boikarabelo boo Pauluse a ileng a khothalletsa banna ka phuthehong hore ba bo hahamalle? (1 Timothea 3:1)

9. Mabitso a linōka tse ’nè tse neng li kheloha ‘nōkeng e tsoang Edene’ ke afe? (Genese 2:10-14)

10. Pauluse o ile a bontša hore tomoso e nyenyane e ka khona ho etsa’ng? (Bagalata 5:9)

11. Mabitso a bara ba bararo ba Noe bao “lefatše le tletseng batho ka bona” ke bo-mang? (Genese 9:18, 19)

12. Ntate oa moprofeta Samuele e ne e le mang? (1 Samuele 1:19, 20)

13. Ke motse ofe o sirelelitsoeng o okametseng Phula ea Jizreele oo lintoa tse ngata tsa makhaola-khang li ileng tsa loaneloa haufi le oona? (Baahloli 5:19)

14. Bagibeone ba ile ba abeloa hore ba etse mesebetsi efe ka lebaka la ho pholosoa ke leqheka la bona? (Joshua 9:27)

15. Ke lebitso lefe le khethollang le ileng la fuoa barutuoa ba 12 bao Jesu a ileng a ba khetha ka boeena? (Matheu 10:2)

16. Ke litlotla life tseo e leng tsa Jesu feela tseo a ileng a bolella barutuoa ba hae hore ha baa lokela ho bitsoa ka tsona? (Matheu 23:8, 10)

17. Pauluse o ile a ngola buka ea Baheberu a le naheng efe? (Baheberu 13:24)

18. Jobo o ile a sebelisa poleloana efe ho bontša hore o bile makhatheng a lefu? (Jobo 19:20)

19. Mehleng ea boholo-holo, lijo-thollo li ne li poloa li bile li olosetsoa hokae? (Ruthe 3:3)

20. Ke hobane’ng ha barab’abo Josefa ba ile ba mo hloea? (Genese 37:3-11)

Likarabo Tsa Lipotso

1. “Kannete ke re ho lōna”

2. Ke banna ba lebelo le ba sebete ba nang le matla ba moloko oa Gade ba ileng ba ikopanya le Davida lehoatateng ha a ne a ntse a le tlas’a thibelo ka lebaka la Morena Saule

3. ’Mè oa bona, Tseruja

4. Ho mamella ho isa bofelong

5. Ba leshome

6. Serafime

7. Kuza

8. “Boemo ba molebeli”

9. Pisone, Gihone, Hiddekele le Eufrate

10. Ho belisa hlama kaofela

11. Sema, Kama le Jafeta

12. Elkana

13. Megiddo

14. Ba ile ba fetoha “ba rathang patsi, le ba khang metsi a phutheho le a aletare ea Jehova”

15. Baapostola

16. Rabi le Moeta-pele

17. Italy

18. “Ke phonyohile ka thata ka letlalo la meno a ka”

19. Seotlong

20. Hobane ntate oa hae a ne a mo rata le ka lebaka la litoro tseo a neng a bile le tsona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela